Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w03 5/1 maq. 28-31
  • Na Jehova o Bona Seo U se Etsang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Jehova o Bona Seo U se Etsang?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Molisa o Etsa Sehlabelo
  • Moprofeta o Bolella Batho ba sa Amoheleng Molaetsa oa Hae
  • Mosali oa Mohlolohali o Fana ka Lijo
  • Na U Bona se Etsoang ke ba Bang?
  • Mohlolohali oa Sarepta o Ile a Putsoa ka Lebaka la Tumelo ea Hae
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Tsamaea le Molimo Linakong Tsena Tse Moferefere
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • ‘O Ile a Khahlisa Molimo’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2017
  • Enoke—O Bile Sebete ho sa Tsotellehe Mathata
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
w03 5/1 maq. 28-31

Na Jehova o Bona Seo U se Etsang?

U KA araba potso ee joang? Ba bangata ba ne ba tla re: ‘Ke lumela hore Molimo o ile a bona lintho tseo banna ba kang Moshe, Gideone le Davida ba neng ba li etsa, empa kea ipotsa hore na ebe o thahasella lintho tseo ke li etsang. Ka sebele ha ke tšoane le Moshe, Gideone, kapa Davida.’

Ke ’nete hore banna ba bang ba tšepahalang ba mehleng ea Bibele ba ile ba etsa liketso tse ikhethang. ‘Ba ile ba hlōla mebuso, ba thiba melomo ea litau, ba thiba matla a mollo, ba phonyoha bohale ba sabole.’ (Baheberu 11:33, 34) Leha ho le joalo, ba bang ba ile ba bontša tumelo ea bona ka litsela tse sa hlahellang, empa Bibele e re tiisetsa hore Molimo o ile a bona liketso tsa bona tsa tumelo. Ka mohlala, nahana ka mehlala ea Mangolo e buang ka molisa, moprofeta le mosali oa mohlolohali.

Molisa o Etsa Sehlabelo

U hopola eng ha ho buuoa ka Abele, mora oa bobeli oa Adama le Eva? E ka ’na eaba ua hopola hore o ile a shoela tumelo, ’me ho ka etsahala hore ba bangata ba rōna re se ke ra shoela tumelo joaloka eena. Empa ho na le ho hong hape ho etsahetseng pele ho entseng hore Molimo a bone Abele.

Ka letsatsi le leng Abele o ile a nka liphoofolo tse ntle ka ho fetisisa mohlapeng oa hae eaba o etsetsa Molimo sehlabelo. Kajeno, ho ka ’na ha bonahala eka mpho ea hae e ne e le nyenyane, empa Jehova o ile a e bona a ba a e amohela. Leha ho le joalo, ha ho felle moo. Lilemo tse ka bang likete tse ’nè hamorao, Jehova o ile a bululela moapostola Pauluse hore a ngole ka taba eo bukeng ea Baheberu. Ka mor’a lilemo tse ngata Molimo o ne a e-s’o lebale sehlabelo seo se senyenyane!—Baheberu 6:10; 11:4.

Abele o ile a etsa qeto joang hore na o tla etsa sehlabelo sa eng? Bibele ha e bolele, empa e tlameha ebe o ile a nahanisisa ka taba ena. E ne e le molisa, kahoo re ka lebella hore o ile a etsa sehlabelo ka liphoofolo tse ling tsa hae. Leha ho le joalo, hlokomela hore o ile a fana ka tse ntle ka ho fetisisa—e leng ‘likarolo tse nonneng.’ (Genese 4:4) Hape ho ka etsahala hore ebe o ile a thuisa ka mantsoe ao Jehova a ileng a a bolella noha serapeng sa Edene ha a ne a re: “Ke tla beha bora pakeng tsa hao le mosali le pakeng tsa peō ea hao le peō ea hae. E tla u khoba hlooho ’me uena u tla e loma serethe.” (Genese 3:15; Tšenolo 12:9) Le hoja Abele a ne a sa utloisise hore na “mosali” le “peō” ea hae ke bo-mang, mohlomong o ne a hlokomela hore ‘ho longoa ha serethe’ sa peō ea mosali ho ne ho tla akarelletsa ho tšolla mali. Ka sebele o ile a hlokomela hore ha ho na letho la bohlokoa ho feta ntho e phelang. Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ke hore sehlabelo se ileng sa nyeheloa e ne e le se loketseng kannete.

Joaloka Abele, Bakreste le bona kajeno ba etsetsa Molimo mahlabelo. Ha ba nyehele matsibolo a mehlape ea bona, empa ba nyehela “sehlabelo sa thoriso, ke hore, litholoana tsa melomo e bolelang lebitso la [Molimo] phatlalatsa.” (Baheberu 13:15) Melomo ea rōna e bolela phatlalatsa ha re bolella ba bang tumelo ea rōna.

Na u ka rata ho ntlafatsa sehlabelo sa hao? Haeba ho joalo, nahanisisa ka litlhoko tsa batho ba leng tšimong ea heno. Ba amehile ka eng? Ba rata eng? Ke molaetsa ofe oa Bibele o ka ba khahlang? Ha u ntse u bolela molaetsa, u ’ne u nahane ka batho bao u buisaneng le bona e le hore u ka atleha mosebetsing oa boboleli. Ha u bua ka Jehova, bua ka kholiseho ho tsoa pelong. Etsa hore sehlabelo sa hao e be “sehlabelo [sa sebele] sa thoriso.”

Moprofeta o Bolella Batho ba sa Amoheleng Molaetsa oa Hae

Nahana ka moprofeta Enoke. Mohlomong e ne e le eena feela paki ea Jehova Molimo. Na u tšoana le Enoke, ’me ke uena feela lapeng ea sebeletsang Jehova ka botšepehi? Na ke uena feela ka tlelaseng kapa mosebetsing ea latelang melao-motheo ea Bibele? Haeba ho joalo, u ka ’na ua hanyetsoa. Metsoalle, beng ka uena, bao u kenang sekolo le bona, kapa basebetsi-’moho le uena ba ka ’na ba u khothalletsa ho tlōla melao ea Molimo. Ba ka ’na ba re: “Ha ho na motho ea tla tseba hore na u entse’ng. Re tla le nyaea le kolobe.” Ba ka ’na ba tsitlella hore ke booatla ho tšoenyeha ka melao ea boitšoaro ea Bibele hobane Molimo ha a tsotelle hore na u etsa’ng. Ka lebaka la ho tenoa ke hore ha u nahane joaloka bona, ba ka ’na ba etsa sohle se matleng a bona ho u qeta matla.

Ke ’nete hore ha ho bonolo ho mamella khatello e joalo, empa e ka mamelloa. Nahana ka Enoke, motho oa bosupa ka tlhahlamano ho tloha ho Adama. (Juda 14) Ha Enoke a tsoaloa, batho ba bangata ba ne ba feletsoe ke kutlo eohle ea boitšoaro. Lipuo tsa bona li ne li hlabisa lihlong, ’me boitšoaro ba bona bo ne bo ‘tšosa.’ (Juda 15) Ba ne ba itšoere joaloka batho ba bangata ba kajeno.

Enoke o ile a tobana le maemo ao joang? Mehleng ena re thahasella ho tseba karabo ea potso ena. Le hoja ho ne ho bonahala eka ka nako eo Enoke ke eena a le mong lefatšeng ea rapelang Jehova, o ne a se mong. Enoke o ne a tsamaea le Molimo.—Genese 5:22.

Ntho e ka sehloohong bophelong ba Enoke e ne e le ho thabisa Molimo. O ne a tseba hore ho tsamaea le Molimo hase feela ho phela bophelo bo hloekileng boitšoarong. Jehova o ne a lebeletse hore a bolele molaetsa. (Juda 14, 15) Ho ne ho hlokahala hore batho ba lemosoe hore ho ne ho e-na le ea bonang liketso tsa bona tse mpe. Enoke o ile a tsoela pele ho tsamaea le Molimo ka lilemo tse fetang 300—e leng lilemo tse ngata haholo ho feta tseo re li mameletseng. Ho fihlela lefung la hae, o ile a tsoela pele ho tsamaea le Molimo.—Genese 5:23, 24.

Le rōna, ho tšoana le Enoke re laetsoe ho bolela molaetsa. (Matheu 24:14) Ntle le ho paka ka ntlo le ntlo, re leka ho bua ka litaba tse molemo le beng ka rōna, bao re sebetsang le bona le bao re kenang sekolo le bona. Leha ho le joalo, re ka ’na ra keneloa ke letsoalo ha re lokela ho bua. Na le uena u na le bothata bo joalo? Haeba ho joalo, u se ke ua nyahama. Etsisa mohlala oa Bakreste ba pele ka ho rapella sebete ho Molimo. (Liketso 4:29) Le ka mohla u se ke ua lebala hore hafeela u ntse u tsamaea le Molimo, ha u mong.

Mosali oa Mohlolohali o Fana ka Lijo

Nahana ka mosali e mong oa mohlolohali ea sa boleloang ka lebitso ea ileng a fumana meputso e ’meli ka lebaka la ho fana ka lijo tse fokolang! E ne e se Moiseraele, empa e ne e le molichaba ea phetseng lilemong tsa bo-900 B.C.E. motseng oa Zarefathe. Ha nako e telele ea komello le tlala e le haufi le ho fela, lijo tsa mosali eo oa mohlolohali li ne li le haufi le ho fela. O ne a saletsoe feela ke phofshoana le olinyana tse lekaneng hore a apehe lijo tsa ho qetela tse tla jeoa ke eena le mora oa hae.

Motsotsong ona ho fihla moeti. E ne e le Elia, moprofeta oa Molimo ea ileng a kōpa ho ngoatheloa lijonyana tse fokolang tsa mosali enoa oa mohlolohali. Li ne li se li ntse li haella bakeng sa hae le mora oa hae, ka hona ho ne ho se na letho leo a ka le fang moeti. Empa Elia o ile a mo tiisetsa hore ho ea ka lentsoe la Jehova, haeba a ne a ka mo ngoathela, eena le mora oa hae ba ke ke ba bolaoa ke tlala. Ho ile ha e-ba thata ho eena ho lumela hore Molimo oa Iseraele a ka mo bona, eena e le mosali oa mohlolohali oa molichaba. Leha ho le joalo, o ile a kholoa Elia, ka hona Jehova a mo putsa. “Nkho e khōlō ea phofo ha ea ka ea fela, le nkho e nyenyane ea oli ha ea ka ea fela, ho ea ka lentsoe la Jehova leo a neng a le buile ka Elia.” Mosali eo le mora oa hae ba ile ba ’na ba fumana lijo ho fihlela tlala e fela.—1 Marena 17:8-16.

Leha ho le joalo, mosali eo oa mohlolohali o ne a letetsoe ke moputso o mong. Nako e itseng ka mor’a mohlolo oo, mora oa hae ea ratoang o ile a kula ’me a shoa. Ka lebaka la ho sareloa Elia o ile a kōpa Jehova ka tieo hore a tsose moshemane eo. (1 Marena 17:17-24) Oo e ne e tla ba mohlolo o e-song ho ka o bonoa. Ha ho na tlaleho ea motho leha e le ofe ea kileng a tsosoa pele ho moo! Na Jehova o ne a tla boela a bontša mosali eo oa mohlolohali oa molichaba mosa? O ile a fela a etsa joalo. Jehova o ile a fa Elia matla a hore a tsose moshanyana enoa. Hamorao ha Jesu a bua ka mosali enoa ea lehlohonolo o ile a re: “Ho ne ho e-na le bahlolohali ba bangata Iseraele . . . Empa leha ho le joalo Elia [o ile a] romeloa . . . Zarefathe naheng ea Sidone ho mohlolohali e mong.”—Luka 4:25, 26.

Kajeno moruo ha oa tsitsa, esita le linaheng tse ruileng. Ho na le likhoebo tse khōlō tse lelekileng basebetsi ba tšepahalang bao e neng e le khale ba le mosebetsing. Ka lebaka la ho tšaba ho lelekoa, Mokreste a ka ’na a lekeha hore a sebetse nako e eketsehileng ka tšepo ea hore k’hamphani ha e na ho mo leleka. Ha a etsa joalo a ka ’na a ba le nako e nyenyane ea ho ea libokeng tsa Bokreste, ho ea tšimong, kapa ho hlokomela lelapa la hae maikutlong le moeeng. Leha ho le joalo, o nahana hore o lokela ho tsoela pele mosebetsing oo ho sa tsotellehe liphello.

Mokreste ea maemong a joalo a thata a lichelete o na le lebaka le utloahalang la ho tšoenyeha. Ho thata ho fumana mosebetsi matsatsing ana. Bongata ba rōna ha re batle borui, empa joaloka mosali oa mohlolohali oa Zarefathe, re mpa feela re batla mokhoa oa ho phela. Leha ho le joalo, moapostola Pauluse o re hopotsa hore Molimo o itse: “Ho hang nke ke ka u tlohela kapa ka u furalla.” Ka kholiseho re ka re: “Jehova ke mothusi oa ka; nke ke ka tšaba. Motho a ka nketsa’ng?” (Baheberu 13:5, 6) Pauluse o ne a ikemiselitse ho tela bophelo ba hae ka lebaka la tšepiso eo, ’me kamehla Jehova o ile a mo hlokomela. Le rōna Molimo o tla re hlokomela haeba re sa mo furalle.

Re ka ’na ra nahana hore ha ho mohla re ka etsang se tšoanang le seo batho ba tumelo ba kang Moshe, Gideone le Davida ba se entseng, empa re ka etsisa tumelo ea bona. Hape re ka hopola liketso tse bonolo tsa tumelo tse entsoeng ke Abele, Enoke le mosali oa mohlolohali oa Zarefathe. Jehova o rata liketso tsohle tsa tumelo ho sa tsotellehe hore na li nyenyane hakae. Ha seithuti se tšabang Molimo se hana lithethefatsi tse tsoang ho lithaka, ha mosebetsi oa Mokreste a hana mafereho a bosaoana mosebetsing, kapa ha Paki e seng e hōlile e e-ba teng libokeng tsa phutheho ho sa tsotellehe mokhathala le ho kula, Jehova oa bona, ’me oa thaba!—Liproverbia 27:11.

Na U Bona se Etsoang ke ba Bang?

E, Jehova o bona seo re se etsang. Kahoo, kaha re baetsisi ba Molimo, ho hlokahala hore re be seli ho bona boiteko ba batho ba bang. (Baefese 5:1) Ke hobane’ng ha u sa iphe nako ea ho bona hore na Bakreste ba bang ba tobana le eng ha ba lokela ho tla libokeng tsa phutheho, ho ba teng tšimong, esita le ho phetha mesebetsi ea bona ea letsatsi le letsatsi?

Joale, tsebisa barapeli-’moho le uena ba Jehova hore u ananela boiteko ba bona. Ba tla thaba ha u hlokometse sena, ’me ho hlokomela ha hao ho ka ’na ha ba tiisetsa hore Jehova le eena oa bona.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela