Jehova a ke a Amohele Tlaleho ea Hao Hamolemo
“Sena . . . u fele u se hopole tlalehong ea ka, Uena Molimo oa ka . . . U fele u nkhopole, Uena Molimo oa ka, bakeng sa se molemo.”—NEHEMIA 13:22, 31, NW.
1. Ba inehetseng ho Molimo ba thusoa ke eng hore ba fane ka tlaleho e ntle ho Jehova?
BAHLANKA ba Jehova ba na le thuso eohle e hlokahalang bakeng sa ho fana ka tlaleho e ntle ho eena. Hobane’ng? Hobane ba na le kamano e haufi le Molimo e le karolo ea mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng oa lefatšeng. O ba senoletse merero ea hae, ’me o ba file thuso le temohisiso ea moea ka moea oa hae o halalelang. (Pesaleme ea 51:11; 119:105; 1 Bakorinthe 2:10-13) Ka lebaka la maemo ana a khethehileng, Jehova ka lerato o hloka hore bahlanka ba hae ba lefatšeng ba mo fe tlaleho bakeng sa bona ka bobona ka seo ba leng sona le bakeng sa seo ba se finyellang ka matla a hae le ka thuso ea moea oa hae o halalelang.
2. (a) Nehemia o ile a fa Molimo tlaleho e ntle bakeng sa hae ka boeena ka litsela life? (b) Nehemia o ile a phetha buka ea Bibele e reheletsoeng ka eena ka kōpo efe e tiileng?
2 Monna e mong ea ileng a fa Molimo tlaleho e ntle bakeng sa hae ka boeena ke Nehemia, moqhatsetsi oa Morena Artaxerxese oa Persia (Longimanus). (Nehemia 2:1) Nehemia e ile ea e-ba ’musi oa Bajuda ’me o ile a haha lerako la Jerusalema bocha ho sa tsotellehe lira le likotsi. Kaha o ne a chesehela borapeli ba ’nete, o ile a kenya Molao oa Molimo tšebetsong a ba a bontša kameho bakeng sa ba hateletsoeng. (Nehemia 5:14-19) Nehemia o ile a phehella Balevi ho itlhoekisa kamehla, ho lebela likeiti le ho halaletsa letsatsi la Sabatha. Ka lebaka leo o ne a ka rapela: “Sena, le sona, u fele u se hopole tlalehong ea ka, Uena Molimo oa ka, ’me u fele u nkutloele bohloko ho latela bongata ba mosa oa hao o lerato.” Hape, ka ho loketseng, Nehemia o ile a phetha buka ea hae e bululetsoeng ke Molimo ka boipiletso bo tiileng: “U fele u nkhopole, Uena Molimo oa ka, bakeng sa se molemo.”—Nehemia 13:22, 31, NW.
3. (a) U ka hlalosa motho ea etsang se molemo joang? (b) Ho nahana ka tsela ea Nehemia ea ho etsa lintho ho ka etsa hore re ipotse lipotso life?
3 Motho ea etsang se molemo o khabane ebile o etsa liketso tse molemo tse tsoelang ba bang molemo. Nehemia e ne e le motho ea joalo. O ne a tšaba Molimo ka tsela e nang le tlhompho ’me a e-na le cheseho e matla bakeng sa borapeli ba ’nete. Ho feta moo, o ne a ananela litokelo tsa hae tšebeletsong ea Molimo ’me a fana ka tlaleho e ntle bakeng sa hae ka boeena ho Jehova. Ho nahana ka tsela ea hae ea ho etsa lintho ho ka ’na ha etsa hore re ipotse, ‘Ke talima litokelo le boikarabelo tseo ke li filoeng ke Molimo joang? Ke fana ka tlaleho ea mofuta ofe bakeng sa ka ka bonna ho Jehova Molimo le Jesu Kreste?’
Tsebo e Etsa Hore re Ikarabelle
4. Jesu o ile a fa balateli ba hae thōmo efe, ’me ba neng “ba e-na le tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng” ba ile ba etsa joang?
4 Jesu o file balateli ba hae taelo ena: “E-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, le ba kolobetsa . . . , le ba ruta ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.” (Matheu 28:19, 20) Barutuoa ba ne ba lokela ho etsoa ka hore ba rutoe. Ba rutiloeng ka tsela eo le ba neng “ba e-na le tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng” ba ne ba tla kolobetsoa, joalokaha Jesu a ile a kolobetsoa. (Liketso 13:48; Mareka 1:9-11) Takatso ea bona ea ho boloka lintho tsohle tseo a neng a ba laetse tsona e ne e tla tloha pelong. Ba ne ba tla fihla mothating oa ho inehela ka ho ithuisa tsebo e nepahetseng ea Lentsoe la Molimo le ho e sebelisa.—Johanne 17:3.
5, 6. Re lokela ho utloisisa Jakobo 4:17 joang? Bontša tšebeliso ea eona.
5 Ha tsebo ea rōna ea Mangolo e tebile haholoanyane, motheo oa tumelo ea rōna o ba molemo haholoanyane. Ka nako e tšoanang, ho ikarabella ha rōna ho Molimo ho ba hoholoanyane. Jakobo 4:17 e re: “Haeba motho a tseba ho etsa se nepahetseng ’me leha ho le joalo a sa se etse, ke sebe ho eena.” Ka sebele polelo ena e lihela likhala ho seo morutuoa Jakobo a neng a sa tsoa se bua ka ho ithorisa ho e-na le ho itšetleha ka Molimo ka ho feletseng. Haeba motho a tseba hore a ke ke a finyella letho le tšoarellang ntle ho thuso ea Jehova empa a sa nke bohato bo loketseng, ke sebe. Empa mantsoe a Jakobo a ka boela a sebetsa libeng tsa ho se etse ntho e itseng. Ka mohlala, papisong ea Jesu ea linku le lipōli, lipōli ha li ahloloe ka lebaka la liketso tse mpe, empa ka lebaka la ho se thuse barab’abo Kreste.—Matheu 25:41-46.
6 Monna e mong eo Lipaki tsa Jehova li neng li mo khannela thuto ea Bibele o ne a sa tsoele pele moeeng, kamoo ho bonahalang kateng ka lebaka la ho se khaotse ho tsuba, le hoja a ne a tseba hore o lokela ho etsa joalo. Moholo o ile a mo kōpa ho bala Jakobo 4:17. Ka mor’a ho hlalosa bohlokoa ba lengolo lena, moholo o ile a re: “Le hoja u sa kolobetsoa, ua ikarabella ’me u tlameha ho nka boikarabelo bo feletseng bakeng sa qeto ea hao.” Hoa thabisa hore ebe monna enoa o ile a arabela, a khaotsa ho tsuba, ’me kapele a tšoaneleha bakeng sa kolobetso e tšoantšetsang boinehelo ba hae ho Jehova Molimo.
Rea Ikarabella Bakeng sa Tšebeletso ea Rōna
7. Tsela e ’ngoe ea ho bontša kananelo ea rōna bakeng sa “tsebo ea Molimo” ke efe?
7 Takatso ea rōna e tlohang pelong e lokela ho ba ho thabisa ’Mōpi oa rōna. Tsela e ’ngoe ea ho bontša hore re ananela “tsebo ea Molimo” ke ho phetha thōmo ea ho etsa barutuoa ba Mora oa hae, Jesu Kreste. Ena e boetse ke tsela ea ho bontša lerato la rōna bakeng sa Molimo le bakeng sa baahisani ba rōna. (Liproverbia 2:1-5; Matheu 22:35-40) E, tsebo ea rōna ka Molimo e etsa hore re ikarabelle ho eena, ’me ho hlokahala hore re nke hore batho ba bang e tla ba barutuoa nakong e tlang.
8. Ke hobane’ng ha re ka bolela hore Pauluse o ile a ikutloa a ikarabella ho Molimo bakeng sa tšebeletso ea hae?
8 Moapostola Pauluse o ne a tseba hore ho amohela litaba tse molemo ho tloha pelong le ho li mamela ho fella ka pholoho, athe ho li hana ho ka tlisa timetso. (2 Bathesalonika 1:6-8) Ka lebaka leo o ile a ikutloa a ikarabella ho Jehova bakeng sa tšebeletso ea hae. Ha e le hantle, Pauluse le metsoalle ea hae ba ne ba ananela tšebeletso ea bona haholo hoo ka hloko ba ileng ba qoba esita le ho fana ka maikutlo a hore ba etsa phaello ea chelete ka eona. Ho feta moo, pelo ea Pauluse e ile ea mo susumelletsa ho re: “Haeba ke bolela litaba tse molemo, hase lebaka la hore ke ithorise, etsoe tlamo e behiloe holim’a ka. Ka sebele, ho malimabe ’na haeba ke sa ka ka bolela litaba tse molemo!”—1 Bakorinthe 9:11-16.
9. Bakreste bohle ba na le molato ofe o hlokomelehang oo ba lokelang ho o lefa?
9 Kaha re bahlanka ba Jehova ba inehetseng, ‘tlamo ea ho bolela litaba tse molemo e behiloe holim’a rōna.’ Ho bolela molaetsa oa ’Muso ke thōmo ea rōna. Re amohetse boikarabelo boo ha re inehela ho Molimo. (Bapisa le Luka 9:23, 24.) Ho feta moo, re na le molato oo re lokelang ho o lefa. Pauluse o itse: “Ho Bagerike hammoho le ho Babarebare, ho ba bohlale hammoho le ho ba se nang kelello ke na le molato: kahoo taba-tabelo e teng ka lehlakoreng la ka ea ho bolela litaba tse molemo le ho lōna moo Roma.” (Baroma 1:14, 15) Pauluse o ne a e-na le molato hobane o ne a tseba hore ke tokelo ea hae ho bolela e le hore batho ba ka utloa litaba tse molemo ’me ba pholoha. (1 Timothea 1:12-16; 2:3, 4) Ka lebaka leo o ile a sebetsa ka thata ho phetha thōmo ea hae le ho lefa molato oa hae ho batho ba habo. Joaloka Bakreste, le rōna re na le molato o joalo oo re lokelang ho o lefa. Boboleli ba ’Muso le bona ke tsela e ka sehloohong ea ho bontša lerato ho Molimo, ho Mora oa hae le ho baahisani ba rōna.—Luka 10:25-28.
10. Ba bang ba atolositse tšebeletso ea bona ka ho etsa’ng?
10 Tsela e ’ngoe ea ho fana ka tlaleho e amohelehang ho Molimo ke ho sebelisa matla a rōna ho atolosa tšebeletso ea rōna. Ka mohlala: Ho bile le tšubuhlellano ea batho ba lichaba tse ngata tse sa tšoaneng Brithani lilemong tsa morao tjena. Ho finyella batho ba joalo ka litaba tse molemo, bo-pula-maliboho (baboleli ba ’Muso ba nako e tletseng) ba ka holimo ho 800 le Lipaki tse ling tse makholo ba ithuta lipuo tse fapaneng. Sena se feletse ka tšusumetso e molemo tšebeletsong. Pula-maliboho e rutang tlelase ea Sechaena e itse: “Le ka mohla ke ne ke sa nahane hore nka ruta Lipaki tse ling puo ea ka, e le hore li ka kopanela ’nete le ba bang ka tsela ena. Ke ho khotsofatsang hakaakang!” Na u ka atolosa tšebeletso ea hao ka tsela e tšoanang?
11. Phello e bile efe ha Mokreste e mong a ne a paka ka tsela e sa reroang?
11 Mohlomong, e mong le e mong oa rōna o ne a ka etsa sohle seo a neng a ka se khona ho pholosa motho ea khangoang ke metsi. Bahlanka ba Jehova ka ho tšoanang ba laba-labela ho sebelisa matla a bona bakeng sa ho paka ha monyetla o mong le o mong o itlhahisa. Haufinyane tjena Paki e ile ea lula pel’a mosali e mong ka beseng ’me ea buisana le eena ka Mangolo. A thabetse seo a neng a se utloa, mosali enoa o ile a botsa lipotso tse ngata. Ha Paki e se e le haufi le ho theoha beseng, mosali enoa o ile a e kōpa ka tieo hore ho e-na le ho theoha moo, e tle lapeng ha hae, kaha o ne a sa ntse a e-na le lipotso tse ngata. Paki ena e ile ea lumela. Phello ea e-ba efe? Thuto ea Bibele e ile ea qalisoa, ’me likhoeli tse tšeletseng hamorao mosali enoa e ile ea e-ba mohoeletsi oa ’Muso ea sa kolobetsoang. Kapele o ne a e-na le lithuto tsa lehae tsa Bibele tse tšeletseng tseo a neng a li khanna. Ke moputso o thabisang hakaakang o tlisitsoeng ke hore motho a sebelise matla a hae tšebeletsong ea ’Muso!
12. Re le basebeletsi, re ka sebelisa matla a rōna hamolemo joang tšebeletsong ea tšimo?
12 Matla a rōna re le basebeletsi a ka sebelisoa ka katleho tšimong ka ho sebelisa lingoliloeng tse kang buka e maqephe a 192 ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng. Ka April 1996, Komiti e Ngolang ea Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova e ne e fane ka tumello ea hore buka ea Tsebo e hatisoe ka lipuo tse 140, ’me ka nako eo likopi tsa eona tse 30 500 000 li ne li se li hatisitsoe ka lipuo tse 111. Buka ena e ngotsoe ka morero oa ho thusa liithuti tsa Bibele ho ithuta ka ho lekaneng ka Lentsoe la Molimo le merero ea hae hoo li ka inehelang ho Jehova le ho kolobetsoa. Kaha bahoeletsi ba ’Muso ba ke ke ba khannela seithuti se le seng thuto ea Bibele ka lilemo tse ngata, ba ka khannela batho ba eketsehileng lithuto kapa ba ba le karolo e eketsehileng mosebetsing oa ntlo le ntlo le mefuteng e meng ea tšebeletso. (Liketso 5:42; 20:20, 21) Ba hlokometse hore ba ikarabella ho Molimo, ba lebisa tlhokomelo litemosong tsa bomolimo. (Ezekiele 33:7-9) Empa morero oa bona o ka sehloohong ke ho hlompha Jehova le ho thusa batho ba bangata kamoo ho ka khonehang ho ithuta ka litaba tse molemo ka nako e khutšoanyane e sa ntseng e saletse tsamaiso ena e khopo ea lintho.
Ho Fana ka Tlaleho e Ntle Joaloka Malapa
13. Ke hobane’ng ha malapa a tšabang Molimo a lokela ho ba le thuto ea lehae ea Bibele ea kamehla?
13 Motho ka mong le lelapa ka leng ba amohelang Bokreste ba ’nete ba ikarabella ho Molimo, ’me ka lebaka leo, ba lokela ho ‘hatela pele ka matla khōlong e feletseng’ le ho ‘tiea tumelong.’ (Baheberu 6:1-3; 1 Petrose 5:8, 9) Ka mohlala, ba ithutileng buka ea Tsebo ’me ba kolobelitsoe ho hlokahala hore ba phethisise tsebo ea bona ea Mangolo ka ho ba teng kamehla libokeng esita le ka ho bala Bibele le lingoliloeng tse ling tsa Bokreste. Malapa a tšabang Molimo a lokela hore a boele a be le thuto ea lelapa ea kamehla, hobane eo ke tsela ea bohlokoa ea ho ‘lula a falimehile, a eme a tiile tumelong, a tsoele pele joaloka banna, a be matla.’ (1 Bakorinthe 16:13) Haeba u hlooho ea lelapa, u ikarabella ka ho khetheha ho Molimo bakeng sa ho tiiseha hore lelapa la hao le fepeha hantle moeeng. Hantle feela joalokaha lijo tsa nama tse matlafatsang li tlatsetsa bophelong bo botle ba ’mele, ka ho tšoanang lijo tsa moea tse ngata le tsa kamehla lia hlokahala hore uena le lelapa la hao le lule le “phela hantle tumelong.”—Tite 1:13.
14. Bopaki boo ngoanana oa Moiseraele ea rutiloeng hantle a ileng a fana ka bona bo bile le phello efe?
14 Haeba ho na le bana lapeng la hao, Molimo o tla amohela tlaleho ea hao hamolemo ha u ba fa taeo ea moea e utloahalang. Thuto e joalo e tla ba ruisa molemo, joalokaha e ile ea etsa ho ngoanana e monyenyane oa Moiseraele ea neng a hapiloe ke Basyria mehleng ea moprofeta oa Molimo Elisha. E ile ea e-ba lekhabunyane la mosali oa Naamane, molaoli oa makhotla a Syria ea neng a e-na le lepera. Le hoja ngoanana enoa a ne a le monyenyane, o ile a bolella mofumahali oa hae: “Hoja mong a ka a ka itlhahisa ho moporofeta ea leng Samaria, o ba a ka mo folisa lepera la hae.” Ka lebaka la bopaki ba hae, Naamane o ile a ea Iseraele, a qetella a sebelitse tumellanong le tataiso ea Elisha ea hore a itlhatsoe ka makhetlo a supileng Nōkeng ea Jordane, ’me o ile a hloekisoa lepera. Ho feta moo, Naamane e ile ea e-ba morapeli oa Jehova. E tlameha ebe seo se ile sa thabisa ngoanana enoa e monyenyane hakaakang!—2 Marena 5:1-3, 13-19.
15. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore batsoali ba koetlise bana ba bona hantle moeeng? Bontša.
15 Ha ho bonolo ho hōlisa bana ba tšabang Molimo lefatšeng lena le hlokang boitšoaro le rapaletseng ka tlas’a matla a Satane. (1 Johanne 5:19) Leha ho le joalo, ho tloha ha Timothea a le monyenyane, nkhono oa hae Loise le ’mè oa hae Eunise, ba ile ba mo ruta Mangolo ka katleho. (2 Timothea 1:5; 3:14, 15) Ho ithuta Bibele le bana ba hao, ho ba isa libokeng tsa Bokreste kamehla, ’me qetellong u etsa hore ba ee le uena tšebeletsong, kaofela ke karolo ea tsela ea ho koetlisa eo u tlamehang ho fana ka tlaleho ho Molimo bakeng sa eona. Mokreste e mong Wales, eo hona joale a leng bohareng ba lilemo tsa bo-80, o hopola hore mathoasong a bo-1920, ntate oa hae o ne a tsamaea le eena sebaka sa lik’hilomithara tse 10 ba tlolela ka ’nģane ho thaba (lik’hilomithara tse 20 ho ea le ho khutla) ba il’o abela batho ba motsana o phuleng e pejana lipampitšana tsa Bibele. O re ka kananelo: “E ne e le ha re ntse re tsamaea joalo moo Ntate a neng a kenya ’nete pelong ea ka.”
Baholo ba Fana ka Tlaleho—Joang?
16, 17. (a) Banna ba baholo ba hōlileng moeeng Iseraeleng ea boholo-holo ba ne ba thabela litokelo life? (b) Ha ho bapisoa le boemo bo neng bo le Iseraeleng ea boholo-holo, ke hobane’ng ha ho hlokahala ho eketsehileng ho moholo oa Mokreste kajeno?
16 Monna ea bohlale Solomone o itse: “Moriri o moputsoa, ha o fumanoa tseleng ea ho loka, ke mokhabo oa hlompho.” (Liproverbia 16:31) Empa hase ho hōla ’meleng feela tjee ho hlomellang motho bakeng sa boikarabelo ka phuthehong ea batho ba Molimo. Banna ba baholo ba hōlileng moeeng Iseraeleng ea boholo-holo ba ne ba sebeletsa e le baahloli le lihlooho bakeng sa ho sebelisa toka le ho boloka khotso, taolo e molemo le bophelo bo botle ba moea. (Deuteronoma 16:18-20) Le hoja se tšoanang se etsahala phuthehong ea Bokreste, ho hlokahala se eketsehileng ho baholo ha bofelo ba tsamaiso ena ea lintho bo ntse bo atamela. Hobane’ng?
17 Baiseraele e ne e le ‘sechaba se khethiloeng’ seo Molimo a ileng a se lopolla Egepeta ea boholo-holo. Kaha ba ile ba amohela Molao ka mokena-lipakeng oa bona, Moshe, bana ba bona ba ile ba tsoalloa sechabeng se inehetseng ’me ba ne ba tloaelane le litaelo tsa Jehova. (Deuteronoma 7:6, 11) Leha ho le joalo, kajeno ha ho motho ea tsoaletsoeng sechabeng se joalo se inehetseng, ’me ha ho bapisoa ke ba seng bakae feela ba hōlelang malapeng a tšabang Molimo a tloaelaneng hantle le ’nete ea Mangolo. Ka ho khetheha ba sa tsoa qalisa “ho tsamaea ’neteng” ho ka ’na ha hlokahala hore ba rutoe kamoo ba ka phelang kateng ho latela melao-motheo ea Mangolo. (3 Johanne 4) Ka lebaka leo, ke boikarabelo bo bokaakang bo leng mahetleng a baholo ba tšepahalang ha ba ntse ba ‘tšoere mohlala oa mantsoe a phelisang’ ’me ba thusa batho ba Jehova!—2 Timothea 1:13, 14.
18. Baholo ba phutheho ba lokela ho ikemisetsa ho fana ka thuso ea mofuta ofe, hona hobane’ng?
18 Ngoana e monyenyane ea ithutang ho tsamaea a ka ’na a khoptjoa ’me a oa. O ikutloa a sa sireletseha ’me a hloka thuso ea botsoali le khothatso. Motho ea inehetseng ho Jehova ka ho tšoanang a ka khoptjoa kapa a oa moeeng. Esita le moapostola Pauluse o ile a ho fumana ho hlokahala ho loanela ho etsa se nepahetseng kapa se molemo mahlong a Molimo. (Baroma 7:21-25) Ho hlokahala hore ka lerato balisa ba mohlape oa Molimo ba thuse Bakreste ba entseng phoso empa ba bakile e le kannete. Ha baholo ba etela mosali e mong ea inehetseng ea neng a entse phoso e tebileng, moo monna oa hae ea inehetseng a leng teng o ile a re: “Kea tseba hore le tla nkhaola!” Empa o ile a lla ha a bolelloa hore baholo ba batla ho tseba hore na ho hlokahala thuso efe ho tsosolosa lelapa leo moeeng. Kaha ba ne ba hlokomela hore ba tlameha ho fana ka tlaleho, baholo ba ile ba thabela ho thusa molumeli-’moho le bona ea bakileng.—Baheberu 13:17.
Tsoelang Pele ho Fana ka Tlaleho e Ntle
19. Re ka tsoela pele ho fana ka tlaleho e ntle bakeng sa rōna ka borōna joang ho Molimo?
19 Ho hlokahala hore baholo ba phutheho le bahlanka ba Molimo ba bang bohle ba tsoele pele ho fana ka tlaleho e ntle bakeng sa bona ka bobona ho Jehova. Sena se ka khoneha haeba re khomarela Lentsoe la Molimo ’me re etsa thato ea hae. (Liproverbia 3:5, 6; Baroma 12:1, 2, 9) Re batla ho etsa se molemo ka ho khetheha ho bao re amanang le bona tumelong. (Bagalata 6:10) Leha ho le joalo, kotulo e sa ntse e le khōlō, ’me basebetsi ba ntse ba se bakae. (Matheu 9:37, 38) Ka hona a re etseng ba bang hantle ka ho bolela molaetsa oa ’Muso ka mafolo-folo. Jehova o tla amohela tlaleho ea rōna hamolemo haeba re phethahatsa boinehelo ba rōna, re etsa thato ea hae, ’me re bolela litaba tse molemo ka botšepehi.
20. Re ithuta eng ka ho nahana ka tsela ea Nehemia ea ho etsa lintho?
20 Ka lebaka leo, a re tsoeleng pele ho ba le ho hongata hoo re ho etsang mosebetsing oa Morena. (1 Bakorinthe 15:58) ’Me ke hantle ha re nahana ka Nehemia, ea ileng a haha lerako la Jerusalema bocha, a kenya Molao oa Molimo tšebetsong, ’me ka cheseho a ntšetsa borapeli ba ’nete pele. O ile a rapela hore Jehova Molimo a mo hopole bakeng sa molemo oo a o entseng. E se eka u ka ipaka u le ea inehetseng ho Jehova, ’me e se eka a ka amohela tlaleho ea hao hamolemo.
Likarabo Tsa Hao ke Life?
◻ Nehemia o ile a beha mohlala ofe?
◻ Ke hobane’ng ha tsebo e etsa hore re ikarabelle ho Molimo?
◻ Re ka fana ka tlaleho e amohelehang joang ho Jehova tšebeletsong ea rōna?
◻ Malapa a ka etsa’ng ho fana ka tlaleho e ntle ho Molimo?
◻ Baholo ba Bakreste ba fana ka tlaleho joang?
[Litšoantšo tse leqepheng la 18]
Joaloka Pauluse, re ka fana ka tlaleho e ntle ho Molimo re le baboleli ba ’Muso
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
Na bana ba hao ba matla tumelong joaloka ngoanana e monyenyane oa Moiseraele lelapeng la Naamane?