Le ’ne le Hahane
1 Moapostola Pauluse o ne a etsa sohle seo a neng a ka se khona ho matlafatsa balumeli-’moho le eena. (Lik. 14:19-22) Ka ho tšoanang, re tsotella barab’abo rōna ha ba talimana le maemo a thata, ’me re batla ho ba thusa. Bibele e bontša hore bohle ba lokela ho thahasella ba bang, eseng baholo feela. (Bar. 15:1, 2) Nahana ka litsela tse peli tseo re ka elang hloko keletso e lerato e reng: “Le ’ne le tšelisane le ho hahana.”—1 Bathes. 5:11.
2 Lemoha Seo ba Bang ba se Hlokang: Lentsoe la Molimo le tlaleha hore Dorkase “o ne a tletse liketso tse molemo le limpho tsa mohau.” (Lik. 9:36, 39) O ne a ela hloko ba hlokang ’me a etsa sohle seo a neng a ka se khona ho ba thusa. O re behetse mohlala o motle hakaakang! U ka ’na ua hlokomela hore e mong ea hōlileng o hloka ho latoa ka sepalangoang hore a ee libokeng. Kapa ho ka ’na ha e-ba le pula-maliboho ea se nang motho ea sebetsang tšimo le eena thapameng ea letsatsi le itseng har’a beke. Haeba u lemoha tlhoko e joalo ’me u thusa, inahanele kamoo motho eo a tla ikutloa a khothetse kateng!
3 Meqoqo e Thehiloeng Linthong Tsa Moea: Re ka boela ra haha ba bang ka lipuo tsa rōna. (Baef. 4:29) Moholo e mong ea nang le phihlelo o ile a re: “Haeba u rata ho khothatsa, bua ka lintho tsa moea. Ha u qala moqoqo o hahang, u ka ’na ua botsa potso e bonolo e kang, ‘U ithutile ’nete joang?’” Thahasella bacha ba ka har’a phutheho e le kannete. Atamela ba nyahameng le ba lihlong. (Liprov. 12:25) U se ke ua lumella ho qoqa ka boithabiso ba lefatše ho nkela ho qoqa ka lintho tsa moea le balumeli-’moho le uena sebaka.—Bar. 1:11, 12.
4 Leha ho le joalo, u ka re’ng e le hore u hahe ba bang? ’Malong oa hao oa Bibele le thutong ea hao ea botho morao tjee, na u kile ua fumana molao-motheo o entseng hore u ananele Jehova ka ho teba haholoanyane? Na u kile ua susumetsoa ke ntlha e itseng puong ea phatlalatsa kapa Thutong ea Molula-Qhooa? Kapa na u kile ua khahloa ke phihlelo e matlafatsang tumelo? Haeba u ananela matlotlo a joalo a moea, kamehla u tla ba le ntho e khothatsang eo u ka e bolellang ba bang.—Liprov. 2:1; Luka 6:45.
5 E se eka re ka tsoela pele ho hahana ka ho thusa ba bang ka tsela ea sebele le ho sebelisa maleme a rōna ka bohlale.—Liprov. 12:18.