Alexandrine Codex
ALEXANDRINE CODEX e bile eona ea pele ea libuka tsa Bibele tse ka sehloohong tse ngotsoeng ka letsoho e ileng ea etsoa hore e fumanehe hore liithuti li ka e sebelisa. Ho sibolloa ha eona ho ile ha isa ho hlahlobisisoeng ho molemo ha litemana tsa Bibele tsa Segerike molemong oa bafetoleli bohle ba neng ba tla latela ba Mangolo a Halalelang. E ile ea sibolloa neng hona joang?
Kyrillos Loukaris, mopatriareka oa Alexandria, Egepeta, e ne e le ’mokelli e moholo oa libuka, ’me ka selemo sa 1621, ha e e-ba mopatriareka oa Constantinople, Turkey, o ile a tsamaea le Alexandrine Codex. Leha ho le joalo, ka morusu o neng o le Bochabela bo Hare, le ka pelaelo ea hore buka ena e ngotsoeng ka letsoho e ka ’na ea senngoa haeba e ka oela matsohong a Masolomane, Loukaris o ile a ikutloa hore e ka sireletseha hamolemonyana Engelane. Ka hona, ka 1624 o ile a e fa lenģosa la Brithani le neng le le Turkey e le mpho e eang ho morena oa Manyesemane, James I. Morena enoa o ile a shoa pele a neoa buka ena e ngotsoeng ka letsoho, ka hona lilemo tse tharo hamorao, e ile ea neoa mohlahlami oa hae, Charles I.
Na buka ee e ngotsoeng ka letsoho e ne e le ea bohlokoa joalokaha Kyrillos Loukaris a ne a ikutloa? E. E ngotsoe karolong e qalang ea lekholo la bohlano la lilemo C.E. Ho hlakile hore e ngotsoe ke bakopitsi ba bangata, ’me buka ena e ’nile ea lokisoa nako le nako. E ngotsoe letlalong le bonolo, leqephe ka leng le na le likarolo tse peli, ka mongolo oa litlhaku tse khōlō o sa arolang mantsoe. Ha e na karolo e khōlō ea Mattheu, joalokaha ho le joalo ka likarolo tse ling tsa Genese, Lipesaleme, Johanne, le 2 Ba-Korinthe. Hona joale ka molao e bitsoa Codex A, e na le maqephe a 773 ’me e lutse e le bopaki ba pelenyana ba bohlokoa haholo.
Libuka tse ngata tsa Bibele tse ngotsoeng ka letsoho li ka beoa ka lihlopha, kapa ka malapa, ka lebaka la tšoano e pakeng tsa tsona. Tšoano ena e hlahile ha bakopitsi ba iketsetsa likopi tsa bona ho tsoa mohloling o tšoanang kapa likoping tse batlang li tšoana. Leha ho le joalo, Alexandrine Codex eona, ho bonahala bakopitsi ba ne ba amehile ka ho bokella liphetolelo tse tsoang lihlopheng tse fapaneng e le hore ho ka lokisetsoa buka e molemo kamoo ho ka khonehang. Ha e le hantle, e ipakile e le ea khalenyana le e molemonyana ho feta libuka leha e le life tse ngotsoeng ka letsoho tsa Segerike tse ileng tsa sebelisoa e le motheo bakeng sa King James Version ea 1611.
Phetolelo ea Alexandrine Codex ea 1 Timothea 3:16 e ile ea tsosa khang e khōlō ha e phatlalatsoa. King James Version mona e re: “Molimo o bonahetse nameng,” ha e bua ka Kreste Jesu. Empa bukeng ena ea boholo-holo, khutsufatso bakeng sa “Molimo,” e entsoeng ka litlhaku tse peli tsa Segerike “ΘC,” ho bonahala tšimolohong e ne e baleha e le “ΟC,” lentsoe le sebetsang bakeng sa “eo.” Ka ho totobetseng, hona ho ne ho bolela hore Kreste Jesu e ne e se “Molimo.”
Ho ile ha nka lilemo tse fetang 200 le ho sibolloa ha libuka tse ling tsa khalenyana tse ngotsoeng ka letsoho ho tiisa hore phetolelo ea “eo” kapa “e leng ea” ke eona e nepahetseng. Bruce M. Metzger ho Textual Commentary on the Greek New Testament ea hae o fihlela qeto ena: “Ha ho mongolo leha e le ofe oa litlhaku tse khōlō oa pelenyana ho lekholo la borobeli kapa la borobong la lilemo . . . o tšehetsang θεός [the·osʹ]; liphetolelo tsohle tsa boholo-holo li na le maikutlo a hore e ne e le ὅς kapa ὅ; ’me ha ho mongoli le ea mong oa bo-ntate ba kereke oa pele ho lilemo tsa ho qetela tse mashome a mabeli a metso e mehlano tsa lekholo la bone la lilemo ea pakang phetolelo ea θεός [the·osʹ].” Kajeno, liphetolelo tse ngata li lumellana le sena ka ho siea tšupiso leha e le efe e buang ka “Molimo” temaneng ena.
Ka 1757 Ntlo ea Polokelo ea Libuka ea Borena ea morena e ile ea fetoha karolo ea Ntlo ea Polokelo ea Libuka ea Brithani, ’me buka ena e ntle hona joale e papanehiloe ka ho hlakileng phaposing ea libuka tse ngotsoeng ka letsoho ea Ntlo ea Polokelo ea Lintho tsa Khale ea Brithani. Ke letlotlo le tšoaneloang ke ho bonoa.