Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g87 4/8 maq. 17-19
  • Na ka Sebele Thapelo E-ea Thusa?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ka Sebele Thapelo E-ea Thusa?
  • Tsoha!—1987
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ‘Molimo—Na Oa Ntsotella?’
  • Kamoo Thapelo e Thusang Kateng
  • Tsela ea ho Rapela Molimo
  • Atamela ho Molimo ka Thapelo
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Na Molimo o Arabela Lithapelo Tsa Ka?
    Tsoha!—1992
  • Kamoo U ka Atamelang Haufi le Molimo
    Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng
  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Rapela re sa Phetse?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
Bala Tse Ling
Tsoha!—1987
g87 4/8 maq. 17-19

Bacha Baa Botsa. . .

Na ka Sebele Thapelo E-ea Thusa?

“HO BA rapelang, halofo ea bona e talima thapelo e le ‘mola oa fono-fono oa leholimo o lulang o bulehetse ho buisana le motho ea ka mamelang ka kutloelo-bohloko,’ ba ikōpela thuso, ba kōpela malapa a bona le metsoalle,” ho boletse hlahlobo e ’ngoe. Empa na lithapelo tse joalo li hlile lia thusa? Ngoanana e mocha ea bitsoang Peggy o ne a ikutloa joalo. Kamor’a ho rapela Molimo ka mathata a hae, o itse: “Ke ile ka ikutloa ke le molemonyana, ka robala ’me ha ke tsoha ka le hlahlamang ke ne ke sa hopole letho ka oona. Ke ne ke a lebala.”

Mohlomong mathata a botho a kile a u qobella ho atamela Molimo e le thuso ea ho qetela. Joaloka Peggy, ho ka etsahala hore u ile ua ikutloa hamolemonyana kamor’a moo. Leha ho le joalo, thapelo ea Peggy ha ea ka ea mo thusa ho lokisa bothata ba hae. ’Me ho ka etsahala hore ho bile joalo le ka uena. ’Me mohlomong hoo ho entse hore u ipotse haeba thapelo e se feela ntho e etsang hore u ikutloe hamolemo. ‘Ke tla tseba joang haeba ke sa bue le moea feela? Na ho na le motho ea mametseng ea hlileng a ntsotellang le ea ka nthusang?’ ho ka etsahala hore ua botsa.

‘Molimo—Na Oa Ntsotella?’

Ho ka bonahala ho le thata ho lumela hore Molimo maholimong o ka tsotella mathata a manyenyane a rōna. Leha ho le joalo, Jesu, Thutong ea hae ea Thabeng, o itse: “Talimang linonyana tsa leholimo; hobane ha li jale, ha li kotule, ha li bokelle melikong; empa Ntat’a lōna ea maholimong oa li fepa. Ha ke re, lōna le li fetisa haholo na?” Jesu a tsoela pele: “Le ka baka la liaparo le belaela ke’ng? Lemohang mokhoa oo likhahla tsa naha li melang ka oona; ha li sebetse, ha li ohle; empa kea le bolella hore esita le Salomone, khanyeng eohle ea hae, ha a ka a ba le seaparo se joalo ka sa e ’ngoe ea tsona.”—Mattheu 6:26, 28, 29.

Haeba Molimo o tsotella hakalo linonyana le likhahla tsa naha—na o ke ke oa re tsotella ka ho lekaneng ho mamela lithapelo tsa rōna? Ka baka la sena Bibele e bitsa Molimo “Moutloi oa thapelo.” (Pesaleme ea 65:2, NW) O tšepisa hore ha re o rapela ka tumelo, “ho sa tsotellehe hore na ke eng eo re e kōpang tumellanong le thato ea oona, oa re utloa”! (1 Johanne 5:14, NW) ’Me bacha ba bangata ba ikutloa hore sena se etsahetse boemong ba bona.

Ngoanana e mocha ea bitsoang Kay o itse: “Tumelo e nthusa ho ba ea thabileng haholo. Ka linako tse ling u ikutloa u batla ho bolella motho e mong maikutlo a hao a pelo, ’me ha ho e mong ea molemo ho feta Jehova eo o ka ’molelang oona kahobane Jehova oa utloisisa, ’me oa tseba hore u hlile u hloka thuso.” Peggy e mocha (e seng ea boletsoeng tšimolohong ea sehlooho sena) o ikutloa hore thapelo ea hae e oela litsebeng tse utloang. Hlokomela kamoo a kileng a sebetsana le bothata ba hae: “Ke ile ka lla haholo ka bona. Empa hang ha ke thola, ka iphumana ke bua le Jehova, joaloka ha e ka o ne a le mona lehlakoreng la ka, ’me a mametse seo ke se buang.”

Kamoo Thapelo e Thusang Kateng

Bacha bana ba ithutile ho mamela keletso ea mopesaleme: “Akhela moroalo oa hao ho Jehova ka boeena.” (Pesaleme ea 55:22, NW) Leha ho le joalo, thapelo e thusa ka litsela tse ngata tse fetang feela ho lokolla motho khatellong ea maikutlo. Mocha ea bitsoang Maria o bua ka phihlelo ea hae: “Kea tseba hore ha feela ke na le bothata nka retelehela ho Jehova bakeng sa tataiso ’me o tla nthusa.”

Maria, joaloka Peggy le Kay, ke e mong oa Lipaki tsa Jehova. Boraro ba bona ba hōlisitse botsoalle bo haufi ba botho le Molimo ka lilemo ka thuso ea thapelo le ho ithuta Bibele. Ho bacha bana ba bararo Molimo ke ‘setšabelo le matla, ke thuso litsietsing.’ (Pesaleme ea 46:1) Leha ho le joalo, hlokomela hore Maria ha a rapelle ho tlosoa ha mathata a hae ka mohlolo. Ho e-na le hoo, o rapella “tataiso.” Sena se qolla motheo o mong oa thapelo.

Ho Jakobo 1:2-5 Bibele e re: “Banab’eso, le ke le lekanye hobane ke thabo feela ha le hlaheloa ke meleko e mengata; le se ntse le tseba hobane ho lekoa ha tumelo ea lōna ho hlahisa mamello . . . Ha e mong ho lōna a hloka bohlale, a bo kōpe ho Molimo, o sitsang bohle ka phano e khōlō, o se na ho khanana, ’me o tla bo neoa.” Jakobo ha a re khothalletse ho rapella ho balehela “meleko e mengata.” Leha ho le joalo, re ka ‘kōpa Molimo’ ho re nea bohlale ba ho sebetsana le teko! Molimo o ke ke oa “khanana” joaloka e ka re lithoto ha re kōpa bohlale bona. Ho e-na le hoo, o tšepisa hore ka mosa o tla re ‘nea’ bohlale boo.

A re re u talimane le boemo bo thata—bothata le tichere, phapano le batsoali ba hao. Leka ho rapela Molimo. Bonyane thapelo e tla etsa pelo ea hao le kelello li bone ntho ea bohlokoa ponong ea Molimo. Hona ho tla u thusa ho bona bothata ka leihlo le hlakileng. Jesu o tšepisitse hore moea oa hae o halalelang ‘o tla re hopotsa lintho tsohle tseo a li rutileng.’ (Johanne 14:26, NW) Ka ho tšoanang, haeba u rapella tataiso, Molimo o ka u hopotsa litemana kapa melao-metheo e amehang tabeng eo. Koana, Molimo o tla lebella hore u etse ho itseng, joaloka ho etsa lipatlisiso Bibeleng kapa ho kōpa thuso ea ba hōlileng. Molimo o ka hlohonolofatsa boiteko ba hao, ka linako tse ling o ka u neha “matla a ka nģ’ane ho hlaho” e le hore u ka mamella bothata.—2 Ba-Korinthe 4:7, NW.

Tsela ea ho Rapela Molimo

Na le uena u ka rata ho thabela botsoalle bo haufi le Molimo le ho tseba hore o araba lithapelo tsa hao? Joaloka Kay, Peggy, le Maria, u lokela ho qala ho ithuta Bibele. Ho etsa joalo ho tla u thusa ho ithuta ka botho le makhabane a Jehova Molimo. Ha u ntse u ithuta kamoo Molimo o leng mosa le lerato kateng, u tla ikutloa u lokolohile haholo ho o atamela ka thapelo.

‘Empa ke tla re’ng ho oona?’ u ka botsa. Ho rapela Molimo ho tšoana le ho bua le motsoalle oa hlooho ea khomo. Haeba u na le bothata bo itseng kelellong tsa hao, na u ne u ke ke ua bua ka tsela e lokolohileng le motsoalle ea joalo, u mo phetlela maikutlo le kameho ea hao? Molimo ke motsoalle eo u ka mo phetlelang maikutlo a hao a tebileng, u tseba hore o utloisisa hantle seo re se bolelang. Kaha o na le bohlale le matla tse phahametseng hōle motho lehae le ofe, a ka u thusa ka sebele!

Leha ho le joalo, na mathata a botho a lokela ho ba ka sehloohong lithapelong tsa hao? Jesu o fane ka thapelo ea mohlala e tsejoang e le Thapelo ea Morena, kapa Thapelo ea Ntat’a Rōna, e fumanoang Bibeleng ho Mattheu 6:9-13. Hlokomela hore ntho ea pele e bohlokoa e bile ho halaletsoa ha lebitso la Molimo, Jehova. Ea bobeli ke ho rapela hore ’Muso oa Molimo (kapa ’muso oa leholimo) o tle ’me thato ea Molimo e etsoe leholimong le mona lefatšeng. Ebile feela kamorao ho bua ka litseko tsena tse khōlō Jesu a ileng a lebisa tlhokomelo likamehong tsa botho, tse kang lijo, ho tšoareloa, le ho mamella moleko oa ho etsa phoso. Lithapelo tsa hao li ka bonahatsa tatellano e joalo ea lintho tsa bohlokoa, u bontša Molimo hore ha ua ameha feela ka boithati ka mathata a hao.

Leha ho le joalo, Jesu o lemositse: “Ha le rapela, le se ke la touta joalo ka bahetene; hobane ba hlōma ba tla utluoa ke ho bua haholo.” (Mattheu 6:7) Lithapelo tse telele, tse rarahaneng ha li khahlise Molimo; kapa leha e le hore lithapelo tse baloang bukeng kapa tse phetuoang ka hlooho, joaloka ha e ka ho khethoa ha mantsoe ke habohlokoa. Mopesaleme o itse: “Le tšollele lipelo tsa lōna pel’a oona.” (Pesaleme ea 62:8) Na u na le bofokoli bo itseng boo u lokelang ho sebetsa ka matla ho bo hlōla empa bo phehella? Na u na le bothata ba lelapa bo etsang hore u se thabe? Tsena ke lintho tseo ‘u ka tšollang pelo ea hao’ ho Molimo ka tsona bakeng sa thuso ea oona.

Leha ho le joalo, hopola hore u lokela ho ithaopela ho amohela karabo ea Molimo. Jehova, ka bohlale ba hae, a ka ’na a se bone lintho ka tsela eo u li bonang ka eona. Ka hona haeba u kōpa ntho e itseng ’me u sa e amohele, hoo ha ho bolele hore Jehova ha a u mamela. Ho ka ’na ha bolela hore u kōpa ntho e itseng e ke keng ea u fōla molemo. Joaloka ha liproverbia li re: “U tšepe Jehova ka pelo ea hao eohle, u se ke ua tšepa hlalefo ea hao.” (Liproverbia 3:5) Rapela ka sena, ’me qetello u tla amohela tataiso ea Molimo.

Haeba thapelo e fetoha karolo ea kamehla ea bophelo ba hao, e ka u atametsa haufi-ufi le Jehova Molimo le ho u neha kamano e thabileng le eena, ntho e lokelang ho hlokomeloa joaloka letlotlo. Haeba u e-s’o hōlise mokhoa oa ho rapela, joale ke nako e loketseng ea ho o qalisa. Ke hobane’ng ha u sa rapele Molimo ’me u o tsebise takatso ea hao ea ho haha kamano e molemo le oona? O tla u thusa.—Jakobo 4:8.

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

“Kea tseba hore ha feela ke na le bothata nka retelehela ho Jehova bakeng sa tataiso ’me o tla nthusa.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela