Lebaka Leo ho Lokelang ho Buuoe ka Bona
“Tšepe e leotsa tšepe; sefahleho sa motho se leotsa sefahleho sa motsoalle oa hae joalo.”—Liproverbia 27:17, Bibele.
MAHARE ha a leotsoe ka ho thulanngoa hammoho. Ho leotsa ke mosebetsi o etsoang ka tsela e batlang e iketlile haholoanyane. Ka tsela e tšoanang, ho na le litsela tse nepahetseng le tse fosahetseng tsa ho leotsa kelello ha ho qoqoa, haholo-holo ha ho qoqoa ka litaba tse ka khopisang habonolo joaloka tsa bolumeli.
Ntlha ea pele, re lokela ho hlompha seriti sa motho e mong ’me re bontše tlhompho eo lipolelong tsa rōna le tseleng eo re itšoarang ka eona. Bibele e re: “Seo le se buang ka mehla a e be se nang le mosa, se nōkiloeng ka letsoai.” (Bakolose 4:6) Polelo e buuoang ka mosa le e nōkiloeng ha e buuoe ka tsela e hatellang, esita le haeba ea buang a kholisehile hore o nepile ’me motho eo a buang le eena o fositse.
Mosa o boetse o bonahala ka mokhoa oo re mamelang ka oona. E ke ke eaba re mametse ka mosa haeba re kena motho hanong kapa haeba re hlile re sa mamela moo re ntseng re nahana hore na re tla re’ng ka mor’a moo. Motho ea buang a ka ’na a hlokomela ho se thahaselle ha rōna maikutlo a hae ’me mohlomong a khaotsa moqoqo. Hape, le ka mohla ha rea lokela ho qobella kapa ho hatella motho hore a fetole maikutlo a hae. Etsoe ‘Molimo ke eena ea hōlisang peō’ pelong ea momameli ea arabelang hantle.—1 Bakorinthe 3:6.
Re na le mohlala o motle oa moapostola Pauluse ea ileng a sebelisa “mabaka” le “ho susumelletsa ho lumela” tšebeletsong ea hae. (Liketso 17:17; 28:23, 24) Pauluse o ne a bua le batho ka bolumeli hohle moo a neng a ba fumana teng, joaloka libakeng tsa ’maraka le malapeng a bona. (Liketso 17:2,3; 20:20) Lipaki tsa Jehova li leka ka matla hore li etsise mohlala oo ka ho ea hohle moo batho ba fumanehang teng le ka ho behelana mabaka le bona ka Mangolo.
Qoba ho Utloisisoa Hampe
Sechaba sa Iseraele se ne se sa tsoa tsitsa Naheng e Tšepisitsoeng ha ho se utloisisane ka aletare ho etsa hore ba batle ba e-ba le ntoa ea lehae. Batho ba neng ba ahile ka bochabela ho Nōka ea Jordane ba ile ba haha aletare, leha ho le joalo, meloko e meng ka phoso e ile ea nahana hore e ne e le aletare ea borapeli ba bohata. Ka lebaka leo, e ile ea hlophisa lebotho la ntoa hore le tle le nke khato ho ea khalemela bara bao babo eona. Empa ho sebelisa kahlolo e molemo ho ile ha hlōla. Ba neng ba tla hlasela ba ile ba qala ka ho romela moifo ho ea botsa lebaka leo aletare e neng e hahiloe ka lona. Ba ile ba imoloha ha ba utloa hore e ne e mpa e le sehopotso—“bopaki”—ho hopotsa meloko eohle ka ho momahana ha eona ka pel’a Jehova Molimo. Ho buisana hoo ho ile ha thibela ntoa—’me ha pholosa maphelo a mangata!—Joshua 22:9-34.
Ka tsela e tšoanang, hangata kajeno ho utloisisoa hampe ho baka qabang esita le lehloeo. Ka mohlala, batho ba seng bakae ba ’nile ba nka Lipaki tsa Jehova e le batho ba chesehelang bolumeli ka tsela e feteletseng ka lebaka la litlaleho tseo ba li utloileng tsa ho hana ha tsona ho tšela mali. Leha ho le joalo, hangata ba ileng ba botsa Lipaki taba ena ka seqo ba ile ba hlolloa ho tseba hore ho na le lebaka la Bibele leo li itšetlehileng ka lona le hore ho na le mekhoa e meng ea phekolo e sireletsehileng le e sebetsang e ka sebelisoang bakeng sa mali. (Levitike 17:13, 14; Liketso 15:28, 29) Ha e le hantle, ka lebaka la mathata a hlahisoang ke phepelo ea mali, mongoli e mong oa koranta o ne a ngole tjena: “Lehlohonolo ke hore Lipaki tsa Jehova ke tsona tse eteletseng pele patlisisong ea lintho tse ka sebelisoang ho e-na le ho sebelisa mali.”
Ka ho tšoanang, ba bang ba ’nile ba hana ho bua le Lipaki hobane ba boleletsoe hore Lipaki tsa Jehova ha li lumele ho Jesu Kreste. Seo ke leshano le lekaakang! Ha e le hantle, Lipaki li hatella karolo eo Jesu a e phethileng polokong ea rōna, li hlalosa hore ke Mora oa Molimo eo Molimo a ileng a mo rōma lefatšeng ho tla rekolla batho sebeng le lefung. Ka ho buisana ka sena le Lipaki, lintho tseo batho ba neng ba utloisisa Lipaki hampe ka tsona li ile tsa lokisoa.—Matheu 16:16; 20:28; Johanne 3:16; 14:28; 1 Johanne 4:15.
’Nete—Na ea Rateha Kapa ha e Ratehe?
Ntho e ka ’nang ea makatsa ba bangata ke hore ha ho tluoa tabeng ea bolumeli, mokhoa o ratoang hangata ke oona mokhoa o fosahetseng. Jesu Kreste ka boeena o ile a ruta: “Kenang ka heke e moqotetsane; hobane e sephara ebile e batsi tsela e isang timetsong, ’me ba bangata ke ba kenang ka eona; athe heke e moqotetsane le tsela e patisane e isang bophelong, ’me ke ba seng bakae ba e fumanang.”—Matheu 7:13, 14.
Mehleng ea Noe, ke batho ba robeli feela ba ileng ba bua ’nete ea moea—Noe, mosali oa hae, bara ba hae ba bararo le basali ba bara ba hae. Ha ho pelaelo hore molaetsa oa bona oa temoso le mosebetsi oa bona oa ho haha areka li ile tsa etsa hore ba sonngoe, haesitana le ho tšoaroa hampe. Leha ho le joalo, Noe le lelapa la hae ha baa ka ba tšosoa; ba ile ba tsoela pele ho bolela le ho haha. (Genese 6:13, 14; 7:21-24; 2 Petrose 2:5) Ka tsela e tšoanang, ke batho ba bararo feela ba ileng ba mamela litaelo tsa Molimo ’me ba pholoha timetso ea Sodoma le Gomora.—Genese 19:12-29; Luka 17:28-30.
Ho thoe’ng ka mehla ea rōna? Mong’a ntlo e mong o ile a re ho e mong oa Lipaki tsa Jehova: “Haeba Kreste a ne a ka khutla ka nama mehleng ena, batho ba ne ba ka ’na ba mo bolaea hape.” Motho enoa o ne a nka hore lithuto tsa Jesu le litekanyetso tsa hae tse phahameng tsa boitšoaro li ne li tla ’ne li se ke tsa rateha kajeno joalokaha li sa ka tsa rateha lilemong tse 2 000 tse fetileng. Na u lumellana le seo?
Haeba le uena ua lumela, u nepile, etsoe Jesu o ile a lemosa barutuoa ba hae: “Le tla ba ba hloiloeng ke lichaba tsohle ka lebaka la lebitso la ka”—e leng polelo e boletsoeng esale pele e ipakileng e le ’nete. (Matheu 24:9) Baeta-pele ba Ba-juda Roma ba ile ba re ho moapostola Pauluse malebana le Bokreste: “Ha e le mabapi le sehlopha sena sa bokhelohi..., hohle ho buuoa khahlanong le sona.” (Liketso 28:22) Leha ho le joalo, ho se ratehe ha Bokreste ha hoa ka ha etsa hore balateli ba Kreste ba khaotse ho bolella ba bang ka tumelo ea bona. Leha e le hore ho ile ha thibela batho ba lipelo li tšepahalang hore ba bue le Bakreste.—Liketso 13:43-49.
Kajeno molaetsa oa Jesu ke oa bohlokoa ho feta leha e le neng pele. Hobane’ng? Hobane maemo a lefatše a bontša hore re phela “matsatsing a ho qetela” a tsamaiso ena le hore matsatsi ana a tla fihla tlhōrong ka ho hloekisoa ha bobe lefatšeng. Jesu o ile a bapisa mehla ea rōna le mehla ea Noe. (2 Timothea 3:1-5; Matheu 24: 37-39) Ka lebaka lena, ena hase nako ea ho nka tumelo ea rōna habobebe, hobane bophelo bo sa feleng bo tla fuoa feela ba tsebang Molimo le ba mo ‘rapelang ka moea le ka ’nete.’—Johanne 4:24; 2 Bathesalonika 1:6-9.
Kamoo ho ka Fumanoang Tsela e Nepahetseng
Francis Bacon, rafilosofi oa Lenyesemane oa lekholong la bo17 la lilemo eo e neng e le sengoli sa meqoqo, ’muelli oa molao le setsebi ho tsa lipolotiki, o ile a eletsa ba batlang ’nete hore ba “hlahlobisise le ho nahanisisa.” ’Me mopresidente oa mehleng oa United States, Thomas Jefferson o ile a re: “Mekhoa feela e atlehang ho fumaneng se fosahetseng ke ho batla mabaka le ho batlisisa ka bolokolohi. . .Ke tsona lira tsa sebele tsa se fosahetseng.” Ka lebaka leo, haeba re hlile re batla ’nete, re tla ‘hlahlobisisa le ho nahanisisa,’ ’me re phehelle ho “batla mabaka le ho batlisisa ka bolokolohi.”
Ha a bolela hore na ke hobane’ng ha khato eo e le ea bohlokoa, rasaense oa Lebrithani, Sir Hermann Bondi o ile a re: “Kaha ke tumelo e le ’ngoe feela eo e ka bang ’nete, qetellong batho ba ka ’na ba lumela ka tieo le ka botšepehi nthong eo e seng ’nete ea bolumeli bo senotsoeng. Motho o ne a ka ’na a lebella hore ’nete ena e totobetseng e tla etsa hore batho ba bontše boikokobetso bo itseng, haholo ha ho nahanoa hore ho sa tsotellehe ho ba ha motho le tumelo e matla, e ntse e ka ’na eaba o fositse.”
Kahoo, motho a ka fumana joang hore na o fela a le ‘tseleng e patisaneng e isang bophelong’? Jesu o rutile hore Molimo o lokela ho rapeloa ‘ka ’nete.’ Ka lebaka leo, matla a ho nahana a etsa hore motho a fihlele qeto ea hore haeba lithuto tse peli li hanyetsana, e ke ke eaba li nepahetse ka bobeli ba tsona. Ka mohlala, ntho li peli, batho ba na le moea o pholohang lefu kapa ha ba na oona. Molimo o tla kenella litabeng tsa batho kapa a ke ke a kenella. Molimo ke Boraro-bo-bong kapa hase bona. Ba batlang ’nete ba batla ho fumana likarabo tsa ’nete lipotsong tseo tsa bohlokoa. Lipaki tsa Jehova li lumela hore Molimo o re file likarabo ka Lentsoeng la hae, Bibele.a
Kaha “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo,” mokhoa o ka sehloohong oa ho hlahloba lithuto tse fapaneng ke oa ho li bapisa le Bibele. (2 Timothea 3:16) Ka ho etsa joalo, u ‘ipakela e le uena thato ea Molimo e molemo le e amohelehang le e phethahetseng.’ (Baroma 12:2) Na u ka ‘ipakela e le uena’ hore tumelo ea hao e thehiloe Bibeleng? Ho etsa joalo ke habohlokoa hobane Molimo ha a batle ha u ka khelosoa hammoho le “lefatše kaofela leo ho ahiloeng ho lona.”—Tšenolo 12:9.
Na ho Hlokahala Mesuoe?
Jesu ha aa ka a fa barutuoa ba hae meqolo e ’maloa eaba o re: “Likarabo tsohle tsa lipotso tsa lōna li teng ka mono. E-eang hae ’me le iphumanele tsona ka bolōna.” Ho e-na le hoo, o ile a ba ruta lentsoe la Molimo ka mamello le ka mosa. Ka ho tšoanang, ba ileng ba amohela lithuto tsa hae ba ile ba etsisa mekhoa ea hae ha le bona ba ruta ba bang. Nka mohlala oa morutuoa Filipi. O ile a bua le molaoli oa Moethiopia ea pelo e tšepahalang eo pejana a ileng a tloaelana le Mangolo ha a ntse a kopana le Bajuda. Empa monna eo o ne a hloka thuso. Ka hona Filipi—moemeli oa phutheho ea Bokreste—o ile a tataisoa hore a mo thuse. Hoja molaoli eo a se ke a rata ho qoqa ka bolumeli, a ka be a sa ka a tseba karolo eo Jesu a e phethang morerong oa Molimo. Moethiopia eo ke mohlala o motle hakaakang ho bohle ba batlang ’nete!—Liketso 8:26-39.
Na u rata ho bua le ba bang ka tumelo ea hao le ho botsa lipotso joalokaha Moethiopia eo a ile a etsa? Ka sebele u tla rua melemo e mengata ka ho etsa joalo. Lipaki tsa Jehova li thabela ho qoqa ka Bibele le batho bao ka lipelo tsohle ba ratang ho tseba se boleloang ke Bibele. Lipaki ha li fane ka maikutlo a tsona a botho. Ho e-na le hoo, li leka ka matla ho bontša batho seo Bibele ka boeona e se bolelang.
Molaoli oa Moethiopia o ile a ithuta lintho tse hlollang ka Jesu Kreste, tse kang hore na o tla sebelisoa joang ke Molimo mabapi le poloko ea rōna. Kajeno, ho phethahatsoa ha morero oa Molimo ho haufi haholo le ho phetheha. Lintho tse susumetsang tšabo, tse babatsehang, li haufi le ho etsahala mona lefatšeng. Sehlooho se latelang se tla bontša hore e mong le e mong lefatšeng o tla ameha. Ho hlakile hore tsela eo re tla ameha ka eona e itšetlehile ka boikutlo boo re nang le bona le khato eo re tla e nka.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa bopaki bo hore Bibele ke Lentsoe la Molimo, ka kōpo bona buka ea Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Molaoll oa Moethiopia o ile a amohela moqoqo oa Bibele