‘Ho Lokisetsa Lintho Tse Hlokahalang Bakeng sa Litho Tsa Lelapa la Motho’—Ho Thulana le Phephetso Linaheng Tse Hōlang Moruong
“KA SEBELE haeba leha e le mang a sa lokisetse hore ho be le lintho tse hlokahalang bakeng sa bao e leng ba hae, ’me haholo-holo bakeng sa bao e leng litho tsa lelapa la hae, o latotse tumelo ’me o mobe ho feta motho ea se nang tumelo.” Ke kamoo moapostola Pauluse a boletseng kateng. (1 Timothea 5:8) Le hoja ho hōlisa lelapa ho fetohile ho boima haholoanyane linaheng tse ruileng, ho etsa joalo linaheng tse hōlang moruong hangata ho hlahisa phephetso e nyahamisang le ho feta.
Ka mohlala, hangata mathata a moruo ke ’ona a renang Afrika, hase mohlolo. Mesebetsi ea haella, ’me ha e fumaneha, ho ka ’na ha hlokahala hore monna le mosali ba sebetse e le hore ba ka fana feela ka tsa ho phela. Lihlooho tsa malapa li ka ’na tsa tlameha ho ea hōle bakeng sa ho fumana mosebetsi, li siea balekane ba tsona le bana ba le bang likhoeli—kapa lilemo. Ho ka ’na ha e-ba boima le ho fumana sebaka se tšoanelehang sa bolulo. Malapa a mangata a Maafrika a maholo; ka hona hoa etsahala hore matlo a petetsane, ho hlokahale lintho tsa motheo tse tlatsetsang boiketlong. Hangata ho ata maemo a kotsi bophelong bo botle ba ’mele.
Ho phaella moo, meetlo ea sebaka, lineano tse bileng teng ka nako e telele le maikutlo a tloaelehileng a batho li ka ’na tsa e-ba khahlanong le moea oa Lentsoe la Molimo, Bibele. Nahana ka a mang a maikutlo a tloaelehileng mabapi le lenyalo le bana. Lihlooho tse ling tsa malapa li lumela hore li ikarabella feela ho lefelleng bolulo le lintho tse tlamang tsa sekolo. Basali ba tsona—esita le bana ba baholo ka linako tse ling—ba siuoa le kenya-kenya ea ho fana ka litlhoko tsa motheo tse kang lijo le liaparo.
Ho phaella moo, banna ba bang ba na le maikutlo a hore “chelete ea ka ke ea ka, empa ea hao ke ea ka le eona.” Sena hangata se halefisa basali ba kenyang chelete ka lapeng. Mosali e mong oa Tanzania o ile a tletleba: “Chelete e senngoa joaleng, e seng ho rōna kapa ho bana. Re arolelana mosebetsi, kapa re etsa o mongata oa oona, empa o nka chelete eohle, o re bolella hore ke ea hae—hore o e sebelelitse.”
Leha ho le joalo, Bakreste ba beha Lentsoe la Molimo ka pele ho meetlo ea sebaka sa habo bona kapa maikutlo a tloaelehileng. Bibele e fana ka tataiso e molemo tabeng ea ho hlokomela litho tsa lelapa. Ka mohlala, e re “bana ha baa tšoanela ho bolokela batsoali ba bona, empa batsoali ba tšoanela ho bolokela bana ba bona.” (2 Bakorinthe 12:14) Ka hona, banna ba tšabang Molimo ba khonang ho sebetsa, ha e re ka lebaka la botsoa, ba tlohelle lintho ho basali ba bona kapa ho bana ba bona ba baholo hore ba fepe lelapa le ho le apesa; boikarabelo boo bo mahetleng a hlooho ea lelapa ka ho toba.—1 Bakorinthe 11:3.
Ke ’nete hore moputso oa monna o ka ’na oa se lekane ho hlokomela litlhoko tsohle tsa lelapa la hae. Empa haeba mosali a fumana chelete ka ho sebetsa, monna oa Mokreste a ke ke a halefa. Ho e-na le hoo, o tla mo tšoara joaloka “molekane” ea hlomphehang. (Malakia 2:14) Ka lebaka leo, a ke ke a nka ka bohanyapetsi chelete eo a e sebelelitseng ka thata ’me a e hafaka a sa nahanele maikutlo a hae. Ho fapana le hoo, eena le mosali oa hae ba tla ‘rerisana’ ’me ba fumane hantle hore na chelete ea bona e ka sebelisoa joang hamolemo molemong oa lelapa lohle. (Liproverbia 13:10, NW) Moo ho khonehang, monna a ka ba a neha mosali oa hae tokoloho e itseng ea ho sebelisa chelete, joalokaha “mosali ea khabane” oa mehleng ea Bibele a ile a e fumana. (Liproverbia 31:10, 11, 16) Ho latela keletso ea Bibele litabeng tse joalo ho hōlisa thabo le khotsofalo tsa lelapa.
Ho Tobana le Phephetso ea ho Hloka Mosebetsi
Nahana ka bothata ba ho hloka mosebetsi. Ha mesebetsi e fokola ’me moputso o le tlaase, lihlooho tse ngata tsa malapa tsa Maafrika li batlile mosebetsi hōle le hae—merafong, lifekthering, mapolasing le temong. Haeba monna oa Mokreste a ne a le boemong bona, o ne a ka ’na a iphumana a arohane le barapeli-’moho le eena ’me a pepesehetse litloaelano tse mpe haholo. (Liproverbia 18:1; 1 Bakorinthe 15:33) Leha lelapa la hae le ka ’na la ikitlaetsa ho sebetsana le boemo hamolemo, ho ka etsahala hore le be le mathata ka lebaka la ho se be le ntate lapeng bakeng sa ho le etella pele moeeng kapa ho fana ka tšehetso ea maikutlo. Ka mokhoa o itoantšang, ho ba sieo ka nako e telele ho ka ba ha fella ka eona ntho eo ho neng ho lokela ho e thibela—bothata ba lichelete.
’Mè e mong o re: “Monna oa ka o ile a ea rafa khauta. O ne a rerile ho khutla ka mor’a khoeli kapa tse peli, e seng ho feta tseo. Li ile tsa fetoha selemo! Ke ne ke setse le bana ba tšeletseng hore ke ba hlokomele. Joale ke ne ke boetse ke lokela ho lefella bolulo. Kaha bophelo ba ka bo ne bo se botle, ke ne ke lokela ho lefa chelete ea phekolo sepetlele. Re ne re hloka liaparo, ’me re ne re lokela ho ja letsatsi le leng le le leng. Ke ne ke sa sebetse. Ho ne ho le boima. Karolo e neng e le thata ka ho fetisisa e ne e le ea ho hlokomela bana moeeng—thuto ea lelapa, liboka le mosebetsi oa ho bolela. Ka tšehetso ea Jehova, re ile ra tsoella ka tsela e itseng.”
Esita le bo-’mè ba bang ba ’nile ba ikutloa ba tlameha ho siea malapa a bona nako e telele bakeng sa ho ea sebetsa. Ba bang ba iphelisa ka ho ba barekisi ba tsamaeang ’me ba bonoa seoelo hae. Ka hona, bana ba baholo ba qobelloa ho phetha karolo ea boikarabelo ba batsoali le ho hlokomela lijo, mesebetsi e meng ea lelapa, esita le ho laea banab’abo bona ba banyenyane. Ho huloa haboima tabeng ea ho nka karolo mesebetsing ea moea. E, khatello e ka ’na ea e-ba e khōlō lapeng!
Ka sebele, ha maemo a moruo a le mabe haholo, motsoali a ka ’na a se be le mokhoa o mong oa ho lokisetsa lintho tse hlokahalang bakeng sa lelapa la hae haese ho ea batla mosebetsi hōle. Mehleng ea Bibele, ka ho hlakileng bara ba Jakobo ba ile ba tlameha ho siea malapa a bona e le ho ea fumana lijo Egepeta. (Genese 42:1-5) Kahoo, ha ho hlaha maemo a tšoanang kajeno, lihlooho tsa malapa li lokela ho bapisa melemo leha e le efe ea lintho tse bonahalang e ka fanoang ke mosebetsi o hōle le tšenyo ea moea le ea maikutlo e ka bakoang ke ho arohana nako e telele. Malapa a mangata a khetha ho tiisetsa mathata a moruo ho e-na le ho arohana nako e telele. A hopola mantsoe a Pauluse a fumanoang ho 1 Timothea 6:8: “Ha re e-na le tsa ho phela le liaparo le tšireletso, re tla khotsofalla lintho tsena.”—Bapisa le Liproverbia 15:17.
Hangata ho na le mekhoa e meng e ka etsoang ho e-na le ho tsamaea. Ka ho bonahatsa boiteko le bohlale, ba bang ba khonne ho qapa mesebetsi ka ho etsa litšebeletso tse molemo.a (Bapisa le Liproverbia 31:24.) Kapa e ka ’na ea e-ba taba ea ho amohela mesebetsi e tlaase eo ba bang ba e khellang fatše. (Baefese 4:28) Moapostola Pauluse ka boeena o ile a ‘sebetsa le ho sehla bosiu le motšehare’ e le hore a ka qoba ho ba moroalo oa lichelete ho ba bang. (2 Bathesalonika 3:8) Banna ba Bakreste kajeno ba ka latela mohlala oo.
Mathata a Sekolo
Bothata bo bong bo ama sekolo. Libakeng tse ling tse hōle, ho tloaelehile hore batsoali ba romele bana ba bona ho ea lula le beng ka bona nako e telele e le ho neha bana thuto e tšoanelehang. Ba arohane le batsoali ba bona, bana ba joalo hangata ba ba le bothata ba ho ba teng libokeng kapa ho kopanela tšebeletsong ea tšimo. Ba le hōle le taeo e hlokahalang, ba oela habobebe lerabeng la litloaelano tse mpe. Ka lebaka leo, ba bangata ba tloheletse tsela ea bophelo ea Bokreste.
Ha ho na pelaelo ea hore thuto ea lefatše e na le melemo ea eona. Empa Bibele e beha bohlokoa bo boholoanyane thutong ea moea, ’me Molimo o file batsoali boikarabelo ba ho fana ka thuto e joalo. (Deuteronoma 11:18, 19; Liproverbia 3:13, 14) Leha ho le joalo, ho romela ngoana hōle ka nako e telele ho ka ’na ha fokolisa boiteko ba batsoali ba ho mo hōlisa “ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova.”—Baefese 6:4.b
Haeba menyetla e haufinyane ea thuto e bonahala e sa tšoanelehe, batsoali ba ka ’na ba se be le boikhethelo haese ho etsa seo bona ba ka se khonang ho ruta bana ba bona tsebo ea motheo. Thuso e boetse e fanoa ke ‘Morupeli oa rōna e Moholo,’ Jehova. (Esaia 30:20, NW) Liphutheho tse haufi tsa Lipaki tsa Jehova li fana ka litokisetso tse ngata tsa thuto. Liphutheho tse ngata li tšoara litlelase tsa ho ithuta ho bala le ho ngola. Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo ka ho tšoanang ke tokisetso e molemo e ka chorisang matla a ngoana a ho bala le ho bua ha phollatsi.
Pono e Leka-lekaneng ka ho ba le Bana
Ho lokisetsa lintho tse hlokahalang bakeng sa bana ho ka ba boima haholo ha ba le bangata. Hangata batsoali ba Maafrika ba tla re ba rata bana; kahoo, ba ba le ba bangata ka hohle kamoo ba ka khonang! Le hoja bana ba ka talingoa e le mohloli oa lichelete, batsoali ba bangata ha ba khone ho ba hlokomela ka ho tšoanelehang ha ba le bangata.
Ke ’nete hore Bibele e re “bara ke lefa la Jehova.” (Pesaleme ea 127:3) Leha ho le joalo, hlokomela hore mantsoe ao a ngotsoe nakong eo maemo a neng a le matle Iseraeleng. Hamorao tlala ea boja-likata le ntoa li ile tsa etsa hore ho ba le bana e be ho behang tekong. (Lillo tsa Jeremia 2:11, 20; 4:10) Ka lebaka la boemo bo boima bo renang linaheng tse ngata tse hōlang moruong, Bakreste ba nang le boikarabelo ba lokela ho nahana ka botebo hore na ke bana ba bakae bao ka sebele ba ka khonang ho ba fepa, ho ba apesa, ho ba fa bolulo le ho ba koetlisa. Ka mor’a ho hlahloba litšenyehelo, banyalani ba bangata ba qeta ka hore ho ka ba molemo ho se latele neano ’me ba lekanyetsa palo ea bana bao ba bang le bona.c—Bapisa le Luka 14:28.
Ka ho hlakileng, tsena ke “linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.” (2 Timothea 3:1-5) Ha tsamaiso ena ea lintho e theohela ka sekhahla pheletsong ea eona e ke keng ea qojoa, ha ho pelaelo hore khatello malapeng e tla eketseha linaheng tse hōlang moruong. Leha ho le joalo, ka ho khomarela melao-motheo ea Lentsoe la Molimo haufi-ufi, lihlooho tsa malapa li ka atleha ho hlokomeleng litlhoko tsa nama le tsa moea tsa malapa a tsona, kaha Jehova o etsa tšepiso ena ho ba mo sebeletsang ka botšepehi bo sa sekisetseng: “Ho hang ha nka ke ka u tlohela leha e le hore ka mokhoa leha e le ofe nka u furalla.” (Baheberu 13:5) E, esita le linaheng tse futsanehileng, Bakreste ba ka thulana ka katleho le phephetso ea ho lokisetsa lintho tse hlokahalang bakeng sa litho tsa lelapa!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona sehlooho “Ho Hlahisa Mesebetsi Linaheng tse Hōlang Moruong,” tokollong ea koranta eabo ena, e leng Tsoha! ea November 8, 1994.
b Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng, bona “Lipotso Tse Tsoang ho Babali” ho Molula-Qhooa oa February 1, 1983.
c Ho ile ha fanoa ka boitsebiso bo molemo letotong la “Thero ea Malapa e Fetoha Taba ea Lefatše Lohle,” le ileng la hlaha ho Tsoha! ea March 8, 1993.