Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w88 9/1 maq. 28-30
  • ‘Ho Alimana Ka’ Bana—Mokhoa Oo O Bohlale Hakae?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘Ho Alimana Ka’ Bana—Mokhoa Oo O Bohlale Hakae?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lebaka Leo Ka Lona Ba Alimanang Ka Bana Ba Bona
  • Lintlha Tseo ho Lokelang ho Nahanoa ka Tsona
  • Litlhokahalo tseo tsa Bohlokoa tsa Moea
  • Koetlisa Ngoana oa Hao ho Tloha Boseeng
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
  • “Le se ke la Halefisa Bana ba Lōna”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Na Ngoana oa Hao ‘O Hōlela Polokong’?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Kamoo U ka Sireletsang Bana ba Hao
    Tsoha!—2007
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
w88 9/1 maq. 28-30

‘Ho Alimana Ka’ Bana—Mokhoa Oo O Bohlale Hakae?

MOTSOAL’A Daniel o re: “Joalokaha u tseba, Daniel, ke na le bana ba bangata. Kahoo ke entse qeto ea ho abela beng ka ’na ba bang ba bona.” A supa ngoananyana eo a tlileng le eena, motsoal’a Daniel o re: “Enoa ke oa hao.”

Daniel o re: “Kea leboha.” Empa, ka pelong, o ne a utloile bohloko. Bana ba hae ba ne ba le bangata ho lekana ’me o ne a sa batle ba bang leha e le hona hore o ne a ba hloka. Empa ho latela moetlo oa sebaka seo, ho hana ha u fuoa ngoana ho ne ho tla talingoa e le khopiso e tebileng—ntho eo ho seng motho ea ka e nahanang! Joale Daniel o ne a e-na le morali e mong eo a lokelang ho mo hlokomela.

Linaheng tse ngata tse ntseng li tsoela pele, haholo-holo Afrika, ho tloaelehile hore batsoali ba alimane ka bana ba bona ho beng ka bona kapa metsoalle ea bona ka likhoeli, lilemo—kapa ka linako tse ling ho se mohla ba tla khutla. Moetlo oo o ka ’na oa utloahala o makatsa ho batho ba Bophirimela, empa o tšoana le mokhoa oa ho isa bana likolong tseo ba lulang ho tsona kapa libakeng tsa boikhathollo tseo ba qetang nako e telele ea lehlabula ho tsona. Empa, moetlo oa ho alimana ka bana o susumetsoa ke eng? Na ke mokhoa o bohlale?

Lebaka Leo Ka Lona Ba Alimanang Ka Bana Ba Bona

Le hoja litekanyetso tsa meetlo li ntse li fetoha, ho Moafrika, bana hase thepa ea batsoali feela. Ho fapana le hoo, ke ba lelapa ka kakaretso. Ho nahanoa hore bo-rakhali kapa bo-’mangoane, bo-malome kapa bo-rangoane, bo-ntate-moholo kapa bo-nkhono, le ba bang ba na le litokelo baneng le matla a ho ba laola. Ho joalokaha maele a mang a Afrika Bophirimela a re: “Motho a le mong oa beleha, empa ba bangata ba khathatseha ka ngoana eo.”

Ka baka leo, ha ho hlaha maemo a tlokotsi, a kang lefu la batsoali ba ngoana, beng ka eena ba ikemiselitse ebile ba utloisisa ho nka ngoana ea setseng e le khutsana. Leha ho le joalo, hangata lebaka la sehlooho la ho alimana ka bana ke chelete. Ha lelapa le fumanehile ’me bana ba le bangata, batsoali ba ka ’na ba ikutloa hore ngoana a le mong kapa ba eketsehileng ba tla fumana molemo ka ho ea lula le beng ka bona ba emeng hantle licheleteng. Ba ka ’na ba bea lebaka la hore mong ka bona eo o tla fumana ho le bobebe haholoanyane ho lefella chelete ea sekolo, liaparo, tlhokomelo ea bophelo, le lijo. Kahoo hase ho haelloa ke lerato la botsoali ho susumelletsang batsoali ba bang hore ba alimane ka bana ba bona empa ho fapana le hoo ke takatso ea ho nea bana ba bona se molemo ka ho fetisisa.

Lebaka le leng ke takatso ea hore bana ba fumane thuto e ntle. Mohlomong sekolo se haufi ka ho fetisisa se hōle le moo lelapa le lulang teng. Kaha ho ka ’na ha e-ba thata kapa ea e-ba ho ke keng ha khoneha hore lelapa lohle le falle, batsoali ba ka ’na ba bea lebaka la hore ho isa ngoana oa bona ho beng ka bona ba lulang haufi le sekolo ho ne ho tla ba molemo ka ho fetisisa.

Ka kakaretso beng ka bona ba thabela ho amohela bana bana. Har’a lintho tse ling, ho fumana molomo o mong oo ba o fepang ho boetse ho bolela ho fumana matsoho a mang a tla etsa mosebetsi oa ntlo lapeng leo. Hape ka linako tse ling batsoali ba thusa ho lefa litšenyehelo ka ho romela chelete kapa lijo.

Lintlha Tseo ho Lokelang ho Nahanoa ka Tsona

Le hoja e le ’nete hore ho ka ’na ha e-ba le melemo e itseng ea thuto le ea lintho tse bonahalang ha ho alimanoa ka ngoana, ho na le lintlha tse ling tse lokelang ho nahanisisoa ka hloko. Ntho e ’ngoe, ngoana o tla tloaela bahōlisi ba hae ba bacha joang, ’me bona ba tla tloaela ngoana eo joang? Ka linako tse ling litokisetso tse joalo li sebetsa hantle, ’me batsoali ba bacha ba haha kamano e matla, e lerato le bana bao ba ba hōlisang empa e se ba bona. Ka mohlala, moholo e mong oa Mokreste oa Sierra Leone o ile a nka mochan’a hae eo e neng e le khutsana ho tla lula le eena. Lilemo hamorao ha a botsoa ka mora eo a mo hōlisitseng empa e se oa hae, a arabela: “Ha ke nahane ka Desmond e le ngoana eo ke mo hōlisitseng empa e se oa ka—ke mora oa ka. Ke nama ea ka le mali a ka.”

Leha ho le joalo, hase bohle ba talimang bana bao ba ba hōlisang empa e se ba bona ka tsela ena. Ho etsa mohlala, motseng o mong oa Afrika Bophirimela ho ne ho e-na le merusu. Likulo li ne li tletse hohle sebakeng. ’Mè e mong a kharumela bana ba hae ba babeli: “Potlakang! Arthur, ipate ka tlas’a bethe! Uena, Sorie, hlahela ka fensetere ’me u re bolelle hore na ho etsahala joang!” Arthur e ne e le ngoana oa hae hantle, empa Sorie, e ne e le ngoana eo a mo hōlisang empa e se oa hae, kapa mophelisuoa.

Ho tloaelehile hore ka lapeng motsoali a tšoare bana bao e leng ba hae hantle ka mokhoa o khethehileng. Ka baka leo, hangata melemo ea lintho tse bonahalang e laba-labeloang haholo ha e fumanehe. Hangata baphelisuoa ba sebelisoa ho feta tekanyo, ha ba rutoe, ’me ke bona ba ho qetela ba tla fumana liphahlo ’moho le tlhokomelo ea bophelo ba ’mele le meno. Moromuoa e mong ea sebelitseng Afrika ka lilemo tse fetang 23 o itse: “E batla e le ka mehla baphelisuoa e bang bana ba sehlopha sa bobeli.”

Ntlha e ’ngoe e lokelang ho nahanisisoa: Ha ngoana a tloha lapeng, hangata ho ba le mathata a maikutlo. Likelello tsa bana le lipelo tsa bona li amohela lintho habobebe ’me li susumetseha habonolo. Ho tloha boseeeng ba laba-labela boiketlo le tšireletseho tse teng kamanong e haufi le batsoali ba bona. Hore bana ba tlosoe habo bona ’me ba e’o lula le batho bao ba sa ba tloaelang ho ka ba thata ka ho fetisisa.

Sierra Leone mosali e mong ea bitsoang Comfort ha a nkoa hore a e’ o lula le rakhali’ ae o ne a le lilemo li robong. Oa hopola: “Lilemo tseo ke li qetileng ke le thōko le hae li ne li le thata haholo. Ke ne ke hlolohetsoe lelapa leso haholo—haholo-holo likhaitseli tsa ka le banab’eso ba basetsana. E ne eka ba nkhephotse moo ke neng ke tšoanela ho ba hona teng ’me ba mpeile moo ke neng ke sa tšoanela ho ba hona teng. Le hoja rakhali a ne a ntšoere hantle haholo, le ka mohla ke ne ke sitoa ho bua le eena ka bolokolohi joalokaha ke ne ke tla bua le ’mè oa ka hantle. . . . Ho sa tsotellehe hore na boemo ba rōna bo ka ba thata hakae, le ka mohla nke ke ka re bana ba ka ba e’o lula le motho e mong.”

Francis, oa Afrika Bophirimela eo ka ho tšoanang a hōletseng tlhokomelong ea batho ba neng ba mo hōlisa feela e se ngoana oa bona, o boletse tjena: “Ke llela hore e be le ka mohla ha kea ka ka khona ho hlaolela kamano e haufi le ’mè oa ka hantle. Ka tsela e ’ngoe e itseng, ke ikutloa hore bobeli ba rōna re lahlehetsoe ke ntho e ’ngoe ea bohlokoahali.”

Litlhokahalo tseo tsa Bohlokoa tsa Moea

Leha ho le joalo, ntlha ea bohlokoa ho feta tsohle ke boiketlo ba moea ba ngoana. Bohlaleng ba oona Molimo o laela hore batsoali ka bobona ba hlokomele litlhokahalo tsa moea tsa bana ba bona. Ha o bua le batsoali ba Baiseraele, keletso ea Molimo e ne e le hore: “Litaelo tseo ke u laelang tsona kajeno, li be pelong ea hao. U tlo u li rute bana ba hao, ’me u bue ka tsona, ha u lutse tlung ea hao, leha u le tseleng u tsamaea, leha u ea robala, leha u tsoha.” (Deuteronoma 6:6, 7) Ka ho tšoanang, moapostola Pauluse o laetse bo-ntate ba Bakreste: “Le se ke la halefisa bana ba lōna, empa le tsoele pele ho ba hōlisa ka khalemelo le ho ba kenya monahano oa Jehova.”—Ba-Efese 6:4, NW.

Empa ke joang ngoana a ka hōlisoang ‘ka khalemelo le ho kenngoa monahano oa Jehova’ haeba a isitsoe moo a il’o lula le beng ka eena ba sa lumelang? Ka hona, ho tela lithahasello tsa moea tsa ngoana bakeng sa melemo ea lintho tse bonahalang kapa ea thuto ke ho shebela litaba haufi hakaakang!

Ho thoe’ng ka ho isa ngoana moo a il’o lula le balumeli-’moho? Le hoja ho le molemo ho feta ho alimana ka eena ho ba sa lumelang, ka litsela tse ngata sena le sona ha se bohlale. Ngoana o ntse a ka ’na a lokela ho talimana le liphetoho tse khōlō tsa tulisano, tsa maikutlo, le tsa kelello. Bana ba bang ba ’nile ba ba le khatello ea maikutlo kapa ba hlaseloa ke botlokotsebe le litloaelano tse mpe. Ba bang ba lahlehetsoe ke kananelo eohle ea lintho tsa moea.

Joalokaha batsoali ba tseba, ho kenya ngoana lerato la Jehova ho hloka bohlale, mamello, le nako e ngata. Haeba mosebetsi o joalo o le thata bakeng sa bao e leng batsoali ba ngoana hantle, ba mo tsebileng ka tsela e haufi-ufi ho tloha tsoalong, e tlameha e be ho thata hakaakang hore banyalani ba hōlise ngoana eo e seng oa bona! Kaha e ka ’na eaba bophelo bo sa feleng ba ngoana bo kotsing, batsoali ba tlameha ho nahanisisa ka ho teba le ka thapelo hore na ho alimana ka ngoana ho motho e mong ho tšoanela likotsi tse ka hlahang.

Leha ho le joalo, batsoali ba Bakreste ba tlameha ho iketsetsa qeto ka bobona hore na ke joang ba tla latela keletso ea 1 Timothea 5:8: “Ekare ha e mong a sa baballe bahabo, haholo ba ntlo ea hae, eo o latotse tumelo, ’me o fetisoa ke ea sa lumelang.” Haeba bona ka bobona ba sa khone ho hlokomela litlhokahalo tsa ngoana tsa lintho tse bonahalang, ba lokela ho bona hore litlhokahalo tsa ngoana oa bona tsa moea li finyelloa ka tsela e molemohali e ka khonehang tlas’a maemo ao ba leng ho ’ona.

Mopesaleme o ngotse: “Bana ke mpho e tsoang ho Molimo; ke moputso oa oona.” (Pesaleme ea 127:3, The Living Bible) Kahoo thabela bana ba hao, ’me u ba boloke haufi le uena. Ba rate, ’me u etse hore ba u rate. Ba thuse hore ba fetohe banna ba moea le basali ba moea, hobane ho etsa joalo ho tla fella ka tlhohonolofatso ea bona ea ka ho sa feleng. Mohlomong u tla khona ho bua kamoo Johanne a buileng kateng ka bana ba hae ba moea: “Ho ’na ha ho thabo e fetisang ena, ea ho utloa hoba bana ba ka ba tsamaea ’neteng.”—3 Johanne 4.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela