Lipotso Tse Tsoang ho Babali
Na e ka ba bohlale ho Mokreste ho batla keletso ho ngaka ea bophelo ba kelello?
Litlaleho tse tsoang libakeng tse ling li bontša hore ho ’nile ha e-ba le keketseho mafung a kelello le a maikutlo “matsatsing [ana] a ho qetela.” (2 Timothea 3:1) Bakreste ba ba le kutloelo-bohloko e tebileng ha balumeli-’moho le bona ba kula, empa baa hlokomela hore e mong le e mong o lokela ho iketsetsa qeto ea hore na o batla phekolo bakeng sa bokuli ba hae, ’me haeba ho le joalo, o khetha mofuta ofe oa phekolo.a “E mong le e mong o tla jara mojaro oa hae.” (Bagalata 6:5) Ba bang ba kulisoang haholo ke lefu la kelello, ho loantšana ha maikutlo ho ferekanyang kelello, ho tepella ho hoholo ha maikutlo, ho tšoenyeha ho sa khaotseng maikutlong, ho ikholofatsa le maloetse a mang a sithabetsang, ba khonne ho phela bophelo feela bo tloaelehileng ka mor’a ho fumana thuso e nepahetseng ea litsebi.
Libakeng tse ling e se e le tloaelo ho batla phekolo. Mabakeng a mangata, mokuli ha a na boloetse bo tebileng ba kelello empa o thatafalloa ke ho sebetsana ka katleho le boemo bo itseng bophelong. Leha ho le joalo, ke Bibele e fanang ka thuso e molemo ka ho fetisisa ho sebetsaneng le mathata a boima a bophelo. (Pesaleme ea 119:28, 143) Ka Bibele, Jehova o fana ka bohlale, matla a ho nahana le tsebo ea ’nete—lintho tse re matlafatsang kelellong le maikutlong. (Liproverbia 2:1-11; Baheberu 13:6) Ka linako tse ling bahlanka ba tšepahalang ba Molimo ba ka ’na ba itlhalosa ka mokhoa o sa utloahaleng ka lebaka la pherekano e khōlō e ka hare. (Jobo 6:2, 3) Jakobo 5:13-16 e khothalletsa ba joalo hore ba ipiletse ho baholo bakeng sa thuso le keletso. Mokreste a ka ’na a kula moeeng, kapa a ka ’na a tšoenngoa ke boemo bo sa fetoheng kapa khatello ea kelello, kapa a ka ’na a ikutloa hore ke mohlaseluoa oa leeme. (Moeklesia 7:7; Esaia 32:2; 2 Bakorinthe 12:7-10) Motho ea joalo a ka fumana thuso ho baholo, ba tla “mo tšasa ka oli”—ke hore, ka tsebo ba fane ka keletso e tšelisang ea Bibele—’me ba boele ba “mo rapelle.” Phello e tla ba efe? “Thapelo ea tumelo e tla etsa hore ea sa ikutloeng hantle a fole, ’me Jehova o tla mo tsosa [ho nyahameng ha hae kapa boikutlong ba hae ba hore Molimo o mo furaletse].”
Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba ho tšoenyeha ha motho kelellong le pherekano li tsoela pele ho sa tsotellehe thuso e nang le tsebo ea balisa ba moea? Ba bang ba boemong bona ba khethile ho ea hlahlojoa ka ho feletseng ’meleng. (Bapisa le Liproverbia 14:30; 16:24; 1 Bakorinthe 12:26.) Ho ka etsahala hore bothata ba ’mele e be bona bo bakang ho tšoenyeha ha maikutlo kapa ha kelello. Maemong a mang, ho phekoloa ha bothata bo joalo ho imolotse motho ea kulang maikutlong.b Haeba ho sa fumanoe bothata ’meleng, tlas’a tumello ea mokuli, ngaka e ka mo beha tlhokomelong ea setsebi sa bophelo ba kelello. Joale ho ka etsoa eng? Joalokaha ho boletsoe, ena ke qeto eo motho ka mong a lokelang ho itšeka-tšekela eona. Ba bang ha baa lokela ho tšoaea liphoso kapa ho ahlola.—Baroma 14:4.
Leha ho le joalo, ho lokela ho sebelisoe bohlale bo sebetsang ’me ho eloe seli hore ho se lebaloe melao-motheo ea Bibele. (Liproverbia 3:21; Moeklesia 12:13) Tabeng ea bokuli ba ’mele, bakuli ba na le liphekolo tse fapa-fapaneng tseo ba ka li khethang, ho qala ka meriana e tloaelehileng ho ea liphekolong tse kang naturopathy, acupuncture, le homeopathy. Ho boetse ho na le mefuta e sa tšoaneng ea lingaka tsa kelello. Har’a tsona, ho na le lingaka tsa mathata a kelello, le tse ling tse phekolang ka ho fuputsa histori ea bophelo ba mokuli e le ho leka ho fumana lisosa tse bakileng boitšoaro bo sa tloaelehang kapa boikutlo bo bohloko. Lingaka tsa kelello tse phekolang mathata a boitšoaro li ka ’na tsa leka ho thusa mokuli hore a ithute mekhoa e mecha ea boitšoaro. Lingaka tse ling tsa bophelo ba kelello li lumela hore boholo ba mafu a kelello bo lokela ho phekoloa ka lithethefatsi.c Ho ea ka litlaleho, tse ling li buella lijo tse itseng le livithamine.
Bakuli le malapa a bona ba lokela ho ba hlokolosi ha ba khetha liphekolo tsena. (Liproverbia 14:15) Ka ho khethehileng, Moprofesa Paul McHugh, hlooho ea Department of Psychiatry and Behavioral Sciences ea Johns Hopkins University School of Medicine, o ile a re mosebetsi oa bophelo ba kelello “ke tsebo ea motheo ea meriana. Ha ho na bopaki bo lekaneng bakeng sa litlhahiso tsa oona tsa hore na motho o tšoeroe ke eng le hore na ho fanoe ka meriana efe kaha o sebetsana le maloetse a likarolo tse rarahaneng ka ho fetisisa tsa bophelo ba batho—kelello le boitšoaro.” Boemo bona bo bula monyetla oa mekhoa e sa tloaelehang le bomene-mene, hammoho le liphekolo tseo ho nahanoang hore li molemo tse ka ’nang tsa lematsa ho feta ho thusa.
Ho boetse ho tlameha ho boleloe hore leha lingaka tse sebetsanang le mafu a kelello le litsebi tsa kelello li e-na le mangolo a phahameng a botsebi, ba bang ba bangata ba se nang mangolo a botsebi ba sebetsa ntle ho taolo joaloka baeletsi kapa lingaka. Batho ba bang ba sentse chelete e ngata ba batla keletso ho batho ba joalo ba se nang mangolo.
Esita le tabeng ea setsebi se koetlisitsoeng, se nang le mangolo sa bophelo ba kelello, ho na le lintho tse lokelang ho nahaneloa. Ha re khetha ngaka ea meriana kapa ngaka e buoang, re lokela ho ba le bonnete ba hore e tla hlompha maikutlo a rōna a thehiloeng Bibeleng. Ka ho tšoanang, e ka ba ho kotsi ho batla keletso ho setsebi sa bophelo ba kelello se sa hlompheng maikutlo a rōna a bolumeli le a boitšoaro. Ho sa tsotellehe bothata ba kelello le ba maikutlo, Bakreste ba bangata ba leka ka tieo hore ba be le “boikutlo ba kelello bo tšoanang le boo Kreste Jesu a neng a e-na le bona.” (Baroma 15:5) Ka nepo, ba joalo ba amehile ka boikutlo ba mang kapa mang ea ka ’nang a fetola monahano kapa boitšoaro ba bona. Lingaka tse ling li talima thibelo leha e le efe e hlahisoang ke tumelo ea Mangolo e le e sa hlokahaleng le eo e ka ’nang eaba e lematsa kelello. Li ka ’na tsa lumella, esita le hona ho buella mekhoa e nyatsuoang ke Bibele, joaloka bosodoma kapa ho se tšepahale lenyalong.
Mehopolo ena e akarelelitsoe ho tseo moapostola Pauluse a ileng a li bitsa “likhanyetsano tsa seo ka bohata se bitsoang ‘tsebo.’” (1 Timothea 6:20) Li hanyetsa ’nete ea Kreste ’me ke karolo ea “filosofi le thetso ea lefeela” tsa lefatše lena. (Bakolose 2:8) Tekanyetso ea Bibele e hlakile: “Ha ho bohlale, leha e le temoho kapa keletso khahlanong le Jehova.” (Liproverbia 21:30, NW) Lingaka tsa bophelo ba kelello tse reng ‘botle ke bobe ’me bobe ke botle,’ ke “litloaelano tse mpe.” Ho e-na le ho thusa ho phekola likelello tse sa tsitsang, li tla “senya mekhoa e nang le thuso.”—Esaia 5:20; 1 Bakorinthe 15:33.
Ka hona, Mokreste ea utloang ho hlokahala hore a batle keletso ho setsebi sa bophelo ba kelello o tlameha ho hlahlobisisa litšoaneleho, boikutlo le botumo tsa ngaka eo, hammoho le liphello tse ka ’nang tsa hlahisoa ke phekolo leha e le efe eo e e bueletseng. Haeba Mokreste ea tšoenyehileng a sa khone ho etsa sena ka boeena, mohlomong motsoalle oa hae ea haufi-ufi, ea hōlileng, kapa mong ka eena a ka khona ho thusa. Mokreste ea lekhonono ka bohlale ba phekolo e itseng a ka fumana hore ho buisana le baholo ka phuthehong ho molemo—le hoja qeto ea ho qetela e le ea hae (kapa ea batsoali ba hae, kapa qeto e kopanetsoeng ea monna le mosali).d
Saense e ka etsa ho hongata kajeno ho feta nakong e fetileng ho fokotsa ho utloa bohloko. Leha ho le joalo, ho na le maloetse a mangata—a ’mele le a kelello—ao hona joale a sa phekoleheng ’me a tlameha ho mamelloa ho pholletsa le tsamaiso ena ea lintho. (Jakobo 5:11) Ka nako e tšoanang, “lekhoba le tšepahalang le le masene,” baholo, le ba bang bohle ka phuthehong ba butse seatla ho utloela bohloko le ho tšehetsa ba kulang. ’Me Jehova ka boeena o ba matlafatsa hore ba mamelle ho fihlela nakong eo e khanyang ha ho kula ho tla be ho se ho le sieo.—Matheu 24:45; Pesaleme ea 41:1-3; Esaia 33:24.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ka linako tse ling motho a ka ’na a kōptjoa ho ea hlahlojoa bakeng sa botsitso ba kelello, mohlomong haeba a nahaneloa ho fuoa mosebetsi o itseng oa boikarabelo bo boima. Hore na motho eo o amohela tlhahlobo e joalo kapa che, ke qeto ea botho, empa ho lokela ho hlokomeloe hore ho hlahlobeloa botsitso ba kelello hase phekolo ea lefu la kelello.
b Bona “Ho Hlōla Ntoa Khahlanong le ho Tepella Maikutlo,” tokollong ea Molula-Qhooa ea March 1, 1990.
c Ho bonahala mafu a mang a kelello a lumellana le meriana e nepahetseng. Empa meriana ena e tlameha ho sebelisoa ka hloko tlas’a tataiso ea lingaka tse koetlisitsoeng le tse nang le phihlelo tsa meriana kapa tsa mafu a kelello, kaha ho ka ba le liphello tse mpe haholo haeba e sa lekanyetsoe hantle.
d Bona sehlooho “Ho Kula Kelellong—Ha ho Hlorisa Mokreste” tokollong ea Molula-Qhooa ea October 15, 1988.