Etsa Hore Tsoelo-pele ea Hao e Bonahale
1 Ak’u hopole morao nakong eo u neng u qala ho utloa molaetsa oa ’Muso. Linnete tse bonolo li ile tsa susumetsa takatso ea hao hore u be le tsebo le kutloisiso. Kapele-pele u ile ua khona ho hlokomela tlhokahalo ea ho etsa liphetoho tseleng ea hao ea bophelo hobane litsela tsa Jehova li phahame haholoanyane ho feta litsela tsa hao. (Esa. 55:8, 9) U ile ua tsoela pele, ua nehela bophelo ba hao, ’me ua kolobetsoa.
2 Esita le ka mor’a hore u tsoele pele moeeng, ho ne ho ntse ho e-na le bofokoli bo bong boo u neng u lokela ho bo hlōla. (Ba-Roma 12:2) Mohlomong u ne u tšaba batho, e leng sona se neng se etsa hore u tsila-tsile ho kopanela tšebeletsong ea tšimo. Kapa mohlomong u ne u haelloa ho bonahatsa litholoana tsa moea oa Molimo. Ho e-na le ho ikema pele, u ile ua ikemisetsa ho tsoela pele ka ho ipehela lipakane tsa puso ea Molimo.
3 Mohlomong hona joale ho fetile lilemo tse ngata esale u inehela. Ha u talima morao, ke tsoelo-pele efe eo u e bonang ho uena? Na u finyeletse tse ling tsa lipakane tsa hao? Na u sa ntse u e-na le cheseho e tšoanang le eo u neng u e-na “le eona qalong”? (Ba-Heb. 3:14, BPN) Timothea e ne e se e le Mokreste ea hōlileng tsebong ea nang le phihlelo ea lilemo tse ngata ha Pauluse a ne a mo phehella: “Tebisa monahano oa hao ka hloko linthong tsena; u li thuise‚ hore tsoelo-pele ea hao e tle e bonahale ho batho bohle.”—1 Tim. 4:15, NW.
4 Ho Hlokahala ho Itlhahloba: Ha re nahanisisa ka tsela ea rōna ea nakong e fetileng, na re fumana re sa ntse re e-na le bofokoli bo bong boo re neng re e-na le bona ha re ne re qala? Na re hlōlehile ho finyella tse ling tsa lipakane tseo re neng re ipehetse tsona? Haeba ho joalo, ke hobane’ng? Le haeba re ne re e-na le boikemisetso bo botle, mohlomong re ile ra lieha ho etsa lintho. Mohlomong re lumelletse lipelaelo tsa lefatše kapa likhatello tsa tsamaiso ena ho re ema pele.—Luka 17:28-30.
5 Le hoja ho se letho leo re ka le etsang ka nako e fetileng, ka sebele re ka etsa ho hong ka nako e tlang. Ka botšepehi re ka itlhahloba, ra hlokomela moo re haelloang teng ’me ra etsa boiteko bo matla ba ho ntlafatsa. Mohlomong ho ka ’na ha hlokahala hore re ntlafatse tabeng ea ho bonahatsa litholoana tsa moea oa Molimo tse kang boitšoaro, bonolo kapa mamello. (Ba-Gal. 5:22, 23) Haeba re thatafalloa ho sebetsa hammoho le ba bang kapa re hlōleha ho sebelisana le baholo, ke habohlokoa hore re hlaolele boikokobetso le moea o fatše.—Ba-Fil. 2:2, 3.
6 Na re ka etsa hore tsoelo-pele ea rōna e bonahale ka ho hahamalla litokelo tsa tšebeletso? Ka lebaka la boiteko bo eketsehileng, baena ba ka tšoaneleha ho ba bahlanka ba sebeletsang kapa baholo. Ba bang ho rōna re ka khona ho ngolisa joaloka bo-pula-maliboho ba kamehla. Ho ba bang ba bangata haholo, bopula-maliboho bo thusang e ka ba pakane e ka finyelloang. Mohlomong ba bang ba ka etsa boiteko bo matla ba ho ntlafatsa litsela tsa thuto ea botho, ho kopanela ka mafolo-folo haholoanyane libokeng tsa phutheho kapa ho ba bahoeletsi ba phutheho ba behang haholoanyane.
7 Ke boikarabelo ba e mong le e mong oa rōna ho etsa qeto hore na ke hokae moo ho hlokahalang hore re etse tsoelo-pele. Re ka kholiseha hore boiteko ba rōna bo tšepahalang ba ‘ho hatela pele khōlong e feletseng’ bo tla eketsa thabo ea rōna haholo le ho re etsa litho tsa phutheho tse behang haholoanyane.—Ba-Heb. 6:1, NW.