Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • rs leq. 145-leq. 148
  • Ho Ipolela

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Ipolela
  • Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Ipolela Libe—Ka Tsela ea Batho Kapa ea Molimo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Ho Ipolela Libe—Na ho na le ho Hong ho Phoso?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Na Molimo o Hloka Hore re Ipolele Libe?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Na U Lokile Pel’a Molimo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
Bala Tse Ling
Ho Bea Mabaka ka Mangolo
rs leq. 145-leq. 148

Ho Ipolela

Tlhaloso: Ho bolela kapa ho amohela pontšeng kapa lekunutung, (1) hore na motho o lumela eng kapa (2) libe tsa hae.

Na litšebeletso tsa poelano, tse akarelletsang ho ipolela ka tsebeng ea moprista, kamoo li rutoang ke Kereke e K’hatholike li lumellana le Mangolo?

Mokhoa oo moprista a buisoang ka oona

Mokhoa oa neano, o sa ntsaneng o sebelisoa hangata, ke: “Ntlhohonolofatse, Ntate, hobane ke sitiloe. Ho fetile [nako e telele] ho tloha ha ke ne ke Ipolela ka lekhetlo la ho qetela.”—Makasine ea U.S. Catholic, October 1982, leq. 6.

Matt. 23:1, 9, JB: “Jesu o itse, . . . ‘Le se ke la bitsa mang kapa mang lefatšeng ntate oa lōna, kaha le e-na le Ntate a le mong feela, ’me o leholimong.’”

Libe tse ka tšoareloang

“Kamehla Kereke e ’nile ea ruta hore sebe se seng le se seng, ho sa tsotellehe hore na se tebile hakae, se ka tšoareloa.”—The Catholic Encyclopedia (e hatisitsoeng ka tumello ea molao le ea kereke), R. C. Broderick (Nashville, Tenn.; 1976), leq. 554.

Ba-Heb. 10:26, JB: “Haeba, kamor’a hore re tsebisoe ’nete, re ka etsa libe leha e le life ka boomo, joale ha ho sa na sehlabelo se seng bakeng sa tsona.”

Mar. 3:29, JB: “A ho ke ho be le ea nyefolang Moea o Halalelang ’me a ke ke a tšoareloa: o molato oa sebe sa ka ho sa feleng.”

Kamoo ho bontšoang tefelo ea sebe

Hangata moprista o laela ea soabileng hore a phete “Ntat’a rōna” le “Rorisa Maria” ka makhetlo a mangata.

Matt. 6:7, JB: “Ha le rapela le se ke la peteketsa [ke ho re, ho pheta-pheta ntho ka tsela e se nang kelello] joalokaha ho etsa bahetene, hobane ba nahana hore ka ho sebelisa mantsoe a mangata ba tla etsa hore ba utluoe.”

Matt. 6:9-12, JB: “Le lokela ho rapela tjena: ‘Ntat’a rōna ea leholimong . . . re tšoarele melato ea rōna.’” (Ha ho kae kapa kae ka Bibeleng moo re laeloang ho rapela Maria kapa ho rapela ka eena. Bona Ba-Filippi 4:6, le maqephe 278, 279, tlas’a “Maria.”)

Ba-Roma 12:9, JB: “Le se ke la lumella lerato la lōna e be la boiketsiso, empa ka tieo le ikhethele botle ho e-na le bobe.”

Na Jesu ha a ka a fa baapostola ba hae matla a ho tšoarela libe?

Joh. 20:21-23, JB: “‘Ke le roma joalokaha Ntate a nthomile’. Hoba a bue joalo a ba phefumolohela ’me a re: ‘Amohelang Moea o Halalelang. Hobane bao le ba tšoarelang libe, ba tšoaretsoe; hobane bao le tlohellang libe tsa bona li le joalo, li tlohelloa li le joalo.’”

Baapostola ba ile ba utloisisa see le ho se sebelisa joang? Ha ho tlaleho le e ’ngoe ka Bibeleng moo moapostola a ileng a mamela boipolelo ba lekunutung eaba o tšoarela libe. Leha ho le joalo, litlhokahalo tsa hore Molimo o u tšoarele li thathamisitsoe ka Bibeleng. Tlas’a tataiso ea moea o halalelang, baapostola ba ne ba ka lemoha hore na batho ka bomong ba finyella litlhokahalo tse joalo ’me motheong ona ba ne ba ka bolela hore na Molimo o ba tšoaretse kapa ha o-oa ba tšoarela. Bakeng sa mehlala, bona Liketso 5:1-11, le 1 Ba-Korinthe 5:1-5 le 2 Ba-Korinthe 2:6-8.

Bona le sehlooho se seholo “Tlhahlamano ea Baapostola.”

Maikutlo a litsebi aa fapana ka tšimoloho ea ho ipolela ka tsebeng ea moprista

The Catholic Encyclopedia, ea R. C. Broderick, e re: “Ho tloha lekholong la bone la lilemo ho ipolela ka tsebeng ho moprista ebile mokhoa o amohelehang.”—Leq. 58.

New Catholic Encyclopedia e re: “Bo-rahistori ba bangata ba nakong eo, ba K’hatholike le ba Boprostanta, ba re tefelo ea sebe e etsoang lekunutung e le khalemelo e loketseng, e qalehile likerekeng tsa Ireland, Wales, le Brithani, moo Litšebeletso tse akarelletsang ea Tefelo ea Sebe, li neng li atisa ho tsamaisoa ke moholo oa sebaka sa boitlami le baprista ba hae ba bamonke. Ho bonahala mokhoa oa ho ipolela le oa ho tataisoa moeeng pontšeng le lekunutung oa libaka tsa boitlami e bile motheo oa hore phutheho le eona e ipolele ka ho pheta-pheta le ho ipolela boinehelo ba eona. . . . Leha ho le joalo, ha e-ea ba ho fihlela lekholong la bo11 la lilemo moo libe tsa lekunutung li neng li tšoareloa nakong ea ho ipolela le pele ho phethahatsoa tefelo ea sebe.”—(1967), Moq. XI, leq. 75.

Rahistori A. H. Sayce o-oa tlaleha: “Libuka tsa litšebeletso li bontša hore ho ipolela lekunutung le pontšeng ho ne ho etsoa Babylonia. Ka sebele, ho ipolela lekunutung ho bonahala ebile mokhoa oa khale le o atileng haholoanyane.”—The Religions of Ancient Egypt and Babylonia (Edinburgh, 1902), leq. 497.

Lipaki tsa Jehova li lumela eng ka ho ipolela?

Ho bolela tumelo ea motho ka polelo ea pontšeng

Ba-Roma 10:9, 10: “Ekare ha u bolela ka molomo oa hao hobane Jesu ke Morena, ’me u lumela pelong ea hao hobane Molimo o mo tsositse bafung, u tla bolokeha. Hobane motho o lumela ka pelo, hore a beoe ea lokileng, ’me o bolela ka molomo, hore a bolokehe.”

Matt. 10:32, 33: “E mong le e mong ea tla mpolela [’na Jesu Kreste] pel’a batho, le ’na ke tla ’molela pel’a Ntate ea maholimong: empa e mong le e mong ea tla ntatola pel’a batho, le ’na ke tla mo latola pel’a Ntate ea maholimong.”

Ha motho a siteloa Molimo

Matt. 6:6-12: “Ha u rapela, kena phaposing ea hao, ’me ha u koetse monyako oa hao, u rapele Ntat’ao ea sephiring; . . . Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao a le ke le khethehe; . . . u re tšoarele melato ea rōna, joale ka ha re tšoarela ba nang le melato ho rōna.”

Pes. 32:5: “Ka ba ka u [Molimo] bolella sebe sa ka, ’me ha kea ka ka pata bokhopo ba ka, ka re: Ke tla bolela ho tlōla ha ka ho Jehova; ’me ua hlakola bokhopo ba sebe sa ka.”

1 Joh. 2:1: “Ekare ha motho a entse sebe, re na le moemeli pel’a Ntate: ke Jesu Kreste ea lokileng.”

Ha motho a siteloa e mong kapa ha a sitetsoe

Matt. 5:23, 24: “Ka baka leo, ha u hlahisa kabelo ea hao aletareng, ’me teng u hopola hobane ngoan’eno o na le taba le uena, siea kabelo ea hao moo, pel’a aletare, u ee ho boelana le ngoan’eno pele, u ntano tla hlahisa kabelo ea hao.”

Matt. 18:15: “Ekare ha ngoan’eno a u sitetsoe, u mo laee u e-na le eena a ’notši.”

Luka 17:3: “Ekare ha ngoan’eno a u sitetsoe, u mo khalemele; ha a baka, u mo tšoarele.”

Ba-Ef. 4:32: “Le rekolohelane, le hauhelane, le tšoarelane, joale ka ha Molimo le oona o le tšoaretse ka Jesu Kreste.”

Ha motho e mong a ameha tšitong e tebileng ’me a batla thuso ea moea

Jak. 5:14-16: “E mong har’a lōna ha a baba [moeeng], a bitse baholo ba kereke, ’me ba mo rapelle, ba ntse ba mo tlotsa ka oli ka lebitso la Morena. ’Me thapelo e entsoeng ka tumelo e tla pholosa mobabi, ’me Morena o tla mo tsosa liphateng; ’me ekare ha a entse libe, o tla tšoareloa tsona [ke Molimo]. Bolellanang litšito tsa lōna, ’me le rapellane, le tle le fole.”

Liprov. 28:13: “Ea patang melato ea hae a ke ke a hlohonolofala; empa ea e bolelang, a e bakela, o tla fumana mohau.”

Ho thoe’ng haeba batho ba sitiloeng ba sa batle thuso?

Ba-Gal. 6:1: “Banab’eso, ekare ha motho a oela molatong o mong, lōna bao le leng ba moea, le ke le mo tsose ka moea o mosa; ’me u iponele, e se re ua lekoa le uena.”

1 Tim. 5:20: “Ba etsang libe, u ba khalemele pel’a bohle [ke hore, pel’a ba tsebang taba], ba bang ba tle ba be le tšabo.”

1 Ba-Kor. 5:11-13: “Le se ke la kopana le ea ipitsang moena, e leng mofebi, kapa ea lakatsang leruo, leha e le ea rapelang melimo, leha e le moetselletsi, kapa letahoa, kapa lesholu; ea joalo, le ho ja, le se n’o ja le eena. . . . Tlosang e mobe har’a lōna.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela