Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w87 4/15 maq. 10-15
  • Ho Fumana Khotso le Molimo Ka Boinehelo le Kolobetso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Fumana Khotso le Molimo Ka Boinehelo le Kolobetso
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Motheo bakeng sa Khotso
  • Ho Fumana “Letšoao”
  • Kolobetso—Bakeng sa Mang?
  • Ho Hlōla Litšitiso
  • Kolobetso le Kamano ea Hao le Molimo
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Ho Etse Pakane ea Hao ho Sebeletsa Molimo ka ho sa Feleng
    Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng
  • Kamoo Kolobetso e ka re Pholosang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Kolobetsoa?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
w87 4/15 maq. 10-15

Ho Fumana Khotso le Molimo Ka Boinehelo le Kolobetso

“Jehova a re ho eena: . . . ha e le ba nang le letšoao, le se ke la ba ama.”—EZEKIELE 9:4, 6.

1, 2. (a) Ke hobane’ng ha batho ka kakaretso ba se khotsong le Molimo? (b) Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore bohle ba fumane khotso e joalo?

HO FUMANA khotso le Molimo? Hobane’ng? Ke batho ba fokolang ka palo ba inkang ba hohlana le Molimo. Leha ho le joalo, na ho ka etsahala hore motho e hle e be sera sa Molimo empa a sa ho hlokomele? Moapostola Pauluse o ile a hlalosetsa Bakreste ba lekholong la pele la lilemo: “Le rōna bohle, pele, re ne re tsamaea le bona litakatsong tsa nama ea rōna, re ntse re etsa ho ratoang ke nama le ke mehopolo ea rōna; ’me ka ho hlaha ha rōna re ne re le bana ba bohale, joale ka ba bang.”—Ba-Efese 2:3.

2 Ka ho tšoanang le kajeno, le hoja u ka ’na ua thahasella ho khahlisa Molimo, sebe se futsitsoeng ho Adama se ama pono ea hao ’me se ka u etsa hore u phehelle “ho ratoang ke nama. ” Esita le haeba motho ea ithutang Bibele le Lipaki tsa Jehova kapa u le mocha ea s’o kolobetsoe eo batsoali ba hae e leng Lipaki, boikutlo ba boikhabi ba ‘Ke etsa seo ke se ratang’ bo ka ’na ba khetholla boholo ba bophelo ba hao ’me ba tsoela pele ho u arola ho Molimo. Motho ea bolokang tsela e joalo o “ipokellela bohale.” (Ba-Roma 2:5; Ba-Kolosse 1:21; 3:5-8) Molimo o tla bontša bohale ba oona ka ho feletseng ka “letsatsi la bohale le la ponahatso ea kahlolo e lokileng ea Molimo” le atamelang ka potlako. (Ba-Roma 1:28–2:6) U ka fumana khotso le Molimo joang ’me ua pholoha ‘letsatsi lee la bohale’?

Motheo bakeng sa Khotso

3. Molimo o ile oa fana ka motheo oa poelano joang?

3 Jehova o ile a etella pele ho thusa. “[Molimo] ke oona o re ratileng, ’me o romile Mora oa oona hore e be pheko ea libe tsa rōna.” (1 Johanne 4:10) Lefu la sehlabelo la Jesu ke pheko, ke hore, le khutsisa kapa le khotsofatsa toka ea Jehova. Hona ho fana ka motheo oa molao bakeng sa tšoarelo ea libe hape, qetellong, bakeng sa ho tlosoa ho feletseng ha bora pakeng tsa Molimo le motho. E, ho ka etsahala hore re ‘boelanngoe le Molimo ka ho shoa ha Mora oa oona,’ joalokaha moapostola Pauluse a ngotse.—Ba-Roma 5:8-10.

4. Ezekiele o ile a fuoa pono efe ea bohlokoa, ’me ke hobane’ng ha e le ea bohlokoa ho rōna?

4 Empa hore re ithuele molemo sehlabelong sa Kreste, re tlameha ho nka mehato e itseng. Ena e bontšitsoe ponong ea setšoantšo e filoeng moprofeta Ezekiele, pono e phethahatsoang mehleng ea rōna ha “letsatsi la bohale” ba Molimo le le haufi. Makhotla a ahlolang a Molimo ponong eo a tšoantšetsoa ke banna ba tšeletseng ba hlometseng. Pele bana ba bontša bohale ba Molimo, monna oa bosupa, ea nkileng lenaka la mongoli, oa bolelloa: “Pholletsa ka motse, . . . u tšoaee liphatla tsa batho ba feheloang, ba bobolang ka baka la manyala ’ohle a etsoang har’a oona. Eaba o re ho [banna ba tšeletseng ba hlometseng], ke ntse ke utloa: Pholletsang ka motse ka mora’ hae, le hlabake; . . . ha e le ba nang le letšoao, le se ke la ba ama.”—Ezekiele 9:1-6.

5. Ke eng se isang pakong?

5 Bana ba sirelelitsoeng ka ho ‘tšoauoa’ ba ne ba khathatsehile kahobane batho ba ipolelang hore ba rapela Molimo oa ’nete ba neng ba ‘tlatsitse lefatše ka pefo’ kateng ’me ba tšoarehile boitšoarong bo bobe ba ho kopanela liphate, borapeli ba litšoantšo le mekhoa eohle ea boitšoaro bo bong bo fosahetseng. (Ezekiele 8:5-18; Jeremia 7:9) Ka ho tšoanang le kajeno, ba tla ‘tšoauoa’ ba tla tlameha ho ithuta pele, ka thuto ea Bibele, ho nka litekanyetso tsa Molimo e le tsa bohlokoa ’me ba utloe bohloko pelong, e, ‘ba feheloe le ho bobola,’ ka lithuto le mekhoa e o hlomphollang. Mohlomong ka lebaka la ho se tsebe ba bang ba ile ba tšoareha ho etseng liphoso kapa ba lumellana le tsona ka ho li tšehetsa. Empa, hona joale ba qala ho talima liketso tse joalo joalokaha Molimo o li talima—ka ho li nyonya! (Ba-Roma 1:24-32; Esaia 2:4; Tšenolo 18:4; Johanne 15:19) Kananelo ena e ekelitsoeng e isa ho e meng ea mehato ea pele ea ho fumana khotso le Molimo: pako. Moapostola Petrose o khothalitse: “Bakang ke hona, ’me le sokolohe, libe tsa lōna li tle li hlakoloe, hore ho tle ho be ho fihle mehla ea khatholoho [ho e-na le bohale] ka ponahalo ea [Jehova].” (Liketso 3:19, 20) Tšoarelo e joalo e khatholla hakaakang!

Ho Fumana “Letšoao”

6. Mehleng ea boholo-holo batho ba bang ba ne ba tšoauoa ka lebaka lefe?

6 Hore ba bolokoe bohaleng ba Molimo, ba neng ba ‘feheloa, ba bobola’ ba ne ba lokela ho tšoauoa liphatleng. (Ezekiele 9:4) Mehleng ea boholo-holo hangata makhoba a ne a tšoauoa liphatleng e le hore a ka khetholloa hantle. Matšoao a ikhethang phatleng le kae kapa kae a ka ’na a bontša hore motho o ne a rapela molimo o mong o itseng.a (Bapisa Esaia 44:5.) Kahoo, mehleng ea rōna, letšoao le ikhethang le le pholosang bophelo le khethollang ka ho hlaka bajari ba lona e le barapeli ba ’nete le bahlanka ba Jehova ke lefe?

7. Letšoao la tšoantšetso ke eng?

7 Letšoao la tšoantšetso ke bopaki, joalokaha eka le beiloe phatleng ea hao e sa roalang, (1) ba hore u morutuoa ea inehetseng le ho kolobetsoa oa Jesu Kreste le (2) hore u apere botho bo bocha bo kang ba Kreste. (Ba-Efese 4:20-24) Kaha ba ‘tšoailoeng’ ka tsela ena ba tlameha ho inehela pele, ho hlokahala hore re tsebe hore na hona ho akarelletsa eng. Jesu oa hlalosa: “Motho, leha e ka ba mang le mang, ea ratang ho ntatela, a ke a itele, a ipelese sefapano sa hae, ’me a ntšale morao.”—Mareka 8:34.

8, 9. (a) ‘Ho itela’ ho bolela eng? (b) Se batloang ke boinehelo se ka bontšoa joang?

