Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • si maq. 239-241
  • Buka ea Bibele ea 56—Tite

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Buka ea Bibele ea 56—Tite
  • “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • LITABA TSE KA HARE TSA TITE
  • LEBAKA LEO E LENG MOLEMO
  • Tite “Mosebetsi-’moho Bakeng sa Lithahasello Tsa Lōna”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Lula U Phela Hantle Tumelong!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Etsa Thuto e Phelisang Tsela ea Hao ea Bophelo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Mamela Letsoalo la hao
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
Bala Tse Ling
“Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
si maq. 239-241

Buka ea Bibele ea 56—Tite

Mongoli: Pauluse

Sebaka Seo e Ngoletsoeng ho Sona: Macedonia (?)

Ho Ngoloa ho Phethiloe: hoo e ka bang ka 61–64 C.E.

1. (a) Tite o ile a behoa boikarabelong ba mosebetsi ofe? (b) Liphutheho tsa Kreta li ne li hlahile ka har’a tikoloho efe, ’me ho ne ho hlokahala hore Bakreste ba Kreta ba etse’ng?

“’NA PAULUSE, mohlanka oa Molimo le moapostola oa Jesu Kreste . . . ke ngolla uena Tite, ngoan’a ka oa sebele tumelong eo re nang le eona hammoho le uena.” (Tite 1:1, 4) Ke kamoo Pauluse a qalang lengolo la hae le eang ho mosebetsi-’moho le eena Tite eo e neng e bile ’mate oa hae ka nako e telele, eo a neng a mo siile sehleke-hlekeng sa Kreta hore a hlophise liphutheho hamolemonyana. Tite o ne a talimane le mosebetsi o moholo. Sehleke-hleke sena, seo ho neng ho thoe ke sebaka seo “ntat’a melimo le batho” a lulang ho sona, e ne e le sona seo ho sona ho hlahileng polelo “ho Kreta Mokreta,” e bolelang “ho hlalefela motho ea bomene-mene.”a Bolotsana ba batho ba eona bo ne bo se bo fetohile maele, kahoo Pauluse o bile a qotsa moprofeta oa bona ha a re: “Ba-Kreta ke mahata ka mehla, ke liphoofolo tse mpe, ke limpa tse botsoa.” (1:12) Bakreta ba mehleng ea Pauluse ba ’nile ba hlalosoa hape ka tsela e latelang: “Sebōpeho sa batho bao e ne e le se hlokang botsitso, se hlokang ’nete, le sa ho rata likhang; ba ne ba inehelletse meharo, ho hloka boitšoaro, bohata, le botahoa, ka tekanyo e fetelletseng; ’me ho bonahala eka Bajode ba neng ba jakile har’a bona ba ne ba se ba itšoere hampe ho feta matsoalloa a moo.”b Liphutheho tsa Kreta li ne li hlahile ka har’a tikoloho e joalo; kahoo ho ne ho e-na le tlhokahalo e khethehileng ea hore balumeli ba “lahle ho hloka bomolimo le litakatso tsa lefatše ’me ba phele ka ho hlaphoheloa kelellong le ho loka le boinehelo ba bomolimo,” joalokaha Pauluse a ile a ba khothalletsa hoo ka matla.—2:12, NW.

2, 3. (a) Ke tšebelisano efe e haufi eo Tite a bileng le eona le Pauluse? (b) Mohlomong Pauluse o ile a ngolla Tite a le hokae, hona ka morero ofe?

2 Buka ea Tite ka boeona e fana ka boitsebiso bo fokolang haholo mabapi le ho sebetsa ’moho ha Pauluse le Tite. Leha ho le joalo, ho tsoa likarolong tseo Pauluse a buang ka Tite ho tsona mangolong a mang, ho ka fumanoa boitsebiso bo bongata. Tite, eo e neng e le Mogerike, o ne a atisa ho tsamaea le Pauluse ’me bonyane ka lekhetlo le le leng o ile a nyolohela Jerusalema le eena. (Ba-Gal. 2:1-5) Pauluse o bua ka eena e le “ea nang le kabelo le ’na le mosebetsi-’moho.” Tite ke eena eo Pauluse a ileng a mo romela Korinthe ka mor’a hore a ngolle Bakorinthe lengolo la hae la pele a le Efese. Ha Tite a ntse a le Korinthe, o ne a sebetsana le ho bokella monehelo o ntšetsoang baena ba Jerusalema, ’me ka mor’a moo o ile a khutla tlas’a tataiso ea Pauluse ho ea qetela ho bokella monehelo oo. Ha Tite a le leetong a khutlela Korinthe ka mor’a hore a kopane le Pauluse Macedonia ke hona moo a ileng a sebelisoa ho isa lengolo la bobeli la Pauluse ho Bakorinthe.—2 Ba-Kor. 8:16-24, NW; 2:13; 7:5-7.

3 Ka mor’a hore Pauluse a lokolloe teronkong Roma ha a ne a tšoeroe lekhetlong la pele, o ile a boela a tsamaea le Timothea le Tite lilemong tsa ho qetela tsa tšebeletso ea hae. Ho bonahala eka sena se ile sa akarelletsa ho sebeletsa Kreta, Greece, le Macedonia. Qetellong, ho buuoa ka Pauluse ha a ea Nikopolise, e ka leboea-bophirimela ho Greece, moo ho bonahalang eka o ile a tšoaroa hona teng ’me a isoa Roma moo a ileng a koalloa teronkong teng lekhetlo la ho qetela a ba a ahloleloa lefu. Ke ha Pauluse a etetse Kreta lekhetlo la ho qetela moo a ileng a siea Tite moo hore a ‘lokise tse e-song ho lokisoe, ’me a bee baholo metseng eohle,’ tumellanong le litaelo tseo a neng a li file Tite. Ho bonahala eka lengolo la Pauluse le ngotsoe nakoana ka mor’a hore a siee Tite Kreta, mohlomong ha a le Macedonia. (Tite 1:5; 3:12; 1 Tim. 1:3; 2 Tim. 4:13, 20) Ho bonahala eka le ne le sebeletsa morero o tšoanang le oa Timothea oa Pele, e leng ho khothatsa mosebetsi-’moho le Pauluse le ho mo tšehetsa ka mokhoa o nang le matla a bolaoli mesebetsing ea hae.

4. E tlameha e be lengolo le eang ho Tite le ngotsoe neng, ’me bopaki ba bonnete ba lona ke bofe?

4 E tlameha e be Pauluse o ngotse lengolo lena neng-neng pakeng tsa ha a koalletsoe teronkong Roma ka lekhetlo la pele le ha a koalletsoe ka lekhetlo la bobeli, kapa hoo e ka bang ka 61 ho ea ho 64 C.E. Bopaki ba bonnete ba lengolo le eang ho Tite bo tiisoa ka mokhoa o tšoanang le ba mangolo a eang ho Timothea a nakong e tšoanang, kaha libuka tsena tse tharo tsa Bibele li atisa ho bitsoa “mangolo a bolisa” a Pauluse. Mokhoa oa ho ngola oa tšoana. Irenaeus le Origen ka bobeli ba qotsa ho Tite, ’me litsebi tse ling tse ngata tsa boholo-holo le tsona li tiisa hore buka ena ke karolo ea Mangolo a Halalelang. E fumanoa har’a Libuka tse Ngotsoeng ka Letsoho tsa Sinaitic le Alexandrine. Laebraring ea John Rylands ho na le mosaletsa oa buka ea loli, P32, oo e leng leqephe la codex ea hoo e ka bang lekholong la boraro la lilemo C.E. le nang le Tite 1:11-15 le 2:3-8.c Ha ho pelaelo hore buka ena ke karolo ea ’nete ea Mangolo a bululetsoeng.

LITABA TSE KA HARE TSA TITE

5. (a) Pauluse o hatisa litšoaneleho life bakeng sa balebeli, ’me ke hobane’ng ha see se hlokahala? (b) Ke hobane’ng ha Tite a tlameha ho laea ka matla, hona ho thoe’ng ka batho ba silafetseng?

5 Balebeli ba lokela ho khothatsa ka matla ka thuto e phelisang (1:1-16). Ka mor’a tumeliso e tletseng lerato le mofuthu, Pauluse o hlakisa litšoaneleho tsa balebeli. Ho hatelloa hore molebeli e tlameha e be “ea sa nģosoeng ka letho,” ea ratang molemo, ea lokileng, ea tšepahalang, monna “ea khomarelang ka tieo lentsoe le tšepahalang mabapi le botsebi ba hae ba ho ruta, e le hore a ka khona ho khothatsa ka matla ka thuto e phelisang le ho laea ba hanyetsang.” Sena sea hlokahala ka lebaka la “bathetsi ba kelello” ba bileng ba nanarelang malapa kaofela ka lebaka la phaello e fumanoang ka ho se tšepahale. Kahoo Tite o tlameha “ho tsoela pele ho ba laea ka matla, e le hore ba ka phela hantle tumelong, a se natse litšōmo tsa Bajode.” Batho ba silafetseng ba ka ’na ba bolela pontšeng hore ba tseba Molimo, empa ba o latola ka mesebetsi ea bona ea ho hloka kutlo.—1:6-10, 13, 14, NW.

6. Ho fanoa ka keletso efe tabeng ea boitšoaro ba Bokreste?

6 Ho phela ka kelello e hlaphohileng, ho loka, le boinehelo ba bomolimo (2:1–3:15). Banna ba hōlileng le basali ba hōlileng ba lokela ho nka litaba ka ho teba le ho phela ka borapeli. Basali ba bacha ba lokela ho rata banna ba bona le bana ba bona le ho ikokobeletsa banna ba bona “e le hore lentsoe la Molimo le se ke la nyefoloa.” Banna ba bacha ba lokela ho fetoha mohlala oa mesebetsi e metle le puo e hloekileng. Makhoba a laoloang a tlameha ho bontša “botšepehi bo botle ka ho felletseng.” Mosa o sa tšoanelang oa Molimo, o isang polokong, o bonahalitsoe, o khothalletsa bao Molimo o ba hloekisitseng ka Kreste Jesu hore e be “batho ba oona ka ho khethehileng, ba chesehelang mesebetsi e metle” ho hlaphoheloa kelellong, ho loka, le boinehelo ba bomolimo.—2:5, 10, 14, NW.

7. Pauluse o hatella eng mabapi le ho ikokobeletsa taolo, poloko, le mesebetsi e metle?

7 Pauluse o hatella tlhokahalo ea ho ikokobeletsa taolo ea mebuso le ho e utloa le ho “bontša mosa oohle ho batho bohle.” Pauluse le Bakreste-’moho le eena ba kile ba ba babe joaloka batho ba bang. Ba bolokiloe ka moea o halalelang ’me ba fetohile majalefa a tšepo ea bophelo bo sa feleng ka lebaka la mosa, lerato, le mohau oa Molimo, eseng ka lebaka la mesebetsi leha e le efe ea bona. Kahoo ba lumelang ho Molimo ba lokela ho “boloka likelello tsa bona ho ntšetseng pele mesebetsi e metle.” Ba lokela ho qoba lipotso tsa booatla le khohlano tabeng ea Molao, ’me ha e le motho ea khothalletsang sehlopha sa bokhelohi, ba lokela ho mo leleka ka mor’a ho mo fa temoso ea pele le ea bobeli. Pauluse o kōpa Tite hore a tle ho eena Nikopolise, ’me ka mor’a hore a fane ka litaelo tse ling tsa boromuoa, o boetse o hatella tlhokahalo ea mesebetsi e metle, e le hore a se ke a fetoha ea sa beheng litholoana.—3:2, 7, 8, NW.

LEBAKA LEO E LENG MOLEMO

8. Keletsong ea Pauluse e lengolong le eang ho Tite ke eng e ‘ntle e bileng e leng molemo’ bakeng sa rōna kajeno, hona hobane’ng?

8 Bakreste ba Kreta ba ne ba phela tikolohong e tletseng ho bua leshano, tšenyeho, le meharo. Na ba lokela ho latela bongata feela? Kapa ba lokela ho nka mehato e tiileng ea ho ikarola ka ho felletseng e le hore ba sebeletse e le batho ba halalelitsoeng bakeng sa Jehova Molimo? Ha Pauluse a tsebahatsa ka Tite hore Bakreta ba lokela ho “boloka likelello tsa bona ho ntšetseng pele mesebetsi e metle,” o ile a re: “Lintho tsena li ntle ’me li molemo ho batho.” Kajeno, lefatšeng le tetebetseng moraheng oa leshano le mekhoeng e hlokang botšepehi, ho ‘hotle ebile ho molemo’ hore Bakreste ba sebele ba “ithute ho ntšetsa pele mesebetsi e metle,” e be ba behang litholoana tšebeletsong ea Molimo. (3:8, 14, NW) Ho nyatsa ha Pauluse ka ho felletseng boitšoaro bo bobe le bokhopo tse neng li sokela liphutheho tsa Kreta ho lutse e le temoso ho rōna hona joale ha ‘mosa o sa tšoanelang oa Molimo o re laela hore re lahle ho hloka bomolimo le litakatso tsa lefatše ’me re phele ka kelello e hlaphohileng le ho loka le boinehelo ba bomolimo ka har’a tsamaiso ena ea lintho.’ Bakreste ba boetse ba lokela hore “ba itokisetse mesebetsi eohle e lokileng” ka ho bontša kutlo mebusong, ho boloka letsoalo le letle.—2:11, 12, NW; 3:1, BPN.

9. Bohlokoa ba thuto e nepahetseng, haholo-holo e le boikarabelo ba molebeli, bo hatisoa joang?

9 Tite 1:5-9 e tlatselletsa 1 Timothea 3:2-7 ho bontšeng seo moea o halalelang o se hlokang ho balebeli. Sena se hatisa hore molebeli o lokela ho ‘khomarela ka ho tiea lentsoe le tšepahalang’ le ho ba tichere ka phuthehong. See se hlokahala hakaakang ho etseng hore bohle ba fihle khōlong ea moea! Ha e le hantle, tlhokahalo ena ea thuto e nepahetseng e hatisoa ka makhetlo a ’maloa lengolong le eang ho Tite. Pauluse o lemosa Tite hore a “tsoele pele ho bua lintho tse tšoanelang thuto e phelisang.” Basali ba hōlileng e lokela ho ba “matichere a se molemo,” ’me makhoba a lokela ho ‘khabisa thuto ea ’Moloki oa ’ona, Molimo, linthong tsohle.’ (Tite 1:9, NW; 2:1, 3, 10, NW) Ha Pauluse a hatella tlhokahalo ea hore Tite joaloka molebeli e be ea tiileng le ea sa tšabeng letho ho ruteng ha hae, o re: “Tsoela pele ho bolela lintho tsena le ho khothatsa ka matla le ho laea ka matla a felletseng a ho laela.” ’Me mabapi le ba sa mameleng, o re: “Tsoela pele ho ba laea ka matla, e le hore ba tle ba phele hantle tumelong.” Ka hona, lengolo la Pauluse le eang ho Tite ka ho khethehileng “le na le molemo oa ho ruta, oa ho kholisa, oa ho laea, le oa ho hōlisa ka khōlo ea ho loka.”—Tite 2:15, NW; 1:13, NW; 2 Tim. 3:16.

10. Lengolo le eang ho Tite le re fa khothatso hokae, ’me le tsosa tšepo efe e thabileng?

10 Lengolo le eang ho Tite le tsosa kananelo ea rōna bakeng sa mosa o sa tšoanelang oa Molimo ’me le re khothalletsa ho furalla ho hloka bomolimo ha lefatše ‘ha re ntse re emetse tšepo e thabileng le ponahalo e khanyang ea Molimo o moholo le ’Moloki oa rōna, Kreste Jesu.’ Ka ho etsa joalo, ba boletsoeng ba lokile ka Kreste Jesu ba ka fetoha “majalefa a bophelo bo sa feleng, boo [ba] bo tšepileng” ’Musong oa Molimo.—Tite 2:13, NW; 3:7, BPN.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Cyclopedia ea McClintock le Strong, khatiso e ncha ea 1981, Moq. II, leqephe 564; The New Schaff-Herzog Encyclopedia of Religious Knowledge, 1958, Moq. III, leqephe 306.

b Cyclopedia ea McClintock le Strong, khatiso e ncha ea 1981, Moq. X, leqephe 442.

c The Text of the New Testament, ea Kurt le Barbara Aland, e fetoletsoeng ke E. F. Rhodes, 1987, leqephe 98.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela