Lipotso tse Tsoang ho Babali
◼ Batho ba Molimo ba lokela ho ‘baballa ba habo bona,’ joale Abrahama o ne a ka lelekela Agare le Ishmaele lefeelleng joang?
Ke ho ratehang le ho loketseng bakeng sa bahlanka ba Molimo ho baballa litho tsa lelapa tse hlokang. Ka batsoali ba Bakreste, moapostola Pauluse o ngotse: “Ekare ha e mong a sa baballe bahabo, haholo ba ntlo ea hae, eo o latotse tumelo, ’me o fetisoa ke ea sa lumelang.”—1 Timothea 5:8.
Re ka kholiseha hore bophelo ba Abrahama bo ne bo sa hanane le moea oa keletso e joalo ea bomolimo, hobane o beiloe e le mohlala oa tumelo ea ’nete, e le “motsoalle oa Jehova.”—Jakobo 2:23, NW; Ba-Heberu 11:8-19.
Molimo o ile oa tšepisa tlhohonolofatso ka peō ea Abrahama kapa mojalefa. Ha Sara a se a hōlile ’me e ntse e le nyopa, o ile a kōpa Abrahama ho etsa ngoana oa moshemane ka lekhabunyane la hae la Moegepeta Agare. Hamorao, ha Agare e se e le moimana, a qala ho itšoara ka mokhoa o nyelisang ho Sara hoo ho neng ho ka hlalosoa e le “pefo,” kapa ketso ea bokhopo khahlanong le mosali ea ratoang oa Abrahama. (Exoda 23:1, NW; 2 Samuele 22:49, NW; Pesaleme ea 11:5, NW) Abrahama a tlohella Sara hore a kokobetse Agare, e leng moo Agare a ileng a balehela lefeelleng, mohlomong a khutlela morao Egepeta. Tlaleho ha e bolele hore o ne a nkile mefaho, ka hona e ka ’na eaba o ne a tseba hore o ne a ka fumana lijo le metsi libakeng tse ling moo batho ba leng teng, tse kang lihlopha tsa Batho ba Phelang Mahoatateng.—Genese 12:1-3, 7; 16:1-6.
Lengeloi la kena lipakeng ’me la bolella Agare hore o lokela ho khutla, hore o tla ba le litloholo tse ngata, le hore ‘letsoho’ la Ishmaele mora oa hae ‘le ne le tla loantša bohle.’ (Genese 16:7-12) Ha ea ba lilemo tse ngata haholo hamorao, Ishmaele a ipaka hore o khahlanong le Isaaka e monyenyane, mojalefa oa ’nete oa Abrahama eo a mo tsoaletsoeng ke Sara. Ishmaele a qala ho “tšeha,” kapa ho nyelisa Isaaka. Hona ho ne ho tebile haholoanyane ho feta tlholisano feela e pakeng tsa bana ba motho a le mong. Lentsoe la Molimo le e hlalosa e le ho “hlorisa” peō ea bomolimo ea Abrahama e hlileng ea boleloa esale pele. Ka hona khato e tiileng e ne e loketse.—Genese 21:1-9; Ba-Galata 4:29-31.
Jehova a bolella Abrahama hore a mamele lebaka la mosali oa hae ho se neng se hlokahala hore se etsoe, ‘ho leleka Agare le mora oa hae.’ Le hoja Abrahama a ne a sa thabisoa ke tebello ea ho tsamaea ha Agare le mora oa hae, Abrahama o ile a ba etsetsa mofaho. Ho fapana le nakong e fetileng ha Agare a ea lefeelleng, lekhetlong lena o tloha a e-na le bohobe bo bongata (mohlomong ho fana ka maikutlo a mefuta e meng ea lijo) le metsi—tseo a li filoeng ke Abrahama. Ho bonahala o ile a lahleha kae-kae “lefeelleng la Beerseba,” ’me mefaho ea hae e ile ea fela pele a fumana se seng sa liliba tse sebakeng seo. Empa boemo bo lekang ba hae e ne e se ka baka la ho hloka mohau ha Abrahama, hobane o ne a fane ka ‘se hlokahalang ho ba bahabo,’ esita le boemong ba boitšoaro bo bobe bo neng bo ba hloka hore ba lelekoe lapeng.—Genese 21:10-21.
[’Mapa/Setšoantšo se leqepheng la 31]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Leoatle le Leholo
Thaba ea Karmele
Megiddo
Jerusalema
Hebrone
Beerseba
Leoatle le Shoeleng
Negebe
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
E theiloe ’mapeng ka tumello ea Pictorial Archive (Haufi le Eastern History) Est. and Survey of Israel
[Setšoantšo]
Wadi Zin, phula ea nōka e psheleng ka boroa ho Beerseba