Na U Molingoana oa Hao ka Bouena?
Ba sa hlokomele, batho ba bang ba iketsa melingoana ea bona ka bobona. Ho Ba-Efese 5:5 (TLP), Bibele ea hlalosa: “Tsebang hore bohle bao e leng lihlola, kapa ba litšila, kapa ba meharo—hobane meharo ke ho sebeletsa molimo oa bohata—ha ba na ho ja lefa ’Musong oa Kreste le oa Molimo.” (Ba-Kolosse 3:5, NW; bapisa le Ba-Galata 5:19-21.) Litakatso tsa nama li ka arohanya motho le Molimo. Pauluse o re ba joalo ke “bao molimo oa bona e leng mpa.” (Ba-Filippi 3:18, 19) Ka mantsoe a mang, ba na le “molimo” o mong ka ntle ho Jehova, ba etelletsa litakatso tsa bona tsa nama ka pele. Boitšoaro bo joalo bo ka thibela motho ho kena ’Musong oa Molimo. (1 Ba-Korinthe 6:9, 10) Ka hona, ho na le lebaka le letle la ho utloa mantsoe a moapostola Pauluse: “Ka baka leo, baratuoa ba ka, furallang tšebeletso ea melimo ea bohata.”—1 Ba-Korinthe 10:14, TLP.