KHAOLO EA 13
Le Etse Lintho Tsohle Bakeng sa Thoriso ea Molimo”
KAHA re bahlanka ba Molimo ba inehetseng, re lokela ho tlotlisa Jehova ka seo re se buang le seo re se etsang. Moapostola Pauluse o ile a fana ka molao-motheo oo re ka o latelang ’me a re: “Ebang lea ja kapa lea noa kapa le etsa ntho leha e le efe e ’ngoe, le etse lintho tsohle bakeng sa thoriso ea Molimo.” (1 Bakor. 10:31) Sena se akarelletsa hore re khomarele melao ea Jehova e bonahatsang botho ba hae. (Bakol. 3:10) Kaha rea halalela, re lokela ho etsisa Molimo.—Baef. 5:1, 2.
2 Ha moapostola Petrose a hlokomelisa Bakreste ka sena o ile a re: “Joaloka bana ba mamelang, le khaotse ho ba ka sebopeho sa litakatso tseo le neng le e-na le tsona pele ho hlokeng tsebo ha lona, empa, tumellanong le Mohalaleli ea le bitsitseng, le lona le fele le halalele boitšoarong bohle ba lona, hobane ho ngoliloe: ‘Le halalele, hobane kea halalela.’ ” (1 Pet. 1:14-16) Molimo o lebeletse hore Bakreste bohle ka phuthehong ba halalele joalokaha Baiseraele ba boholo-holo ba ne ba halalela. Sena se bolela hore ba lokela ho lula ba hloekile, ba sa silafatsoa ke sebe le ho rata lintho tsa lefatše. Kahoo ba ka khetheloa ho etsa tšebeletso e halalelang.—Ex. 20:5.
3 Ha re mamela melao le melao-motheo ea Jehova e ka Mangolong a Halalelang, re bontša hore re batla ho halalela. (2 Tim. 3:16) Bibele e re rutile ka Jehova le ka litsela tsa hae, ’me seo se ile sa re hulela ho eena. E boetse e re kholisitse hore re lokela ho batla ’Muso oa Molimo pele le ho etsa hore thato ea Jehova e be ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba rona. (Mat. 6:33; Bar. 12:2) Kahoo re ile ra lokela ho apara botho bo bocha.—Baef. 4:22-24.
HO BA LE KAMANO E NTLE LE MOLIMO LE HO HLOEKA BOITŠOARONG
4 Hase kamehla ho leng bonolo ho phela ka melao ea Jehova. Mohanyetsi oa rona, Satane Diabolose, o batla hore re khaotse ho sebeletsa Molimo. Ka linako tse ling tšusumetso e mpe ea lefatše le ho sekamela ha rona sebeng, ke tsona tse re thatafalletsang ho phela ka melao ea Jehova. E le hore re phelele boinehelo ba rona, re lokela ho loanela hore re lule re e-na le kamano e ntle le Molimo. Mangolo a re bolella hore re se ke ra makala ha re tobana le khanyetso kapa liteko. Re tlameha ho utloa bohloko ka lebaka la ho loka. (2 Tim. 3:12) Rea thaba ha re lekoa, kaha rea tseba hore liteko tseo li bontša hore re etsa thato ea Molimo.—1 Pet. 3:14-16; 4:12, 14-16.
5 Le hoja Jesu a ne a phethahetse, o ile a ithuta ho mamela le hoja a ne a utloisoa bohloko. Ha ho mohla a ileng a inehela litekong tsa Satane kapa a qala ho rata lintho tsa lefatše. (Mat. 4:1-11; Joh. 6:15) Le hoja botšepehi ba hae bo ile ba etsa hore lefatše le mo hloee, o ile a khomarela melao ea Jehova. Nakoana pele ho lefu la hae, Jesu o ile a lemosa barutuoa ba hae hore le bona ba ne ba tla hlouoa ke lefatše. Ho tloha ka nako eo, balateli ba Jesu ba ’nile ba hlorisoa, empa ba sebete hobane baa tseba hore Mora oa Molimo o ile a hlola lefatše.—Joh. 15:19; 16:33; 17:16.
6 Re lokela ho etsisa Jesu ka hore re khomarele melao ea Jehova ’me re se ke ra ba karolo ea lefatše. Ntle le ho qoba ho itšunya-tšunya litabeng tsa lipolotiki le litsekisanong tsa sechaba, re lokela ho qoba ho kenella boitšoarong bo hlephileng. Re nka keletso e ho Jakobo 1:21 e le ea bohlokoa ha e re: “Lahlang litšila tsohle le ntho eo e ngata haholo, bobe, ’me le amohele ka bonolo ho hlongoa ha lentsoe le khonang ho pholosa meea ea lona.” Haeba re ithuta ’me re e-ba teng libokeng, ‘lentsoe le ka hlongoa’ likelellong le lipelong tsa rona, kahoo re ke ke ra lakatsa lintho tsa lefatše. Morutuoa Jakobo o ile a ngola a re: “Na ha le tsebe hore setsoalle le lefatše ke bora ho Molimo? Ka hona, mang kapa mang ea batlang ho ba motsoalle oa lefatše o iketsa sera sa Molimo.” (Jak. 4:4) Ka hona, Bibele e re eletsa hore re khomarele melao ea Jehova ’me re lule re ikarotse lefatšeng.
7 Lentsoe la Molimo le re lemosa hore re se ke ra etsa lintho tse hlabisang lihlong le boitšoaro bo bobe. Le re ho rona: “Bohlola le ho se hloeke ha mofuta o mong le o mong kapa meharo le ho boleloa li se ke tsa boleloa har’a lona, feela joalokaha ho tšoanela batho ba halalelang.” (Baef. 5:3) Kahoo, re lokela ho qoba ho lula re nahana ka lintho tse nyonyehang, tse hlabisang lihlong kapa tse litšila, ’me re se ke ra qoqa ka tsona. Ha re etsa sena re bontša hore re batla ho khomarela melao ea Jehova ea boitšoaro.
HO HLOEKA ’MELENG
8 Bakreste baa elelloa hore ba lokela ho itšoara hantle, ba be le kamano e ntle le Molimo ba be ba hloeke ’meleng. Iseraeleng ea boholo-holo, Molimo ea halalelang o ne a batla hore liahelo li lule li hloekile. Ka ho tšoanang, re lokela ho hloeka e le hore Jehova “a se ke a bona letho le sa hlompheheng” ho rona.—Deut. 23:14.
9 Khalalelo le ho hloeka ’meleng lia tsamaisana ka Bibeleng. Ka mohlala, Pauluse o ile a ngola a re: “Baratuoa, a re itlhatsoeng litšila tsohle tsa nama le tsa moea, re phethahatse khalalelo ka ho tšaba Molimo.” (2 Bakor. 7:1) Ka lebaka leo, Bakreste ba lokela ho leka kahohle hore ba lule ba hloekile. Le hoja maemo a linaha a fapane, motho e mong le e mong a ka ba le metsi le sesepa e le hore a lule a hloekile hammoho le bana ba hae.
10 Ka lebaka la mosebetsi oa rona oa ho paka, hangata rea tsebahala sebakeng seo re lulang ho sona. Ha mahae a rona a lula a hloekile, baahelani ba rona ba tla bona hore re Bakreste ba ’nete. E mong le e mong ka lapeng o na le boikarabelo ba ho boloka lehae le hloekile. Bo-ntate ke bona ba lokelang ho hloekisa jarete kaha batho ba rata jarete e makhethe le lehae le hlokometsoeng hantle. Ha ba etsa sena ba bile ba ruta ba malapa a bona ka Jehova, ba bontša hore ba okamela ba matlo a bona hantle joaloka lihlooho tsa malapa. (1 Tim. 3:4, 12) Bo-’mè le bona ba na le boikarabelo ba ho etsa mesebetsi e meng, haholo-holo ea ka tlung. (Tite 2:4, 5) Bana ba koetlisitsoeng hantle ba lokela ho lula ba hloekile ’me ba hloekise likamore tsa bona. Kahoo lelapa le sebelisana hammoho ho ithuta mekhoa e loketseng lefatše le lecha.
11 Kajeno Lipaki Tsa Jehova tse ngata li ea libokeng ka likoloi. Libakeng tse ling, bahoeletsi ba tlameha ho ea ka koloi tšimong. Koloi eo e lokela ho lula e hloekile e bile e le boemong bo loketseng tsela. Mahae a rona le likoloi tsa rona li lokela ho bontša hore re bahlanka ba Jehova ba hloekileng. Mekotlana ea rona ea tšimo le Libibele li lokela ho ba boemong bo botle.
12 Tsela eo re aparang ka eona le eo re itlhophang ka eona e lokela ho lumellana le melao-motheo ea Molimo. Re ke ke ra rata ho apara hampe kapa habohlasoa ha re il’o kopana le motho oa boemo bo phahameng. Ka hona, re lokela ho apara ka tsela e hlomphehang ha re ea tšimong kapa re il’o beha puo. Tsela eo re aparang le ho itokisa ka eona e ka ama tsela eo batho ba talimang borapeli ba Jehova. Ka sebele e ke ke ea e-ba ho loketseng ho etsa lintho ka tsela e sa hlompheheng kapa e sa nahaneleng ba bang. (Mik. 6:8; 1 Bakor. 10:31-33; 1 Tim. 2:9, 10) Kahoo, ha re itokisetsa ho ea tšimong kapa libokeng tsa phutheho, likopanong, re lokela ho hopola seo Mangolo a se buang ka ho hloeka ’meleng le ho itokisa hantle. Re batla ho hlompha Jehova le ho mo tlotlisa ka linako tsohle.
Kaha re bahlanka ba Molimo ba inehetseng, re lokela ho tlotlisa Jehova ka seo re se buang le seo re se etsang
13 Re lokela ho hloeka le ho apara ka makhethe ha re etela ntlo-kholo kapa ofising ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova. Hopola hore lebitso Bethele le bolela “Ntlo ea Molimo.” Kahoo ha re ea teng re lokela ho apara le ho itšoara ka tsela e tšoanang le ha re ea libokeng.
14 Esita le linakong tsa boikhathollo, re lokela ho ela hloko tsela eo re aparang le ho itokisa ka eona. Re ka ’na ra ipotsa, ‘Na ke ne ke tla hlajoa ke lihlong hore ke pake ka lebaka la tsela eo ke apereng ka eona?’
BOIKHATHOLLO LE BOITHABISO
15 E le hore motho a etse lintho ka teka-tekano a be a phele hantle, o lokela ho phomola le ho ikhatholla. Ka lekhetlo le leng Jesu o ile a mema barutuoa ba hae hore ba ee le eena sebakeng se ka thoko hore ba “phomole hanyenyane.” (Mar. 6:31) Ho phomola hammoho le ho ikhatholla kapa ho ithabisa ka tsela e hlomphehang, li ka re imolla kelellong ka nakoana. Li ka re khatholla e le hore re tsoele pele ka mosebetsi oa rona o tloaelehileng.
16 Kaha mehleng ena batho ba ikhatholla ka litsela tse ngata, Bakreste ba lokela ho ikhatholla ka tsela e lumellanang le melao ea Molimo. Ke ’nete hore boikhathollo bo na le sebaka sa bona bophelong, empa hase eona ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa. Rea lemosoa hore “matsatsing a ho qetela,” batho e tla ba “ba ratang menyaka ho e-na le ho rata Molimo.” (2 Tim. 3:1, 4) Batho ba lakatsang ho khomarela melao ea Jehova ba qoba boikhathollo le boithabiso bo bongata ba kajeno.
17 Bakreste ba pele ba ne ba qoba ho ba har’a batho ba etsang lintho tse mpe. Meketeng ea boithabiso ea Maroma batho ba ne ba rata ho shebella lipapali tse mabifi, tse bontšang batho ba bolaoang le ba etsang boitšoaro bo bobe ba ho kopanela likobo, empa Bakreste ba pele ba ne ba qoba lintho tse joalo. Boholo ba boithabiso ba lefatše la kajeno bo akarelletsa lintho tse tšoanang ’me bo khotsofatsa litakatso tse litšila tsa batho. Re lokela ho ‘lula re lebetse ka tieo’ hore na re tsamaea joang e le hore re furalle boithabiso bo hlephisang boitšoaro. (Baef. 5:15, 16; Pes. 11:5) Le hoja boithabiso bo se bobe, bo ka ’na ba ba libakeng tse belaetsang.—1 Pet. 4:1-4.
18 Ho na le boikhathollo le boithabiso bo loketseng Bakreste. Ba bangata ba ruile molemo ka ho latela keletso ea Mangolo le litlhahiso tse ntle tse ka fumanoang ka har’a lingoliloeng tsa rona.
19 Ka linako tse ling, malapa a ’maloa a ka memeloa lelapeng le itseng la Bakreste ho ea ikhatholla le lona. Kapa bara le barali babo rona ba ka memeloa lechatong kapa boithabisong. (Joh. 2:2) Beng ba mokete ba lokela ho hlokomela hore baa ikarabella ka ntho leha e le efe e tla etsahala moketeng oa bona. Ho hlakile hore ho hlokahala kelo-hloko ha batho ba bangata ba bokana hammoho. Kaha batho ba bang ba ka itšoara ka tsela e sa lokelang Bakreste, ba ja le ho noa ho tlola kapa ba etsa le liphoso tse ling tse kholo. Kahoo, Bakreste ba nang le temoho ba bone ho le molemo ho fokotsa lenane la batho le nako ea lipokano tse joalo. Haeba ho e-na le lino tse tahang, ba li noang ha baa lokela ho li noa ho feta tekano. (Bafil. 4:5) Haeba batho ba lokiselitseng boithabiso bo joalo ba tiisa hore bo matlafatsa ba bang tumelong ebile boa ba khatholla, lijo le lino li ke ke tsa nkoa e le tsa bohlokoa haholo.
20 Ke ntho e ntle ho ba le moea oa ho amohela baeti. (1 Pet. 4:9) Ha re memela Bakreste ba bang malapeng a rona bakeng sa lijo, boikhathollo le botsoalle, re lokela ho hopola bao e ka ’nang eaba ba kojoana li mahetleng. (Luka 14:12-14) Haeba re menngoe re lokela ho itšoara ka tsela e lumellanang le keletso e ho Mareka 12:31. Ke hantle hore kamehla re lebohe ha ba bang ba re bontša mosa.
21 Bakreste ba thabela lintho tse molemo tseo Molimo a ba fang tsona le ho tseba hore ba ka ‘ja ’me ba noa le ho bona se molemo bakeng sa mosebetsi oohle oa bona o thata.’ (Moek. 3:12, 13) Ha re ‘etsa lintho tsohle bakeng sa thoriso ea Molimo,’ batho ba re memmeng le ba menngoeng ba tla hopola ketsahalo eo ka thabo.
LINTHO TSE ETSOANG KA MOR’A SEKOLO
22 Bana ba Lipaki Tsa Jehova ba rua molemo ha ba fumana thuto ea motheo. Ha ba ntse ba kena sekolo, ba thahasella ho ithuta ho bala le ho ngola hantle. Lithuto tse ling tse rutoang sekolong li ka thusa bacha ha ba ntse ba hahamalla ho etsa mesebetsi e itseng ka phuthehong. Kahoo, ha ba ntse ba kena sekolo, ba tla etelletsa pele tšebeletso ea bona ho Jehova kaha sepheo sa bona ke ho ‘hopola ’Mopi oa bona e Moholo.’—Moek. 12:1.
23 Haeba u mocha oa Mokreste ea kenang sekolo, u be seli hore u se ke oa tloaelana le bacha bao e seng Lipaki. (2 Tim. 3:1, 2) Kaha Jehova o fane ka se hlokahalang ho u sireletsa, ho na le lintho tse ngata tseo u ka li etsang ho qoba tšusumetso ea lefatše. (Pes. 23:4; 91:1, 2) Kahoo, e le hore u itšireletse, sebelisa litokisetso tsa Jehova hamolemo.—Pes. 23:5.
24 Bacha ba bangata ba Lipaki ba kenang sekolo ba khetha hore ba se ke ba etsa lintho tse etsoang ka mor’a sekolo tse sa amaneng le mosebetsi oa sekolo e le hore ba lule ba arohile lefatšeng. Liithuti-’moho le uena le matichere ba ka ’na ba se ke ba utloisisa hore na ke hobane’ng ha u etsa joalo. Leha ho le joalo, ho thabisa Molimo ke hona hoo e leng habohlokoa. Sena se bolela hore u tla sebelisa letsoalo la hao le koetlisitsoeng ke Bibele ’me u qobe litlholisano le mekhoa e bontšang moea oa bochaba. (Bagal. 5:19, 26) Bacha, ha le mamela keletso ea Mangolo eo batsoali ba lona ba tšabang Molimo ba le fang eona ’me le tloaelana le batho ba mekhoa e metle ka phuthehong, le tla khona ho khomarela melao ea Jehova.
MOSEBETSI LE METSOALLE
25 Bo-ntate ba tlangoa ke Mangolo hore ba hlokomele litho tsa malapa a bona. (1 Tim. 5:8) Leha ho le joalo, joaloka basebeletsi, baa hlokomela hore mosebetsi oa bona oa boipheliso hase oa bohlokoa ho feta ho phehella mesebetsi e amanang le ’Muso. (Mat. 6:33; Bar. 11:13) Ba sebeletsa Molimo ka botšepehi ’me ba khotsofalla lijo le liaparo tseo ba nang le tsona, kahoo ba qoba matšoenyeho le maraba a bophelo ba ho rata maruo.—1 Tim. 6:6-10.
26 Bakreste bohle ba inehetseng ba sebetsang ba lokela ho hopola melao-motheo ea Mangolo. Re bontša hore re hlompha melao ea Molimo kapa ea naha ka ho sebetsa mesebetsi e sa belaetseng. (Bar. 13:1, 2; 1 Bakor. 6:9, 10) Re lokela ho hopola hore ho tloaelana le batho ba mekhoa e mebe ho kotsi. Joaloka masole a Kreste, re qoba mekhoa ea khoebo e khahlanong le melao ea Molimo, e re sitisang ho tšepahala ho Jehova, kapa e ka senyang kamano ea rona le eena. (Esa. 2:4; 2 Tim. 2:4) Ebile ha ho moo re kopanang le “Babylona e Moholo,” sera sa Molimo sa bolumeli.—Tšen. 18:2, 4; 2 Bakor. 6:14-17.
27 Re tla be re bontša hore re boloka melao ea Molimo haeba re qoba ho buella likhoebo tsa rona kapa ho bua ka litaba tseo e seng tsa bohlokoa ha re le libokeng. Sepheo sa botsoalle ba rona le batho ba bang libokeng, likopanong tse kholo le tse nyenyane, ke ho rapela Jehova. Re thabela ho rutoa ke eena le ho “khothatsana.” (Bar. 1:11, 12; Baheb. 10:24, 25) Sena se bolela hore re lokela ho qoqa ka lintho tse matlafatsang tumelo.
HO BA BONNGOENG
28 Jehova o boetse o batla hore batho ba hae ba ‘boloke bonngoe ba moea ka tlamo e kopanyang ea khotso.’ (Baef. 4:1-3) Ha rea lokela ho ikhahlisa, empa kaofela re lokela ho phehella se molemong oa ba bang. (1 Bathes. 5:15). Ha ho pelaelo hore ona ke moea oo u o boneng phuthehong ea heno. Ho sa tsotellehe morabe, bochaba, boemo sechabeng, boemo ba moruo kapa ba thuto, bohle re laoloa ke melao e tšoanang. Esita le batho bao e seng Lipaki ba hlokometse tsela ena e ikhethang eo batho ba Jehova ba itšoarang ka eona.—1 Pet. 2:12.
29 Moapostola Pauluse o ile a hatisa hore re lokela ho ba bonngoeng, ha a re: “Ho na le ’mele o le mong, le moea o le mong, esita le joalokaha le ile la bitsoa ka tšepo e le ’ngoe eo le ileng la bitsetsoa ho eona; Morena o mong, tumelo e ’ngoe, kolobetso e ’ngoe; Molimo o mong le Ntate oa batho bohle, ea okametseng tsohle le ho pholletsa le tsohle le ho tsohle.” (Baef. 4:4-6) Sena se bolela hore re lokela ho utloisisa lithuto tsa Bibele ka tsela e tšoanang re be re kheme le liphetoho tse etsoang ke mokhatlo oa Jehova lithutong tsa Bibele ho bontša hore re hlompha bobusi ba hae. Ka sebele Jehova o file batho ba hae puo e hloekileng ea ’nete, e ba nolofalletsang hore ba sebetse mahetla a bapile.—Sof. 3:9.
30 Bonngoe le khotso ea phutheho ea Bokreste li khatholla bohle ba rapelang Jehova. Re bone ha tšepiso ena ea Jehova e phethahala ha a re: “Ke tla ba beha bonngoeng, joaloka mohlape ka lesakeng.” (Mik. 2:12) Re batla ho boloka bonngoe bona bo nang le khotso ka hore re khomarele melao ea Jehova e lokileng.
31 Batho ba ntseng ba kena ka phuthehong ea Jehova e hloekileng ba thabile e le kannete. Ho bitsoa ka lebitso la Jehova ke habohlokoa ho feta ntho leha e le efe. Ha re ntse re bolokile kamano e ntle le Jehova, re tla ikitlaelletsa ho khomarela melao ea hae ’me re bolelle ba bang ka eona.—2 Bakor. 3:18.