Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w92 8/15 maq. 10-15
  • Le ’Ne le Hahane

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Le ’Ne le Hahane
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Qoba Puo e Bolileng
  • Sebeletsa ho Haha ba Bang
  • Ba Hahe ka Tsela ea Bomolimo
  • Baholo ba Hahang
  • Ho Phela Tumellanong le Molao oa Kreste
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Bua se “Molemo Bakeng sa ho Haha”
    “Le Ipoloke Leratong la Molimo”
  • Moaparo le Boitlhopho ba Hao na Lia Tsotelleha ho Molimo?
    Tsoha!—1998
  • Na Tsela eo U Aparang ka Eona e Tlotlisa Molimo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
w92 8/15 maq. 10-15

Le ’Ne le Hahane

“Polelo e bolileng e se ke ea tsoa melomong ea lōna, empa ho tsoe polelo leha e le efe e loketseng ho haha.”—BA-EFESE 4:29, NW.

1, 2. (a) Ke hobane’ng ha ho ka boleloa ka nepo hore puo ke mohlolo? (b) Ke temoso efe e loketseng tabeng ea kamoo re sebelisang leleme la rōna?

“PUO ke khoele ea mohlolo e kopanyang metsoalle, malapa le mekhatlo ea batho hammoho . . . Kelello ea motho hammoho le ho sebetsa ha lihlopha tse sebetsang ’moho tsa mesifa ea leleme, li hlahisa melumo e susumetsang lerato, mohono, le tlhompho—ka sebele li hlahisa boikutlo leha e le bofe ba motho.”—Hearing, Taste and Smell.

2 Leleme la rōna hase feela setho sa ho koenya kapa ho latsoa; ke karolo ea matla a rōna a ho arolela ba bang seo re se nahanang le seo re se utloang. Jakobo o ile a ngola: “Leleme, leha e le sethoana se senyenyane. . . . Ka lona, re ee re boke Molimo Ntate; ka lona hape, re rohake batho ba entsoeng ka setšoantšo sa Molimo.” (Jakobo 3:5, 9) E, re ka sebelisa maleme a rōna ka litsela tse ntle, tse kang ho rorisa Jehova. Empa kaha ha rea phethahala, habonolo feela re ka iphumana re sebelisa maleme a rōna ho bua lintho tse utloisang bohloko kapa tse sa lokang. Jakobo o ile a ngola: “Banab’eso, taba ha lia tšoanela ho lula joalo.”—Jakobo 3:10.

3. Re lokela ho ameha ka litšobotsi life tse peli tsa puo ea rōna?

3 Le hoja ho se motho ea ka laolang leleme la hae ka ho phethahetseng, ka sebele re lokela ho loanela ho ntlafatsa. Moapostola Pauluse oa re eletsa: “Polelo e bolileng e se ke ea tsoa melomong ea lōna; empa ho tsoe polelo leha e le efe e loketseng ho haha kamoo ho hlokahalang ka teng, e le hore e hlahisetse ba e utloang molemo.” (Ba-Efese 4:29, NW) Hlokomela hore taelo ena e na le litšobotsi tse peli: seo re lokelang ho loanela ho se qoba le seo re lokelang ho leka ho se etsa. A re ke re hlahlobeng litšobotsi tsena ka bobeli.

Ho Qoba Puo e Bolileng

4, 5. (a) Bakreste ba ntoeng ea mofuta ofe mabapi le puo e litšila? (b) Ke setšoantšo sefe se ka lokelang polelo “puo e bolileng”?

4 Ba-Efese 4:29, (NW) e qala ka ho re phehella: “Polelo e bolileng e se ke ea tsoa melomong ea lōna.” Sena se ka ’na sa se be bonolo. Lebaka le leng ke hore ho rohakana ho atile haholo lefatšeng le re pota-potileng. Bacha ba bangata ba Bakreste ba utloa mahlapa letsatsi le leng le le leng, hobane bana bao ba kenang sekolo le bona ba ka ’na ba nahana hore mahlapa a hatisa taba kapa a etsa hore ba bonahale ba le matla haholoanyane. Mohlomong re ke ke ra khona ho qoba ka ho felletseng ho utloa mantsoe a litšila, empa re ka etsa boiteko bo matla ba ho se amohele mantsoe a joalo ’me re lokela ho bo etsa. Mantsoe a joalo ha a na sebaka likelellong tsa rōna kapa melomong ea rōna.

5 Ho tšehetsang temoso ea Pauluse ke lentsoe la Segerike le amanang le tlhapi e bolileng kapa tholoana e senyehileng. Ak’u iketsetse setšoantšo ka taba ena: U bona motho a felloa ke mamello ’me a halefa ka ho felletseng. Qetellong o ntša bohale ba hae, ’me u bona ho tsoa tlhapi e bolileng ka hanong la hae. Joale u bona a nyokholoha tholoana e nkhang, e senyehileng, ’me a tšoela batho bohle ba pel’a hae. Motho eo ke mang? Ho ne ho tla ba hobe hakaakang haeba e ne e le e mong oa rōna! Leha ho le joalo, setšoantšo se joalo se ka re tšoanela haeba re ‘lumella hore lipolelo tse bolileng li tsoe melomong ea rōna.’

6. Ba-Efese 4:29, (NW) e sebetsa joang puong e nyatsa-nyatsang, e sa lokang?

6 Tšebeliso e ’ngoe ea Ba-Efese 4:29, (NW) ke hore re qobe hore ka linako tsohle re be ba nyatsa-nyatsang. Rea lumela hore, kaofela ha rōna re na le maikutlo le boikhethelo ka lintho tseo re sa li rateng kapa tseo re sa li amoheleng, empa na u kile ua ba haufi le motho eo ho bonahalang a bua ntho e seng ntle (kapa a bua lintho tse ngata) ka motho e mong le e mong, sebaka, kapa ntho eo ho buuoang ka eona? (Bapisa le Ba-Roma 12:9; Ba-Heberu 1:9.) Puo ea hae ea heletsa, e tepelletsa maikutlo, kapa ea senya. (Pesaleme ea 10:7; 64:2-4; Liproverbia 16:27; Jakobo 4:11, 12) A ka ’na a se hlokomele hore o tšoana hantle hakaakang le batho ba neng ba nyatsa-nyatsa ba hlalosoang ke Malakia. (Malakia 3:13-15) O tla makala hakaakang ha a utloa motho ea emeng pel’a hae a ’molella hore ka lehanong la hae ho tsoa tlhapi e bolileng kapa tholoana e senyehileng!

7. E mong le e mong oa rōna o tlameha ho etsa boitlhahlobo bofe?

7 Le hoja ho le bonolo ho hlokomela haeba motho e mong ka linako tsohle a sa bue hantle kapa a bua ka ho nyatsa-nyatsa, ipotse, ‘Na ke sekamela ho ba joalo? Na ka sebele ke etsa joalo?’ Ho tla ba bohlale hore nako le nako re hlahlobe se fuperoeng ke mantsoe a rōna. Na boholo ba ’ona ke a seng matle, a nyatsa-nyatsang? Na re tšoana le batšelisi ba bararo ba bohata ba Jobo? (Jobo 2:11; 13:4, 5; 16:2; 19:2) Ke hobane’ng ha u sa batle tšobotsi e ntle eo u tla bua ka eona? Haeba boholo ba moqoqo bo nyatsa-nyatsa, ke hobane’ng ha u sa o lebise litabeng tse hahang?

8. Malakia 3:16 e fana ka thuto efe mabapi le puo, ’me re ka bontša joang hore re sebelisa thuto eo?

8 Malakia o ile a fana ka phapang ena: “Ba tšabang Jehova ba buisana hammoho, e mong le e mong le ngoan’abo, ’me Jehova a theetsa tsebe a mamela; buka ea khopotso ea ngoloa pel’a hae, ea ngolloa ba tšabang Jehova le ba hlokomelang lebitso la hae.” (Malakia 3:16) Na u hlokometse kamoo Molimo o ileng oa arabela ka teng puong e hahang? Ho ka etsahala hore moqoqo o joalo o bile le phello efe ho ba neng ba kopanetse ho ’ona? Re ka ithuta thuto mabapi le puo ea rōna ea letsatsi le leng le le leng. Ho tla ba hotle hakaakang ho rōna le ho ba bang haeba moqoqo oa rōna o tloaelehileng o bonahatsa ‘sehlabelo sa poko e eang ho Molimo.’—Ba-Heberu 13:15.

Sebeletsa ho Haha ba Bang

9. Ke hobane’ng ha liboka tsa Bokreste e le linako tse ntle tsa ho haha ba bang?

9 Liboka tsa phutheho ke linako tse ntle tsa ho bua ‘se seng le se seng se loketseng ho haha kamoo ho hlokahalang ka teng, e le hore se hlahisetse ba se utloang molemo.’ (Ba-Efese 4:29, NW) Re ka etsa sena ha re nehelana ka puo e mabapi le boitsebiso ba Bibele, ha re etsa pontšo, kapa re fana ka karabelo nakong ea likarolo tsa lipotso le likarabo. Ka tsela ena re netefatsa Liproverbia 20:15, NW: “Melomo e bolelang ke ntho ea bohlokoa.” ’Me ke mang ea tsebang hore na re ama kapa re haha lipelo tse ngata hakae?

10. Ka mor’a ho bona hore na ke bo-mang bao re neng re tloaetse ho bua le bona, re ka etsa phetoho efe e loketseng? (2 Ba-Korinthe 6:12, 13)

10 Nako ea pele le kamorao ho liboka e molemo bakeng sa ho haha ba bang ka moqoqo o thabisang ba o mametseng. Ho ka ba bonolo ho sebelisa nako ena re qoqa hamonate le beng ka rōna le metsoalle e seng mekae e leng batho bao re ikutloang re phutholohile ha re e-na le bona. (Johanne 13:23; 19:26) Leha ho le joalo, tumellanong le Ba-Efese 4:29, (NW) ke hobane’ng ha u sa batle ba bang bao u tla bua le bona? (Bapisa le Luka 14:12-14.) Re ka etsa qeto esale pele hore re bue ho fetang feela ho re lumelang ea tloaelo ho batho ba bang ba bacha ’neteng, batho ba hōlileng, kapa bacha, esita le ho lula le bana ho etsa hore re ipehe boemong ba bona. Thahasello ea rōna ea sebele le linako tsa puo e hahang li tla etsa hore ba bang ba nolofalloe haholoanyane ho pheta mantsoe a Davida ho Pesaleme ea 122:1.

11. (a) Batho ba bangata ba na le mokhoa ofe mabapi le litulo? (b) Ke hobane’ng ha ba bang ka morero ba feto-fetola moo ba lulang teng?

11 Thuso e ’ngoe ea ho etsa hore moqoqo e be o hahang ke ho feto-fetola libaka tseo re lulang ho tsona libokeng. Ho ka hlokahala hore ’mè ea nang le lesea a lule pel’a kamore eo ho hlokomelloang bana ka ho eona, kapa motho ea kulang ho ka hlokahala hore a lule setulong se ka thōko-thōko, empa ho thoe’ng ka ba bang ba rōna? Tloaelo e ka etsa hore re hanelle setulong se itseng kapa sebakeng se itseng; esita le nonyana ka tlhaho e khutlela sehlaheng sa eona. (Esaia 1:3; Mattheu 8:20) Leha ho le joalo, ka ho tobileng, kaha re ka itulela sebakeng leha e le sefe, ke hobane’ng re sa feto-fetole moo re lulang teng—ka lehlakoreng le letona, le letšehali, ho elella ka pele, joalo-joalo,—’me ka hona ra tloaelane hamolemo le batho ba sa tšoaneng? Le hoja ho se molao oa hore re etse sena, baholo le batho ba bang ba hōlileng moeeng ba feto-fetolang libaka tseo ba lulang ho tsona ba ho fumana ho le bonolo hore ba fetisetse se molemo ho batho ba bangata ho e-na le ho se fetisetsa feela ho metsoalle e ’maloa e haufi.

Ba Hahe ka Tsela ea Bomolimo

12. Ke tloaelo efe e sa rateheng e ’nileng ea bonahala ho pholletsa le histori?

12 Takatso ea Mokreste ea hore a hahe ba bang e lokela ho mo susumelletsa hore a etsise Molimo tabeng ena ho e-na le ho latela tšekamelo ea botho ea ho etsa melao e mengata.a Ke khale batho ba sa phethahalang ba sekametse ho busa batho ba ba potolohileng, ’me esita le bahlanka ba bang ba Molimo ba ’nile ba inehela tšekamelong ena. (Genese 3:16; Moeklesia 8:9) Mehleng ea Jesu baeta-pele ba Bajode ba ne ba ‘jarisa batho liphahlo tse boima athe bona ba sa rate le ho li sisinya le ka monoana.’ (Mattheu 23:4) Ba ile ba fetola litloaelo tse seng kotsi ba li etsa meetlo e tlamang. Ka baka la ho ameha ka ho tlōlisang ka melao ea batho, ba ile ba hlokomoloha lintho tseo Molimo o neng o li nka e le tsa bohlokoa haholoanyane. Ho ne ho se motho ea hahoang ke hore ba etse melao e mengata eo e seng ea mangolo; ho hang tsela ea bona e ne e se tsela ea Molimo.—Mattheu 23:23, 24; Mareka 7:1-13.

13. Ke hobane’ng ha ho sa lokela hore ho etsoe melao e mengata bakeng sa Bakreste-’moho?

13 Ka tieo Bakreste ba batla ho itšoarella melaong ea Molimo. Leha ho le joalo, esita le rōna re ka ba bahlaseluoa ba ho ba le tšekamelo ea ho etsa melao e mengatanyana e boima. Hobane’ng? Lebaka le leng ke hore, lintho tseo re li ratang kapa tseo re li khethang ha li tšoane, kahoo ba bang ba ka ’na ba amohela seo ba bang ba sa se rateng ’me ba ikutloa hore ha se tšoanelehe. Le Bakreste baa fapana, khōlong ea bona ea moea. Empa na ho beha melao e mengata ke tsela ea bomolimo ea ho thusa motho e mong hore a tsoele pele ho ea khōlong ea moea? (Ba-Filippi 3:15; 1 Timothea 1:19; Ba-Heberu 5:14) Esita le haeba motho a hlile a phehella tsela eo ho bonahalang e fetelletse kapa e le kotsi, na molao oa thibelo ke tharollo e molemohali? Tsela ea Molimo ke hore ba tšoanelehang ba leke ho khutlisa mofosi ka ho behelana mabaka le eena ka mokhoa o bonolo.—Ba-Galata 6:1.

14. Melao eo Molimo o ileng oa e fa Iseraele e ile ea phetha merero efe?

14 Ke ’nete hore, ha Molimo o ne o sebelisa Iseraele e le sechaba sa oona, o ile oa beha melao e makholo mabapi le borapeli tempeleng, mahlabelo, esita le bohloeki. Sena se ne se lokela sechaba se khethehileng, ’me melao e mengata e ne e na le moelelo oa boprofeta ’me e ile ea thusa hore e lebise Bajode ba bangata ho Messia. Pauluse o ile a ngola: “Molao e bile molisa oa bongoana ba rōna, ho re isa ho Kreste, re tle re beoe ba lokileng ka tumelo. Empa tumelo ha e se e tlile, ha re sa le pusong ea molisa eo.” (Ba-Galata 3:19, 23-25) Ka mor’a hore Molao o hlakoloe thupeng ea tlhokofatso, Molimo ha oa ka oa neha Bakreste letoto le lelelele la melao litšobotsing tse ngata tsa bophelo, joalokaha eka e ne e le tsela ea ho ba boloka ba le matla moeeng.

15. Molimo o fane ka tataiso efe bakeng sa barapeli ba Bakreste?

15 Ke ’nete hore, ha se hore ha re na molao. Molimo o re laela hore re tele borapeli ba litšoantšo, bohlola le bofebe, le tšebeliso e mpe ea mali. Ka ho toba o hanela polao, ho bua leshano, tšebelisano le meea, le libe tse ling tse sa tšoaneng. (Liketso 15:28, 29; 1 Ba-Korinthe 6:9, 10; Tšenolo 21:8) ’Me Lentsoeng la oona o fana ka keletso e hlakileng litabeng tse ngata. Leha ho le joalo, ho isa bohōleng bo fetang ba Baiseraele, rea ikarabella bakeng sa hore re ithute le ho sebelisa melao-motheo ea Bibele. Baholo ba ka haha ba bang ka ho ba thusa hore ba fumane ’me ba nahane ka melao-motheo ena ho e-na le ho batla melao kapa ho e etsa feela.

Baholo ba Hahang

16, 17. Baapostola ba siile mohlala ofe o motle tabeng ea ho etsetsa barapeli-’moho melao?

16 Pauluse o ile a ngola: “Leha ho le joalo, ho latela hore na re hatetse pele ho isa bohōleng bofe, a re tsoeleng pele re tsamaea ka tlhophiso ka mokhoa ona o tšoanang.” (Ba-Filippi 3:16, NW) Tumellanong le pono eo ea bomolimo, moapostola o ile a sebelisana le ba bang ka tsela e hahang. Ka mohlala, ho ile ha phahama potso tabeng ea hore na ho jeoe nama e tsoang tempeleng ea litšoantšo kapa che. Na moholo eo, mohlomong e le ka morero oa ho etsa hore lintho li tšoane kapa li be bonolo, o ile a beha molao o itseng bakeng sa liphutheho tsohle tsa pele? Che. O ile a lumela hore ho se tšoane ha tsebo le khatelo-pele khōlong ea moea ho ka etsa hore Bakreste bao ba etse khetho e sa tšoaneng. Ha e le eena, o ne a ikemiselitse ho beha mohlala o motle.—Ba-Roma 14:1-4; 1 Ba-Korinthe 8:4-13.

17 Mangolo a Bakreste a Segerike a bontša hore baapostola ba ile ba fana ka keletso e thusang litabeng tsa botho, tse kang moaparo le boitlhopho, empa ha baa ka ba e etsa molao o akaretsang. Kajeno ona ke mohlala o motle bakeng sa balebeli ba Bakreste, ba thahasellang ho haha mohlape. ’Me ha e le hantle o hlalosa mokhoa oa ho etsa lintho oo Molimo o ileng oa o latela esita le ho Iseraele oa boholo-holo.

18. Jehova o ile a neha Iseraele melao efe tabeng ea moaparo?

18 Molimo ha oa ka oa neha Baiseraele melao e mengata-ngata ka moaparo. Ka ho hlakileng banna le basali ba ne ba sebelisa liaparo tse tšoanang tsa ka ntle, le hoja tsa mosali li ne li ka khabisoa kapa tsa ba mebala-bala. Banna le basali ba ne ba boetse ba apara sa·dhinʹ, kapa liaparo tsa ka hare. (Baahloli 14:12; Liproverbia 31:24; Esaia 3:23) Molimo o ile oa fana ka melao efe mabapi le moaparo? Banna kapa basali ba ne ba sa tlameha ho apara liaparo tsa batho ba bong bosele, ka ho hlakileng e le ka lebaka la bosodoma. (Deuteronoma 22:5) E le ho bontša hore ba arohile ho lichaba tse ba pota-potileng, Baiseraele ba ne ba tlameha ho etsa litjellane liaparong tsa bona, tseo ho nang le khoele e putsoa ka holim’a tsona, ’me mohlomong ho be le likola hukung ea liaparo tsa ka ntle. (Numere 15:38-41) Sena ha e le hantle ke tataiso e neng e fanoa ke molao bakeng sa mekhoa ea ho apara.

19, 20. (a) Bibele e fa Bakreste tataiso efe mabapi le moaparo le boitlhopho? (b) Baholo ba lokela ho ba le pono efe mabapi le ho etsa melao e amang ponahalo ea botho?

19 Kaha Bakreste ha ba tlas’a Molao, na re na le melao e meng e qaqileng ka moaparo kapa boitlhopho eo re e fumanang ka Bibeleng? Ha ho joalo. Molimo o fane ka melao-motheo e leka-lekaneng eo re ka e sebelisang. Pauluse o ile a ngola: “Basali le bona ba apare seaparo se lokelang, ba itlhophe ka boitlhompho le ka tšabo, e seng ka moriri o foriloeng, le ka gauda, leha e le liperela, leha e le meaparo e khabisitsoeng.” (1 Timothea 2:9) Petrose o ile a phehella hore ho e-na le hore basali ba Bakreste ba amehe ka boitlhopho ba ’mele, ba lokela ho ameha ka “motho ea ka sephiring, e leng oa pelo, ka khabo e sa senyeheng ea moea o mosa, o bonolo.” (1 Petrose 3:3, 4) Hore ebe keletso e joalo e tlalehiloe ho bontša hore Bakreste ba bang ba lekholong la pele la lilemo ho ne ho hlokahala hore e be ba itekanetseng le ba ithibang moaparong le boitlhophong ba bona. Leha ho le joalo, ho e-na le ho batla—kapa ho thibela—litaele tse ling, baapostola ba ile ba fana feela ka keletso e hahang.

20 Lipaki tsa Jehova li lokela ho hlomphuoa ’me ka kakaretso lia hlomphuoa ka baka la ponahalo ea tsona e itekanetseng. Leha ho le joalo, litaele li fapana ka linaha esita le sebaka kapa phutheho. Ha e le hantle, moholo ea nang le maikutlo a matla kapa ea ratang moaparo le boitlhopho bo itseng a ka iketsetsa qeto e joalo le lelapa la hae. Empa ha e le ka mohlape, ho hlokahala hore a hopole ntlha ea Pauluse: “E seng hore re na le puso holim’a tumelo ea lōna, empa re le sebelisa tse le thabisang, hobane efela le eme ka tumelo.” (2 Ba-Korinthe 1:24) E, ka ho hanela litšusumetso tsa ho beha melao ka phuthehong, baholo ba sebeletsa ho haha tumelo ea ba bang.

21. Baholo ba ka fana ka thuso e hahang joang haeba e mong a apara moaparo o fetelletseng?

21 Joaloka lekholong la pele la lilemo, ka linako tse ling motho e mocha ’neteng kapa ea fokolang moeeng a ka ’na a latela mokhoa o belaetsang kapa o seng bohlale oa moaparo kapa tšebeliso ea makeup kapa mabenyane. Ho ka etsoa joang boemong bo joalo? Le tabeng ena, Ba-Galata 6:1 e fana ka tataiso bakeng sa baholo ba Bakreste ba batlang ho thusa ka tieo. Pele moholo a etsa qeto ea ho fana ka keletso, ka bohlale a ka buisana le moholo e mong, haholo-holo a se ee ho moholo eo a tsebang hore o rata lintho tse tšoanang le tsa hae kapa ea nahanang joaloka eena. Haeba feshene ea lefatše ea moaparo kapa boitlhopho li ama batho ba bangata ka phuthehong, sehlopha sa baholo se ka buisana ka tsela e molemohali ea ho fana ka thuso, e kang karolo e mosa e hahang sebokeng kapa ka ho ithaopela ho thusa motho eo. (Liproverbia 24:6; 27:17) Pakane ea bona e tla ba ho khothalletsa ho ba le pono e bontšitsoeng ho 2 Ba-Korinthe 6:3 (BPN): “Ho re mosebetsi oa rōna o se ke oa nyelisoa, ha re ke be re khopise motho ka letho.”

22. (a) Ke hobane’ng ha re sa lokela ho ferekanngoa ke ha ho le teng ho se tšoane ho fokolang ha maikutlo? (b) Pauluse o fane ka mohlala ofe o motle?

22 Baholo ba Bakreste ‘ba alosang mohlape oa Molimo o kalosong ea bona’ ba batla ho etsa joalokaha Petrose a boletse, hore, ‘ba se ke ba busa ka thata bao e leng lefa la Molimo.’ (1 Petrose 5:2, 3, NW) Nakong ea mosebetsi oa bona o lerato, ho ka hlaha lipotso tabeng ea ho rata lintho tse fapaneng. Mohlomong ke tloaelo sebakeng sa heno hore ea balang lirapa a eme nakong ea Thuto ea Molula-Qhooa. Ho lokisetsa lihlopha bakeng sa tšebeletso ea tšimo le makolopetso a mang ka tšebeletso ka boeona li ka etsoa ho latela tloaelo ea sebaka seo. Ho ntse ho le joalo, na e ka ba koluoa haeba e mong a talima litaba ka mokhoa o batlang o fapane? Balebeli ba lerato ba lakatsa hore ‘lintho li etsoe ka mokhoa o hlophisehileng le ka tokisetso,’ e leng polelo eo Pauluse a ileng a e sebelisa tabeng ea lineo tsa ho etsa mehlolo. Empa taba e potolohileng temana e bontša hore ntho eo Pauluse a neng a amehile ka eona haholo ke “ho haha phutheho.” (1 Ba-Korinthe 14:12, 40, NW) Ha aa ka a bontša tšekamelo ea ho beha melao e sa feleng, joalokaha eka ho tšoana ho felletseng kapa katleho e felletseng e ne e le tsona lintho tse khōlō tseo a neng a amehile ka tsona. O ile a ngola: “Morena o re file [matla a] ho le haha e seng ho le heletsa.”—2 Ba-Korinthe 10:8, NW.

23. Litsela tse ling tseo ka tsona re ka etsisang mohlala oa Pauluse oa ho haha ba bang ke life?

23 Ka ntle ho pelaelo Pauluse o ile a sebeletsa ho haha ba bang ka mantsoe a matle le a khothatsang. Ho e-na le ho etsa setsoalle le sehlopha se senyenyane sa metsoalle, o ile a etsa boiteko ba ho etela baena ba bangata le likhaitseli, ba matla moeeng le bao ka ho khetheha ba neng ba hloka ho hahuoa. ’Me o ile a hatisa lerato—ho e-na le melao—hobane “lerato lea hahisa.”—1 Ba-Korinthe 8:1.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ka lapeng ho ka bonahala ho le molemo hore ho be le melao e sa tšoaneng, ho itšetlehile ka maemo. Bibele e laela batsoali hore ba etsetse bana ba bona ba banyenyane qeto litabeng.—Exoda 20:12; Liproverbia 6:20; Ba-Efese 6:1-3.

Lintlha tsa Tlhahlobo

◻ Ke hobane’ng ha phetoho e loketse haeba re tloaela ho bua puo e seng ntle kapa e nyatsa-nyatsang?

◻ Re ka etsa’ng hore re be ba hahang haholoanyane ka phuthehong?

◻ Mohlala oa Molimo tabeng ea ho etsetsa ba bang melao e mengata-ngata ke ofe?

◻ Ke eng se tla thusa baholo hore ba qobe ho etsetsa mohlape melao ea botho?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela