Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w91 9/15 maq. 9-14
  • Bontša Tumelo e Thehiloeng ’Neteng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bontša Tumelo e Thehiloeng ’Neteng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tumelo ke Eng?
  • E Thehiloe Linneteng tsa Motheo
  • Tholoana ea Moea o Halalelang
  • Ho Etsa Hore Tumelo e be e Phethehileng
  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Hlahloba Tumelo ea Rōna?
  • E-ba le Tumelo Litšepisong Tsa Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
  • Tumelo e re Thusa ho ba Matla
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
  • “Re fe Tumelo e Eketsehileng”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Na ka Sebele U na le Tumelo Litabeng Tse Molemo?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
w91 9/15 maq. 9-14

Bontša Tumelo e Thehiloeng ’Neteng

“Tumelo ha e le sieo, ha ho kamoo Molimo o ka khahlisoang; ea atamelang Molimo e ka khona a lumele hobane o teng, le hoba ke oona moputsi oa ba o batlang.”—BA-HEBERU 11:6.

1, 2. Tumelo ea Adama e ile ea lekoa joang, hona ka phello efe?

TUMELO e hloka ho fetang ho lumela feela hore Molimo o teng. Monna oa pele, Adama, o ne a se na pelaelo ka boteng ba Jehova Molimo. Molimo o ne o ’nile oa buisana le Adama, mohlomong o sebelisa Mora oa Oona, Lentsoe. (Johanne 1:1-3; Ba-Kolosse 1:15-17) Leha ho le joalo, Adama o ile a lahleheloa ke tebello ea bophelo bo sa feleng ka baka la hore o ile a hlōleha ho utloa Jehova le ho bontša tumelo ho eena.

2 Thabo ea ka moso ea Adama e ile ea bonahala e le kotsing ha mosali oa hae, Eva, a sa mamele Jehova. Khopolo feela ea ho lahleheloa ke mosali oa hae ka boeona e ile ea leka tumelo ea monna oa pele! Na Molimo o ne o ka rarolla bothata boo ka tsela e neng e tla tiisa hore Adama o tsoela pele ho fumana thabo le boiketlo? Ka ho kopanela le Eva tšitong, Adama o ile a bontša hore o ne a sa nahane joalo. O ile a leka ho rarolla bothata ka tsela ea hae, ho e-na le ho batla tataiso ea Molimo ka tieo. Ka ho hlōleha ho bontša tumelo ho Jehova, Adama o ile a itlisetsa lefu, eena hammoho le litloholo tsohle tsa hae.—Ba-Roma 5:12.

Tumelo ke Eng?

3. Tlhaloso ea Bibele ea tumelo e fapane joang le tlhaloso eo buka e ’ngoe e hlalosang mantsoe e fanang ka eona?

3 Buka e ’ngoe e hlalosang mantsoe e hlalosa tumelo e le “ho lumela ka tieo ntho e se nang bopaki.” Leha ho le joalo, ho e-na le ho tšehetsa khopolo eo, Bibele e hatella se fapaneng ka ho felletseng le seo. Tumelo e thehiloe mabakeng a utloahalang, linthong tsa sebele, ’neteng. Mangolo a re: “Tumelo ke tebello e tiileng ea lintho tse tšepiloeng, ke pontšo e hlakileng ea lintho tsa sebele le hoja li e-s’o bonoe.” (Ba-Heberu 11:1, NW) Motho ea nang le tumelo o na le tiiso ea hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Molimo o e tšepisitseng e tiile feela joalokaha eka e se e ntse e phethahetse. Bopaki bo kholisang ba lintho tsa sebele tse sa bonoeng bo matla hoo ho thoeng tumelo e lekana le bona.

4. Buka e ’ngoe ea litšupiso e tšehetsa tlhaloso ea Bibele ea tumelo joang?

4 Ho New World Translation, ka linako tse ling leetsi la Seheberu ʼa·manʹ le nang le sebōpeho se bontšang ho etsa hore ntho e itseng e etsahale le fetoleloa e le “ho bontša tumelo.” Ho latela Theological Wordbook of the Old Testament, “khubung ea moelelo oa motso oa lona ho na le khopolo ea ho ba le bonnete . . . ho fapana le likhopolo tsa kajeno tsa hore tumelo ke ntho e ka etsahalang, eo ho tšeptjoang hore ke ’nete, empa eo ho seng bonnete ba eona.” Buka eona eo ea litšupiso e re: “Lentsoe le nkiloeng ho lona ʼāmēn ‘ka tieo’ le fetiselitsoe ka Testamenteng e Ncha lentsoeng amēn leo e leng lentsoe la Senyesemane ‘amen.’ Jesu o ile a sebelisa lentsoe lena khafetsa ho (Matt 5:18, 26, joalo-joalo) ho hatisa bonnete ba taba.” Lentsoe le fetoletsoeng e le “tumelo” ka Mangolong a Segerike a Bakreste le boetse le bolela ho lumela ka tieo ntho e thehiloeng mabakeng a utloahalang kapa ’neteng.

5. Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “tebello e tiileng” ho Ba-Heberu 11:1 (NW) le ne le sebelisoa joang litokomaneng tsa khoebo tsa boholo-holo, ’me see ke sa bohlokoa bofe bakeng sa Bakreste?

5 Lentsoe la Segerike (hy·poʹsta·sis) le fetoletsoeng e le “tebello e tiileng” ho Ba-Heberu 11:1, (NW) ka tloaelo le ne le sebelisoa litokomaneng tsa boholo-holo tsa khoebo tse entsoeng ka loli ho senola khopolo ea ntho e fanang ka tiiso ea hore ntho e itseng e tla ba ea motho ea itseng nakong e tlang. Litsebi Moulton le Milligan li etsa tlhahiso ea hore temana ena e fetoleloe tjena: “Tumelo ke lengolo la molao le tiisang bonnete ba lintho tse tšepiloeng.” (Vocabulary of the Greek Testament) Ka ho hlakileng, haeba motho a e-na le lengolo la molao le tiisang hore setša ke sa hae, o na le “tebello e tiileng” ea hore ka tsatsi le leng tšepo ea hae ea ho se fumana e tla phethahala.

6. Moelelo oa lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “pontšo e hlakileng” ho Ba-Heberu 11:1 (NW) ke ofe?

6 Ho Ba-Heberu 11:1, (NW) lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “pontšo e hlakileng” (eʹleg·khos) le senola khopolo ea ho hlahisa bopaki bo bontšang ntho e itseng, haholo-holo ntho e fapaneng le se bonahalang eka ke ’nete. Bopaki bo matla kapa bo tiileng bo hlakisa se sa kang sa lemohuoa pele, ka hona bo hanyetsa se neng se mpa feela se bonahala eka ke ’nete. Kahoo ka Mangolong a Seheberu le a Segerike, ho hang tumelo hase “ho lumela ka tieo ntho e se nang bopaki.” Ho fapana le hoo, tumelo e thehiloe ’neteng.

E Thehiloe Linneteng tsa Motheo

7. Pauluse le Davida ba hlalosa batho ba latolang boteng ba Molimo joang?

7 Moapostola Pauluse o ile a bolela ’nete e ’ngoe ea motheo ha a ngola hore ‘litšoaneleho tse sa bonahaleng tsa ’Mōpi li bonahala ka ho hlaka ho tloha pōpong ea lefatše ho ea pele, hobane li lemohuoa ka lintho tseo a li entseng, esita le matla a hae a sa feleng le Bomolimo ba hae, e le hore [bahanyetsi ba ’nete] ba hloke seo ba ka ikemelang ka sona.’ (Ba-Roma 1:20, NW) E, “maholimo a bolela khanya ea Molimo,” ’me “lefatše le tletse matlotlo” a oona. (Pesaleme ea 19:1; 104:24) Empa ho thoe’ng haeba motho a sa batle ho hlahloba bopaki? Mopesaleme Davida o ile a re: “Ea khopo ho latela boikakaso ba hae [“kaha oa ikhohomosa,” The New English Bible] ha a etse patlisiso ea letho; mehopolo ea hae kaofela ke: ‘Molimo ha o eo.’” (Pesaleme ea 10:4, NW; 14:1) Ka bokhutšoanyane, tumelo e thehiloe ’neteng ea motheo ea hore Molimo o teng.

8. Ba bontšang tumelo ba ka kholiseha le ho lemoha eng?

8 Hase feela hore Jehova o teng; o boetse oa tšepahala, ’me re ka itšetleha ka litšepiso tsa hae.” O itse: “Ruri, see ke se hopotseng, se tla etsahala; le see ke se rerileng, se tla hlaha.” (Esaia 14:24; 46:9, 10) Ana hase mantsoe feela a sa boleleng letho. Ho na le bopaki bo hlakileng ba hore boprofeta bo makholo-kholo bo tlalehiloeng ka hare ho Lentsoe la Molimo bo phethahetse. Kaha ba tseba sena, batho ba bontšang tumelo ba boetse ba khona ho lemoha phethahatso e tsoelang pele ea boprofeta bo bong bo bongata ba Bibele. (Ba-Efese 1:18) Ka mohlala, ba bona phethahatso ea “pontšo” ea boteng ba Jesu, e akarelletsang ho bolela ka ’Muso o hlomiloeng ho etsoang ka lebelo le eketsehileng, haesita le katoloso e boletsoeng esale pele ea borapeli ba ’nete. (Mattheu 24:3-14; Esaia 2:2-4; 60:8, 22) Baa tseba hore haufinyane lichaba li tla etsa mohoo oa “Khotso le tšireletseho!” le hore kapele ka mor’a moo Molimo o tla “senya ba senyang lefatše.” (1 Ba-Thessalonika 5:3, NW; Tšenolo 11:18) Ho ba le tumelo e thehiloeng linneteng tsa boprofeta ke tlhohonolofatso e kaakang!

Tholoana ea Moea o Halalelang

9. Ho na le kamano efe pakeng tsa tumelo le moea o halalelang?

9 ’Nete eo tumelo e thehiloeng ho eona e fumanoa ka Bibeleng, e leng buka e hlahisitsoeng ke moea o halalelang oa Molimo. (2 Samuele 23:2; Zakaria 7:12; Mareka 12:36) Ka ho utloahalang, tumelo e ke ke ea ba teng ka ntle ho tšebetso ea moea o halalelang. Ke ka baka leo Pauluse a neng a ka ngola: “Litholoana tsa moea [li akarelletsa] . . . tumelo.” (Ba-Galata 5:22, NW) Empa ba bangata ba latola ’nete ea Molimo, ba silafatsa bophelo ba bona ka litakatso tsa nama le lipono tse soabisang moea oa Molimo. Ka hona, “tumelo hase ea bohle,” kaha ha ba na motheo oo ba ka e hahang holim’a oona.—2 Ba-Thessalonika 3:2; Ba-Galata 5:16-21; Ba-Efese 4:30.

10. Bahlanka ba bang ba Jehova ba pele ba ile ba bonahatsa joang hore ba bontša tumelo?

10 Leha ho le joalo, batho ba bang ba ’nile ba bontša tumelo har’a litloholo tsa Adama. Ba-Heberu khaolo 11 e qolla Abele, Henoke, Noe, Abrahama, Sara, Isaaka, Jakobo, Josefa, Moshe, Rahaba, Gideone, Barake, Samsone, Jafeta, Davida, le Samuele, hammoho le bahlanka ba bangata ba Jehova ba sa boleloang ka mabitso, ba “ileng ba pakoa ka tumelo ea bona.” Hlokomela se ileng sa etsoa “ka tumelo.” Ka tumelo Abele “o ile a nyehela sehlabelo ho Molimo” ’me Noe “o ile a haha areka.” Ka tumelo Abrahama “o ile a bontša kutlo ka ho fallela sebakeng seo a neng a se behetsoe hore a se amohele e le lefa.” ’Me ka tumelo, Moshe “o ile a tloha Egepeta.”—Ba-Heberu 11:4, 7, 8, 27, 29, 39, NW.

11. Liketso 5:32 e bontša eng mabapi le batho ba mamelang Molimo?

11 Ka ho hlakileng, bahlanka bao ba Jehova kaofela ba ile ba etsa ho hongata ho feta ho lumela feela hore Molimo o teng. Ka ho bontša tumelo, ba ile ba o tšepa joaloka Eo e leng ‘moputsi oa ba mo batlang.’ (Ba-Heberu 11:6) Ba ile ba etsa seo moea oa Molimo o ileng oa ba laela hore ba se etse, ba sebelisa tsebo e nepahetseng ea ’nete e neng e le teng ka nako eo, le hoja e ne e fokola. Ba ne ba fapane hakaakang le Adama! Ha aa ka a sebelisa tumelo e thehiloeng ’neteng kapa hona ho sebetsa tumellanong le tataiso ea moea o halalelang. Molimo o fana ka moea oa oona ho ba o utloang feela.—Liketso 5:32.

12. (a) Abele o ne a e-na le tumelo ho eng, ’me o ile a bontša see joang? (b) Ho sa tsotellehe tumelo ea tsona, lipaki tsa Jehova tsa nakong ea pele ho mehla ea Bokreste ha lia ka tsa amohela eng?

12 Ho fapana le ntat’ae Adama, Abele ea tšabang Molimo o ne a e-na le tumelo. Ho bonahala eka batsoali ba hae ba ile ba ’molella ka boprofeta ba pele bo ileng ba fanoa: “[’Na Jehova Molimo] Ke tla bea hloeano mahareng a hao le mosali, le mahareng a peō ea hao le peō ea hae; peo eo e tla u khoba hloho, ’me u tla e lōma serethe.” (Genese 3:15) Ka hona Molimo o ile oa tšepisa hore o tla felisa bokhopo ’me o khutlise ho loka. Hore na tšepiso ena e ne e tla phethahatsoa joang, Abele o ne a sa tsebe. Empa tumelo ea hae ea hore Molimo ke Moputsi oa ba O batlang ka tieo e ne e le matla hoo e ileng ea mo susumelletsa ho nyehela sehlabelo. Mohlomong o ne a ’nile a nahanisisa ka ho teba ka boprofeta boo ’me o ne a lumela hore ho ne ho tla hlokahala hore ho tšolloe mali ho phethahatsa tšepiso eo le ho phahamisetsa batho phethehong. Kahoo sehlabelo sa Abele sa phoofolo e ne e le se loketseng. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe tumelo ea bona, Abele le lipaki tse ling tsa Jehova tsa pele ho mehla ea Bokreste “ha baa ka ba amohela seo Molimo a neng a ba tšepisitse sona.”—Ba-Heberu 11:39, BPN.

Ho Etsa Hore Tumelo e be e Phethehileng

13. (a) Abrahama le Davida ba ile ba ithuta eng mabapi le phethahatso ea tšepiso? (b) Ke hobane’ng ha ho ka thoe ‘’nete e hlahisitsoe ka Jesu Kreste’?

13 Ho theosa le makholo a lilemo, khafetsa Molimo o ’nile oa senola ’nete e eketsehileng mabapi le hore na tšepiso e amang ‘peō ea mosali’ e ne e tla phethahatsoa joang. Abrahama o ile a bolelloa: “Ka sebele lichaba tsohle tsa lefatše li tla itlhohonolofatsa ka peō ea hao.” (Genese 22:18, NW) Hamorao, Morena Davida o ile a bolelloa hore Peō e tšepisitsoeng e ne e tla hlaha lesikeng la hae la borena. Ka 29 C.E., Peō eo e ile ea hlaha e le Jesu Kreste. (Pesaleme ea 89:3, 4, NW; Mattheu 1:1; 3:16, 17) Ho fapana le Adama ea hlokang tumelo, “Adama oa ho qetela,” Jesu Kreste, o ile a beha mohlala o motle oa ho bontša tumelo. (1 Ba-Korinthe 15:45, NW) O ile a phela bophelo ba ho inehela tšebeletsong ea Jehova a ba a phethahatsa boprofeta bo bongata bo neng bo boletse esale pele ka Messia. Ka hona Jesu o ile a hlakisa ’nete e mabapi le Peō e tšepisitsoeng haholoanyane ’me a phethahatsa lintho tse neng li tšoantšetsoa ke Molao oa Moshe. (Ba-Kolosse 2:16, 17) Ke ka hona ho neng ho ka thoe ‘’nete e hlahisitsoe ka Jesu Kreste.’—Johanne 1:17.

14. Pauluse o ile a bontša Bagalata joang hore tumelo e ne e se e e-na le litšobotsi tse ncha?

14 Kaha joale ’nete e ne e hlahile ka Jesu Kreste, ho ne ho e-na le motheo o moholoanyane oo ho ka thehoang tumelo ho oona ka “tšepiso.” Tumelo e ne e tiisitsoe haholoanyane, e se e e-na le litšobotsi tse ncha. Ntlheng ena Pauluse o ile a bolella Bakreste-’moho le eena ba tlotsitsoeng: “Lengolo le hlahletse batho bohle sebeng, hore pallo e tle e neoe balumeli ka ho lumela ho Jesu Kreste. Enere ha tumelo e e-so ho tle, re ne re lebeloa ke molao, re hlahletsoe ho oona, ho ntse ho lebeletsoe tumelo e tlang ho bonahala. Ka mokhoa o joalo, molao e bile molisa oa bongoana ba rōna, ho re isa ho Kreste, re tle re beoe ba lokileng ka tumelo. Empa tumelo ha e se e tlile, ha re sa le pusong ea molisa eo. Hobane bohle le bara ba Molimo ka ho lumela ho Jesu Kreste.”—Ba-Galata 3:22-26.

15. Ke ka tsela efe feela ho neng ho ka etsoa hore tumelo e be e phethehileng?

15 Baiseraele ba ne ba bontšitse tumelo litšebelisanong tsa Molimo le bona ka selekane sa Molao. Empa joale ho ne ho se ho hlokahala hore tumelo ena e matlafatsoe. Joang? Ka ho bontša tumelo ho Jesu ea tlotsitsoeng ka moea eo Molao o neng o etselitsoe ho ba isa ho eena. Ke ka tsela eo feela tumelo ea nakong ea pele ho mehla ea Bokreste e neng e ka etsoa hore e be e phethehileng. E ne e le habohlokoa hakaakang hore Bakreste bao ba pele ba ‘talime ka tieo Jesu, Moemeli e Moholo le Mophethahatsi oa tumelo ea bona’! (Ba-Heberu 12:2, NW) Ka sebele, ho hlokahala hore Bakreste bohle ba etse seo.

16. Ke joang moea o halalelang o ileng oa tla ka matla, hona hobane’ng?

16 Ka baka la tsebo e eketsehileng ea ’nete ea Molimo le tumelo e phethehileng eo e e hlahisitseng, na moea o halalelang le oona o ne o lokela ho tla ka tsela e matla? E. Ka Pentekonta ea 33 C.E., moea oa Molimo, e leng mothusi ea tšepisitsoeng eo Jesu a neng a ile a bua ka eena, o ile oa tšolleloa holim’a barutuoa ba hae. (Johanne 14:26, NW; Liketso 2:1-4) Joale moea o halalelang o ne o sebetsa holim’a bona ka tsela e ncha ka ho felletseng joaloka baena ba Kreste ba tlotsitsoeng. Tumelo ea bona, eo e neng e le tholoana ea moea o halalelang, e ile ea matlafatsoa. Sena se ile sa ba hlomella bakeng sa mosebetsi o moholo oa ho etsa barutuoa o neng o larile ka pel’a bona.—Mattheu 28:19, 20.

17. (a) Ho tloha ka 1914 ’nete e tlile joang hona tumelo e entsoe e phethehileng joang? (b) Re na le bopaki bofe ba ho sebetsa ha moea o halalelang ho tloha ka 1919?

17 Tumelo e ile ea fihla ha Jesu a itlhahisa e le Ea Khethetsoeng ho ba Morena lilemong tse ka holimo ho 1 900 tse fetileng. Empa kaha joale e se e le Morena ea busang oa leholimo, motheo oo re nang le oona bakeng sa tumelo—’nete e senotsoeng—o hōlile haholo, ’me ka tsela eo o entse hore tumelo ea rōna e be e phethehileng. Ka ho tšoanang, tšebetso ea moea o halalelang e matlafalitsoe. Ho ile ha ba le bopaki bo hlakileng ba sena ka 1919, ha moea o halalelang o fa bahlanka ba Molimo ba inehetseng matla a macha a ho phahama boemong bo neng bo batla bo tšoana le ba ho se sebetse ho hang. (Ezekiele 37:1-14; Tšenolo 11:7-12) Joale ho ile ha raloa motheo oa paradeise ea moea, eo ho theosa le mashome a lilemo a ileng a latela e ’nileng ea bonahala le ho khanya haholoanyane selemo le selemo. Na e be ho ne ho ka ba le bopaki leha e le bofe bo boholoanyane ho feta boo ba ho sebetsa ha moea o halalelang oa Molimo?

Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Hlahloba Tumelo ea Rōna?

18. Lihloela tsa Baiseraele li ne li fapane joang se seng ho se seng mabapi le tumelo?

18 Nakoana ka mor’a hore Baiseraele ba lokolloe bokhobeng Egepeta, banna ba 12 ba ile ba rōmeloa ho ea hloela naha ea Kanana. Leha ho le joalo, ba leshome ba bona ba ne ba haelloa ke tumelo, ba belaella matla a Jehova a ho phethahatsa tšepiso ea hae ea ho fa Iseraele naha eo. Ba ne ba susumetsoa ke pono, ba susumetsoa ke lintho tseo ba li bonang. Har’a banna bao ba 12, ke Joshua le Kalebe feela ba ileng ba bontša hore ba tsamaea ka tumelo, eseng ka pono. (Bapisa le 2 Ba-Korinthe 5:7.) Ka baka la ho bontša tumelo, ke bona feela har’a banna bao ba ileng ba pholoha ho kena Naheng e Tšepisitsoeng.—Numere 13:1-33; 14:35-38.

19. Ke joang motheo oo re ka hahang tumelo ho oona e leng o tebileng haholoanyane kajeno ho feta leha e le neng pele, empa re lokela ho etsa joang?

19 Kajeno, re eme moeling oa lefatše le lecha la Molimo la ho loka. Ho hlokahala tumelo hore re tle re kene ho lona. Ka thabo, ha ho mohla motheo oa ’nete oo re ka thehang tumelo eo ho oona e kileng ea e-ba o tebileng ho feta kajeno. Re na le Lentsoe la Molimo le felletseng, mohlala oa Jesu Kreste le balateli ba hae ba tlotsitsoeng, tšehetso ea baena le bo-khaitseli ba moea ba limillione, le tšehetso ea moea o halalelang oa Molimo ka tekanyo e khōlō ho feta leha e le neng pele. Leha ho le joalo, e ka ba hantle hore re hlahlobe tumelo ea rōna ’me re nke mehato ea ho e matlafatsa ha re sa ntsane re ka khona ho etsa seo.

20. Ke lipotso life tseo re tšoanelang ho ipotsa tsona?

20 U ka ’na ua re: ‘Ke lumela hore sena ke ’nete.’ Empa tumelo ea hao e matla hakae? Ipotse: ‘Na ho ’na ’Muso oa Jehova oa leholimo ke oa sebele joalokaha ’muso oa motho e le oa sebele? Na ke ela hloko le ho tšehetsa mokhatlo o hlophisitsoeng o bonahalang oa Jehova le Sehlopha sa oona se Busang ka ho felletseng? Ka mahlo a tumelo, na nka bona hore hona joale lichaba li isoa boemong ba ho qetela bakeng sa Harmagedone? Na tumelo ea ka e boemong bo botle ha e bapisoa le ea “leru le leholo la lipaki” le boletsoeng ho Ba-Heberu khaolo 11?’—Ba-Heberu 12:1, NW; Tšenolo 16:14-16.

21. Tumelo e susumetsa ba nang le eona joang, ’me ba hlohonolofatsoa joang? (Akarelletsa litlhaloso tse lebokoseng le leqepheng 13.)

21 Ba nang le tumelo e thehiloeng ’neteng ba susumelletseha ho nka khato. Joaloka sehlabelo se amohelehang seo Abele a ileng a se nyehela, mahlabelo a bona a thoriso a khahlisa Molimo. (Ba-Heberu 13:15, 16) Joaloka Noe, eo e neng e le ’moleli oa ho loka ea neng a utloa Molimo, ba phehella tsela e lokileng joaloka baboleli ba ’Muso. (Ba-Heberu 11:7; 2 Petrose 2:5) Joaloka Abrahama, ba nang le tumelo e thehiloeng ’neteng ba utloa Jehova ho sa tsotellehe hore na hoo ho ba bakela mathata afe esita le tlas’a maemo a boima ka ho fetisisa. Joaloka bahlanka ba Jehova ba tšepahalang ba mehleng ea boholo-holo, kajeno ba nang le tumelo ba hlohonolofatsoa ka ho enneng le ho hlokomeloa ke Ntate oa bona ea lerato oa leholimo.—Mattheu 6:25-34; 1 Timothea 6:6-10.

22. Tumelo e ka matlafatsoa joang?

22 Haeba u mohlanka oa Jehova empa u fumana hore ka tsela e ’ngoe e itseng tumelo ea hao ea fokola, u ka etsa joang? Matlafatsa tumelo ea hao ka ho ithuta Lentsoe la Molimo ka mafolo-folo ’me u lumelle molomo oa hao hore o khaphatse metsi a ’nete a tletseng ka pelong ea hao. (Liproverbia 18:4) Haeba tumelo ea hao e sa matlafatsoe ka mehla, e ka ’na ea fokola, ea khaotsa ho sebetsa, esita le ho shoa. (1 Timothea 1:19; Jakobo 2:20, 26) Ikemisetse hore le ka mohla sena se se ke sa etsahala ka tumelo ea hao. Kōpa thuso ea Jehova, u rapele: “Nthuse moo ke haelloang ke tumelo!”—Mareka 9:24, NW.

Likarabelo tsa Hao ke Life?

◻ Tumelo ke eng?

◻ Ke hobane’ng ha tumelo e ke ke ea e-ba teng ka ntle ho ’nete le moea o halalelang?

◻ Jesu Kreste e bile Mophethahatsi oa tumelo ea rōna joang?

◻ Ke hobane’ng ha re lokela ho hlahloba hore na tumelo ea rōna e matla hakae?

[Lebokose le leqepheng la 13]

BA NANG LE TUMELO...

◻ Ba bua ka Jehova.—2 Ba-Korinthe 4:13.

◻ Ba etsa mesebetsi e kang ea Jesu.—Johanne 14:12.

◻ Ke mehloli ea khothatso ho ba bang.—Ba-Roma 1:8, 11, 12, NW.

◻ Ba hlōla lefatše.—1 Johanne 5:5.

◻ Ha ba na lebaka la ho tšoha letho.—Esaia 28:16, NW.

◻ Ba mocheng oa ho fumana bophelo bo sa feleng.—Johanne 3:16.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela