Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w05 5/1 maq. 4-7
  • Tsoho—e Fana ka Tšepo e Thabisang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsoho—e Fana ka Tšepo e Thabisang
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Pherekano Mabapi le Thuto ea Tsoho
  • “Basali ba Ile ba Amohela Bafu ba Bona ka Tsoho”
  • Tsoho Nakong ea Tšebeletso ea Jesu
  • Tšepo ea ho Kopana Hape le Baratuoa ba Rōna ea Thabisa
  • Tšepo ea Tsoho ke ea Sebele!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Tsoho—Na ke ea Sebele ho Uena?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Bontša Tumelo Bakeng sa Bophelo bo sa Feleng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • ‘Rea Tseba Hore ba Tla Tsoha Mohla Tsoho’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
w05 5/1 maq. 4-7

Tsoho—e Fana ka Tšepo e Thabisang

HO LUMELA tsoho ho atile. Buka e halalelang ea Boislamo, e leng Koran, e na le khaolo e feletseng e buang ka tsoho. Karolo e itseng ea Surah 75 e re: “Ke hlapanya ka Letsatsi la Tsoho . . . Na motho o nahana hore Re ke ke ra bokella masapo a hae? . . . Oa botsa: ‘Letsatsi la Tsoho le tla tla neng?’ Na Eena, (eo), ha a na matla a ho fana ka bophelo ho ba shoeleng?”—Surah 75:1-6, 40.

The New Encyclopædia Britannica e re: “Bozoroaster bo ruta thuto ea ho hlōloa ha Bobe ka ho feletseng, tsoho e akaretsang, Kahlolo ea ho Qetela le ho nchafatsoa ha lefatše le hloekisitsoeng bakeng sa ba lokileng.”

Encyclopaedia Judaica e hlalosa tsoho e le “tumelo ea hore qetellong bafu ba tla tsosoa ka ’mele ea bona ’me ba phele hape lefatšeng.” Leha ho le joalo, buka ena e boetse e bolela hore tumelo e amohetsoeng bolumeling ba Sejuda ea hore motho o na le moea o sa shoeng e baka bothata. E re: “Ha e le hantle litumelo tsena tse peli ea tsoho le ea hore moea ha o shoe lia hanyetsana.”

Bohindu bo ruta hore motho o tsoaloa hangata, kapa ka ’mele e mecha. Haeba sena ke ’nete, e tlameha ebe motho o na le moea o tsoelang pele o phela ka mor’a lefu. Buka e halalelang ea Mahindu e bitsoang Bhagavad Gita e re: “Se ka hare ho ’mele oohle ha se senyehe. Ha ho motho ea ka khonang ho timetsa moea o sa senyeheng.”

Bobuddha bo fapana le Bohindu kaha bo latola boteng ba moea o sa shoeng. Leha ho le joalo, kajeno Mabuddha a mangata a Bochabela bo Hōle a lumela hore moea o sa shoeng o fetela sebakeng se seng.a

Pherekano Mabapi le Thuto ea Tsoho

Hangata litšebeletsong tsa phupu tsa Bokreste-’mōtoana ho buuoa ka moea o tsoelang pele o phela ka mor’a lefu ho bile ho buuoa le ka tsoho. Ka mohlala, ka tloaelo moruti oa Chache o pheta mantsoe a reng: “Joalokaha Molimo ea Matla ’Ohle ka lebaka la mohau oa hae o moholo a thabetse ho nka moea oa ngoan’abo rōna ea re siileng, ka lebaka leo re beha ’mele oa hae mobung, mobu mobung, molora moloreng, lerōle lerōleng; re e-na le tšepo e tiileng ea Tsoho le ea bophelo bo sa feleng, ka Morena oa rōna Jesu Kreste.”—The Book of Common Prayer.

Polelo ena e ka ’na ea etsa hore motho a ipotse hore na ebe Bibele e ruta tsoho kapa thuto ea moea o sa shoeng. Leha ho le joalo, hlokomela mantsoe a builoeng ke Moprostanta oa Lefora, Moprofesa Oscar Cullmann. Bukeng ea hae e bitsoang Immortality of the Soul or Resurrection of the Dead? o ngotse tjena: “Ho na le phapang e khōlō pakeng tsa tebello ea Mokreste ea tsoho ea bafu le tumelo ea Bagerike ea ho se shoe ha moea. . . . Le hoja hamorao Bokreste bo ile ba hokahanya litumelo tsena tse peli, ’me kajeno Mokreste ea tloaelehileng a li ferekanya ka ho feletseng, ke bona ho se lebaka la ho pata seo ’na le boholo ba litsebi re se talimang e le ’nete. . . . Bophelo le khopolo tsa Testamente e Ncha li laoloa ka ho feletseng ke tumelo tsohong. . . . Motho kaofela, ea hlileng a shoeleng, o khutlisetsoa bophelong ke ketso ea Molimo e ncha ea pōpo.”

Ha ho makatse ha batho ka kakaretso ba ferekane ka taba ea lefu le tsoho. E le hore re rarolle pherekano ena, re lokela ho hlahloba Bibele, e fanang ka linnete tse senotsoeng ke ’Mōpi oa motho, Jehova Molimo. Bibele e na le litlaleho tse ’maloa tsa tsoho ea bafu. A re ke re hlahlobeng litlaleho tse ’nè ho tsena ’me re bone hore na li senola eng.

“Basali ba Ile ba Amohela Bafu ba Bona ka Tsoho”

Lengolong la hae le eang ho Bajuda bao e neng e se e le Bakreste, moapostola Pauluse o ile a re basali ba tumelo “ba ile ba amohela bafu ba bona ka tsoho.” (Baheberu 11:35) E mong oa basali bao o ne a lula Sarepta, e leng motse oa Foenisia o pel’a Sidone Lebōpong la Leoatle la Mediterranean. E ne e le mohlolohali ea ileng a amohela moprofeta oa Molimo Elia ka mofuthu le ho mo fa lijo esita le nakong ea tlala ea boja-likata. Ka masoabi, mora oa mosali enoa o ile a kula eaba oa shoa. Kapele-pele Elia o ile a mo isa kamoreng e marulelong moo moprofeta a neng a lula teng eaba o kōpa Jehova hore a khutlise bophelo ba moshanyana. Ho ile ha etsahala mohlolo eaba moshanyana eo ‘oa phela.’ Elia o ile a mo khutlisetsa ho ’m’ae eaba o re: “Bona, mora oa hao oa phela.” Mosali eo o ile a re’ng? Ka thabo, o ile a re: “Joale, ka sebele, kea tseba hore u monna oa Molimo le hore lentsoe la Jehova le molomong oa hao ke ’nete.”—1 Marena 17:22-24.

Lik’hilomithara tse ka bang 100 ka boroa ho Sarepta ho ne ho e-na le banyalani ba mosa ba ileng ba hlokomela mohlahlami oa Elia, e leng moprofeta Elisha. Mosali oa monna eo e ne e le mosali ea hlaheletseng ka mahetla motseng oa habo oa Shuneme. Eena le monna oa hae ba ile ba lumela ho fa Elisha sebaka sa marobalo kamoreng e marulelong ea ntlo ea bona. Masoabi a bona a hore ebe ba ne ba se na bana a ile a fetoha thabo ha mosali eo a beleha mora. Ha moshanyana eo a ntse a hōla, o ne a atisa ho tsamaea le bakotuli hore a ee ho ntat’ae masimong. Eaba ka letsatsi le leng ho hlaha tsietsi. Moshemane o ile a lla ka hore o tšoeroe ke hlooho. Mohlanka o ile a mo potlakisetsa lapeng. ’M’ae o ile a mo beha liropeng, empa qetellong ngoana eo o ile a shoa. ’Mè ea neng a utloile bohloko o ile a etsa qeto ea ho kōpa thuso ho Elisha. Eena le mohlanka ba ile ba ea ka leboea-bophirimela ho Thaba ea Karmele, moo Elisha a neng a lula teng.

Moprofeta o ile a nka khato ea ho romela mohlanka oa hae Gehazi hore a mo ete pele, ’me o ile a fumana hore efela e le ’nete hore moshemane o shoele. Elisha le mosali eo ba ile ba latela, empa ho ile ha etsahala’ng ha qetellong ba fihla Shuneme? Tlaleho e ho 2 Marena 4:32-37 e re: “Qetellong Elisha a kena ka tlung, ’me moshanyana o ne a shoele, a robalitsoe setulong sa hae se kang bethe. Joale a kena ’me a koala lemati ka mor’a bona ka bobeli ’me a qala ho rapela Jehova. Qetellong a nyoloha eaba o robala holim’a ngoana eo ’me o beha molomo oa hae holim’a molomo oa hae le mahlo a hae holim’a mahlo a hae le liatla tsa hae holim’a liatla tsa hae eaba o tsoela pele a iname holim’a hae, ’me butle-butle nama ea moshanyana eo ea futhumala. Joale a qala ho tsamaea hape ka tlung, a ea koana hang ’me a ea koana hang, ka mor’a moo a nyoloha ’me a inama holim’a hae. Moshanyana eo a qala ho thimola hoo e ka bang ka makhetlo a supileng, ka mor’a moo moshanyana eo a tutuboloha. Joale a bitsa Gehazi ’me a re: ‘Bitsa mosali enoa oa Moshuneme.’ Kahoo a mo bitsa ’me a kena ho eena. Joale a re: ‘Phahamisa mora oa hao.’ A kena ’me a itihela maotong a hae ’me a inamela ho eena, ka mor’a moo a phahamisa mora oa hae eaba oa tsoa.”

Joaloka mohlolohali oa Sarepta, mosali oa Shuneme o ne a tseba hore se neng se etsahetse se etsahetse ka lebaka la matla a Molimo. Basali bana ka bobeli ba ile ba thaba haholo ha Molimo a tsosa bana ba bona ba ratehang.

Tsoho Nakong ea Tšebeletso ea Jesu

Lilemo tse ka bang 900 hamorao, ho ile ha tsosoa motho e mong sebakeng se seng se seng hōle ka leboea ho Shuneme ka ntle ho motse oa Naine. Ha Jesu Kreste le barutuoa ba hae ba tloha Kapernauma ’me ba atamela heke ea Naine, ba ile ba kopana le mokoloko oa batho ba neng ba ea phupung, ’me Jesu o ile a bona mohlolohali ea neng a shoetsoe ke mora oa hae ea mong to! Jesu o ile a mo bolella hore a khaotse ho lla. Ngaka Luka o hlalosa se ileng sa etsahala ka mor’a moo tjena: “Eaba [Jesu] oa atamela o ama mojaro oa mofu, ’me bajari ba ema, eaba o re: ‘Mohlankana, ke re ho uena, Tsoha!’ Motho eo ea shoeleng a lula ’me a qala ho bua, eaba o mo fa ’m’ae.” (Luka 7:14, 15) Ba ileng ba bona mohlolo ona ba ile ba tlotlisa Molimo. Litaba tsa tsoho ena li ile tsa hasana ho ea ka boroa ho ea fihla Judea le sebakeng se e potolohileng. Hoa thahasellisa hore ebe barutuoa ba Johanne Mokolobetsi ba ile ba utloela ka eona eaba ba tlalehela Johanne mohlolo oo. Johanne eena, o ile a ba roma hore ba e’o batla Jesu le ho mo botsa hore na ebe e ne e le Eena Mesia ea lebeletsoeng. Jesu o ile a re ho bona: “Tsamaeang, le tlalehele Johanne seo le se boneng le seo le se utloileng: ba foufetseng baa bona, ba holofetseng baa tsamaea, balepera ba ntse ba hloekisoa ’me ba sa utloeng litsebeng baa utloa, bafu ba ntse ba tsosoa, mafutsana a ntse a bolelloa litaba tse molemo.”—Luka 7:22.

Mohlolo o tsebahalang haholo oa Jesu oa tsoho ebile oo a ileng a o etsa ha a ne a tsosa motsoalle oa hae ea haufi, Lazaro. Tabeng ena, ho ile ha feta nako e itseng pakeng tsa lefu la Lazaro le ho fihla ha Jesu habo Lazaro. Qetellong ha Jesu a fihla Bethani, Lazaro o ne a se a e-na le matsatsi a mane a shoele. Eitse ha Jesu a laela hore ho tlosoe lejoe le neng le koetse monyako oa lebitla, Maretha o ile a hana, a re: “Morena, joale o se a nkha, kaha ke matsatsi a mane.” (Johanne 11:39) Leha ho le joalo, hore ebe setopo sa Lazaro se ne se se se senyehile ha hoa ka ha thibela hore a tsosoe. Ka taelo ea Jesu, “monna ea neng a shoele a tsoa a thatetsoe maoto le matsoho ka masela a thatelang, ’me sefahleho sa hae se ne se thatetsoe hohle ka lesela.” Lintho tseo lira tsa Jesu li ileng tsa li etsa hamorao li paka hore ka sebele ke Lazaro ea neng a khutliselitsoe bophelong.—Johanne 11:43, 44; 12:1, 9-11.

Re phetha ka ho re’ng ka litlaleho tsee tse ’nè tsa tsoho? Motho ka mong ea neng a tsositsoe o ile a tsoha a sa fetoha ho hang. Kaofela ha bona batho ba ile ba ba tseba, esita le beng ka bona ba haufi-ufi. Ha ho le ea mong oa ba tsositsoeng ea ileng a bua ka se etsahetseng nakong e khutšoanyane ea ha a ne a shoele. Ha ho le ea mong ea ileng a bua ka hore o ile a ea sebakeng se seng. Ho hlakile hore kaofela ha bona ba ile ba tsoha ba phetse hantle ’meleng. Ho bona, ho ne ho le joalokaha eka ba ile ba robala ka nakoana eaba baa tsoha, feela joalokaha Jesu a ile a bolela. (Johanne 11:11) Leha ho le joalo, ka mor’a nako e itseng kaofela ha bona ba ile ba boela ba e-shoa.

Tšepo ea ho Kopana Hape le Baratuoa ba Rōna ea Thabisa

Nakoana ka mor’a lefu le bohloko la Owen, ea boletsoeng sehloohong se ka pele ho sena, ntat’ae o ile a etela moahisani oa hae. Holim’a tafole, o ile a bona memo ea puo ea phatlalatsa e neng e hlophisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova. Sehlooho sa eona se reng, “Bafu ba Hokae?,” se ile sa mo khahla. Eo ke eona potso eo a neng a ntse a ipotsa eona. O ile a ea puong eo ea phatlalatsa eaba o fumana matšeliso a sebele a tsoang ka Bibeleng. O ile a ithuta hore bafu ha ba utloe bohloko. Ho e-na le ho hlokofatsoa mollong oa lihele kapa ho nkoa ke Molimo ho ea ba mangeloi leholimong, bafu, ho akarelletsa le Owen, ba letile lebitleng ho fihlela ha ho fihla nako ea hore ba tsosoe.—Moeklesia 9:5, 10; Ezekiele 18:4.

Na lelapa la hao le hlahetsoe ke tsietsi? Na uena, joaloka ntate oa Owen u ipotsa hore na baratuoa ba hao ba shoeleng ba hokae hona joale le hore na ebe ho ka khoneha hore u ba bone hape? Haeba ho joalo, re u mema hore u hlahlobe seo Bibele e se rutang hape ka tsoho. Mohlomong ua ipotsa: ‘Tsoho e tla etsahala neng? Hantle-ntle e tla tsoela bo-mang molemo ?’ Ka kōpo bala lihlooho tse latelang tse tšohlang lipotso tsena le tse ling.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona buka ea Moloko oa Batho o Batla Molimo, leqepheng la 150-4, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

Jehova o ile a sebelisa Elisha ho tsosa mora oa Moshuneme

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

Elia o ile a kōpa Jehova hore a khutlise bophelo ba moshanyana

[Setšoantšo se leqepheng la 6]

Jesu o ile a tsosa mora oa mohlolohali oa Naine

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Tsoho e tla etsa hore batho ba amanang ba kopane le baratuoa ba bona hape

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela