Batla Khotso ea ’Nete ’me U e Phehelle!
“Ea lakatsang ho rata bophelo le ho bona matsatsi a molemo, . . . a a furalle se sebe ’me a etse se molemo; a a batle khotso ’me a e phehelle.”—1 PETROSE 3:10, 11.
1. Ke mantsoe afe a tummeng a Esaia ao ka sebele a tla ba le katleho e tiileng?
“BA TLA tea liphehla tsa bona tsa ntoa mehoma, le marumo a bona ba a tee lisekele; sechaba se seng ha se sa tla hlola se futuhela sechaba se seng ka lerumo, ha ba sa tla hlola ba ithuta ho loana.” (Esaia 2:4) Le hoja temana ena e tummeng e behiloe pepeneneng pel’a ntlo-khōlō ea lefatše ea Machaba a Kopaneng New York City, mokhatlo oo oa lefatše ho ke ke ha boleloa hore o phethahalitse mantsoe ao. Leha ho le joalo, e le karolo ea lentsoe le sa hlōleheng la Jehova Molimo, phatlalatso eo e tla phethahala.—Esaia 55:10, 11.
2. Ke’ng se lokelang ho “etsahala mehleng ea bofelo,” ho latela Esaia 2:2, 3?
2 Mantsoe a fumanoang ho Esaia 2:4 ha e le hantle ke karolo ea boprofeta bo hlollang, boprofeta bo mabapi le khotso ea ’nete—’me boa phethahala mehleng ena ea rōna. Pele bo bolela ka litebello tse thabisang tsa hore lintoa le libetsa tsa ntoa ha li sa tla ba teng, boprofeta bona bo re: “Ho tla etsahala mehleng ea bofelo, hoba thaba ea ntlo ea Jehova e tla beoa hlorong ea lithaba, e okamele maralla, ’me lichaba kaofela li tla phallela teng. Lichaba tse ngata li tla ea, li re: Tloong, re nyoloheleng thabeng ea Jehova, ka tlung ea Molimo oa Jakobo, o tle o re rute mekhoa ea oona, re tsamaee litseleng tsa oona; hobane molao o tla tsoa Sione, lentsoe la Jehova le tsoe Jerusalema.”—Esaia 2:2, 3.
Batho ba ka ba le Khotso
3. Motho a ka tlohela ho ba mabifi joang ’me a fetoha ea nang le khotso?
3 Hlokomela hore pele batho ba ka phehella tsela ea khotso, ba lokela hore ba rutoe ka litsela tsa Jehova. Ho arabela ka boikokobetso thutong ea Jehova ho ka fetola tsela ea motho ea ho nahana le ea ho etsa lintho, e le hore ea neng a le mabifi e ka ba ea nang le khotso. Phetoho ee e finyelloa joang? Baroma 12:2 e re: “Le khaotse ho ba ka sebōpeho sa tsamaiso ena ea lintho, empa le fetohe ka ho nchafatsa likelello tsa lōna, e le hore le ka ipakela e le lōna thato ea Molimo e molemo le e amohelehang le e phethahetseng.” Re nchafatsa likelello tsa rōna, kapa re li susumetsa ka tsela e fapaneng, ka ho li tlatsa ka melao-motheo le litaelo tse tsoang Lentsoeng la Molimo. Ho ithuta Bibele kamehla ho re thusa ho etsa phetoho ena le ho re nolofalletsa ho ipakela e le rōna seo thato ea Jehova e leng sona bakeng sa rōna, ka hona re ka bona ka ho hlaka tsela eo re lokelang ho tsamaea ka eona.—Pesaleme ea 119:105.
4. Motho o apara botho bo bocha bo nang le khotso joang?
4 ’Nete ea Bibele ha e fetole tsela eo re nahanang ka eona feela empa e boetse e fetola le liketso tsa rōna le botho ba rōna. E re thusa ho etsa seo moapostola Pauluse a ileng a se buella: “Le lahle botho ba khale bo lumellanang le tsela ea lōna ea pele ea boitšoaro le bo ntseng bo bolisoa ho ea ka litakatso tsa bona tse thetsang; empa . . . le nchafale matleng a susumetsang likelello tsa lōna, le . . . apare botho bo bocha bo ileng ba bōptjoa ho ea ka thato ea Molimo ho lokeng ha ’nete le botšepehing bo sa sekisetseng.” (Baefese 4:22-24) Matla a susumetsang kelello a ka hare. Aa fetoloa ’me a ba matla ha lerato la rōna bakeng sa Jehova le melao ea hae le ntse le hōla, ’me a etsa hore re be batho ba moea le ba nang le khotso.
5. “Taelo e ncha” eo Jesu a e fileng barutuoa ba hae e tlatsetsa joang khotsong e har’a bona?
5 Tlhokahalo ea phetoho ena e bonoa thutong ea Jesu ho barutuoa ba hae ha a ne a e-na le bona ka lekhetlo la ho qetela: “Ke le fa taelo e ncha, hore le ratane; feela joalokaha ke le ratile, hore le lōna le ratane. Ka sena bohle ba tla tseba hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lōna.” (Johanne 13:34, 35) Lerato lena le kang la Kreste, le se nang boithati le kopanya barutuoa hammoho bonngoeng bo phethahetseng. (Bakolose 3:14) Ke feela ba ikemiselitseng ho amohela “taelo e ncha” ena le ho phela tumellanong le eona ba tla thabela khotso eo Molimo a e tšepisang. Na ho na le batho ba etsang see kajeno?
6. Ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova li thabela khotso, ha ho bapisoa le batho ba lefatše?
6 Lipaki tsa Jehova li leka ka matla ho bontša lerato kamanong ea tsona ea bara ba motho lefatšeng ka bophara. Le hoja li ntšitsoe lichabeng tsohle tsa lefatše, ha li itšunya-tšunye liqhoebeshanong tsa lefatše, esita leha li le tlas’a khatello e matla ea lipolotiki le ea bolumeli. Kaha ke batho ba bonngoeng, li rutoa ke Jehova, ’me li thabela khotso. (Esaia 54:13) Li lula li sa nke lehlakore likhohlanong tsa lipolotiki, ’me ha li kopanele lintoeng. Ba bang bao pele ba neng ba le mabifi ba tlohetse mokhoa oo oa bophelo. Ba fetohile Bakreste ba ratang khotso, ba etsisa mohlala oa Kreste Jesu. ’Me ka lipelo tsohle ba latela keletso ea Petrose: “Ea lakatsang ho rata bophelo le ho bona matsatsi a molemo, a a thibe leleme la hae ho se sebe le molomo oa hae ho bueng thetso, empa a a furalle se sebe ’me a etse se molemo; a a batle khotso ’me a e phehelle.”—1 Petrose 3:10, 11; Baefese 4:3.
Ba Phehellang Khotso
7, 8. Fana ka mehlala ea batho ba ileng ba tlohela ntoa ’me ea e-ba babatli ba khotso ea ’nete. (Bolela e meng eo u e tsebang.)
7 Ka mohlala, e mong ke Rami Oved, eo e kileng ea e-ba ofisiri sehlopheng se khethehileng sa masole se loantšang bokhukhuni. O ne a koetliselitsoe ho bolaea lira tsa hae. O ne a lumela ka tieo bochabeng ba hae ba Iseraele ho fihlela ka letsatsi le leng a fumana hore bo-rabi ba ne ba sa rate ha a nyala mosali eo a mo ratang feela hobane e ne e le Moasia, Molichaba. O ile a qala ho batla ’nete Bibeleng. Eaba o kopana le Lipaki tsa Jehova. Ho ithuta ha hae Bibele le Lipaki ho ile ha mo kholisa hore e ne e ke ke ea hlola e e-ba ea buellang bochaba ka tsela e feteletseng. Lerato la Bokreste le ne le bolela ho tlohela ntoa le libetsa le ho ithuta ho rata batho ba morabe o mong le o mong. O ile a makala hakaakang ha a fumana lengolo le bontšang mosa le nang le mantsoe ana a qalang, “Mor’eso Rami”! Ke eng e neng e le mohlolo hakaalo ka seo? Mongoli e ne e le Paki ea Mopalestina. Rami o re: “Ke ile ka nahana hore ke ntho eo ho leng thata ho e lumela, kaha Mapalestina e ne e le lira tsa ka, joale ke mona e mong oa ’ona o mpitsa ‘Mor’eso.’” Hona joale Rami le mosali oa hae ba phehella khotso ea ’nete ka tsela ea Molimo.
8 Mohlala o mong ke oa Georg Reuter, ea neng a sebeletsa lebothong la Jeremane le ileng la hlasela Russia nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše. Kapele o ile a felloa ke tšepo mererong e phahameng ea Hitler ea ho busa lefatše. Ha a khutla ntoeng, o ile a qala ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova. O ile a ngola: “Qetellong, lintho li ne li qala ho ntlhakela. Ke ile ka hlokomela hore Molimo e ne e se eena ea molato bakeng sa tšollo ena eohle ea mali . . . Ke ile ka ithuta hore e ne e le morero oa hae ho theha paradeise ea lefatše ka bophara e nang le mahlohonolo a sa feleng bakeng sa moloko oa batho o mamelang. . . . Hitler o ne a ile a ithorisa ka ‘Puso ea hae ea Lilemo tse Sekete’ empa o ile a busa ka [lilemo] tse 12 feela—le hona e le ka phello e tšabehang hakaakang! Ke Kreste ho e-na le Hitler . . . ea ka thehang puso ea lilemo tse sekete holim’a lefatše ebile o tla e theha.” Ka lilemo tse ka bang 50 hona joale, Georg o ’nile a sebeletsa e le lenģosa la khotso ea ’nete tšebeletsong ea nako e tletseng.
9. Phihlelo ea Lipaki tsa Jehova Jeremane ea Bonazi e paka joang hore li sebete empa li na le khotso?
9 Botšepehi le ho se nke lehlakore ha Lipaki tsa Jehova Jeremane nakong ea puso ea Manazi li tsoela pele ho ba bopaki ba lerato la tsona ho Molimo le ba khotso esita le hona joale, lilemong tse ka holimo ho 50 hamorao. Bukana e hatisitsoeng ke Holocaust Memorial Museum ea United States, Washington, D.C., e re: “Lipaki tsa Jehova li ile tsa mamella mahloriso a sehlōhō tlas’a puso ea Manazi. . . . Sebete seo boholo ba tsona bo se bontšitseng ka ho hana [ho latola bolumeli ba tsona], ha li talimane le tlhokofatso, tšoaro e mpe likampong tsa mahloriso le polao ka linako tse ling, se ile sa li hapela tlhompho ea batho ba bangata ba mehleng ea tsona.” Joale ea phaella: “Nakong ea ho lokolloa likampong, Lipaki tsa Jehova li ile tsa tsoela pele ka mosebetsi oa tsona, li tsamaea har’a baphonyohi, li sokolla.”
Phetoho e Khōloanyane
10. (a) Ho hlokahala phetoho efe e khōlō e le hore khotso ea ’nete e tle? (b) See se ile sa hlalosoa joang bukeng ea Daniele?
10 Na see se bolela hore Lipaki tsa Jehova li lumela hore li ka tlisa khotso lefatšeng lohle ka ho sokolla batho ba bangata hore ba lumele ho se nke lehlakore ha Bokreste? Che! Hore khotso e tsosolosoe lefatšeng, ho hlokahala phetoho e khōloanyane. Ke efe? Puso ea motho e bakang karohano, e hatellang le e mabifi e tlameha ho suthela puso ea ’Muso oa Molimo, eo Jesu a rutileng barutuoa ba hae hore ba e rapelle. (Matheu 6:9, 10) Empa seo se tla etsahala joang? Torong e bululetsoeng ke Molimo, moprofeta Daniele o ile a hlokomela hore matsatsing a ho qetela, ’Muso oa Molimo, joaloka lejoe le leholo “le khephohang e seng ka matsoho a motho,” o ne o tla bjaratsa setšoantšo se seholo se emelang mebuso ea batho ea lipolotiki holim’a lefatše. Eaba oa phatlalatsa: “Mehleng ea marena ao, Molimo oa leholimo o tla hloma ’muso o ke keng oa senyeha ka ho sa eeng kae, ’me borena ba oona bo ke ke ba fetela ho sechaba se seng; o tla robaka o felise mebuso eo kaofela, empa oona o tla ba teng ka ho sa feleng.”—Daniele 2:31-44.
11. Jehova o tla tlisa phetoho e hlokahalang bakeng sa khotso ka litsela life?
11 Ke hobane’ng ha ho tla etsahala phetoho e khōlō hakaale boemong ba lefatše? Hobane Jehova o tšepisitse hore o tla tlosa lefatšeng bohle ba le silafatsang le ba le senyang. (Tšenolo 11:18) Phetoho ena e tla etsahala ntoeng ea ho loka ea Jehova khahlanong le Satane le lefatše la hae le khopo. Ho Tšenolo 16:14, 16 rea bala: “Ha e le hantle, [lipolelo tse bululetsoeng tse litšila] ke lipolelo tse bululetsoeng ke bademona ’me li etsa lipontšo, ’me li ea ho marena [babusi ba lipolotiki] a lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona, ho a bokellela hammoho ntoeng ea letsatsi le leholo la Molimo ea Matla ’Ohle. ’Me tsa a bokellela hammoho sebakeng seo ka Seheberu se bitsoang Har–Magedone.”
12. Armagedone e tla ba joang?
12 Armagedone e tla ba joang? E ke ke ea e-ba ntoa ea makhaola-khang ea nyutlelie kapa koluoa e bakoang ke batho. Che, ke ntoa ea Molimo e tla felisa lintoa tsohle tsa batho le ho felisa bohle ba hlohlelletsang lintoa tse joalo. Ke ntoa ea Molimo e tla tlisa khotso ea ’nete bakeng sa ba ratang khotso. E, Armagedone ea tla joalokaha Jehova a rerile. E ke ke ea lieha. Moprofeta oa hae Habakuke o ile a bululeloa hore a ngole: ‘Tšenolo eo e sa luletse nako ea teng, empa e tla itlhahanela qetellong, e ke ke ea thetsa. Ha e ka lieha, u e lebelle, hobane e tla etsahala ruri, e ke ke ea [lieha, NW].’ (Habakuke 2:3) Ka lebaka la maikutlo a rōna a botho, ho ka ’na ha bonahala eka ea lieha, empa Jehova o boloka kemiso ea hae ea nako. Armagedone e tla otla ka hora eo Jehova a e rerileng esale pele.
13. Molimo o tla sebetsana joang le Satane Diabolose eo ka sebele a leng molato?
13 Bohato bona bo tiileng bo tla hleka tsela bakeng sa khotso ea ’nete! Empa hore khotso ea ’nete e thehoe ka ho tiea, ho na le ho hong hape ho lokelang ho etsoa—ho tlosoa ha ea bakang karohano, lehloeo le ntoa. ’Me ke sona seo Bibele e profetang hore se tla etsahala ka mor’a moo—ho liheloa mohohlong ha Satane, mohlohlelletsi oa ntoa le ntate oa mashano. Moapostola Johanne o ile a bona ketsahalo ena ponong ea boprofeta e tlalehiloeng ho Tšenolo 20:1-3: “Ka bona lengeloi le theoha ho tsoa leholimong le e-na le senotlolo sa mohohlo le ketane e khōlō letsohong la lona. ’Me la tšoara drakone, noha ea pele, eo e leng Diabolose le Satane, ’me la e tlama ka lilemo tse sekete. ’Me la e lihela ka mohohlong ’me la o koala le ho o tiisa holim’a eona, e le hore e se ke ea hlola e khelosa lichaba ho fihlela lilemo tse sekete li felile.”
14. Khato ea Jehova ea tlhōlo khahlanong le Satane e ka hlalosoa joang?
14 Hona hase toro; ke tšepiso ea Molimo—’me Bibele e re: ‘Ho ke ke ha khoneha hore Molimo a bue leshano.’ (Baheberu 6:18) Kahoo Jehova o ne a ka re ka moprofeta oa hae Jeremia: “Ke ’na Jehova ke etsang mohau, le kahlolo, le ho loka lefatšeng, hobane ke khahlisoa ke tseo, ho bolela Jehova.” (Jeremia 9:24) Jehova o nka bohato ka toka le ka ho loka, ’me o thabisoa ke khotso eo a tla e tlisa lefatšeng.
Puso ka Morena oa Khotso
15, 16. (a) Ke mang ea khethiloeng ke Jehova ho busa e le Morena? (b) Puso eo e hlalosoa joang, ’me ke bo-mang ba tla kopanela ho eona?
15 Ho tiisa hore khotso ea ’nete e tla tlela bohle ba phelang tlas’a tokisetso ea ’Muso oa hae, Jehova o fane ka puso ho Morena oa ’nete oa Khotso, Jesu Kreste, joalokaha ho boletsoe esale pele ho Esaia 9:6, 7: “Re tsoaletsoe ngoana, re neiloe mora; borena bo beiloe lehetleng la hae, ’me o tla bitsoa Moeletsi ea makatsang, Molimo o matla, Ra-bo-sa-feleng, Morena oa khotso; hore a holise ’muso, le ho tlisa khotso e sa feleng . . . Cheseho ea Jehova oa makhotla e tla etsa hoo.” Mopesaleme le eena o ile a ngola ka tsela ea boprofeta ka puso ea khotso ea Mesia: “Mehleng ea hae, ea lokileng o tla atleha, ’me khotso e ea ’ne e ate ho isa ha khoeli e lesa ho ba teng.”—Pesaleme ea 72:7.
16 Ho phaella moo, barab’abo Kreste ba tlotsitsoeng ka moea ba 144 000 ba tla be ba busa le eena maholimong. Bana ke majalefa hammoho le Kreste bao Pauluse a ileng a ngola tjena ka bona: “Ka lehlakoreng la hae, Molimo ea fanang ka khotso o tla silakanya Satane ka tlas’a maoto a lōna haufinyane. E se eka mosa o sa tšoanelang oa Morena oa rōna Jesu o ka ba le lōna.” (Baroma 16:20) E, bana ba tla kopanela ba le maholimong tlhōlong eo ho eona Kreste a tla hlōla mohlohlelletsi oa ntoa, Satane Diabolose!
17. Re lokela ho etsa eng hore re rue khotso ea ’nete?
17 Joale potso ke ena, U lokela ho etsa eng hore u rue khotso ea ’nete? Khotso ea ’nete e ka tla feela ka tsela ea Molimo, ’me ho e fumana u tlameha ho nka mehato e tiileng. U lokela ho amohela Morena oa Khotso le ho retelehela ho eena. Sena se bolela hore u lokela ho amohela Kreste karolong ea hae e le Molopolli le Morekolli oa moloko oa batho ba baetsalibe. Jesu ka boeena o ile a bua mantsoe ana a tummeng: “Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea sebelisang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.” (Johanne 3:16) Na u rata ho sebelisa tumelo ho Kreste Jesu e le Kofuto ea Molimo bakeng sa ho tlisa khotso ea ’nete le poloko? Ha ho lebitso le leng tlas’a leholimo le ka tlisang khotso le ho e tiisa. (Bafilippi 2:8-11) Hobane’ng? Hobane Jesu ke Mokhethoa oa Molimo. Ke lenģosa le leholohali la khotso le kileng la tsamaea lefatšeng. Na u tla mamela Jesu ’me u latele mohlala oa hae?
18. Re lokela ho etsa eng ho arabela mantsoeng a Jesu a tlalehiloeng ho Johanne 17:3?
18 Jesu o itse: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba ithuisa tsebo ka uena, Molimo eo e leng eena feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.” (Johanne 17:3) Hona joale ke nako ea ho ithuisa tsebo e nepahetseng ka ho kopanela libokeng tsa Lipaki tsa Jehova kamehla Holong ea ’Muso. Liboka tsena tse rutang li tla u susumelletsa ho arolelana tsebo ea hao le tšepo ea hao le ba bang. Le uena u ka fetoha lenģosa la khotso ea Molimo. U ka thabela khotso hona joale ka ho tšepa Jehova Molimo, joalokaha ho boletsoe ho Esaia 26:3, ho latela New International Version: “Eo kelello ea hae e tiileng u tla mo boloka khotsong e phethahetseng, hobane o tšepela ho uena.” U lokela ho tšepa mang? “Le tšepe Jehova ka mehla eohle, hobane Jehova, Jehova, ke lefika la ka mehla eohle.”—Esaia 26:4.
19, 20. Ke’ng se letetseng bao kajeno ba batlang khotso le ho e phehella?
19 Nka bohato hona joale bakeng sa bophelo bo sa feleng lefatšeng le lecha la khotso la Molimo. Ho Tšenolo 21:3, 4, Lentsoe la Molimo lea re tiisetsa: “Bonang! Tente ea Molimo e ho moloko oa batho, ’me o tla lula le bona, ’me e tla ba batho ba hae. ’Me Molimo ka boeena o tla ba le bona. ’Me o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, ’me lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, leha e le ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.” Na boo hase bokamoso bo nang le khotso boo u bo labalabelang?
20 Joale hopola seo Molimo a se tšepisitseng. “Ba bonolo ba tla rua lefatše, ba iketle khotsong e kholo. Lemoha ea lokileng, u talime motho oa toka; hobane motho oa khotso o sa tla bona litloholo.” (Pesaleme ea 37:11, 37) Ha letsatsi leo le thabisang le fihla, e se eka re ka re ka teboho, “Khotso ea ’nete qetellong! Re leboha Jehova Molimo, mohloli oa khotso ea ’nete!”
Na U ka Hlalosa?
◻ Motho a ka thusoa ke eng ho etsa liphetoho monahanong le liketsong?
◻ Lipaki tsa Jehova ka bomong le ka kakaretso, li bontšitse lerato la tsona joang bakeng sa khotso ea ’nete?
◻ Jehova o tla sebetsana joang le bohle ba hlohlelletsang lehloeo le ntoa?
◻ Puso ea Morena oa Khotso e tla etsetsa moloko oa batho eng?
[Litšoantšo tse leqepheng la 14]
Mantsoe a Esaia a phethahatsoa ke ba arabelang thutong ea Jehova, eseng Machaba a Kopaneng
[Litšoantšo tse leqepheng la 15]
Banna bana ba babeli ba ile ba etsa liphetoho e le hore ba ka phehella khotso
Rami Oved
Georg Reuter
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Khotso ea ’nete e tla ata tlas’a puso ea Morena oa Khotso