Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w02 8/15 maq. 25-28
  • Na U Tla Boloka Botšepehi?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U Tla Boloka Botšepehi?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Boiteko ba Satane ba ho Senya Botšepehi ba Rōna
  • Botšepehi ba Jesu bo ne bo ke ke ba Senngoa
  • Ho Tšepahala Mahlomoleng
  • Ho Tšoasa Phofu e Ncha ka Mano a Khale
  • Lula U Tšepahala!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
  • Jobo o Ile a Tlotlisa Lebitso la Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Botšepehi ba Jobo—Ke Mang ea ka bo Etsisang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Jobo—Monna ea Ileng a Mamella a ba a Tšepahala
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
w02 8/15 maq. 25-28

Na U Tla Boloka Botšepehi?

HO SHOELE lirobele tse kae maobane? Ha ho ea tsebang, ’me mohlomong kahobane linonyana li ngata haholo, ke batho ba seng ba kae ba tsotellang. Leha ho le joalo, Jehova eena oa tsotella. Jesu o ne a bua ka linonyana tsena tseo ho bonahalang eka hase tsa bohlokoa, ha a re ho barutuoa ba hae: “Ha ho le se seng sa tsona se tla oela fatše kantle le hore Ntat’a lōna a tsebe.” A phaella ka ho re: “Le se ke la tšaba: le ba bohlokoa ho feta lirobele tse ngata.”—Matheu 10:29, 31.

Hamorao barutuoa ba ile ba utloisisa hantle hore na Jehova o ba nka e le ba bohlokoa hakae. E mong oa bona, moapostola Johanne, o ile a ngola a re: “Lerato la Molimo le ile la bonahatsoa ho rōna ka sena, hobane Molimo o ile a romela Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši lefatšeng e le hore re ka fumana bophelo ka eena.” (1 Johanne 4:9) Jehova ha a fane ka thekollo feela empa hape o tiisetsa mohlanka e mong le e mong oa hae ka ho re: “Ho hang nke ke ka u tlohela kapa ka u furalla.”—Baheberu 13:5.

Ho hlakile hore lerato la Jehova bakeng sa batho ba hae ha le sisinyehe. Leha ho le joalo, potso ea phahama, ‘Na re khomaretse Jehova hoo re ke keng ra mo tlohela?’

Boiteko ba Satane ba ho Senya Botšepehi ba Rōna

Ha Jehova a ne a hlokomelisa Satane ka botšepehi ba Jobo, Satane o ile a araba ka mantsoe ana a hlabang: “Na Jobo o ne a tla u rapela haeba a ne a sa je ka hona?” (Jobo 1:9, Today’s English Version) O fane ka maikutlo a hore botšepehi ba batho ho Molimo bo itšetlehile ka ‘hore na boa ba jesa na.’ Haeba sena e ne e le ’nete, Mokreste ofe kapa ofe o ne a ka sekisetsa botšepehi ba hae—haeba a ne a tšepisoa mejo e mo lekaneng.

Tabeng ea Jobo, Satane o ile a qala ka ho bolela hore botšepehi ba Jobo ho Molimo bo ne bo tla fela haeba a ka lahleheloa ke matlotlo a hae a bohlokoa haholo. (Jobo 1:10, 11) Ha ho bonahala hore nyeliso ena ke leshano, Satane o ile a tiisa ntle ho lebaka a re: “Motho o tla tela lintho tsohle e le hore feela a phele.” (Jobo 2:4, TEV) Seo Satane a se bolelang e ka ’na ea e-ba ’nete ho ba bang, empa Jobo eena o ile a hana ho lahla botšepehi ba hae. Tlaleho ea histori e tiisa seo. (Jobo 27:5; 42:10-17) Na u tšepahala ka mokhoa o tšoanang? Kapa na u tla lumella Satane hore a senye botšepehi ba hao? Ak’u nahane ka uena ha re ntse re hlahloba linnete tse ling tse amang Mokreste e mong le e mong.

Moapostola Pauluse o ne a lumela hore botšepehi ba ’nete ba Bokreste bo ka ba matla haholo. O ile a ngola, a re: “Ke kholisehile hore leha e le lefu kapa bophelo . . . kapa lintho tse teng hona joale kapa lintho tse tlang ho tla . . . kapa pōpo leha e le efe e ’ngoe li ke ke tsa khona ho re arohanya le lerato la Molimo le leng ho Kreste Jesu Morena oa rōna.” (Baroma 8:38, 39) Re ka kholiseha ka tsela e tšoanang haeba lerato la rōna ho Jehova le le matla hakaalo. Lerato le joalo ke khomareli ’me le lefu le ke ke la le fekisa.

Haeba re e-na le kamano e joalo le Molimo, re ke ke ra botsa, ‘Na ke tla be ke ntse ke sebeletsa Jehova lilemong tse seng kae tse tlang?’ Ho se tsitse ho joalo ho ne ho tla bontša hore botšepehi ba rōna ho Molimo bo itšetlehile ka maemo a ka ’nang a re hlahela bophelong. Botšepehi ba ’nete ha bo angoe ke maemo a ka thōko. Bo itšetlehile ka botho ba rōna. (2 Bakorinthe 4:16-18) Haeba re rata Jehova ka lipelo tsohle tsa rōna, re ke ke ra mo soetsa.—Matheu 22:37; 1 Bakorinthe 13:8.

Leha ho le joalo, re tlameha ho hopola hore ka linako tsohle Satane o batla ho senya botšepehi ba rōna. A ka ’na a re leka hore re inehele litakatsong tsa nama, khatellong ea lithaka, kapa hore re lumelle mahlomola a itseng a re furallise ’nete. Batho ba ikarohantseng le Molimo ke bo-mphato ba baholo ba Satane tlhaselong ena, le hoja ho se phethahale ha rōna ho mo bebofaletsa mosebetsi oa ho senya botšepehi ba rōna. (Baroma 7:19, 20; 1 Johanne 2:16) Leha ho le joalo, re na le menyetla e mengata ntoeng ena, o ka sehloohong ke ’nete ea hore re tseba merero ea Satane.—2 Bakorinthe 2:11.

Merero ea Satane ke efe? Lengolong la Pauluse le eang ho Baefese o hlalositse hore merero ena ke “maqiti.” (Baefese 6:11) Satane o beha mano tseleng ea rōna e le hore a senye botšepehi ba rōna. Re leboha hore ebe re ka khona ho lemoha mano ana kahobane re ngoletsoe mekhoa ea Diabolose ka Lentsoeng la Molimo. Boiteko ba Satane ba ho senya botšepehi ba Jesu le ba Jobo ke mohlala oa litsela tseo a batlang ho senya botšepehi ba rōna ba Bokreste ka tsona.

Botšepehi ba Jesu bo ne bo ke ke ba Senngoa

Qalong ea tšebeletso ea Jesu, Satane o bile sebete hore a leke Mora oa Molimo ka ho mo phephetsa hore a fetole lejoe bohobe. Ao ke mano a makaakang! E ne e le matsatsi a 40 Jesu a sa je, ’me ha ho pelaelo hore o ne a lapile haholo. (Luka 4:2, 3) Satane o ile a khothalletsa Jesu hore a khotsofatse takatso ea hae ea tlhaho hona hoo, ka tsela e neng e sa lumellane le thato ea Jehova. Hoa tšoana le kajeno, likhopolo tse kotsi tsa lefatše tse phatlalatsoang li khothalletsa ho ikhotsofatsa hona joale, ho sa nahanoe haholo ka liphello. Batho ba fuoa maikutlo a ho re, ‘Monyetla o sa u bulehetse,’ kapa ‘Ithabise hona joale!’

Hoja Jesu a khotsofatsa tlala a sa nahana ka liphello, Satane a ka be a ile a atleha ho mo tšoasa hore a sekisetse botšepehi ba hae. Jesu o ile a sheba litaba ka leihlo la moea, eaba o arabela ka tieo o re: “Ho ngoliloe, ‘Motho a ke ke a phela ka bohobe feela.’”—Luka 4:4; Matheu 4:4.

Ka mor’a moo, Satane o ile a fetola maoa. Diabolose o ile a sotha Mangolo ao Jesu a neng a qotsitse ho ’ona, ’me a khothalletsa Jesu hore a itihe toreng ea tempele. Satane o ile a re, ‘Lengeloi le tla u boloka.’ E ne e se morero oa Jesu hore a batle tšireletso ea mohlolo e tsoang ho Ntat’ae e le hore feela a ikhantše ka eona. Jesu o ile a re: “U se ke ua leka Jehova Molimo oa hao.”—Matheu 4:5-7; Luka 4:9-12.

Mano a ho qetela ao Satane a ileng a a sebelisa a ne a tobile haholoanyane. O ile a leka ho etsa tumellano le Jesu ka ho teka ka pel’a hae hore o tla mo fa lefatše lohle le khanya ea lona haeba a ka mo etsetsa ketso e le ’ngoe feela ea borapeli. Ke sohle seo Satane a neng a ka fana ka sona. Jesu o ne a ka etsa ketso ea borapeli joang ka pel’a sera se seholo sa Ntat’ae? O ne a ke ke a e etsa! Jesu o ile a araba ka ho re: “Ke Jehova Molimo oa hao eo u tla mo rapela, ’me ke eena feela eo u tla mo etsetsa tšebeletso e halalelang.”—Matheu 4:8-11; Luka 4:5-8.

Ha Satane a hlōlehile boitekong ba hae ka makhetlo ao a mararo, o ile “a mo tlohela ho fihlela nakong e ’ngoe e loketseng.” (Luka 4:13) Sena se bontša hore nako le nako Satane o ne a batla monyetla oa ho leka botšepehi ba Jesu. Nako e ntle e ile ea hlaha hoo e ka bang lilemo tse peli le halofo hamorao ha Jesu a qala ho lokisetsa barutuoa ba hae lefu la hae le neng le le haufi. Moapostola Petrose o ile a re: “Ikhauhele, Morena; ho hang u ke ke ua ba le qetello ena.”—Matheu 16:21, 22.

Na keletso e joalo e etsoang ka morero o motle empa e le e fosahetseng e ne e tla ipiletsa ho Jesu, kaha e ne e tsoa ho e mong oa barutuoa ba hae? Kapele feela Jesu o ile a hlokomela hore mantsoe ao a bontša khopolo ea Satane, eseng ea Jehova. Kreste o ile a araba ka tieo a re: “Suthela ka mor’a ka, Satane! U khopiso ho ’na, hobane u nahana menahano ea batho, eseng ea Molimo.”—Matheu 16:23.

Kaha Jesu o rata Jehova ka lerato le sa feleng, Satane ha aa ka a khona ho senya botšepehi ba hae. Ha ho letho leo Diabolose a neng a ka fana ka lona, ha ho teko, ho sa tsotellehe hore na e matla hakae, e neng e ka fokolisa botšepehi ba Jesu ho Ntat’ae oa leholimo. Na re tla ba le boikemisetso bo tšoanang ha maemo a re thatafalletsa ho lula re tšepahala? Mohlala oa Jobo o tla re thusa ho utloisisa hamolemo liphephetso tseo re ka ’nang ra thulana le tsona.

Ho Tšepahala Mahlomoleng

Joalokaha Jobo a ile a sibolla, mahlomola a ka re oela neng kapa neng. E ne e le monna ea thabileng lenyalong la hae, a e-na le bana ba leshome le kemiso e ntle ea lintho tsa moea. (Jobo 1:5) Empa Jobo o ne a sa tsebe hore botšepehi ba hae ho Molimo boa tsekoa leholimong, le hore Satane o ne a ikemiselitse ho senya botšepehi ba hae ka hohle kamoo a ka khonang.

Jobo o ile a lahleheloa ke leruo la hae ka ho panya ha leihlo. (Jobo 1:14-17) Leha ho le joalo, Jobo ha aa ka a hlōloa ke teko ea botšepehi hobane ho ne ho se mohla a kileng a beha tšepo ea hae cheleteng. Ha a hopola nako eo a neng a ruile ka eona, o ile a re: “Haeba ke entse khauta tšepo ea ka, . . . haeba ke ne ke thaba kahobane thepa ea ka e le ngata, . . . le seo e ne e tla ba phoso . . . , etsoe nka be ke latotse Molimo oa ’nete ea holimo.”—Jobo 31:24, 25, 28.

Le kajeno hoa khoneha hore ka ho panya ha leihlo feela re lahleheloe ke sohle seo re nang le sona. E mong oa Lipaki tsa Jehova eo e leng mohoebi, o ile a qhekelloa ka chelete e ngata haholo hoo a ileng a batla a chona. Ha a tsilatsile ha a re: “Ke ile ka batla ke tšoaroa ke lefu la pelo. Ha e le hantle, ke lumela hore le ka be le ile la ntšoara hoja e ne e se ka lebaka la kamano ea ka le Molimo. Leha ho le joalo, ketsahalo ena e ile ea mpula mahlo hore ke bone hore lintho tsa moea ha li tle pele bophelong ba ka. Ke ne ke thabela ho etsa chelete ho feta eng kapa eng.” Ho tloha ka nako eo, Paki ena e entse hore mosebetsi oa eona oa khoebo o lekane liatla, ’me nako le nako e sebetsa e le pula-maliboho ea thusang, ka khoeli e nehela lihora tse 50 kapa ho feta mosebetsing oa Bokreste. Leha ho le joalo, mathata a mang, e ka ba a tsietsang ho feta ho lahleheloa ke matlotlo.

Jobo o ne a sa makalletse litaba tse mabapi le ho lahleheloa ke maruo a hae ha a fumana molaetsa oa hore bana ba hae ba leshome ba shoele. A ’na a tsitlella ho re: “Lebitso la Jehova le ke le tsoele pele ho bokoa.” (Jobo 1:18-21) Na re ne re tla ’ne re boloke botšepehi haeba ka tšohanyetso feela re shoeloa ke beng ka rōna ba bangata? Francisco ke molebeli oa Mokreste Spain, o ile a shoeloa ke bana ba babeli kotsing e bohloko ea bese. O ile a tšelisoa ke ho atamela haholo ho Jehova le ho eketsa tšebeletso ea hae ea Bokreste.

Mahlomola a Jobo ha aa ka a fela le ka mor’a hore a shoeloe ke bana ba hae ka tsela e tšosang. Satane o ile a mo hlasela ka boloetse bo nyonyehang, bo bohloko. Ka nako eo, Jobo o ile a fumana keletso e mpe ho mosali oa hae. O ile a mo phehella a re: “Rohaka Molimo ’me u shoe!” Jobo o ile a hlokomoloha keletso ea hae, ’me ha aa ka a “etsa sebe ka molomo oa hae.” (Jobo 2:9, 10) Botšepehi ba hae bo ne bo sa itšetleha ka ho tšehetsoa ke lelapa la hae, empa bo ne bo itšetlehile ka kamano ea hae le Jehova.

Flora, eo monna oa hae le mora e moholo ba ileng ba tlohela tsela ea Bokreste lilemong tse fetang leshome tse fetileng, o utloisisa hore na Jobo o ile a ikutloa joang. O re: “U ka ferekana ha lelapa le u furalla ka tšohanyetso moeeng le maikutlong. Empa ke ne ke tseba hore nke ke ka thaba ka ntle ho mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova. Ka hona ke ile ka ema ke tiile ’me ka etelletsa Jehova pele ha ke ntse ke leka ho tsoela pele ho ba mosali le ’mè ea molemo. Ke ne ke rapela khafetsa ’me Jehova o ile a ’matlafatsa. Ke lula ke thabile hobane, ho sa tsotellehe khanyetso eo monna oa ka a e etsang ka boikemisetso, ke ithutile ho itšetleha ka Jehova ka ho feletseng.”

Mano a latelang a Satane a hore a senye botšepehi ba Jobo a ne a ama metsoalle ea hae e meraro. (Jobo 2:11-13) E tlameha ebe o ile a tsieleha ha e qala ho mo nyatsa. Hoja a lumela mabaka a eona, a ka be a ile a felloa ke tšepo ho Jehova Molimo. Keletso ea eona e nyahamisang e ka be e ile ea mo qeta matla eaba botšepehi ba hae boa senyeha ’me kahoo mano a Satane a ka be a atlehile.

Ho e-na le hoo, Jobo o ile a tsitlella a re: “Nke ke ka tlosa botšepehi ba ka ho ’na ho fihlela ke shoa!” (Jobo 27:5) Ha aa ka a re, ‘Nke ke ka le lumella ho nkamoha botšepehi ba ka!’ Jobo o ne a tseba hore botšepehi ba hae bo itšetlehile ka eena le lerato la hae ho Jehova.

Ho Tšoasa Phofu e Ncha ka Mano a Khale

Satane o sa ntsane a sebelisa keletso e fosahetseng kapa lipuo tse hlabang tsa metsoalle le balumeli-’moho. Ho nyahamisoa ka phuthehong ho ka fokolisa tšepo ea rōna habonolo ho feta ho hlorisoa ke batho ba ka ntle. Moholo oa Mokreste eo e neng e kile ea e-ba lesole ntoeng o ile a bapisa ntoa le bohloko boo a ileng a bo utloa ka lebaka la mantsoe a hlabang le liketso tsa Bakreste-’moho le eena ba bang. Ka ho utloisoa bohloko ke Bakreste o ile a re: “Ke ntho e boima ka ho fetisisa eo nkileng ka e utloa.”

Ka lehlakoreng le leng, re ka ferekana haholo ke ho se phethahale ha balumeli-’moho le rōna hoo re ka khaotsang ho buisa ba bang kapa ra qala ho fosoa ke liboka tsa Bokreste. Ho ka ’na ha bonahala ntho ea bohlokoa e le hore re ikoke maqeba. Empa ho soabisa haholo ha re ka fifalloa ke pono joalo ebe re lumella letlotlo la rōna la bohlokoa ka ho fetisisa—kamano ea rōna le Jehova—le fokolisoe ke se etsoang ke ba bang kapa seo ba se buang. Haeba re lumella sena hore se etsahale, re tla be re thetsitsoe ke mano a mang a khale a Satane.

Ke ntho e utloahalang hore re lebelle boitšoaro bo phahameng ka phuthehong ea Bokreste. Empa re tla soaba haeba re lebella hore barapeli-’moho le rōna ba sa phethahalang, ba etse se fetang matla a bona. Ha ho bapisoa, lintho tseo Jehova a li batlang ho bahlanka ba hae li bontša kutloisiso. Haeba re etsisa mohlala oa hae, re tla itokisetsa ho mamella bofokoli ba bona. (Baefese 4:2, 32) Moapostola Pauluse o ile a fana ka keletso ena: “Ha u halefile, u se ke ua lumella bohale hore bo u etsise sebe; u se ke ua lumella hore letsatsi le likele u ntse u bo boka-boketsa; u se ke ua fa diabolose monyetla.”—Baefese 4:26, 27, The New English Bible.

Joalokaha Bibele e ruta, Satane o sebelisa mano a fapa-fapaneng e le hore haeba a ka khona, a fumane tsela eo a ka senyang botšepehi ba Mokreste ka eona. Mano a mang a hae aa ipiletsa ho motho ea sa phethahalang, a mang a baka bohloko. Puisanong ena, ua bona hore na ke hobane’ng ha le ka mohla u sa lokela ho tsometsoa. Kaha lerato la hao bakeng sa Molimo le tiile pelong ea hao, ikemisetse ho bontša hore Diabolose o leshano ’me u thabise pelo ea Jehova. (Liproverbia 27:11; Johanne 8:44) Hopola hore botšepehi ba ’nete ba Bokreste ha boa lokela ho sekisetsoa, ho sa tsotellehe liteko tse re tlelang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela