Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w92 4/15 maq. 23-25
  • ‘Ho Khothatsa ka Lerato’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘Ho Khothatsa ka Lerato’
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mophaphathehi oa Khutla
  • Ho Lokisa Litaba ka Lerato
  • Thuto ho Bakreste Kajeno
  • Buka ea Bibele ea 57—Filemone
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Lerato la Boena Lea Sebetsa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Filemone le Onesimase—Ba Kopanngoa ke Kutloano ea Bara ba Motho ea Bokreste
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Pauluse o Roma
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
w92 4/15 maq. 23-25

‘Ho Khothatsa ka Lerato’

HOO e ka bang ka 60-61 C.E., lekhoba la mophaphathehi le ile la tloha Roma ’me la nka leeto la lik’hilomithara tse 1 400 le khutlelang hae Kolosse, e leng motse o ka boroa-bophirimela ho Asia Minor. Le ne le nkile molaetsa o ngotsoeng ka letsoho o eang ho mong’a lona, o ngotsoeng ke moapostola Pauluse. Kajeno, lengolo leo ke karolo ea Bibele ’me le rehelletsoe ea ileng a le amohela, Filemone.

Lengolo lena le eang ho Filemone le bontša masene a sebelisitsoeng mosebetsing o entsoeng ka tsebo, le bea mabaka ka tsela e kholisang. Leha ho le joalo, habohlokoa le ho feta, le na le lithuto tse ngata tse sebetsang ho Bakreste kajeno, e ’ngoe ea tsona ke bohlokoa ba ho khothatsana ka lerato la Bokreste. A re ke re hlahlobeng ka hloko lengolo lena le lekhutšoanyane empa le le matla.

Mophaphathehi oa Khutla

Filemone e ne e le Mokreste, setho se ratoang haholo sa phutheho ea Kolosse. (Filemone 4, 5) Phutheho ea moo e ne e sebelisa ntlo la hae e le moo ho tšoareloang liboka! (Temana 2) Ho feta moo, Filemone o ne a tloaelane le moapostola Pauluse; e ka ’na eaba moapostola enoa o ile a ba le karolo tabeng ea hore a fetohe Mokreste. Ke ’nete hore Pauluse o bontša hore ha a ka a ruta Kolosse ka boeena. (Ba-Kolosse 2:1) Leha ho le joalo, o ile a qeta lilemo tse peli Efese, a ruta ho fihlela “bohle ba ahileng Asia [e neng e akarelletsa le Kolosse] ba ba ba utloa lentsoe la Morena.” (Liketso 19:10) Ho ka etsahala hore ebe Filemone o ne a le har’a batho ba ileng ba arabela hamolemo.

Joaloka batho ba bangata ba nang le lintho tse ngata tse bonahalang ba nako eo, Filemone o ne a na le makhoba. Mehleng ea boholo-holo, e ne e se ka mehla bokhoba bo neng bo nyenyefatsa motho. Ho Bajode, ho ithekisa kapa ho rekisa litho tsa lelapa bokhobeng e ne e le mokhoa oa ho lefa likoloto o amohelehang. (Levitike 25:39, 40) The International Standard Bible Encyclopedia e bua tjena ka nako eo ea Maroma: “Batho ba bangata ba ile ba ithekisa bokhobeng ka mabaka a sa tšoaneng, le ka sehloohong e ne e le ho phela bophelo bo bonolo haholoanyane le bo sireletsehileng haholoanyane ho e-na le ho phela e le mafutsana, ho ba batho ba lokolohileng, ho fumana mesebetsi e khethehileng, le ho ba boemong bo phahameng sechabeng. . . . Batho ba bangata bao eseng Maroma ba ile ba ithekisa ho baahi ba Roma ka litebello tse molemo, tse laoloang ke molao oa Roma, oa hore e be baahi ba Roma ha ba lokolloa.”

Leha ho le joalo, ho ile ha hlaha bothata ha le leng la makhoba a Filemone, monna ea bitsoang Onesima a mo siea a balehela Roma, mohlomong o ile a utsoa chelete ea Filemone e le hore a ka lefella leeto la hae ka eona. (Temana 18) Ha a le Roma, Onesima o ile a kopana le moapostola Pauluse, eo e neng e le motšoaruoa moo.

“Lekhoba le neng le se na thuso pele” le neng le balehetse bohlanka joale le fetohile Mokreste. Le ile la itšenola ho Pauluse ’me la sebeletsa moapostola ea neng a kene teronkong. Ha ho makatse hore ebe Pauluse o ile a amohela Onesima ka “lerato le mosa” ’me ea e-ba “moena ea ratoang” ho Pauluse!—Litemana 11, 12, 16, NW.

Moapostola Pauluse o ne a ka rata hore Onesima a sale le eena. Empa Filemone o ne a na le litokelo tsa molao tsa ho ba monghali oa Onesima. Kahoo Onesima o ne a tlamehile ho khutlela tšebeletsong ea monghali oa hae oa molao. Filemone o ne a tla mo amohela joang? Na ka mabifi o ne a ka batla hore litokelo tsa hae li lekanyetse kahlolo e boima? Na o ne a ka belaella boipolelo ba Onesima ba hore ke Mokreste-’moho le eena?

Ho Lokisa Litaba ka Lerato

Pauluse o ile a susumelletseha ho ngolla Filemone mabapi le Onesima. O ile a ngola lengolo lena ka boeena, a sa sebelise mongoli joalokaha a ne a tloaetse. (Temana 19) Ak’u nke metsotso e se mekae ho bala lengolo lena le lekhutšoanyane le eang ho Filemone kaofela. U tla hlokomela hore ka mor’a ho itsebahatsa le ho lakaletsa Filemone le ba lelapa la hae “mohau le khotso,” Pauluse o ile a babatsa Filemone ka ‘lerato la hae le tumelo ho Morena Jesu le lerato la hae ho bahalaleli bohle.’—Litemana 1-7.

Ho ne ho ka ba bonolo hore Pauluse a sebelise matla a hae a boapostola ’me a ‘laele Filemone hore a etse se loketseng,’ empa ho e-na le hoo Pauluse o ile a mo ‘khothatsa ka lerato.’ O ile a tiisa ’nete ea hore Onesima o ne a fetohile moena oa Mokreste e le kannete, ea neng a ipakile ho ba molemo ho Pauluse. Moapostola o ile a lumela: “Ke ne ke hopotse hore nka mo [Onesima] thibela hore a lule le ’na, a tle a ntšebeletse bakeng sa hao, litlamong tsa Evangeli.” Pauluse o tsoela pele: “Empa ha kea ka ka rata ho etsa letho ke e-so ho tsebe molomo oa hao, hore botle boo ba hao bo se ke ba etsoa ke uena ka ho nģophelloa, e mpe e be ka ho ithatela ha hao.”—Litemana 8-14.

Kahoo moapostola enoa o ile a phehella Filemone hore a amohele lekhoba la hae la pele joaloka moena. Pauluse o ile a ngola: “Mo amohele hle, joale ka hoja e le ’na.” Hase hore Onesima o ne a tla lokolloa bohlankeng. Pauluse o ne a sa leke ho fetola molao oa sechaba o neng o le teng mehleng ea hae. (Bapisa le Ba-Efese 6:9; Ba-Kolosse 4:1; 1 Timothea 6:2.) Leha ho le joalo, kamano ea lekhoba le monghali ntle ho tika-tiko e ne e tla angoa ke tlamo ea Bokreste eo joale e leng teng pakeng tsa Onesima le Filemone. Filemone o ne a tla talima Onesima joaloka ‘ea fetisang mohlanka le joaloka moena ea ratoang.’—Litemana 15-17.

Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka likoloto tseo e ka ’nang eaba Onesima o ne a na le tsona, mohlomong e le phello ea ho utsoa? Pauluse o ile a boela a ipiletsa ho motsoalle oa hae Filemone, a re: “Leha ekaba a kile a u tlatlapa ka hore hoitseng, kapa a na le molato ho uena, u ke u o batle ho ’na.” Pauluse o ne a kholisehile hore Filemone o tla bontša moea oa ho tšoarela, a etse se fetang seo Pauluse a se kōpileng. Kaha Pauluse o ne a na le tšepo ea hore o tla lokolloa kapele, o ile a ba a lokisetsa hore Filemone a mo amohele ka mofuthu nakong e tlang e haufinyane. Ka mor’a hore a fetise litumeliso tse eketsehileng le ho lakaletsa Filemone ‘mosa o sa tšoanelang oa Morena Jesu Kreste,’ Pauluse o ile a phetha lengolo la hae.—Litemana 18-25.

Thuto ho Bakreste Kajeno

Buka ea Filemone e na le lithuto tse ngata tse sebetsang ho Bakreste kajeno. Taba ea pele, e re hopotsa tlhokahalo ea ho ba ba tšoarelang, esita leha molumeli-’moho a re sitetsoe ka ho tebileng. Jesu o itse: “Hobane ekare ha le tšoarela batho litlōlo tsa bona, Ntat’a lōna ea maholimong o tla le tšoarela le lōna.”—Mattheu 6:14.

Batho ba leng boemong ba bolaoli ka phuthehong ea Bokreste kajeno ba ka fumana molemo o khethehileng bukeng ea Filemone. Ke habohlokoa ho hlokomela hore Pauluse o ile a qoba ho sebelisa matla a hae a boapostola bakeng sa ho laela Filemone hore a etse se loketseng. Ho feta moo, Pauluse ha a ka a laela hore Onesima a lumelloe ho lula Roma a mo sebeletsa. Pauluse o ne a hlompha litokelo tseo ba bang ba nang le tsona linthong tsa bona. Hape o ne a ananela hore le hoja katamelo e hatellang e ne e ka fella ka kutlo, ho ne ho ka ba molemo hore Filemone a etse lintho ho tsoa pelong. O ile a etsa boipiletso bo susumetsoang ke lerato e le hore a ka khothalletsa karabelo e tsoang botebong ba pelo.

Kahoo baholo ba Bakreste kajeno le ka mohla ha baa lokela ho “hatella bao e leng lefa la Molimo” ka ho sebelisa matla a bona hampe kapa ka ho sebelisa tsela e se nang mosa, ea bohatelli ha ba sebelisana le mohlape. (1 Petrose 5:1-3, NW) Jesu o itse: “Lea tseba hoba marena a lichaba a li busa, ’me baholo ba tsona ba na le puso e thata holim’a tsona. Ho se ke ha e-ba joalo ho lōna.” (Mattheu 20:25, 26) Balisa ba bangata baa hlokomela hore litho tsa mohlape li arabela hamolemo haholo boipiletsong bo lerato ho feta litaelong. Batho ba tepelletseng maikutlo ba ananela balisa ba iphang nako ea ho mamela mathata a bona ’me ba fana ka taeo e bontšang kutloisiso.

Lengolo la Pauluse le tsoela pele ho hopotsa baholo bohlokoa ba ho babatsa le ho ba masene. O qala ka ho lumela hore ‘lerato le bonolo la bahalaleli le tsosolositsoe ka’ Filemone. (Temana 7) Ha ho pelaelo hore pabatso ena e tiileng e ile ea etsa hore Filemone a be boemong ba ho amohela keletso. Ka ho tšoanang kajeno, hangata bohloko ba taeo kapa keletso bo ka fokotsoa ke pabatso e tiileng, e mofuthu. ’Me taeo e joalo ha ea lokela ho ba e sa nahaneleng kapa e seng bohlale, empa ka mosa e be e “nokiloeng ka letsoai” e le hore e ka ba e molemo le e latsoehang ho ea e mametseng.—Ba-Kolosse 4:6.

Moapostola Pauluse o ile a tsoela pele ho bontša hore o kholisehile hore Filemone o ne a tla etsa se nepahetseng, ha a re: “Ke u ngoletse tseo, ke ntse ke tšepile kutlo ea hao, ’me kea tseba hore u tla etsa le ho fetisa seo ke se boletseng.” (Temana 21) Baholo, na le bontša kholiseho e tšoanang le ena ho Bakreste-’moho? Na see ha se ba thuse hore ba batle ho etsa se nepahetseng?

Hoa thahasellisa hore hangata batsoali ba hlokomela hore ho bontša bana ba bona hore baa ba tšepa le hona ho na le liphello tse molemo. Ka ho hlokomela bohlokoa ba ho ithaopela ho utloa—takatso ea ho etsa se fetang se hlokahalang—batsoali ba ka neha bana ba bona seriti ka tekanyo e itseng. Litaelo tsa botsoali kapa likōpo, ha ho khoneha, li etsoe ka molumo oa lentsoe o bontšang mosa le lerato. Ba lokela ho bontša hore ba ipeha boemong ba bona, le ho ba behela mabaka. Batsoali ba lokela ho babatsa bana ba bona ka mofuthu ha pabatso e joalo e ba tšoanela ’me ba qobe ho ba tšoaea liphoso ka ho tlōlisang, haholo-holo har’a batho.

Ka tsela e tšoanang, banna ba ka bontša litšoaneleho tsa ho ba ba lekanyang litaba ka hloko le ho ba mosa, ba ikemisetse ho rorisa basali ba bona. Sena se etsa hore boikokobetso ba bosali e be bo nyakallisang hape ebe mohloli oa khatholoho le thabo!—Liproverbia 31:28; Ba-Efese 5:28.

Ha hoa bontšoa ka ho hlaka hore na Filemone o ile a arabela lengolo la Pauluse joang. Leha ho le joalo re ke ke ra nahana hore tšepo eo Pauluse a neng a na le eona ho eena e ne e le ea lefeela. E se eka baholo ba Bakreste, batsoali, le banna kajeno ba ka atleha litšebelisanong tsa bona, e se ke ea ba ba hatellang, ba fanang ka litaelo, kapa ba khahlapetsang, empa e be ba ‘khothatsang ka lerato.’

[Litšoantšo tse leqepheng la 23]

Ho e-na le ho sebelisa matla a hae a boapostola, Pauluse o ile a khothatsa Filemone ka lerato la Bokreste

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela