Pono Ea Bibele
Ha e le Hantle ho Bolela’ng Hore Monna ke Hlooho?
LINAHENG tse ngata ho tloaelehile hore machatong banyalani ba nke likano moo monyaluoa a tšepisang hore o tla mamela monna oa hae. Leha ho le joalo, basali ba bangata ha ba rate taba ea hore ebe monna ke hlooho ka lapeng. Nahana seo Bibele e se rutang ka taba ena. U tla hlokomela hore seo e se buang sea utloahala ebile se molemo.
Kamoo Molimo a Hlalosang Bohlooho Kateng
Ho Baefese 5:22-24, u ka bala seo Bibele e se hlalosang ka bohlooho, ha e re: “Basali ba ke ba ipehe tlas’a banna ba bona joalokaha ba ipeha tlas’a Morena, hobane monna ke hlooho ea mosali oa hae joalokaha Kreste le eena e le hlooho ea phutheho . . . Ha e le hantle, joalokaha phutheho e ipehile tlas’a Kreste, kahoo basali le bona ba ke ba ipehe tlas’a banna ba bona nthong e ’ngoe le e ’ngoe.” Kaha monna “ke hlooho ea mosali oa hae,” o lokela ho etella pele ka lapeng, ’me mosali a latele tataiso ea hae le ho hlompha bohlooho ba hae.—Baefese 5:33.
Matla a ho laela a monna a lekanyelitsoe kaha o lokela ho ikokobelletsa Molimo le Kreste. Ha a na tokelo ea ho laela mosali oa hae hore a tlōle melao ea Molimo kapa a hatelle letsoalo la hae le koetlisitsoeng ka Bibele. Le hoja Molimo a mo file matla a lekanyelitsoeng, o mo file boikarabelo ba ho etsetsa lelapa liqeto tsa bohlokoa.—Baroma 7:2; 1 Bakorinthe 11:3.
Bibele e laela monna hore a sebelise bohlooho ba hae ka tsela e se nang boithati, a eteletse pele boiketlo ba mosali oa hae. Baefese 5:25 e re: “Banna, le tsoele pele le rata basali ba lōna, feela joalokaha Kreste le eena a ile a rata phutheho ’me a inehela bakeng sa eona.” Monna ea etsisang mohlala o motle oa Kreste tabeng ea ho bontša lerato ha a sebelise bohlooho ka tsela ea boithati.
Ho feta moo, Bibele e laela monna hore a phele le mosali oa hae “ho ea ka tsebo.” (1 Petrose 3:7) Sena hase bolele feela hore a tsebe tsela eo banna le basali ba fapanang ka eona ’meleng le maikutlong. O lokela ho utloisisa lintho tseo mosali oa hae a li hlokang.
Ke “Molekane oa Hao”
Na hore ebe mosali oa ikokobetsa ho bolela hore o lokela ho thola le ho lumela ntho e ’ngoe le e ’ngoe? Nahana ka Sara, eo Bibele e buang ka eena e le mohlala oa mosali ea neng a ikokobelletsa monna oa hae, Abrahama. (1 Petrose 3:5, 6) O ne a ikokobelletsa eena linthong tse khōlō le tse nyenyane, tse akarelletsang hore a tlohe lehaeng le mabothobotho ho ea phela bophelo ba hloma-u-hlomole litenteng haesita le ho apeha lijo ka nako le motsotso. (Genese 12:5-9; 18:6) Empa tabeng e itseng e tebileng, o ile a bua ka makhetlo a ntša maikutlo a hae a neng a sa tšoane le a Abrahama. O ile a etsa sena ha a ne a batla hore Abrahama a leleke lekhabunyane la hae, e leng Hagare le mora oa hae oa letsibolo, Ishmaele. Ho e-na le hore Molimo a khalemele Sara, o ile a bolella Abrahama hore a ‘mamele lentsoe la hae.’ Ka nako e tšoanang, Sara o ile a tsoela pele ho ikokobelletsa Abrahama ka hore a mo emele hore a nke khato ho e-na le hore eena a leke ho leleka Hagare le Ishmaele.—Genese 21:8-14.
Mohlala oa Sara o bontša hore ho e-na le hore mosali a phele a lihile molala feela, e lokela ho ba “molekane” oa monna oa hae, ’me o phetha karolo e hlomphehang. (Malakia 2:14) Kaha ke molekane oa monna, o tlatsetsa ka tsela ea bohlokoa liqetong tse amang lelapa ’me o fuoe matla a itseng ka lapeng, o atisa ho hlokomela mesebetsi e mengata ea lelapa esita le litabeng tsa lichelete. Ke ’nete hore kaha monna ke hlooho ea lelapa o na le boikarabelo ba ho etsa liqeto tsa ho qetela.—Liproverbia 31:10-31; 1 Timothea 5:14.
Ho Hlompha Moqapi oa Lenyalo
Jehova Molimo o bōpile monna le mosali, ’me a theha lenyalo ho ba kopanya e le tlamo e halalelang. (Genese 2:18-24) O boetse o abetse monna le mosali likarolo tse tobileng tseo ba lokelang ho li phetha, tse tla etsa hore ba thabe haholo.—Deuteronoma 24:5; Liproverbia 5:18.
Kaha Jehova ke Moqapi oa lenyalo, o na le tokelo le matla a ho beha melao e tsamaisang tokisetso ea lenyalo. Molimo o amohela banyalani ba phethang likarolo tseo ba li abetsoeng ba bile ba latela tokisetso ea Molimo ea bohlooho, eseng hobane feela e le molemo empa hobane ba mo hlompha, ’me oa ba tšehetsa.
NA U KILE UA IPOTSA?
◼ Ke mang ea behang mohlala o phethahetseng oa bohlooho?—Baefese 5:25.
◼ Na Molimo o lekanyetsa matla a ho laela a monna?—1 Bakorinthe 11:3.
◼ Morero oa tokisetso ea lenyalo le ea bohlooho ke ofe?—Liproverbia 5:18.
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Ha monna a sebelisa bohlooho tumellanong le mohlala oa Kreste, banyalani ka bobeli baa thaba ba bile baa khotsofala