Ho Itebela Khahlanong le “Khotso le Tšireletseho” Joalokaha li Reriloe ke Lichaba
“Neng le neng ha ba re: ‘Khotso le Tšireletseho!’”—1 BA-THESSALONIKA 5:3, NW.
1, 2. (a) Ke hobane’ng ha ho batla khotso e le eona ntho e molemo? (b) Kahoo, litsamaiso tsa bopolotiki tse hanyetsang li tla lumellana holim’a eng?
HA HO mohla lefatše la batho le kileng la hloka tšireletseho joaloka kajeno. Ho na le boikutlo ba tšabo ea ntoa ea boraro ea lefatše e amang lichaba tse hlometseng ka ho fetisisa tseo ho bonahalang hona joale li e-na le libetsa tsa ho qetela—bomo ea nuclear. Matla a lichaba a ho sebelisa bohare ba athomo telekisong ea ntoa a li isitse boholeng boo li ka bolaeang batho ka bongata. Kahoo, ho batla khotso ke eona ntho e molemo.
2 E, ruri, hobane mehleng ea rōna ntoa ea boraro ea lefatše ho sebelisoa libetsa tse joalo e ne e ke ke ea bolela ho hong ntle ho ho ipolaea ha lefatše, batho ba phatlotsoe hoo ba ka fetohang molora, kapa ba e-shoa ba bolaoa ke liphello tsa koluoa ea nuclear. Bo-ralipolotiki le balaoli ba sesole ba nang le pono e matla ba utloa habohloko ’nete eo e e-s’o etsahale. Ha ba batle ho ikarabella bakeng sa tlokotsi e joalo ea lefatše. Kahoo, litsamaiso tsa bopolotiki tse hanyetsang ka ho toba li tla ho fumana ho le molemo hore li lumellane, e, li latele filosofi ea bohlale ba lefatše ea “phela kamoo u ratang u sa khathatsane le ba bang.”
3. Lichaba li tla phatlalatsa “Khotso le tšireletseho” ka lebaka lefe?
3 Leha ho le joalo, lichaba ha li tšepane ho hang. E le bohato ba pele ba ho itšireletsa, li boloka litsi tsa tsona tsa ntoa li le matla ka ho phethahetseng. Kahoo, na e tla be e le ka baka la lerato la sebele le la ’nete bakeng sa e mong ho e mong e le litho tsa lelapa le tšoanang la motho, babusi ba tlang ho kopanela ho etsa phatlalatso ea “Khotso le tšireletseho” bakeng sa lefatše lohle la batho? Che, empa e tla be e le ho khutsisa matsoalo a batho ba tšohileng ka mabaka a utloahalang.—1 Ba-Thessalonika 5:3, NW.
Boitšoaro ba Baruti le ba Batho Bohle Phatlalatsong e Tlang
4, 5. (a) Re ka lebella boitšoaro bofe ba batho bohle phatlalatsong e tlang? (b) Ho sa tsotellehe ho tšehetsa ha baruti phatlalatso e tlang, ke lipotso life tse hlahang mabapi le hore na Molimo o tla e tšehetsa?
4 Ha phatlalatso ena e qetella e entsoe, batho bohle ba lokela ho thaba hohle lefatšeng. Ha ho pelaelo hore baeta-pele ba lefatše ba bolumeli, ho akarelletsa baruti ba Bokreste-’mōtoana, ba K’hatholike le ba Boprostanta, ba tla thooletsa bohato bona ba machaba. Baruti ba ea hohle moo moea o fokelang teng, e le hore ba ka lula ba ratoa haholo le ho tšehetsoa le ho hlomphuoa ke bo-ralipolotiki.
5 Leha ho le joalo, ho tšehetsa ha baruti tokisetso ea bopolotiki e tleroloang haholo, ha ho bolele hore Molimo oa bokahohle, bo akarelletsang le lefatše la rōna, o tla e tšehetsa. Ka meahong ea bona e meholohali ea bolumeli, baruti ba ka ’na ba etsa lithapelo tse telele le tse etsoang ka lentsoe le phahameng moo ho mametseng batšehetsi ba bona ba bolumeli ’me ba kōpa tlhohonolofatso ea bomolimo holim’a mehato e nkiloeng ke litho tsa lipolotiki bakeng sa khotso le tšireletseho tsa machaba. Empa na lithapelo tsohle tse joalo tse tiileng, tseo liphutheho tse li mametseng li phaellang ka “Amen” e matla, lia amoheleha ho Molimo oa bokahohleng boo? Na o ka ba khotsong le lefatše le arotsoeng ka bolumeli, leo lithapelo tsa lona bakeng sa khotso le tšireletseho li entsoeng ho latela mekha ea bokhelohi ea bolumeli le mekhatlo ea bolumeli e sa lumellaneng?
6, 7. (a) Joaloka Bajode ba mehleng ea boholo-holo, Bokreste-’mōtoana bo nkile tsela efe? (b) Ho tla etsahala eng ka ho tšehetsa ha baruti phatlalatso ea “Khotso le tšireletseho”?
6 Hohle lichaba tsa Bokreste-’mōtoana li bolela hore li tšehetsoa ke Molimo ho feta tse ling. Empa Molimo oa bokahohle hase Oona o busang Bokreste-’mōtoana. Bo nkile tsela e tšoanang le e ileng ea nkoa ke Baiseraele ba boholo-holo. Ha ba se ba sa khotsofalle tokisetso ea Jehova bakeng sa ho busoa ha bona ’me ba nahana hore tlhophiso ea bopolotiki ea lichaba tsa bohetene tse neng li ba potolohile e ne e le eona e molemohali, ba ea ho moprofeta oa Jehova Samuele ’me ba mo kōpa hore a ba beele morena ea tla ba busa. Hona ho ile ha utloisa Samuele bohloko haholo ha ba ha mo soabisa. Hakaakang ka Molimo oo e neng e le moprofeta oa oona.
7 Ka nepo Jehova o ile a utloa bohloko ke kōpo ena ea ho ikhula tlas’a tlhophiso ea hae ea puso ea Molimo holim’a Iseraele. Joalokaha a buile ho moprofeta oa hae Samuele: “Ha ba lahle uena, ba lahlile ’na, hore ke se ke ka ’na ka ba morena oa bona.” (1 Samuele 8:4-9) Hona ho ne ho tšoantšetsa tsela e nkiloeng ke Bokreste-’mōtoana lekholong lena la bo20 la lilemo. Kahoo hore kamoso baruti ba thooletse phatlalatso ea “Khotso le tšireletseho” ho ke ke ha e-ba le liphello tse molemo, e ke ke ea fumana tlhohonolofatso ea bomolimo.
Ho Lahla Batho Hore ba se ke ba Itebela
8. Machaba a Kopaneng a ka ’na a ba le karolo efe phatlalatsong e tlang, hona ke hobane’ng ha mokhatlo oo o lahla batho hore ba se ke ba itebela?
8 Machaba a Kopaneng a ka ’na a ithorisa ka litho tse 159 kajeno, hoo e ka bang ho akarelletsa lichaba tsohle. Ha ho pelaelo hore ka nako ea teng Machaba a Kopaneng a tla be a le kapele-pele mabapi le phatlalatso e tlang ea “Khotso le tšireletseho!” Hoa soabisa ho bolela hore mokhatlo oo oa lefatše o lahla batho ba limillione tsa likete hore ba se ke ba itebela. Hobane’ng? Hobane khotso e joalo, le hoja e tšehetsoa ke mekhatlo eohle ea bolumeli ea lefatše lena, ho akarelletsa ea Bokreste-’mōtoana, ha e bolele khotso le ’Mōpi oa bokahohle, ea nang le matla a ho fana ka bophelo le ho bo nka ho latela qeto ea hae ka litaba tsa bohlokoa maholimong le lefatšeng.
9, 10. Boemo ba Lipaki tsa Jehova ke bofe mabapi le “Khotso le tšireletseho” joalokaha li reriloe ke lichaba, hona hobane’ng ho le joalo?
9 Boprofeteng ba Esaia, ka ho hlakileng ’Mōpi o re: “Leholimo ke terone ea ka, ’me lefatše ke bonamelo ba maoto a ka.” (Esaia 66:1) Lichaba tse mona bonamelong ba maoto a hae ha li le tlotlise ka mokhatlo oa tsona oa Machaba a Kopaneng. Li loanela ho boloka khotso ea lefatše le tšireletseho ea lona ka lipolotiki ’me kahoo li boloka Machaba a Kopaneng a le teng. Lipaki tse ineetseng tsa Jehova lefatšeng li ke ke tsa kopana le lefatše ka ho itšetleha ka mehato e entsoeng ke motho e nkiloeng bakeng sa khotso le tšireletseho tsa lichaba tsa lefatše. Li nka mantsoe a Jakobo 4:4 ka ho teba: “Banna le basali ba bafebi, hleka ha le tsebe hoba ho rata lefatše ke ho loantša Molimo na? Efela ea phehellang ho iketsa motsoalle oa lefatše o ipea sera ho Molimo.”
10 Le hoja ka matla li sa hanyetse khotso le tšireletseho tse reriloeng ke lichaba, Lipaki tsa Jehova li ke ke tsa li buella ho limillione tsa batho ba batlang sebaka se sireletsehileng ha khathatso e kholohali ea lefatše e qhoma ’me e felisa tsamaiso ena ea lintho. (Mattheu 24:21) Hobane ke tsamaiso e ncha ea Molimo ea lintho e tla tlisa tšireletseho ea lefatše lohle tlas’a “Morena oa khotso,” Jesu Kreste.—Esaia 9:6, 7.
11. Baruti ba ile ba talima tlhahiso ea ho thea Selekane sa Lichaba joang kamor’a Ntoa ea I ea Lefatše?
11 Pale e pakela ho hlōleha ha merero e entsoeng ke batho bakeng sa khotso. Rea hopola hore qetellong ea Ntoa ea I ea Lefatše ka 1918, ho ile ha khothaletsoa Selekane sa Lichaba e le mokhoa oa ho thibela ntoa ea lefatše. Lekhotla la Likereke tse Kopaneng tsa Kreste Amerika le ile la thooletsa tlhahiso eo ’me la re: “Selekane se joalo hase kofuto ea bopolotiki feela; ho e-na le hoo ke pontšo ea bopolotiki ea ’Muso oa Molimo lefatšeng.” Empa na hoo ho bitsoang pontšo ea bopolotiki ea ’muso oa Molimo oa lefatšeng ho tliselitse lefatše khotso le tšireletseho tse sa feleng?
12. (a) Tšenolo 17:8 e phethahala joang? (b) Ke mang ea tsoelang pele a kalletse “sebata se ’mala oa sekarelata,” hona ka nako e telele hakae?
12 Joaloka “sebata se ’mala oa sekarelata” sa tšoantšetso sa Tšenolo khaolo ea 17, seo seotsoa sa khale, “Babylona e Moholo,” se lutseng holim’a sona, Selekane sa Lichaba se ile sa theohela “sekoting” ha ho qhoma Ntoa ea II ea Lefatše ka 1939. Hona ho ile ha tlama mopalami oa sona oa seotsoa hore a theohe. Hoba Ntoa ea II ea Lefatše e lale ka 1945, ho ile ha hlongoa Machaba a Kopaneng e le mohlahlami oa Selekane sa Lichaba se ileng sa fella ka masoabi. A na le litho tse ngata ho feta Selekane, kahoo e ne e lokela ho ba mokhatlo o matlanyana le o lokeloang ho tšeptjoa haholoanyane ka lehlakoreng la lefatše la batho. Kahoo ke ka 1945 ha “sebata se ’mala oa sekarelata” sa tšoantšetso se nyoloha “sekoting,” ’me seotsoa sa tšoantšetso, “Babylona e Moholo,” se boetse se hloella mokokotlong oa sona, moo se lutseng ka ho hloka lihlong ho tla fihlela lena le holimo. (Tšenolo 17:3, 5, 8) Empa e ke ke ea hlola e e-ba nako e telele, ho latela seo Tšenolo 17:16–18:24 e se profetang. Hobane’ng?
13. (a) Machaba a Kopaneng ke eng? (b) A ile a tšoantšetsoa joang khale?
13 Ha e le hantle Machaba a Kopaneng ke mokhatlo oa lefatše oa bofetoheli o khahlanong le Jehova Molimo le Lipaki tsa hae tse ineetseng lefatšeng. Ka sebele ke bofetoheli, ha lichaba tsa lefatše li iketsa khokanyan’a-phiri ’me li rera seo li ka ’nang tsa se etsa khahlanong le mokhatlo o hlophisitsoeng o bonahalang oa Jehova Molimo lefatšeng. Nakong ena ea ‘bofelo ba lefatše’ lena, ho ile ha tšoantšetsoa ke bofetoheli boo ho builoeng ka bona ho Esaia 8:12.—Mattheu 24:3.
Talima ho Jehova bakeng sa Khotso le Tšireletseho
14. Ke hobane’ng ha ’muso oa meloko e leshome oa Iseraele o ile oa kena selekaneng le Syria, ’me ’muso oa Juda o ne o tobane le potso efe?
14 Pele ho mehla ea Esaia sechaba sa meloko e 12 ea Iseraele se ile sa arohana se tseka borena. Hona ho bile kamor’a puso e khanyang ea Morena Salomone. Meloko e leshome e ikarotseng ho ea ka leboea e ile ea hloma ho ileng ha bitsoa ’muso oa Iseraele, o bileng le motse-moholo Samaria. Meloko e ’meli e setseng, meloko ea Juda le Benjamine, e ile ea sala e tšepahala lesikeng la borena la Morena Davida motse-moholo oa Jerusalema. ’Muso oa meloko e leshome ea Iseraele oa fetohela ka mabifi ’muso oa meloko e ’meli oa Juda. Ka nako ea teng, ’muso oa Iseraele oa etsa selekane le ’muso oa Syria, o neng o e-na le motse-moholo oa oona Damaseka. Khopolo e ne e le ho phethola ’muso oa Juda le ho o kokobetsa. Na joale ’muso oa Juda o ne o lokela ho kena selekaneng le sechaba se seng se matla e le hore o ka thiba ho hlaseloa ke sechaba sa Iseraele se entseng selekane le sechaba sa bohetene sa Syria?—Esaia 7:3-6.
15. (a) Batho ba bang ’musong oa Juda ba ne ba rata eng, hona boikutlo boo bo ile ba senola eng? (b) Moprofeta Esaia o ile a bua joang khahlanong le boikutlo bo joalo?
15 Ho ne ho e-na le ba bang ’musong oo o monyenyane oa Juda ba neng ba lahlehetsoe ke tumelo ho Molimo oa sechaba sena, Jehova. Bana ba ne ba tšehetsa hore ho etsoe selekane sena, kapa bofetoheli, le ’muso o matla oa bohetene oa lefatše lena. Ha ba buella ho tlamahana ho joalo ha ho hloka botšepehi ha ’muso oa Jehova oa Juda le ’muso oa lefatše la bonyefoli, ba bang ba ne ba re, “Phetohelo!” ho ba qea-qeang ’musong oa Juda. Kahoo ba bontša ho haelloa ke tumelo ha bona le tšepo ho Molimo oo tempele ea oona e neng e le Jerusalema. Moprofeta Esaia o ile a bululeloa ho bua khahlanong le bofetoheli bo joalo, a re ho khaolo ea 8 temana ea 12: “Le se ke la re phetohelo hohle moo sechaba sena se reng phetohelo: le se ke la tšaba seo sechaba sena se se tšabang, le se ke la tšoha.”
16, 17. Khotso ea ’nete le tšireletseho ea ’nete li ne li bolela eng ho batho ba Jehova ba boholo-holo, ’me hoo ho ile ha bontšoa joang ha Morena Sankeribe oa Assyria a tšosa Jerusalema?
16 Ho ba ha Jehova le batho ba kamanong ea selekane le eena ho ile ha bolela khotso le tšireletseho ho bona. Hona ho ile ha bontšoa ha morena oa Assyria Sankeribe a romela komiti ea balaoli ba phahameng ba bararo ho ea ho Morena Ezekiase le ho batho ba Jerusalema hore ba inehele ho Sankeribe. Molaoli oa Assyria e bile e le ’muelli, Rabshake, a ema kapel’a marako a Jerusalema ’me ka ho phasoloha a nyenyefatsa Jehova Molimo e le ho fokolisa le ho felisa tšepo ea Bajode ho Eena. A utloile bohloko haholo ke ho nyenyefatsoa hona ha Molimo o le mong o phelang le oa ’nete Jehova ’me ka nepo a utloa tsietsi ea Jerusalema kapel’a lebotho lena le tšosang la Baassyria, Morena Ezekiase a ea tempeleng ’me a bea taba kapel’a Jehova Molimo. A thabisitsoe ke pontšo ena ea tumelo e hlomphehang ho eena le ho retelehela hona ho eena bakeng sa ho bontša borena ba hae ba bokahohleng, Jehova a fana ka karabelo e molemo. Moprofeta oa hae Esaia a kopanela ka litlhaloso tse tiisang. Ha ho karabelo eo Rabshake ea qholotsang oa Assyria a ileng a e fuoa, feela joalokaha Morena Ezekiase a ne a laetse.—2 Marena 18:17-36; 19:14-34.
17 Ntle ho pelaelo a makalitsoe haholo ke sena, Rabshake a khutlela liahelong tsa Sankeribe, eo ka nako eo a neng a loantša Libna. (2 Marena 19:8) Hoba a utloe tlaleho ea Rabshake, Sankeribe a romela mangolo a tšosang ho Ezekiase, a lemosa: “Molimo oa hao oo u o tšepileng o se ke oa u thetsa ka ho re: Jerusalema a ke ke a neeloa matsohong a morena oa Assyria.” (2 Marena 19:9, 10) Hoba shoalane e tšoare, Jehova Molimo ka boeena a ikarabella ho sebui sa Assyria, Rabshake, ’me Eena ka boeena a arabela mangolo a tšosang a Sankeribe ho paka hore O moholo ho molimo oa ’muso oa bohatelli oa Baassyria. Qetello ea tlaleho ea taba ena, joalokaha e fanoe ho 2 Marena 19:35, e re: “Ka bona bosiu boo, ha tsoa lengeloi la Jehova, la bolaea batho ba likete tse lekholo le nang le mashome a robileng meno e ’meli a metso e mehlano liahelong tsa ba-Assyria. Eitse ha ba tsoha hosasa, ba bona e le litopo feela.” Hoseng ha Baassyria ba phonyohileng ba tsoha, ho akarelletsa Morena Sankeribe ’me mohlomong le Rabshake, ba bona pono e tšabehang ea mahlatsipa a ntoa le Jehova Molimo.
18. (a) Phello e bile efe ka Sankeribe ea meharo ea bophahamo? (b) Ke mohlala ofe oo tlaleho ee ea pale e fanang ka oona ho Lipaki tsa Jehova tsa kajeno?
18 A hlōtsoe mererong ea hae ea boikhohomoso khahlanong le mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova ’me a kokobelitsoe ka mokhoa o tšosang, Sankeribe a khutlela morao motse-moholo oa sechaba sa habo, Ninive “a hlabiloe ke lihlong” hore feela a eo bolaoa ke bara ba hae ba babeli. (2 Likronike 32:21; 2 Marena 19:36, 37) Ha ho mohla ’muso oa Assyria o kileng oa boela oa nyelisa mokhatlo o hlophisitsoeng o bonahalang oa Jehova. Ruri ke hona ho tlotlisoa ho kaholimo-limo ha borena ba bokahohleng ba Molimo o Holimo-limo. Ho feta moo, ho bolokeha ha Jerusalema ke mohlala o babatsehang o bontšang hore ke ho mang Lipaki tsa Jehova tsa kajeno li lokelang ho talima ka tšepo e feletseng bakeng sa khotso le tšireletseho tse sa feleng le tse sa ferekanang—e seng ho bofetoheli ba bopolotiki empa ho Jehova Molimo.
Ho Itebela
19. Mokhatlo oa Watch Tower o tla ’ne o tsoele pele ho etsa eng?
19 Ho u thusa hore u itebele, Mokhatlo oa Watch Tower o tla tsoela pele o lokollela batho ba balang litemoso tse nakong likhatisong tsa oona, e le hore phatlalatso e tlang ea boikaketsi ea “Khotso le tšireletseho” joalokaha li reriloe ke lichaba tsa tsamaiso ena ea lintho, e ke ke ea u fumana u sa itebela.
20. Ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova ho hang li ke ke tsa tlatsetsa ho itšetleha ka “Khotso le tšireletseho” tse tlang, ’me kahoo hona joale ke nako ea eng?
20 Lipaki tse ineetseng tsa Jehova ho hang li ke ke tsa tlatsetsa ho itšetleha ka “Khotso le tšireletseho” tseo lichaba tsa lefatše li tla li phatlalatsa ka tšepo; leha e le hore li ka thooletsa bareri ba “Khotso le tšireletseho” tse joalo tsa machaba ’me, ka nako e tšoanang, li ntse li e-na le Jehova Molimo. Li itebela khahlanong le ho thea selekane le lichaba tsa tsamaiso ena ea khale ea lintho. Ntle ho phoso li ikhopotsa hore “sechaba” se secha, se ikarotseng le se ikhethileng Selekaneng sa Lichaba, se ile sa tsoaloa selemong sa kamorao ho ntoa sa 1919. “Sechaba” sena se secha se tsoela pele ho hōla le ho atoloha lefatšeng lohle, joalokaha ho profetiloe ho Esaia 60:22: “E monyenyane ho bona o tla ata ho isa seketeng, ea nyatsehang a fetohe sechaba se sengata. ’Na Jehova, ke tla phakisa ke etse hoo ka nako ea teng.” E, hona joale ke nako ea hore bohle ba itebele khahlanong le “Khotso le tšireletseho” tse tlang joalokaha li reriloe ke lichaba.
U Ne U Tla Arabela Joang?
◻ Boitšoaro ba batho bohle e ka ’na ea e-ba bofe ka phatlalatso ea “Khotso le tšireletseho”?
◻ “Phetohelo” ea Esaia 8:12 e ne e tšoantšetsa eng?
◻ Machaba a Kopaneng a lahla batho joang hore ba se ke ba itebela?
◻ Ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova li ke ke tsa fumanoa li sa itebela?
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Ha ho pelaelo hore Machaba a Kopaneng a tla ba kapele-pele phatlalatsong e tlang ea “Khotso le tšireletseho!”
[Setšoantšo se leqepheng la 21]
Molaoli oa Assyria Rabshake o ile a nyenyefatsa Molimo oa Iseraele, empa phello e bontšitse hore khotso ea ’nete le tšireletseho ea ’nete li tsoa feela ho Jehova Molimo