8 Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “itele” le bolela “ho latola ka ho feletseng” kapa “ho tela.” Kahoo, ‘ho itela’ ho bolela ho fetang ho itima menate e meng e itseng kapa ho inehela litakatsong kamor’a nako e itseng. Ho e-na le hoo, ho bolela ho ithaopela ho ithibela ha ho e-tla ntho ea hore u lumelle bophelo ba hao hore bo busoe ke litakatso le litaba-tabelo tsa hao tsa botho. Re thusoa ho bona sebopeho sa mantsoe a Jesu ka ho hlokomela kamoo maikutlo ana a fetoletsoeng kateng lipuong tse sa tšoaneng: “Ho khaotsa ho etsa se ratoang ke pelo ea motho ka boeena” (Setzeltal, Mexico), “ho se hlole u e-ba oa hao” (Sek’anjobal, Guatemala), le “ho iphuralla” (Sejava, Indonesia). E, hona ho bolela boinehelo bo ikhethang, e seng feela boitlamo bo ka etsoang linthong tse ’maloa.

9 Mokreste e mong ea bitsoang Susan, eo pele a neng a hlile a ipusa, oa hlalosa hore na boinehelo bo ile ba bolela eng ho eena: “Ke ne ke inehela bonna kaofela ho motho e mong. Hona joale ke Jehova ea rerang tsela ea ka, o mpolella hore na ke etse eng, ’me o mpeela lipakane.” Na u ithaopela ho inehela ka ho khethehileng joalo ho etsa thato ea Jehova Molimo? Hopola, letšoao la tšoantšetso le u khetholla u le ‘oa’ Molimo, joaloka lekhoba le thabileng ho Morena oa lona.—Bapisa Exoda 21:5, 6; Ba-Roma 14:8.

10. Ke litaba life tseo motho a lokelang ho li nahana pele a inehela?

10 Jesu o ile a botsa: “Ke mang har’a lōna, ha a rata ho haha tora, a ke keng a lula pele ho bala se tla ntšetsoa eona, a tle a bone ha a e-na le seo a ka e phethang ka sona?” (Luka 14:28) Kahoo na u ithaopela ho: Ea libokeng tsa Bokreste kamehla? (Ba-Heberu 10:25) Ho boloka litekanyetso tse phahameng tsa boitšoaro tse beiloeng ke Molimo bakeng sa bahlanka ba oona? (1 Ba-Thessalonika 4:3, 4, 7) Ho kopanela ka botlalo mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso kamoo u ka khonang? Ho bea thato ea Molimo pele ha u khetha mosebetsi kapa ha u ipeela lipakane bophelong? (Mattheu 6:33; Moeklesia 12:1) Ho hlokomela litlamo tsa lelapa la hao? (Ba-Efese 5:22–6:4; 1 Timothea 5:8) Hang ha u entse boineelo ba botho ka thapelo, bohato bo latelang bo tsebisa ba bang hona ka molao.

Kolobetso—Bakeng sa Mang?

11. Kolobetso e tšoantšetsa eng, hona e finyella eng?

11 Jesu o ile a laela hore balateli ba hae ba kolobetsoe. (Mattheu 28:19, 20) Ba ne ba lokela ho qoelisoa ka ho feletseng metsing le ho ntšoa ho oona. Joaloka ho patoa le ho tsosoa, hona ho tšoantšetsa hantle ha motho a e-shoa tseleng ea bophelo ea boikhabi ’me a phelisetsoa ho etsa thato ea Molimo. Ka kolobetso u ikhetholla u le e mong oa Lipaki tsa Jehova kamanong le phutheho ea Molimo ea lefatšeng ka bophara.b Kolobetso e tiisa tumellano e tebileng e entsoeng le Molimo. (Bapisa Exoda 19:3-8.) Bophelo ba hao bo tlameha ho lumellana le melao ea hae. (Pesaleme ea 15; 1 Ba-Korinthe 6:9-11) Kolobetso, e u khethang u le mosebeletsi oa Molimo, e boetse e bontša ‘kōpo e entsoeng ho Molimo bakeng sa letsoalo le letle’ hobane u tseba hore u khotsong le Molimo.—1 Petrose 3:21.

12. Ke neng bana ba sireletsoang ke “letšoao” la batsoali ba bona?

12 Na le bacha ba lokela ho nahana ka kolobetso? Hopola hore Jehova o ile a bolella banna ba tšeletseng ba hlometseng ponong hore: “Bolaeang, le be le timeletse maqheku, le bahlankana, le likharebe, le bana ba banyenyane, le basali; ha e le ba nang le letšoao, le se ke la ba ama.” (Ezekiele 9:6) Bana ba banyenyane haholo hore ba ka inehela ba tla sireletsoa ke “letšoao” la motsoali haeba motsoali eo a loanela ho holisetsa bana ho rata Jehova le haeba ba arabela ka ho utloa. (1 Ba-Korinthe 7:14) Empa, haeba ngoana a le bohlale ka ho lekaneng hore a ka iketsetsa qeto ’me a fihlile ntlheng eo a “tsebang ho etsa botle,” u se ke ua nahana hore o tla ’ne a tsoele pele ka ho sa feleng a le tlas’a mohau oa “letšoao” la motsoali oa hae.—Jakobo 4:17.

13. Ke lintho life tse ka nahaneloang ho rera hore na mocha o loketse ho kolobetsoa?

13 Pele a inehela, mocha o lokela ho ba le tsebo e lekaneng ho utloisisa se amehang ’me o lokela a be a batla kamano ea botho le Molimo. O lokela ho utloisisa le ho khomarela melao-metheo ea Bibele, a tseba hore o tla nkoa a ikarabella bakeng sa tlōlo efe kapa efe kamorao ho moo. Hape o lokela ho ba le phihlelo e lekaneng ea ho arolelana tumelo ea hae le ba bang hore a tsebe hore ena ke karolo ea bohlokoa ea borapeli ba ’nete; kannete o lokela a be a rata ho sebeletsa Molimo. Ka tlhaho, a ke ke a lebelloa ho bontša khōlo ea motho e moholo, empa tsoelo pele ea hae ea moea e lokela ho tsitsa ka ho utloahalang.

14. Ke hobane’ng ha mocha e mong a ile a nahana hore kolobetso ea hae ke tšireletso?

14 Haeba motho a ‘balile litšenyehelo’ ha ho sitise motho ho inehela e le mocha. Ho e ka batlang e e-ba Bakreste ba bacha bohle, kananelo e’a teba kamor’a kolobetso. David o ile a hlalosa: “Ho kolobetsoa ke sa le monyenyane e ne e le tširelo ho ’na. Ha ke ntse ke hōla, ke ile ka hlokomela kamoo bacha ba bang ba sa kolobetsoang ka phuthehong ba neng ba ikutloa ba lokolohile matleng a baholo ’me ka lebaka leo ba oela boitšoarong bo bobe. Empa kamehla ke ne ke hopola hore ke nehetse bophelo ba ka ho Molimo. Bophelo ba ka bo ne bo se bo nkiloe, kahoo ke ne nke ke ka latela bacha ba joalo.”

15. (a) Re tseba joang hore bacha ba ka nolofalloa ke ho boloka pono e tebileng ea borapeli ba ’nete? (b) Batsoali ba ka thusa hamolemo joang?

15 Batsoali ba bang ba ipotsa, ‘Joale, ho thoe’ng haeba mora kapa morali oa ka a kolobetsoa a sa le monyenyane e be joale oa khathala?’ Ha e le hantle, mocha ha a lokela ho kolobetsoa feela hore a khahlise motsoali kapa hobane metsoalle e etsa. Empa Josefa, Samuele, Morena Josiase le Jesu ha esale bacha ba ne ba e-na le pono e tebileng ka borapeli ba Molimo ’me ba bo khomarela. (Genese 37:2; 39:1-3; 1 Samuele 1:24-28; 2:18-21; 2 Likronike 34:3; Luka 2:42-49) Mehleng ea kajeno, Mokreste e mong ea bitsoang Jean o ile a kolobetsoa ha a le lilemo li leshome feela. Ha a botsoa lilemo hamorao hore na o ne a hlile a utloisisa bohato boo, Jean o ile a arabela: “Ke ne ke tseba hore ke rata Jehova, ke ne ke ananela seo Jesu a re etselitseng sona, ’me ke ne ke batla ho sebeletsa Jehova.” Esale a kolobetsoa o sebelelitse ka botšepehi ka lilemo tse ka bang 40. Mocha e mong le e mong ke motho ka mong; ha ho motho ea ka beang lilemo tse itseng. Batsoali ba lokela ho loanela ho fihla pelong ea ngoana oa bona, ba mo thusa ho hlaolela boinehelo ba bomolimo.c Ha ba lokela ho boloka feela ka pel’a bana ba bona tokelo ea boinehelo le kolobetso empa ba boele ba ba matlafatse hore e be barapeli ba tiileng.

Ho Hlōla Litšitiso

16. Ke hobane’ng ha ho hlokahala ho eketsehileng ho feta tsebo e fellang ka hloohong feela?

16 Le hoja tsebo ea Bibele e hlokahala, “letšoao” le ama ho fetang tsebo e fellang ka hloohong feela. Ka mohlala, ponong e filoeng Ezekiele, mohlomong baholo ba neng ba ahloleloa ho chesetsa melimo ea bohata libano, ba ne ba e-na le tsebo e batsi ea Lentsoe la Jehova le ngotsoeng. Empa boitšoaro ba bona ka potelleng ba bontša hore e ne e se barapeli ba ’nete. (Ezekiele 8:7-12; 9:6) Kahoo, ho ‘tšoaeloa’ pholoho ho hloka ho “apara motho e mocha, ea bōpiloeng ka setšoantšo sa Molimo, ho lokeng le khalalelong ea ’nete.”—Ba-Efese 4:22-24.

17. (a) Ke tšitiso efe e thibelang ba bang hore ba se ke ba kolobetsoa? (b) Keletso ea Jakobo 4:8 e ka sebelisoa joang?

17 Tšitiso e khōlōhali ke tšusumetso ea nama ea hao ea boetsalibe. (Ba-Roma 8:7, 8) Ba bang ba bile ba chechela morao hore ba se ke ba kolobetsoa ka lebaka la ho hloleha ho laola bofokoli bo bong bo tebileng ba nama kapa hobane ba rata ho inehela menateng e feteletseng ea lefatše. (Jakobo 4:1, 4) Ba joalo ba haelloa ke kamano ea bohlokoa. Lentsoe la Molimo lea eletsa: “Atamelang Molimo, ’me o tla le atamela. Baetsalibe, hatlelang, ’me lōna ba pelo li peli, hlatsoang lipelo tsa lōna.” (Jakobo 4:8) Ho hlokahala bohato ba makhaola-khang. Ka mohlala, monna e mong ea ileng a qala ho ithuta Bibele o ne a ile a sebelisa joala le lithethefatsi hampe ka lilemo tse 16 ’me o ne a kulela lefu ka lebaka la sena. Ka boikemisetso a hlōla mekhoa ena e mebe. O ile a lumela: “Empa eare feela ha ke tsoela pele ke habile boinehelo, mosali e mong a qala ho nkōpa hore ke ratane le eena. E ne e le teko ea sebele. Le hoja mosali eo a ile a nahana hore kea hlanya, ke ile ka ’molella hore: ‘Ke ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova, ’me nke ke.’” Karabelo ea hae e ile ea susumetsoa ke eng? “Ke ne ke bone seo Jehova a se entseng bakeng sa bophelo ba ka ka ho nthusa hore ke tlohele joala. Hape o nthusitse ka litsela tse ling. Hona ho ’nile ha nkatametsa haufi le eena. Ke ne nke ke ka mo soetsa.” Monna enoa o ne a atametse haufi le Molimo.

18. Senotlolo sa ho hlōla litšitiso ke sefe?

18 Hoo e leng habohlokoa hase hore na u tseba hakae empa hore na u rata seo u se tsebang hakae. Pesaleme ea 119:165 e re: “Ba ratang [e seng ho tseba feela] molao oa hao ba na le khotso e kholo, ha ho khopiso ho bona.” Senotlolo ke ho rata molao oa Molimo, u ananela molemo oa oona ka botlalo bophelong ba hao.—Esaia 48:17, 18.

19, 20. (a) Ke litšitiso life tse tlamehang ho hlōloa, hona re na le tiiso efe? (b) Ho hlōla litšitiso tsohle ka katleho ho tla fella ka eng?

19 E, ho ka ’na ha hlaha litšitiso tse ling le majoe a mang a khopang. Moena ea boletsoeng kaholimo o itse, “E neng e le thata ka ho fetisisa ho ’na e ne e le ho tšaba batho. Ke ne ke e-na le ‘metsoalle’ ea lefatše eo ke neng ke atisa ho noa le eona. E ne e le ntho e thata ka ho fetisisa ho ’na ho ba bolella hore ke ne ke khaola setsoalle sa ka hobane ke ne ke il’o nehela bophelo ba ka ho Jehova.” (Liproverbia 29:25) Ba bang ba ile ba tobana le ho nyefoloa ke litho tsa lelapa. Paki e ’ngoe e sa tsoa kolobetsoa, e ile ea hlōla khanyetso ea monna oa eona, e hlokometse: “Ho e-na le tšitiso e le ’ngoe e khōlō, ho ne ho e-na le litšitiso tse nyenyane tse ngata tseo ke neng ke lokela ho li hlōla e le ’ngoe ka nako.” Ho hlōla bothata bo bong le bo bong ka botšepehi ha bo e-tla ho tla tiisa pelo ea hao. Kholiseha hore ha ho bothata bo ke keng ba hlōloa ke ba ratang molao oa Molimo!—Luka 16:10.

20 Ha u hlōla lejoe le leng le le leng le khopang, u tla fumana “khotso e kholo.” (Pesaleme ea 119:165) E, “u tla tsamaea u ntse u tiile tseleng ea hao. . . . Boroko ba hao bo tla ba monate. U ke ke ua tšaba letsoso le sehlōhō, leha e le sefefo se tlang ho timetsa ba babe. Hobane Jehova e tla ba tšepo ea hao.”—Liproverbia 3:23-26.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Lilemo tse ka bang 150 kamor’a pono ea Ezekiele, rahistori oa Legerike Herodotus, a bontša hore matšoao a ho ba inehetseng ho molimo Hercules a ne a ba sireletsa, o ngotse: “Haeba lekhoba la motho ofe kapa ofe ho sa tsotellehe hore na ke la mang le tšabela [tempeleng ea Hercules], ’me le e-na le matšoao a halalelang ho lona, kahoo le inehela ho molimo oo, ke tlōlo ea molao ho le tšoara.”

b Morao tjena lipotso tse peli tse lebisoang ho ba eang kolobetsong li ile tsa nolofatsoa e le hore bakolobetsuoa ba ka arabela ba utloisisa ka botlalo se amehang ka ho tla kamanong e haufi le Molimo le mokhatlo oa oona o hlophisitsoeng oa lefatšeng.

c Bona “Koetlisa Ngoana oa Hao ho Haha Boinehelo ba Bomolimo” tokollong ea rōna ea la 15 Phato, 1985.

Lintlha tsa Tlhahlobo

◻ Molimo o re thusa ho fumana khotso le oona joang?

◻ Letšoao la tšoantšetso le bolokang bophelo ke lefe?

◻ Bohlokoa ba boinehelo le kolobetso ke bofe?

◻ Ho tlameha ho tobanoa le litšitiso life, hona li ka hlōloa joang?

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 13]

Ho Qoelisoa kapa ho Fafatsoa?

Tlaleho ea ho kolobetsoa ha Jesu e bua ‘ka ho tsoa ha hae metsing.’ (Mareka 1:10) Hore Jesu o ile a qoelisoa ho lumellana le moelelo oa lentsoe la Segerike (baʹpti·sma) le fetoletsoeng e le kolobetso (baptism, ka Senyesemane). Le tsoa lentsoeng ba·ptiʹzo, le bolelang ho “tipa, ho qoelisa.” Ka linako tse ling le ne le sebelisetsoa ho hlalosa ho teba ha sekepe. Sengoli sa lekholong la bobeli la lilemo Lucian o sebelisa lentsoe le amanang le lena ho hlalosa motho e mong ea khamisang e mong metsi: “Ho mo akhela bolibeng [ba·ptiʹzon·ta] e le hore a se ke a hlola a khutlela kaholimo.” The New Intemational Dictionary of New Testament Theology e qetella ka hore: “Ho sa tsotellehe litiiso tse hananang le hoo, ho bonahala hore baptizō, meelelong ea Sejode le ea Bokreste, ka tloaelo e ne e bolela ‘ho qoelisoa’, le hore ha le fetoha lentsoe le sebelisetsoang kolobetso, mohopolo oa ho qoelisoa o ’nile oa sala.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela