Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g89 7/8 maq. 20-22
  • Ho Seba—Ho na le Kotsi Efe?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Seba—Ho na le Kotsi Efe?
  • Tsoha!—1989
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Seba—Ho Molemo, ho Hobe
  • Lesebo le Lebe—Lebaka Leo le Hlahang ka Lona
  • Lesebo le Lebe—Sabole e Mahale a Mabeli
  • Ho Qoba Leraba la ho Seba
  • Ho Bua ka Batho ba Bang—Ke Hobane’ng ha ho Ipiletsa Hakaale?
    Tsoha!—1991
  • Nka Etsa Eng ho Khaotsa Lesebo?
    Tsoha!—2007
  • Ke Eng e Hlileng e Leng Mpe Hakaalo ka ho Seba?
    Tsoha!—1999
  • Ke Eng e Mpe Hakaale ka ho Seba?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
Bala Tse Ling
Tsoha!—1989
g89 7/8 maq. 20-22

Bacha Baa Botsa . . .

Ho Seba—Ho na le Kotsi Efe?

“Ba [bacha] ...ba qeta nako ea bona ba eme ka lihlotšoana ba seba.”—Socrates, c. 400 B.CE.

‘NA U utloile litaba tsa morao tjena?’ ‘U nahana hore ekaba life?’ ‘Utloa mona! ‘Na u tseba ho boloka sephiri?’ Tsena ke likenyelletso tse tloaelehileng ha ho fetisoa taba ea sephiri, ho tšeha, kapa ho bua litaba tse itseng ka ba bang—e leng tloaelo e tsebahalang e le ho seba.

Joaloka mehleng ea Socrates, bacha ba sa ntse ba rata mokhoa ona, ’me bafuputsi ba bitsa ho seba tloaelo e akaretsang e phunyelletsang mokoallo oa merabe, lilemo, le setso. Ho ea ka Journal of Communication, esita le bana ba banyenyane baa seba, “haholo-holo ho tloha nakong eo ka eona ba tsebang ho bua ’me ba qala ho tseba batho.”

Ho seba ke mokhoa oa basali, na ha ho joalo? Che! Bafuputsi Levin le Arluke ba ile ba hlahloba meqoqo ea sehlopha sa liithuti tsa k’holeche ea banna le basali. Phello? Banna ba ipakile ba rata ho seba joaloka basali!

Leha ho le joalo, ke hobane’ng ha re fumana ho seba ho ipiletsa hakana? Na ebe ho na le lebaka le utloahalang la ho ameha ka hona?

Ho Seba—Ho Molemo, ho Hobe

Ho seba ke ho ipuela feela. Ka mehla ho lebisa tlhokomelo e seng linthong feela, empa liphosong, ho hlōleheng, ho hlōleng, le bomalimabeng ba batho. Puo e joalo hase ka mehla e leng kotsi kapa e leng mpe. Leha ho le joalo, ke tlhaho ho thahasella batho ba bang. Esita le Bibele e re khothalletsa hore ‘re se ke ra hlokomela tseo e leng tsa rona feela, e mpa re hlokomele le tsee e leng tsa ba bang.’—Ba-Filippi 2:4.

Kahoo haeba ho seba ho laoloa ka hloko e ka ba ho neheletsana boitsebiso bo thusang. Ka mohlala, u tseba joang hore Mof. Jones oa kula ’me o hloka thuso ea ho eeloa lebenkeleng, hore motsoalle oa hao John o nyahamisitsoe ke ho lahleheloa ke mosebetsi oa hae oa ka mor’a sekolo kapa hore moahisani oa hao Sally oa falla? Na ke ka tsebiso e tobileng le e reriloeng? Che, hangata lintho tsena li tsejoa ka puo e sa reroang—ka ho seba, haeba re ka cho.

Lentsoe la mathomo la Segerike le sebelisitsoeng ka Bibeleng bakeng sa “basebi” le tsoa leetsing le bolelang ho “tšoloha mantsoe.” (1 Timothea 5:13; A Greek-English Lexicon, ka Liddell le Scott) Re hopotsoa ka mantsoe a ho Liproverbia 10:19: “Lipolelong tse ngata, tšito ha e hlokoe; ka baka leo, ea itšoarang molomo o bohlale.” Molao o moholo moqoqong o bolela ho nahana pele u bua!

Phapang pakeng tsa ho seba ho kotsi le ho seng kotsi e ka ba nyenyane ka tsela e thetsang. Ho bolela hore ‘John ha a sa sebetsa lebenkeleng’ ho ka haelloa hanyenyane feela ka ho eketsa hore ‘John o bonahala a hlōloa ke ho tšoarella mosebetsing’—mantsoe a batlang a sekamela lesebong le senyang motho. Esita le boiteko ba ho bolela ho hong ho monate ka e mong hangata boa fela. Polelo, ‘Judy ke seithuti se bohlale ka ho fetisisa sehlopheng,’ e ka lateloa habonolo ke mantsoe, ‘Empa na u hlokometse kamoo a aparang kateng?’ ’Me hangata, ho seba ho ka fetoha ho hobe ka ho felletseng, mokhoa oa ho fetisa liketselletso tsa mashano le litšebo ka motho e mong.

Lesebo le Lebe—Lebaka Leo le Hlahang ka Lona

Joale, ke hobane’ng ha hangata lesebo le fetoha le lebe? Lebaka le leng ke hore ‘pelo e mano,’ ’me puo e mpe hangata e khotsofatsa maikutlo a mang a boithabiso.—Jeremia 17:9.

“Ho u etsa hore u ikutloe u le bohlokoa ho tseba ho hong hoo ba bang ba sa ho tsebeng,” ho lumela mocha Connie. ’Me hangata “ho hong” hoo ke boitsebiso bo sa thabiseng ka motho e mong. Ba bang ho bonahala ba ikutloa hore ho pepesa mefokolo le liphoso tsa ba bang ho pata lipha tsa bona. Empa leha ho le joalo ho ba bang, lesebo ke kofuto ea ho hōlisa botumo ba bona. Ba loanela ho ba bo-tsebanyane e le hore e ka ba ba pele ba bolellang ba bang. Hore ba thabele motsotsoana ona e le bao ho lebisitsoeng tlhokomelo ho bona, ba tla phunya lekunutu la metsoalle ea bona ea bohlokoa. Hopola, motho ea buang ka ba bang hampe ho uena ka mehla o tla bua ka uena ho ba bang.

Lesebo le ka sebelisoa e le tsela e molemo ea ho ntša bohale, bohloko, le mōna. Ba bang ba ka ba ba sebelisa leshano e le hore ba utloise e mong eo ba mo hloileng bohloko. (Bapisa Liproverbia 26:28.) Ka baka leo, ngoanana e mong o ile a jala lesebo la hore morutoana e mong o ithoetse—ho bonahala e le hobane morutoana enoa a ne a laetsana le moshemane eo le eena a neng a mo rata.

Hangata, lesebo le lebe hakaalo ha le tsoaloe ke ho rera bobe bakeng sa e mong, empa le tsoaloa ke ho se nahanele. Mocha e mong o lumetse: “Ka linako tse ling ke hlokomela hore seo ke tlang ho se bua ha se ’nete e phethahetseng, empa ho batla ho tšoana le temallo. Ke bua lintho tse ngata pele nka ithiba ka bonna—’me ka makhetlo a mangata, kaofela li khutlela ho ’na hamorao.”

Lesebo le Lebe—Sabole e Mahale a Mabeli

Ho sa tsotellehe hore na tšusumetso ea lesebo le lebe ke efe, ke sabole e mahale a mabeli. Ka lehlakoreng le leng, le ka baka tšenyo e ke keng ea lokisoa lebitsong le botumong ba motho e mong. Joalokaha makasine Teen o hlalositse: “Haeba u seba ka batho ba bang, u soma, u phunya makunutu, u feteletsa ekasita le leshano le felletseng u ka ’na ua beha likamano kotsing kapa ua li senya—’me haholo u ka sitisa ho theoa ha botsoalle bo bocha.” Kapa joalokaha Bibele e bolela: “Ea apesang molato o batla lerato; empa ea phunyang makunutu o fapanya batho ba ratanang.”—Liproverbia 17:9; bapisa Liproverbia 16:28.

Ka lehlakoreng le leng, lesebo le ka boela la khutlela kapa la senya mosebi. Ho e-na le ho hapa bamameli, ho seba ho ka hōlisa ho se tšeptjoe. “Ha ho mosebi ea ka tšepeloang sephiri,” ho bolela Liproverbia 11:13. (Today’s English Version) ’Me eo ho buuoang ka eena a ke ke a thaba haeba a ka tseba hore lekunutu le pepesitsoe kapa phoso ea hae e phatlalalitsoe. “Lesebo le hlahisa khalefo joalokaha feela moea oa leboea o hlahisa pula,” ho bolela Liproverbia 25:23.—TEV.

Ea buang hampe ka ba bang le eena o ipeha kotsing ea ho senya kamano ea hae le Molimo. Hangata puo e sa laoloang e fetoha lesebo le senyang. Jehova o ba le kamano feela le eo “leleme la hae le sa jaleng ketselletse, ea sa etseng oa habo hampe.” (Pesaleme ea 15:1, 3) Leha ho le joalo, ha re jala lesebo la bohata, ha e le hantle re ka oela sehlopheng se le seng le mahata—seo Jehova Molimo o se hloileng.—Liproverbia 6:16, 17.

Ho Qoba Leraba la ho Seba

Ho batla ho sa khonehe ho khaotsa ho bua ka batho ba bang—bonyane ka ho felletseng. Empa mathata a mangata a ka qojoa haeba u sebelisa molao o moholo: “’Me joale, ntho tsohle tseo le ratang hore batho ba le etse tsona, ba etseng tsona le lōna.”—Mattheu 7:12.

Hona ho bolela ho hana ho mamela lesebo le kotsi! “Tšaba ho tloaelana le ea ntseng a ahlamisa melomo ea hae,” ho eletsa Bibele. (Liproverbia 20:19) Haeba u mamela puo e senyang ba bang kapa e bolaeang, ua e khothalletsa. Joalokaha mocha ea bitsoang Rosalyn a bolela: ‘Batho ba mamelang lesebo ba khothalletsa basebi.’ Ntle ho moo, ka mehla ho ka etsahala u fumane hore ‘tabanyana eo e monate’ haholo hore u ka e koalla sefubeng sa hao ’me ka hona ua fetoha karolo ea lesebo le kotsi.

Kahoo leka ho khutsisa puo e mpe. Hona ha ho bolele ho fana ka puo e hlalosang bobe ba lesebo le kotsi. Empa u ka leka ho fetola sehlooho sa moqoqo, u ka khannela moqoqo lehlakoreng le leng, kapa ua bolela ho hong ho hotle ka eo ho buuoang ka eena. Haeba moqoqo o utloisang bohloko o ntse o tsoela pele, o nke e le pontšo ea ho kōpa ho tšoareloa moqoqong.

E, ntho e ’ngoe e ka ’na ea e-ba ’nete—ka ntle le ho susumetsa le ho tsosa maikutlo ha eona, empa na ho hlile hoa hlokahala hore ho buuoe ka eona? Na e tla khopisa, e senye lebitso la motho e mong, e mo tlisetse thohako, kapa e mo hlabise lihlong? Na u ne u tla e bua motho eo a le teng? U ne u tla ikutloa joang haeba e mong a ne a buile joalo ka uena? “Molomo oa ea bohlale o hlahisa tsebo hamonate, empa molomo oa maoatla o kolla bohlanya,” ho bolela Liproverbia 15:2.

Kahoo, lebela molomo oa hao. Ho boleloa hore ba kelello li hloahloa ba bua ka likhopolo, ba kelello li itekanetseng ba bua ka lintho, ’me ba kelello li nyenyane ba bua ka batho! Atolosa moqoqo oa hao. Ho na le lintho tse ngata—ho kopanyelletsa litaba tsa moea—tse ka fanang ka tšusumetso e molemo haholo ea ho qoqa ho feta ea lesebo le sa thuseng ka letho, le kotsi.a

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Sehlooho se latelang se tla bua ka ho ba mohlaseluoa oa lesebo

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

Mosebi hangata o thabela ha tlhokomelo e lebisitsoe ho eena

[Setšoantšo se leqepheng la 22]

Haeba u mamela puo e senyang e mong kapa e bolaeang, ua e khothalletsa

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela