Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w95 9/1 maq. 3-4
  • Tsela e Phatlaletseng e Nang le Tokoloho e Nyenyane

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsela e Phatlaletseng e Nang le Tokoloho e Nyenyane
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mokhoa o Fetohileng oa Bophelo
  • Ka Sebele ke Tsela e Sephara
  • Tsela e Sephara e Lebisa Tšenyehong
  • Tsela e Tšesaane e Isang Tokolohong
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Tsoelang Pele le mo Mamela
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2021
  • Na Malumeli ’Ohle a Nepahetse?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
w95 9/1 maq. 3-4

Tsela e Phatlaletseng e Nang le Tokoloho e Nyenyane

Lelapa la batho ba bararo—ntate, ’mè le morali e monyenyane—le ne le le hae Sydney, Australia, ha ntlo e e-cha. Ba ile ba leka ho tsoa ka lifensetere, empa li ne li koetsoe ka litšepe. Ka lebaka la litšepe tsena tsa tšireletso, banna ba litima-mollo ha baa ka ba khona ho ba pholosa. ’Mè le ntate ba ile ba shoella mosing oo le malakabeng ao. Morali o ile a shoela sepetlele hamorao.

KE HO utloisang bohloko hakaakang hore ebe lelapa lee le ile la shoa ka lebaka la ho kenngoa ha lintho tseo li neng li lokela ho ba sireletsa! Mehleng ena ea rōna ho bonahala eka hase lelapa lena feela le sirelelitseng lehae la lona ka litšepe le liloto tsa tšireletso. Boholo ba baahisani le bona ba na le mahae le thepa tse sirelelitsoeng joaloka liqhobosheane. Hobane’ng? Ba batla tšireletseho le khotso ea kelello. Ke ntho e ferekanyang hakaakang sechabeng se “lokolohileng” moo batho ba ikutloang ba sireletsehile hafeela ba koaletsoe mahaeng a bona joaloka batšoaruoa! Ha palo ea baahisani e ntse e hōla, bana ha ba sa khona ho bapala ba sireletsehile serapeng sa boikhathollo se haufi kapa hona ho tsamaea ba sa felehetsoa ke motsoali kapa motho e mong e moholo ha ba e-ea sekolong. Likarolong tse ngata tsa bophelo, tokoloho e nyamela joaloka phoka ea hoseng.

Mokhoa o Fetohileng oa Bophelo

Mehla ea bo-nkhono le bo-ntate-moholo ba rōna e ne e fapane. Haesale bana, ka tloaelo ba ne ba ka bapalla hohle moo ba ratang teng ba sa tšabe letho. Ha e se e le batho ba baholo, ho ne ho se letho le ba qobellang ho ba le lintho tse sireletsang mahae a bona. Ba ne ba ikutloa ba lokolohile, ’me ka tekanyo e itseng ba ne ba lokolohile. Empa bo-nkhono le bo-ntate-moholo ba rōna ba bone ha moea oa sechaba o fetoha nakong ea bophelo ba bona. O fetohile o se nang botsoalle haholoanyane, o nang le boikhabi haholoanyane; libakeng tse ngata lerato la moahisani le nketsoe sebaka ke tšabo ea moahisani, e leng hona ho tlatselitseng ketsahalong e sehlōhō e boletsoeng ka holimo. Ho tsamaisanang le ho haella hona ho ntseng ho hōla ha tokoloho e bile ho senyeha butle-butle ha litekanyetso tsa boitšoaro. Sechaba se chesitsoe ke takatso e matla ea “boitšoaro bo bocha,” empa bonneteng, hona joale ho fihletsoe boemo boo boitšoaro bo bonahalang bo se bo le sieo ka ho feletseng.

Eo e kileng ea e-ba tichere ea thuto Univesithing ea Queensland, Dr. Rupert Goodman, o-oa ngola: “Hona joale bacha ba pepesehetse mokhoeng oa bophelo o fapaneng, oa monyaka . . . oo ho oona ‘’na ka sebele’ e leng ntho ea bohlokoa: ho ikhahlisa, ho ikhopola, ho ikhotsofatsa, ho ipatlela se molemo.” O boetse o re: “Litekanyetso tse kang boitšoaro, boitelo, ho sebetsa ka thata, ho baballa chelete, ho hlompha ba boholong, ho rata le ho hlompha batsoali . . . ke mehopolo e sieo ho ba bangata.”

Ka Sebele ke Tsela e Sephara

Ba tloaelaneng le boprofeta ba Bibele ha ba makalle ho ata hona ha boithati, kaha Jesu Kreste o ile a lemosa bamameli ba hae: “Monyako oa timelo o hebe-hebe, le tsela e eang teng e phatlaletse, ’me ba kenang teng ba bangata. Hobane monyako oa bophelo o patisane, le tsela e eang teng e tšesane, ’me ba e fumanang ha ba bakae.” (Mattheu 7:13, 14) Tsela ea pele, e bulehileng ho ba tsamaeang ho eona, e “sephara” hobane ha e-na lithibelo tsa melao-motheo ea Bibele e laolang boitšoaro le bophelo ba letsatsi le letsatsi. E ipiletsa ho ba ratang ho nahana ka ntho leha e le efe e ba nyakallisang ’me ba iphelela kamoo ba ratang kateng—ntle ho melao, ntle ho boitlamo ba letho.

Ke ’nete, ba bangata ba khethileng tsela e sephara ba bolela hore ba thabela tokoloho ea bona. Empa boholo ba bona bo khannoa ke moea o atileng oa boithati. Bibele e re ba busoa ke “moea o sebetsang joale baneng ba ho se lumele.” Moea ona o ba susumelletsa ho phela tumellanong le ‘nama, ba ntse ba etsa ho ratoang ke nama,’ ebang ke ka boitšoaro bo bobe, tšebeliso e mpe ea lithethefatsi, kapa ka ho batla leruo ka tsela e sehlōhō, botumo kapa matla.—Ba-Efese 2:2, 3.

Tsela e Sephara e Lebisa Tšenyehong

Hlokomela hore ba tsamaeang tseleng e sephara ba khanneloa ho etsa “ho ratoang ke nama.” Hona ho bontša hore ha baa lokoloha le hanyenyane—ba na le monghali. Ke makhoba a nama. ’Me ho sebeletsa monghali enoa ho ka lebisa mathateng a mangata—seoa sa mafu a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali, malapa a qhalanang, ’mele le likelello tse kulisoang ke tšebeliso e mpe ea lithethefatsi le joala, ha ho boleloa a seng makae feela. Esita le liketso tsa pefo, ho thuuoa ha matlo le peto li bakoa ke monahano o tletseng boithati o hōlisoang tseleng ena e sephara e se nang lithibelo. ’Me hafeela ‘tsela ena e eang timelong’ e ntse e le teng, litholoana tsa eona, li tla ’ne li utloise bohloko le ho feta.—Liproverbia 1:22, 23; Ba-Galata 5:19-21; 6:7.

Nahana ka mehlala e ’meli ea sebele e tsoang Australia. Mary o ile a inehella tekong, a lemalla tšebeliso e mpe ea lithethefatsi hammoho le ho kopanela boitšoarong bo bobe.a Empa thabo eo a neng a e batla e ile ea mo phonyoha. Esita le ka mor’a ho ba le bana ba babeli, bophelo ba hae bo ne bo bonahala bo se na morero. O ile a nyahama le ho feta ha a tseba hore o tšoeroe ke AIDS.

Tom o ile a utloa bohloko ka tsela e fapaneng. O-oa ngola: “Ke ile ka hōlela ’mishoneng oa kereke Queensland leboea. Ha ke le lilemo li 16, ke ile ka qala ho noa haholo. Ntate oa ka, bo-malome le metsoalle kaofela e ne e le matahoa a maholo, kahoo ho noa ho ne ho bonahala e le ntho ea tlhaho. Ke ile ka fihlela boemo boo ho bona ke neng ke se ke e-noa ntho e ’ngoe le e ’ngoe, ho qala ka biri ho isa ho sepiriti. Ke ile ka boela ka qala ho becha lipere, ka linako tse ling ke lahleheloa ke boholo ba moputso oa ka oo ke o sebelelitseng ka thata. Ena e ne e se chelete e fokolang, kaha ke ne ke fumana moputso o motle haholo mosebetsing oa ka oa ho hela ’moba.

“Joale ke ile ka nyala ’me ra ba le bana. Ho e-na le ho shebana le boikarabelo ba ka, ke ile ka etsa seo metsoalle ea ka e neng e se etsa—ho noa, ho bapala papali ea chelete le ho loana. Ke ne ke atisa ho koalloa teronkong e sebakeng sa haeso. Empa le hoo ho ne ho se na tšusumetso ea letho ho ’na. Bophelo ba ka bo ne bo tetebela. Bo ne bo le moluba-lube.”

E, ka ho inehella litakatsong tse fosahetseng, Tom le Mary ha baa ka ba utloisa bona feela bohloko empa le malapa a bona. Ka bomalimabe, bacha ba bang ba bangata ba khelosoa ke moea oa bolokolohi o sollang hohle o lahlang, o fanoang tseleng ena e sephara. Hoja bacha ba ne ba ka lemoha ponahalo e thetsang ea tokoloho ena. Hoja feela ba ne ba ka bona seo ha e le hantle tsela ena e sephara e leng sona—lekhetho le boima leo bohle ba tsamaeang ho eona ba lokelang ho le lefa qetellong. Ke ’nete, e sephara ’me ho bonolo ho kena ho eona. Empa bophara ba eona ke thohako ea eona. Tsela ea bohlale ke ho nka ka botebo ’nete e ke keng ea latoloa ea hore “ea jallang nama ea hae, o tla kotula nameng ho bola.”—Ba-Galata 6:8.

Leha ho le joalo, ho na le khetho e molemo. Ke tsela e tšesaane. Empa tsela ee e lithibelo, e patisane ebile e tšesaane hakae? Hona e lebisa kae?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mabitso a fetotsoe.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela