Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g89 8/8 maq. 28-29
  • Na Mosodoma e ka ba Ministara oa Molimo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Mosodoma e ka ba Ministara oa Molimo?
  • Tsoha!—1989
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Baprista Iseraeleng
  • Tekanyetso ea Bokreste
  • ‘Ke Tla U Lahla’
  • Na ho Ratana ha Batho ba Bong bo Tšoanang ho ka Lokafatsoa?
    Tsoha!—2012
  • Bosodoma—Na Ehlile bo Bobe Hakaalo?
    Tsoha!—1995
  • Bosodoma Boikarabelo ba Baruti ke Bofe?
    Tsoha!—1989
  • Bibele e Re’ng ka ho Ratana ha Batho ba Bong bo Tšoanang?
    Tsoha!—2016
Bala Tse Ling
Tsoha!—1989
g89 8/8 maq. 28-29

Pono ea Bibele

Na Mosodoma e ka ba Ministara oa Molimo?

E NE E le ka Pherekhong 1987, ’me Robert Arpin o ne a bolaoa ke AIDS. Hoo, ka bohona, ho ne ho sa thahasellise. Empa Robert Arpin e ne e le moprista, e mong oa baruti ba eketsehang ba ipolelang phatlalatsa e le basodoma.

Lilemong tsa morao tjena basodoma ha ba tsoe feela “moo ba ntseng ba patehile mahlong a sechaba” empa hape ba tsoa le likolong tsa boruti. Seithuti sa sehlopha se secha sa Koleche ea Boruti sa K’hatholike United States se bolelletse National Catholic Reporter: “Ke lekanyetsa hore karolo ea 60 ho isa ho 70 lekholong ea liithuti tseo ke kenang sekolo le tsona ke basodoma ’me palo e tšoanang e sekolong sa thupelo ea boruti.” Ha Anthony Kosnick, mongoli oa Human Sexuality, a hlalosa ka tšekamelo ea bosodoma likolong tsa thupelo ea boruti, o itse: “Bo tloaelehile ho feta kamoo ke neng ke nahana kateng.”

Malumeli a fapaneng a hlahisitse letoto le lelelele la lipono mabapi le haeba mosodoma a lokela ho ba mosebeletsi kapa che. Leha ho le joalo, batho ba bangata ha ba thahaselle likhopolo tse theiloeng litšekamelong tsa kajeno empa, ho e-na le hoo, ho seo Bibele e se buang. Kahoo, tekanyetso ea Molimo ke efe bakeng sa basebeletsi (liministara)? Na mosodoma oa tšoaneleha?

Baprista Iseraeleng

Iseraeleng ea boholo-holo tekanyetso bakeng sa boprista ba Jehova Molimo e ne e phahame. (Levitike, khaolo 21) Kaha ba ne ba emela Ea Halalelang ka ho Fetisisa, ba ne ba lokela ho ipoloka ba hloekile moeeng, ’meleng, le boitšoarong. “Eng le eng e ka amang aletare e khethehile,” Molimo o laetse. Kahoo, ha moprista e moholo oa pele oa Iseraele, Aarone, le bara ba hae ba beoa bopristeng, mokete oa bolumeli oa matsatsi a supileng o ile oa tšoaroa ho ba khethela mosebetsi oa bona o halalelang.—Exoda 29:37.

Hape baprista ba ne ba ikarabella ka ho ruta Molao oa Molimo ’me, hammoho le baahloli, ba ne ba lokela ho bona hore o ne o etsoa. (Malakia 2:7) Se neng se kopanyelletsoa Molaong oo e ne e le kahlolo e hlakileng bakeng sa bosodoma. Molimo o laetse: “Ekare ha monna a robetse le monna e mong, joale ka ha ho robaloa le mosali, ba entse ba babeli ntho e manyala, ba tla bolaoa.” (Levitike 20:13) Baprista ba ne ba lokela ho phela ka Molao o tšoanang.

Haeba baprista ba ne ba hlōleha ho emela molao oa Molimo, ba ne ba ahloloa, joaloka tabeng ea moprista e mong e moholo, Eli, le bara ba hae ba babeli ba neng ba hloka boitšoaro. (1 Samuele 2:12-35; 4:17, 18) Hamorao, mehleng ea moprofeta Ezekiele, Jehova o itse: “Baprista ba [Iseraele] ba tlola molao oa ka, ba silafatsa lihalalelo tsa ka.” Ka lebaka la sena, Molimo o ile oa ba lahla.—Ezekiele 22:26, 31.

Tekanyetso ea Bokreste

Tekanyetso ea ba etellang pele borapeling phuthehong ea Bokreste le eona e phahame. Har’a litšoaneleho tse thathamisitsoeng ka Bibeleng, hlokomela tsena: “a hloke sekoli,” “a be le phalimeho,” “le masene,” “a lokele ho ruta,” “a be le bopaki bo botle ho tsoa ho ba ka ntle.” (1 Timothea 3:1-7) Ka lebaka leo, molebeli oa Mokreste haa lokela ho nyatseha. Pono ea hae ka liketso tse loketseng le tse sa lokelang e lokela ho theoa Bibeleng, ’me boitšoaro ba hae ha boa lokela ho koala likelello tsa bao a batlang ho ba ruta. Na mosodoma o finyella litekanyetso tseo tsa Mangolo?

Pele moapostola Pauluse a ngola likeletso tse ka holimo, o lemositse Timothea ka litho tse ling tse neng li batla “ho ba baruti ba molao.” Timothea o ne a lokela ho laela baferekanyi bana ba tumelo ‘hore ba se ke ba ruta thuto esele.’ Ho tsoela pele, o lemositse Timothea ka “ba khopo le ba hanang ho utloa, le ba hanang litaba tsa Molimo, le baetsalibe,” ’me a hlalosa ka ho toba “basodoma” e le ba furallang thuto ea pholoho.’ (1 Timothea 1:3-11) Ka sebele, ea etellang phutheho pele borapeling haa lokela ho khina lithuto tse molemo tsa Bibele ebang ke ka lipuo tsa hae kapa mokhoa oa hae oa bophelo.—Bapisa Ba-Roma 2:21.

Matla a temoso ena a boetse a bonoa ho seo Pauluse a neng a se ngolletse Tite ha a le Kreta. Ha a fana ka lintho tse hlokoang ho “baholo ba hlomamisitsoeng” (King James Version), o ngotse hore ‘ba hloke sekoli,’ ‘ba loke,’ ‘ba phele ka boitšoaro,’ ‘ba tiee thutong ea ’nete joalokaha e rutiloe.’ (Tite 1:5-9) Se neng se kopanyelletsoa ‘thutong eo ea ’nete’ ke lengolo la pelenyana la Pauluse le neng le ea ho Bakreste ba Korinthe, le bolelang hore “basodoma” ba ke ke ba rua lefa la ’Muso oa Molimo. (1 BaKorinthe 6:9, 10) Ho tšoarella ‘thutong ea ’nete’ ho ne ho tla nolofalletsa ministara (mosebeletsi) “ho khalemela ba hanyetsang.” (Tite 1:9, NW) Ke joang ministara ea mosodoma e ka khalemelang ba bang haeba mokhoa oa eona oa bophelo o hanyetsa “thuto ea ’nete”? Ka ho fapaneng, moapostola Petrose o boletse ka “baruti ba bohata” bao ‘ba bangata ba neng ba tla ba latela bohloleng ba bona.’—2 Petrose 2:1, 2.

‘Ke Tla U Lahla’

Nahana ka sena hape: Ponong, moprofeta Zakaria oa lekholong la botšelela la lilemo B.C.E. o bone moprista e moholo Joshua a apere liaparo tse silafetseng. Ke joang a neng a ka li hloekisa hore a tsoele pele e le moprista? Molimo o itse: “Haeba u mamela melao ea ka ’me u etsa mesebetsi eo ke u abetseng eona, joale u tla tsoela pele u ikarabella ka Tempele ea ka.” (Zakaria 3:7, Today’s English Version) Ho batho ba hlōlehang ho mamela melao ea Molimo, ho kopanyelletsa le melao e thibelang liketso tsa bosodoma, Molimo o re: “Hobane tsebo ke eona eo u e lahlileng, le uena ke tla u lahla hore u se sebeletse u le moprista oa ka.”—Hosea 4:6, NW.

Kahoo, na mosodoma e ka ba ministara oa Jehova Molimo? Che. Batho ba sa tšoaneleheng ho ea ka “thuto ea pholoho” e teng ka Bibeleng hase liministara tsa ’nete tsa Molimo.—Tite 2:1; 1 Timothea 1:10; bona hape Ba-Roma 1:24-27, 32.

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

Ke joang ministara e ka rutang ba bang ka ho nepahetseng ha mokhoa oa eona oa bophelo o hanana le ‘thuto ea ’nete’?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela