Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w08 3/1 maq. 18-21
  • “Molao o Fetohile Motataisi oa Rōna”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Molao o Fetohile Motataisi oa Rōna”
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Motataisi le Boikarabelo ba Hae
  • Molao ke Motataisi
  • Bakreste ba Pele le Molao oa Moshe
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Na U sa Hopola?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Na U Lokela ho Boloka Melao e Leshome?
    Tsoha!—1988
  • Buka ea Bibele ea 48—Ba-Galata
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
w08 3/1 maq. 18-21

“Molao o Fetohile Motataisi oa Rōna”

KE BANA ba bakae ba bonang hore molao le khalemelo li molemo? Hase ba bangata. Ho bona, melao ea tena. Leha ho le joalo, ba tlamehang ho thusa bana, baa tseba hore ho hlokahala ba ba behe leihlo. Mohlomong ha lilemo li ntse li ea, bana ba bangata ba tla bona molemo oa hore ebe ba ile ba tataisoa. Ha moapostola Pauluse a etsa papiso ea kamano e ntseng e hōla pakeng tsa Jehova Molimo le batho ba hae, o ile a sebelisa mohlala oa monna ea neng a sireletsa bana.

Bakreste ba bang ba profinse ea Roma ea Galatia ba phetseng lilemong tse ka bang 2 000 tse fetileng ba ile ba tsitlella hore Molimo o ne a rata feela ba neng ba mamela Molao oo a o fileng Baiseraele ka Moshe. Moapostola Pauluse o ne a tseba hore ha ho joalo, hobane Molimo o ile a fana ka moea o halalelang ho bao ho seng mohla ba kileng ba boloka molao oa Bajuda. (Liketso 15:12) Ka hona, Pauluse o ile a lokisa khopolo eo e fosahetseng ka ho etsa papiso. Lengolong leo a ileng a le ngolla Bakreste ba Galatia, o itse: “Molao o fetohile motataisi oa rōna ea isang ho Kreste.” (Bagalata 3:24) Setsebi se seng se re, ‘ho tloha khale motataisi o ne a etsa mosebetsi oa bohlokoa.’ Ho tseba sena ho re thusa ho utloisisa seo moapostola Pauluse a neng a se bolela.

Motataisi le Boikarabelo ba Hae

Batataisi ba ne ba sebelisoa haholo malapeng a ruileng a Bagerike, a Baroma, mohlomong le a Bajuda hore ba hlokomele bana ho tloha boseeng ho fihlela e e-ba bahlankana kapa baroetsana. Hangata motataisi e ne e le lekhoba le tšeptjoang, le seng le hōlile, le neng le hlokomela ngoana ho tiisa hore o sireletsehile le ho etsa bonnete ba hore o hōlisoa ka tsela eo ntat’ae a batlang hore a hōlisoe ka eona. Letsatsi lohle motataisi o ne a tsamaea le ngoana hohle moo a eang teng, a etsa bonnete ba hore o hloekile, a mo isa sekolong, a atisa ho mo nkela libuka le thepa e ’ngoe, ’me a mo thusa ka lithuto tsa sekolo.

Hangata motataisi e ne e se tichere. O ne a sa rute lithuto tsa sekolo, o ne a mpa a tataisa ngoana ka ho tiisa hore o phetha litaelo tsa ntat’ae. Leha ho le joalo, o ne a mo ruta ka tsela e sa tobang ka ho mo beha leihlo le ho mo laea. Sena se ne se akarelletsa ho mo ruta mekhoa e metle, ho mo khalemela, esita le ho mo sasara ha a etsa botoutu. Ho hlakile hore ’mè le ntate e ne e le bona barupeli ba ka sehloohong ba ngoana. Empa, ha moshemane a ntse a hōla, motataisi oa hae o ne a mo ruta hore o lokela ho tsamaea a otlolohile seterateng, a apare seaparo sa ka holimo, a lule le ho ja hantle le hore a eme ha batho ba baholo ba kena, a rate batsoali ba hae, ’me a mo ruta le mekhoa e meng e metle.

Rafilosofi oa Mogerike Plato (428-348 B.C.E.) o ne a e-na le maikutlo a matla a hore bana ha baa lokela ho lumelloa ho etsa borata. O itse: “Joalokaha ho se na nku kapa phoofolo efe kapa efe e fulang e lokelang ho hloka molisa, le bana ba ke ke ba phela ba se na motataisi, lekhoba le lona le ke ke la hloka monghali.” Ho ka ’na ha bonahala eka maikutlo ana a feteletse, leha ho le joalo, ke kamoo Plato a neng a bona litaba kateng.

Kaha barupeli ba ne ba salama bana ka linako tsohle, ba ile ba ba le botumo ba hore ke balebeli ba hatellang le ba thata, ba lulang ba qosa bana ka lintho tse sa reng letho, tse khathatsang le tse sa utloahaleng. Leha ho le joalo, motataisi o ne a sireletsa ngoana linthong tse mpe le tse kotsi. Appian, e leng rahistori oa Mogerike oa boholo-holo, o pheta pale ea motataisi e mong eo ha ba le tseleng e eang sekolong a ileng a lokela ho thibeletsa ngoana ho mo sireletsa babolaing. Ha a hana ho tlohela moshanyana enoa, ba ile ba ba bolaea ka bobeli.

Boitšoaro bo bobe bo ne bo atile har’a Magerike. Ho ne ho hlokahala hore bana, haholo-holo ba bashanyana, ba sireletsoe e le hore ba se ke ba hlekefetsoa ka thobalano. Kahoo, batataisi ba ne e-ba teng ha bana ba rutoa, kaha matichere a mangata a ne a sa tšepahale. Libanius, e leng sebui se kheleke sa Mogerike sa boholo-holo, o ile a ba a re batataisi ba ne ba lokela ho “lebela bacha ba hōlang,” ba “thibele batho ba seleng, ba ba leleke, ba se ke ba ba lumella ho tloaelana le bashemane bao.” Batataisi ba bangata ba ne ba hlomphuoa ke bana bao ba ba sireletsang. Majoe a mabitla a fana ka bopaki ba hore batsoali ba ne ba ananela batataisi bao ba ratehang ba seng ba shoele.

Molao ke Motataisi

Ke hobane’ng ha moapostola Pauluse a ile a tšoantša Molao oa Moshe le motataisi? Ke’ng se etsang hore papiso ee e be e loketseng ka ho khethehileng?

Lebaka la pele ke hore Molao o ne o sireletsa ba o bolokang. Pauluse o ile a re Bajuda ba ne ba “lebeloa tlas’a molao.” Ho ne ho tšoana le ha ba hlokometsoe ke motataisi. (Bagalata 3:23) Molao o ne o ba tataisa karolong e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo ba bona. O ne o etsa hore ba laole litakatso tsa bona. O ne o ba tataisa hore na ba itšoare joang o bile o ba khalemela khafetsa, o etsa hore Moiseraele ka mong a hlokomele mefokolo ea hae.

Molao o ne o boetse o ba sireletsa linthong tse mpe, tse kang boitšoaro bo bobe le mekhoa e silafetseng ea bolumeli ea lichaba tse potolohileng Baiseraele. Ka mohlala, ha Molimo a thibela Baiseraele hore ba se ke ba nyalana le bahetene e ne e le molemong oa hore sechaba sohle se be le kamano e ntle le Molimo. (Deuteronoma 7:3, 4) Melao eo e ile ea etsa hore borapeli ba batho ba Molimo bo lule bo hloekile ’me ea ba lokisetsa hore ba khone ho tseba Mesia. Ka sebele melao ena e ne e le bopaki ba hore Molimo o rata batho ba hae. Moshe o ile a hopotsa Baiseraele ba habo a re: “Jehova Molimo oa hao o ne a u khalemela, feela joalokaha motho a khalemela mora oa hae.”—Deuteronoma 8:5.

Leha ho le joalo, karolo ea bohlokoa ea papiso ea moapostola Pauluse e ne e le e bontšang hore boikarabelo ba motataisi ke ba nakoana. Ha ngoana a hōlile, o ne a se a sa laoloe ke motataisi. Rahistori oa Mogerike Xenophon (431-352 B.C.E.) o itse: “Ha moshanyana a hōla, ’me e e-ba mohlankana, ba bang ba mo lokolla matleng a [motataisi] le [tichere] ea hae; joale ha a sa le matleng a bona, empa o lumelloa hore a lokolohe.”

Ho ne ho le joalo le tabeng ea Molao oa Moshe. Mosebetsi oa oona e ne e le oa nakoana—e leng “ho bonahatsa litlōlo, ho fihlela ho ka fihla peō [Jesu Kreste].” Moapostola Pauluse o ile a re Molao e ne e le ‘motataisi ea isang ho Kreste’ bakeng sa Bajuda. E le hore Molimo a hauhele Bajuda ba mehleng ea Pauluse, ho ne ho hlokahala hore ba amohele karolo eo Jesu a e phethang morerong oa Molimo. Hang ha ba entse seo, mosebetsi oa motataisi o ne o phethiloe.—Bagalata 3:19, 24, 25.

Molao oo Molimo a o fileng Baiseraele o ne o se na sekoli. O ne o finyella seo Molimo a neng a o reretse sona—e leng ho sireletsa batho ba hae le ho etsa hore ba ele hloko melao ea hae e phahameng. (Baroma 7:7-14) Molao e ne e le motataisi ea molemo. Leha ho le joalo, ba bang ba neng ba sirelelitsoe ke oona ba ne ba ka ’na ba nka litaelo tsa oona li le boima. Ke ka lebaka leo Pauluse a ileng a re ha nako eo Molimo a e behileng e fihla, “Kreste ka ho re reka o ile a re lokolla thohakong ea Molao.” Molao e ne e le “thohako” hobane o ne o tlama Bajuda ba baetsalibe hore ba boloke melao eo ba neng ba sitoa ho e phetha ka ho feletseng. Litaelo tsa oona li ne li lokela ho bolokoa ka hloko. Hang ha Mojuda a se a amohetse thekollo e phahameng ea sehlabelo sa Jesu, ho ne ho se ho sa hlokahale hore a iphaphathe ka melao e thata ea motataisi.—Bagalata 3:13; 4:9, 10.

Ka lebaka leo, ha Pauluse a ne a tšoantša Molao oa Moshe le motataisi, o ne a hatisa hore mosebetsi oa oona e ne e le ho tataisa Bajuda le hore e ne e le oa nakoana. Jehova o re hauhela ka lebaka la ho amohela Jesu le ho bontša tumelo ho eena, eseng ka lebaka la ho boloka Molao.—Bagalata 2:16; 3:11.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 21]

“BANNA BA IKARABELLANG” LE “BATSAMAISI”

Ntle le hore moapostola Pauluse a bue ka motataisi, o ile a boela a sebelisa lipapiso tsa “banna ba ikarabellang” le “batsamaisi.” Bagalata 4:1, 2, e re: “Hafeela mojalefa e sa le ngoana ho hang ha aa fapana le lekhoba, le hoja e le morena oa lintho tsohle, empa o tlas’a banna ba ikarabellang le tlas’a batsamaisi ho fihlela ka letsatsi leo ntat’ae a le behileng esale pele.” Mesebetsi ea “banna ba ikarabellang” le “batsamaisi” e ne e fapane le ea batataisi, empa ntlha ea Pauluse e ne e batla e tšoana.

Tlas’a molao oa Maroma, ‘monna ea ikarabellang’ o ne a khethoa ka molao hore a hlokomele ngoana oa khutsana le lichelete tsa hae ho fihlela a hōlile. Kahoo, Pauluse o re, le hoja ngoana eo e ne e le “morena” oa lefa la hae, ha a sa ntse a le monyenyane o ne a se na tokelo ea ho le laola, a tšoana le lekhoba.

Ka lehlakoreng le leng, ‘motsamaisi’ o ne a ikarabella hore a hlokomele lichelete tsa lelapa lohle. Flavius Josephus, rahistori oa Mojuda o re mohlankana ea bitsoang Hyrcanus o ile a kōpa ntate oa hae hore a mo fe lengolo le laelang motsamaisi hore a mo fe chelete ea ho reka eng kapa eng eo a e hlokang.

Ka hona ka tsela e tšoanang le ea ho ba tlas’a motataisi, ho ba tlas’a ‘monna ea ikarabellang’ kapa tlas’a ‘motsamaisi’ ho ne ho bontša hore motho ha a na bolokolohi ha a sa ntse a le monyenyane. Bophelo ba ngoana bo ne bo laoloa ke ba bang ho fihlela nakong e behiloeng ke ntat’ae.

[Setšoantšo se leqepheng la 19]

Nkho ea boholo-holo ea Magerike e nang le setšoantšo sa motataisi ea tšoereng lere

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

National Archaeological Museum, Athens

[Setšoantšo se leqepheng la 19]

Senoelo sa boholo-holo se nang le setšoantšo sa motataisi (ea tšoereng lere) ea shebeletseng ha ngoana eo a mo hlokometseng a ntse a rutoa lithoko le ’mino

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Bildarchiv Preussischer Kulturbesitz/Art Resource, NY

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela