Na Leruo le ka Reka Thabo?
MOTHEONG oa bopaki bo teng, ho ba le chelete e ngata ha ho etse hore batho ba thabe haholoanyane. Makasine Psychology Today o re: “Hang feela ha e feta moeli o hlokahalang, ka ho makatsang ho eketseha ha chelete ho amana hanyenyane le ho thaba ha motho.”
Sena se ile sa tiisoa tlalehong ea lefu ho New York Times ea October 29, 1993, sehloohong se neng se re: “Doris Duke, ea lilemo li 80, Mojalefa oa Mosali Eo Leruo la Hae le Ileng la Sitoa ho Reka Thabo, o Shoele.” Sehlooho se ile sa re: “Ka bosiu bo bong Roma ka 1945, Mofumahatsana Duke, ea neng a le lilemo li 33 ka nako eo, o ile a bolella motsoalle oa hae hore letlotlo la hae le leholo ka litsela tse ling e ne e le tšitiso ea hore a fumane thabo.”
Duke o ile a bolella motsoalle oa hae lekunutung: “Ka linako tse ling chelete eo kaofela e baka bothata. Ka mor’a hore ke intše le monna ka makhetlo a ’maloa, o qala ho mpolella kamoo a nthatang kateng. Empa nka tseba joang hore ehlile o tiile? Ke sa tla kholiseha joang?” Times e ile ea hlokomela: “Mantsoe a hae bosiung boo a ile a bontša hore bophelo ba hae bo ne bo amehile ka ho tebileng, a bile a tšositsoe ke leruo la hae.”
Ka ho tšoanang, Jean Paul Getty, ea kileng a tuma ka hore ke motho ea ruileng ka ho fetisisa lefatšeng, o itse: “Hase hakaalo hore chelete e na le kamano leha e le efe le ho thaba. Mohlomong e amana le ho hloka thabo.” Le Jane Fonda, sebapali sa mosali sa litšoantšiso se tummeng sa Hollywood, eo ka bo-1970 a ileng a amohela lidolara tse etsang halofo ea milione baesekopong ka ’ngoe, o itse: “Ke thabetse leruo le lintho tsohle tse bonahalang. Ha li bolele letho. Ngaka ea mafu a kelello e pota libaka tsohle tsa barui, re se re sa re letho ka litlhalano le bana ba hloileng batsoali ba bona.”
Le hoja leruo le ke ke la tlisa thabo ka bolona, le ho qoela ka hlooho bofutsaneng ho ke ke ha tlisa thabo. Ka hona, monna ea bohlale, nakong e fetileng o itse: “U se ke ua mpha bofuma, leha e le maruo.” (Liproverbia 30:8, 9) Mongoli e mong oa Bibele o ile a hlokomela hore seo motho a se hlokang hore a thabe ke “boinehelo ba bomolimo hammoho le ho khona ho itjara. Hobane ha rea tlisa letho lefatšeng, leha e le hore re ka nka letho ho lona. Kahoo, ha re e-na le lijo le liaparo, re tla khotsofala ka lintho tsena.”—1 Timothea 6:6-10, NW.