“Matla a Fetang a Tloaelehileng”
MOKRESTE a ka mamella ho utloa bohloko ho isa bohōleng bofe? Kajeno, ho potoloha lefatše Bakreste ba talimane le bofuma, ho qhalana ha malapa, ho ferekana maikutlo, ho kula, lintoa, le mahloriso. Na hoa utloahala ho lebella hore ba boloke botšepehi ho sa tsotellehe sena sohle? Moapostola Pauluse o ile a bolela hore ho joalo. O ngotse: “Nka etsa tsohle ka Kreste ea mphang matla.”—Ba-Filippi 4:13.
Histori e bontšitse hore ka sebele matla a tsoang ho Jehova a lekane bakeng sa lintho tsohle. Ka mohlala, nakong ea puso ea Bonazi Jeremane, Lipaki tsa Jehova li ile tsa hlorisoa habohloko. Na li ile tsa mamella? Buka Les Bibelforscher et le nazisme (Liithuti tsa Bibele le Bonazi) e re: “Ho sa tsotellehe lichapo tsohle, litšoso, le lithibelo, ho sa tsotellehe ho hlabisoa lihlong pontšeng, ho koalloa teronkong le ho koalloa likampong tsa mahloriso, Liithuti tsa Bibele [Lipaki tsa Jehova] ha lia ka tsa itumella hore li ‘rutoe thuto e ’ngoe.’”
Likampong tsa mahloriso, Lipaki li ne li khetholloa ka letšoao le nang le likhutlo tse tharo tse ’mala o pherese matsohong a liaparo tsa tsona ’me li ne li khetholloa bakeng sa sehlōhō se khethehileng. Na sena se ile sa li khina? Setsebi sa kelello Bruno Bettelheim se ile sa bolela hore ha “lia ka tsa bontša bophahamo ba seriti sa botho feela le boitšoaro bo botle, empa li ne li bonahala li sireletsehile phihlelong ea kampo eona eo eo ka pelenyana e ileng ea felisa batho bao ’na le metsoalle ea ka ea litsebi tsa kelello re neng re nahana hore ba tiile hamolemo.”
E, ba ne ba e-na le ‘matla a ho etsa tsohle.’ Hobane’ng? hobane ba ne ba tšepile Jehova. Pauluse o itse: “Re na le letlotlo lena lipitseng tsa letsopa, hore matla a fetang a tloaelehileng e be a Molimo ’me e se be a tsoang ho rōna.” (2 Ba-Korinthe 4:7, NW) Haeba ho ka etsahala hore u kopane le maemo a lekang, talima ho Jehova ka sebete bakeng sa thuso. U matlafalitsoe ke matla a fetang a tloaelehileng ao a fanang ka ’ona, u tla khona ho mamella.—Luka 11:13.