Rua Molemo ka Botlalo Linthong Tseo Jehova a re Fang Tsona
“’Na, Jehova, ke Molimo oa hao, ke ’na Ea u rutang hore u itsoele molemo.”—ESAIA 48:17.
1, 2. (a) Lipaki Tsa Jehova li ikutloa joang ka Bibele? (b) U rata karolo efe ka Bibeleng?
LIPAKI TSA JEHOVA li rata Bibele. Ea li khothatsa, e li fa tšepo, ebile e li fa litaelo tseo li ka li tšepang. (Baroma 15:4) Hase buka ea maikutlo a batho, empa ke “lentsoe la Molimo.”—1 Bathesalonika 2:13.
2 Boholo ba rōna re na le likarolo tseo re li ratang ka Bibeleng. Ba bang ba rata Likosepele kaha li bontša kamoo Jesu a ileng a bonahatsa botho bo babatsehang ba Jehova kateng. (Johanne 14:9) Ba bang ba rata libuka tsa boprofeta tse kang ea Tšenolo, kaha li re bontša “lintho tse tla etsahala haufinyane.” (Tšenolo 1:1) Ba bang ba khothatsoa ke ho bala Lipesaleme, ’me ba bang bona ba thabela ho bala likeletso tse bohlale tse bukeng ea Liproverbia. Kahoo, ho hlakile hore Bibele ke buka ea batho bohle.
3, 4. (a) Re ikutloa joang ka lingoliloeng tsa rōna? (b) Ke lingoliloeng life tse ngoletsoeng batho ba itseng?
3 Kaha re rata Bibele, re boetse re rata lingoliloeng tsa rōna tse thehiloeng Lentsoeng la Molimo. Libuka, libukana, limakasine le lingoliloeng tse ling tsa rōna ke litokisetso tse tsoang ho Jehova. Li re thusa ho ba le kamano e ntle le eena le ho lula re e-na le tumelo e matla.—Tite 2:2.
4 Lingoliloeng tsa rōna tse ngata li ngoletsoe Lipaki Tsa Jehova. Leha ho le joalo, ho na le tse ling tse ngoletsoeng batho ba itseng, joaloka bacha le batsoali. Boholo ba lihlooho le livideo tse websaeteng ea rōna li etselitsoe batho bao eseng Lipaki Tsa Jehova ka ho khetheha. Lihlooho tsena tse fapa-fapaneng ke bopaki ba hore Jehova o phethahatsa tšepiso ea hore o tla fa batho ba hae litaelo tse ngata.—Esaia 25:6.
5. Re ka kholiseha hore Jehova oa thaba ha re etsa’ng?
5 Ba bangata ba rōna re ka thabela ho ba le nako e eketsehileng ea ho bala Bibele le lingoliloeng tsa rōna. Empa hase kamehla re qetang nako e lekanang re bala sengoliloeng se seng le se seng seo re se fumanang. Re ka kholiseha hore Jehova oa thaba ha re behella nako ka thōko e le hore re ithute Bibele le lingoliloeng tsa rōna. (Baefese 5:15, 16) Leha ho le joalo, ho na le leraba leo re lokelang ho le ela hloko. Ke lefe?
6. Re ka ’na ra oela lerabeng lefe haeba re se hlokolosi?
6 Haeba re se hlokolosi, re ka ’na ra nka hore likarolo tse itseng tsa Bibele kapa tsa lingoliloeng tsa rōna ha li re ame. Ka mohlala, re etsa’ng haeba karolo e itseng ea Bibele e sa amane le boemo ba rōna? Kapa re etsa’ng haeba sehlooho se itseng se sa bue le rōna ka ho toba? Na re se bala ka potlako feela, kapa re qoba ho se bala ka ho feletseng? Haeba ho joalo, re ka ’na ra fetoa ke lintlha tsa bohlokoa tse ka re tsoelang molemo. Re ka qoba leraba lee joang? Re lokela ho hopola hore lintlha tsohle tseo re li fumanang li tsoa ho Jehova. Bibele e re: “’Na, Jehova, ke Molimo oa hao, ke ’na Ea u rutang hore u itsoele molemo.” (Esaia 48:17) Sehloohong sena, re tl’o tšohla litlhahiso tse tharo tse tla re thusa ho rua molemo litokisetsong tsohle tseo Jehova a re fang tsona.
LITLHAHISO TSE KA RE THUSANG HO RUA MOLEMO HA RE BALA BIBELE
7. Ke hobane’ng ha re lokela ho ikemisetsa ho amohela lithuto tsohle ha re bala Bibele?
7 E bale u ikemiselitse ho amohela lithuto tsohle. Ke ’nete hore likarolo tse ling tsa Bibele li ne li ngoletsoe motho ea itseng kapa sehlopha se itseng. Leha ho le joalo, Bibele e bolela ka ho hlaka hore “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo ’me le molemo.” (2 Timothea 3:16) Ke kahoo re lokelang ho ikemisetsa ho amohela lithuto tsohle tseo re li fumanang ha re bala Bibele. Mor’abo rōna e mong o leka ho hopola hore a ka ithuta lintho tse ngata tlalehong e le ’ngoe. Seo se mo thusa ho bona le lithuto tse poteletseng. Ka hona, pele re bala Bibele re lokela ho kōpa Jehova hore a bule likelello tsa rōna e le hore re utloisise seo a batlang hore re ithute sona.—Esdrase 7:10; bala Jakobo 1:5.
Na u rua molemo ka ho feletseng ha u ntse u bala Bibele? (Sheba serapa sa 7)
8, 9. (a) Ha re ntse re bala Bibele, re ka ’na ra ipotsa lipotso life? (b) Litšoaneleho tsa baholo ba Bakreste li re ruta eng ka Jehova?
8 Botsa lipotso. Ha u ntse u bala Bibele khefutsa, ebe u ipotsa lipotso tse latelang: ‘See se nthuta eng ka Jehova? Nka sebelisa lintlha tsee neng bophelong ba ka? Nka li sebelisa joang e le hore ke thuse ba bang?’ Ha re thuisa ka lipotso tsena, re tla rua molemo ha re ntse re bala Bibele. A re ke re boneng mohlala o le mong. Bibele e hlalosa litšoaneleho tse itseng tseo baholo ba Bakreste ba lokelang ho ba le tsona. (Bala 1 Timothea 3:2-7.) Empa ba bangata ba rōna ha re baholo, ’me re ka ’na ra nahana hore lintlha tseo li ke ke tsa re tsoela molemo. Leha ho le joalo, a re ke re sebeliseng lipotso tse tharo tse qalong ea serapa sena, e le hore re bone hore na re ka rua molemo joang litšoanelehong tsena.
9 “See se nthuta eng ka Jehova?” Jehova o re file lethathamo la litšoaneleho tseo baholo ba lokelang ho ba le tsona. O lebeletse ho hoholo ho banna ba etellang pele ka phuthehong. Sena se re ruta hore phutheho ke ea bohlokoa ho Jehova. Bibele e re o e rekile “ka mali a Mora oa hae.” (Liketso 20:28) Kahoo, Jehova o batla hore baholo e be mehlala e metle, ’me ba tla ikarabella ka tsela eo ba tšoarang litho tsa phutheho ka eona. O batla hore re ikutloe re sireletsehile boliseng ba bona. (Esaia 32:1, 2) Ha re bala litšoaneleho tsena, rea ithuta hore ka sebele Jehova oa re tsotella.
Jehova o batla hore kaofela re be le kahlolo e molemo ’me re hlaphoheloe kelellong
10, 11. (a) Re rua molemo ofe ha re bala litšoaneleho tseo baholo ba lokelang ho ba le tsona? (b) Re ka sebelisa lintlha tseo joang ho thusa ba bang?
10 “Nka sebelisa lintlha tsee neng bophelong ba ka?” Haeba u se u ntse u le moholo, u lokela ho lula u hlahloba litšoaneleho tsena ’me u leke ho ntlafatsa. Haeba u ntse u “hahamalla boemo ba molebeli,” u lokela ho ikitlaelletsa ho finyella litšoaneleho tsena. (1 Timothea 3:1) Empa Bakreste bohle ba ka ithuta ho hong litšoanelehong tsena. Ka mohlala, Jehova o batla hore kaofela re be le kahlolo e molemo ’me re hlaphoheloe kelellong. (Bafilipi 4:5; 1 Petrose 4:7) Ha baholo “e-ba mehlala ho mohlape,” re ka ithuta ho bona ’me ra etsisa “tumelo ea bona.”—1 Petrose 5:3; Baheberu 13:7.
11 “Nka sebelisa lintlha tsee joang e le hore ke thuse ba bang?” Re ka sebelisa litšoaneleho tsena ho thusa liithuti tsa Bibele le batho ba thahasellang hore ba hlokomele kamoo baholo ba Bakreste ba fapaneng kateng le baruti ba likereke. Li ka boela tsa re thusa ho hopola mosebetsi o boima oo baholo ba o etsang liphuthehong tsa habo rōna. Qetellong, sena se tla re thusa ho hlompha bara bana babo rōna. (1 Bathesalonika 5:12) Ha re ba hlompha ba tla thabela ho etsa mosebetsi oa bona.—Baheberu 13:17.
12, 13. (a) Re ka ipotsa lipotso life ha re etsa lipatlisiso? (b) Fana ka mohlala oa kamoo ho etsa lipatlisiso tsa se neng se etsahala ha Lengolo le itseng le ngoloa, ho ka re hlokomelisang lithuto tse sa tobang.
12 Etsa lipatlisiso. Ha re ntse re bala Bibele, re ka batla likarabo tsa lipotso tse latelang:
Ke mang ea ngotseng karolo ee ea Bibele?
E ngoletsoe hokae, hona neng?
Ke liketsahalo life tsa bohlokoa tse etsahetseng nakong eo lengolo lee le neng le ngoloa?
Lintlha tsena li ka re thusa ho hlokomela lithuto tse neng li sa lebisoa ho rōna ka ho toba.
13 Ka mohlala, Ezekiele 14:13, 14 e re: “Mor’a motho, mabapi le naha, haeba e ka ntšiteloa ka ho etsa ka ho se tšepahale, ke tla boela ke otlolle letsoho khahlanong le eona ke e robele melamu eo mahobe a lesoba hare a fanyehiloeng ho eona, ’me ke tla romela tlala holim’a eona ke felise motho oa lefatše le phoofolo e ruuoang ho eona. ‘Hoja banna bana ba bararo ba ne ba ka ba har’a eona, Noe, Daniele le Jobo, ka lebaka la ho loka ha bona ba ne ba tla lopolla meea ea bona,’ ho bolela ’Musi Morena Jehova.” Ha re etsa lipatlisiso, rea ithuta hore Ezekiele o ile a ngola mantsoe ana lilemong tse ka bang 612 pele ho Kreste. Noe le Jobo ba ne ba se ba e-na le lilemo tse makholo ba hlokahetse, empa Jehova o ne a ntse a hopola botšepehi ba bona. Leha ho le joalo, Daniele o ne a ntse a phela. Ho ka etsahala hore o ne a le lilemo li 20, ha Jehova a re o lokile joaloka Noe le Jobo. Re ithuta’ng ho see? Jehova o bona bahlanka bohle ba hae, ebile o ba nka e le ba bohlokoa, ho akarelletsa le bacha.—Pesaleme ea 148:12-14.
RUA MOLEMO LINGOLILOENG TSE FAPANENG
14. Lingoliloeng tse ngoletsoeng bacha li ba thusa joang, hona ba bang ba ka rua molemo joang ka ho li bala? (Sheba setšoantšo se qalong.)
14 Lingoliloeng tse ngoletsoeng bacha. Re ithutile hore re ka rua molemo likarolong tsohle tsa Bibele. Ka tsela e tšoanang, re ka rua molemo lingoliloeng tsohle tsa rōna. A re ke re hlahlobeng mehlala e seng mekae. Lilemong tsa morao tjena, Jehova o ’nile a fana ka lingoliloeng tse ngata tse ngoletsoeng bacha.[1] (Sheba ntlha e qetellong ea sehlooho.) Lingoliloeng tsena li ba thusa ho sebetsana le liteko sekolong le mathata a mang a bophelo. Empa kaofela re ka rua molemo joang ka ho bala lingoliloeng tsee? Ha re li bala, re ithuta mathata ao bacha ba tobanang le ’ona ’me re ba boemong bo botle ba ho ba thusa le ho ba khothatsa.
Bakreste ba hōlileng ha baa lokela ho tsoafa ho bala lihlooho tse buang ka bacha
15. Ke hobane’ng ha Bakreste ba hōlileng ba lokela ho bala lihlooho tse ngoletsoeng bacha?
15 Bakreste ba hōlileng ha baa lokela ho tsoafa ho bala lihlooho tse buang ka bacha. Boholo ba mathata a tšohloang lihloohong tseo a ama Bakreste bohle. Ka mohlala, kaofela re lokela ho emela seo re se lumelang, ho laola maikutlo a rōna, ho hana khatello ea lithaka le ho qoba ho tloaelana le batho ba sa itšoarang hantle le boithabiso bo sa lokang. Kahoo, le hoja lihlooho tsena li ngoletsoe bacha, likeletso tsa tsona li tsoa Bibeleng ’me Bakreste bohle ba ka rua molemo ho tsona.
16. Likhatiso tsa rōna li boetse li thusa bacha joang?
16 Lihlooho tse ngoletsoeng bacha li ka boela tsa ba thusa ho matlafatsa kamano ea bona le Jehova. (Bala Moeklesia 12:1, 13.) Batho ba hōlileng le bona ba ka rua molemo. Ka mohlala, Tsoha! ea April 2009 e ne e e-na le sehlooho se reng, “Bacha Baa Botsa . . . Nka Etsa Joang Hore ke Natefeloe ke ho Bala Bibele?” Sehlooho seo se ne se e-na le litlhahiso tse ntle le lebokose leo motho a ka le sehang, a le boloka ’me a le sebelisa ha a ithuta. Na batho ba hōlileng ba ile ba rua molemo sehloohong seo? ’Mè e mong ea nang le bana o ile a re haesale a thatafalloa ho bala Bibele. Empa o ile a sebelisa litlhahiso tse sehloohong seo, ’me hona joale o thabela ho bala Bibele. O re o thabela ho bona kamoo libuka tsa Bibele li nyallanang hantle kateng, o phaella ka hore, “Pele ke ne ke sa thabele ho bala Bibele hakana.”
17, 18. Re ka rua molemo joang ha re bala likhatiso tse ngoletsoeng batho bao e seng Lipaki? Fana ka mohlala.
17 Lingoliloeng tse fanoang tšimong. Ho tloha ka 2008 re ’nile ra thabela ho ba le Molula-Qhooa o ithutoang libokeng. Khatiso ena e ngoletsoe Lipaki Tsa Jehova ka ho khetheha, ’me ho na le limakasine tse ngoletsoeng batho bao e seng Lipaki. Re ka rua molemo joang ho tsona? A re ke re etse mohlala. Ua thaba ha motho eo u mo memetseng Holong ea ’Muso a le teng. Ha sebui se ntse se fana ka puo, u nahana ka moeti oa hao. Ua ipotsa hore na o ikutloa joang ka lintho tseo a li mametseng le kamoo lintlha tseo li ka fetolang bophelo ba hae kateng. Ka lebaka leo, u ameha maikutlo ’me u ananela sehlooho seo ho buoang ka sona le ho feta.
18 Ho ka etsahala se tšoanang ho rōna ha re bala lingoliloeng tse ngoletsoeng batho bao e seng Lipaki. Ka mohlala, likhatiso tsa Molula-Qhooa oa batho ka kakaretso tse websaeteng ea jw.org li hlalosa Bibele ka mantsoe a bonolo. Ha re bala lihlooho tsena, re matlafatsa kutloisiso ea rōna lithutong tsa Bibele tseo re seng re ntse re li tseba. Hape, re ka ’na ra ithuta litsela tse ncha tsa ho hlalosa seo re se lumelang ha re le tšimong. Ho phaella moo, makasine ea Tsoha! e matlafatsa tumelo ea rōna ea hore ho na le ’Mōpi. E boetse e re ruta ho emela seo re se lumelang.—Bala 1 Petrose 3:15.
19. Re ka bontša joang hore re ananela lintho tsohle tseo Jehova a re fang tsona?
19 Ho hlakile hore Jehova o fane ka likeletso tse ngata tse ka re tsoelang molemo. (Matheu 5:3) A re tsoeleng pele ho bala le ho sebelisa lintlha tsohle tseo a re fang tsona. Ha re etsa joalo, re tla rua molemo ’me re tla bontša Jehova hore re ananela lintho tsohle tseo a re fang tsona.—Esaia 48:17.
^ [1] (serapeng sa 14) Likhatiso tseo li akarelletsa buka ea Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1 le ea 2, hammoho le lihlooho tse hlahang websaeteng ea rōna tsa “Bacha Baa Botsa.”