Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w89 7/15 leq. 31
  • Ho Nyarela ka Litabeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Nyarela ka Litabeng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mak’hatholike le Kolobetso
  • Mantsoe ao le ka Mohla a sa Kang a Utluoa
  • Banna—Elang Hloko Bohlooho ba Kreste
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Ho Kolobetsoa ke Qeto e Molemo eo U ka e Etsang
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Bakreste ba Lokela ho Kolobetsoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
  • Tataiso e Bohlale Bakeng sa Banyalani
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
w89 7/15 leq. 31

Ho Nyarela ka Litabeng

Mak’hatholike le Kolobetso

Lenane le eketsehang la batho ba baholo le kolobetsoa ke Kereke ea Roma e K’hatholike Fora, ho tlaleha Le Monde, e leng koranta ea Fora. Ha e le hantle, koranta ena e bolela hore “palo ena e imenne habeli lilemong tse ’nè tse fetileng.” Lithuto tsa pele ho kolobetso li lateloa ke batho ba baholo ba Mafora ba 4 000 ba batlang ho fetoha Mak’hatholike a kolobelitsoeng. Karolo tse peli ho tse tharo tsa bona ke basali ba pakeng tsa lilemo tse 20 le 40. Kotara e le ’ngoe ea bona ke bao e seng Mafora ka tlhaho.

Leha ho le joalo, ho lokisetsoa kolobetso ha batho ba baholo ho ka nka lilemo tse peli kapa tse tharo. Moprista Guy Cordonnier, ea ikarabellang lithutong tse joalo tsa pele ho kolobetso sebakeng sa Versailles, o boletse: “Ho kolobetsoa, ha hoa lekana hore motho a bolele feela hore o lumela ho Molimo. Ho lokela hore a ithute kamoo a ka phelang har’a sechaba.”

Ho hlakile hore kolobetso ea batho ba baholo hase ntho e ncha. Jesu ka boeena o ile a kolobetsoa ha a le lilemo li 30. Hore ho hlokahala ho fetang feela ho lumela ho Molimo bakeng sa kolobetso le hona hase ntho e ncha. Taelo ea Jesu ho balateli ba hae e ne e le ‘ho etsa barutuoa . . . , ho ba kolobetsa’ le ‘ho ba ruta’ ho boloka litaelo tsa hae.—Mattheu 28:19, 20, NW.

Leha ho le joalo, kaha Kereke ea K’hatholike e ’nile ea kolobetsa masea ka makholo a lilemo, boemo ba kereke ba ho kolobetsa batho ba baholo ke ho itoantšang. Baeta-pele ba kereke ba bolela hore ho nka lilemo tse peli kapa ho feta ho lokisetsa ho kolobetsa motho e moholo, empa leha ho le joalo ba boloka kolobetso eane ea masea e le e loketseng. Ba bolela hore kolobetso e hlatsoa sebe se futsitsoeng sa lesea, empa moapostola Johanne o ngotse: “Mali a Jesu . . . a re hlatsoa libe tsohle.” (1 Johanne 1:7) Kahobane masea ha a tsebe ho lumela ho Molimo le maling a tšolotsoeng a Kreste, hobane’ng a kolobetsoa?

Mantsoe ao le ka Mohla a sa Kang a Utluoa

Hoo e batlang e le halofo ea basali ba 3 800 e hlahlobuoeng ke feme ea Japane ea insurance “ha e-s’o utloe mantsoe ‘Ke ea u rata’ ho banna ba bona ka lilemo tse seng kae,” ho tlaleha The Daily Yomiuri. Bongata ba basali ba sa utloeng mantsoe ana ba eketseha ho ea ka lilemo, ’me ho ba leng lilemong tsa bo50, karolo e makatsang ea 82 lekholong e boletse hore ha ho mohla e kileng ea utloa banna ba bona ba bua mantsoe ana. Esita le har’a basali ba lilemong tsa bona tsa bo20 ke feela karolo ea 10 lekholong e utloang banna ba bona ba bua mantsoe ana letsatsi le leng le le leng.

Paleng ea Morena Salomone ea bohlale e buang ka molisana le ngoanana e motle oa mahaeng oa motseng o mong oa boholo-holo Shuneme, ebile ka “lipolelo tsa lerato” a ileng a hapa pelo ea hae. (Sefela sa Lifela 1:2) Hang ha banna ba hapile lipelo tsa basali ba bona, na ho sa ntse ho hlokahala ho bolela lerato la bona? E! Bibele ea eletsa: “Lōna banna, ratang basali ba lōna, joale ka ha Kreste le eena a ratile Kereke, ’me a iteletse lefu ka ba ka la eona.”—Ba-Efese 5:25.

Bosiung boo a ekiloeng ka bona, Jesu o ile a bua ka makhetlo ka lerato la hae ho barutuoa ba hae. (Johanne 13:34; 14:19-21; 15:9, 10, 12) Monna o tlameha ho ela hloko hore mosali o hloka ho tiisetsoa lerato la hae. Hape banna ba tlameha ho hopola hore Kreste ‘o iteletse lefu ka baka la phutheho.’ Ka hona bontša ka mantsoe le ka liketso. Ka ho hlakileng, banna ba etsa hantle ha ba etsisa mohlala oa Kreste.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela