Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g03 11/8 maq. 22-23
  • Ha Tumelo ea Hao e Fapane le ea Baratuoa ba Hao

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ha Tumelo ea Hao e Fapane le ea Baratuoa ba Hao
  • Tsoha!—2003
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kamano e Ikhethang
  • Kahlolo e Molemo ke ea Bohlokoa
  • U se ke Ua ba Lahla ’Me U ba Bontše Lerato
  • Kamoo U ka Phelisanang ka Khotso le Beng ka Uena
    Ho ka ba le Thabo Lelapeng la Hao
  • “Ke Tletse ho Tlisa Sabole, Eseng Khotso”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
  • Ho Hlompha Batsoali ba Rōna ba Hōlileng
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
  • Ke Joang Nka Sebeletsang Molimo Haeba Batsoali ba ka ba Nkhanyetsa?
    Tsoha!—1987
Bala Tse Ling
Tsoha!—2003
g03 11/8 maq. 22-23

Pono ea Bibele

Ha Tumelo ea Hao e Fapane le ea Baratuoa ba Hao

HO LATELA khakanyo e ’ngoe, ho na le malumeli le lihlotšoana tsa malumeli tse fetang 10 000 lefatšeng. Naheng e ’ngoe, batho ba baholo ba etsang karolo ea 16 lekholong ba se ba kile ba tloha bolumeling bo bong ba ea ho bo bong. Ha ho makatse ke hona hore ebe har’a litho tsa malapa le metsoalle, ho na le ho se utloane tabeng ea litumelo. Ka linako tse ling sena se fella ka likamano tse seng monate. Ke ka hona ho phahamisoang potso, Mokreste o lokela ho sebelisana joang le baratuoa ba hae ba nang le tumelo e fapaneng le ea hae?

Kamano e Ikhethang

Ka mohlala, nahana ka seo Bibele e se buang ka kamano e ikhethang e pakeng tsa batsoali le bana ba bona. Ha ho na meeli ea nako e behiloeng taelong e ho Exoda 20:12 e reng “hlompha ntat’ao le ’m’ao.” Ha e le hantle, ha Jesu a ne a tšohla taelo ena joalokaha e tlalehiloe ho Matheu 15:4-6, ho hlakile hore o ne a bua ka tlhompho eo bana bao e seng e le batho ba baholo ba lokelang ho e bontša batsoali ba bona.

Buka ea Bibele ea Liproverbia e fana ka temoso mabapi le ho se hlomphe batsoali. Liproverbia 23:22 e eletsa hore ha ua lokela ho “nyelisa ’m’ao hobane feela a tsofetse.” E sa hlathe koana le koana, Liproverbia 19:26 e lemosa hore “ea tšoarang ntat’ae hampe le ea lelekang ’m’ae ke mora ea itšoarang ka mokhoa o hlabisang lihlong le ka mokhoa o nyelisang.”

Ho latela Mangolo, ho hlakile hore ha rea lokela ho hlokomoloha batsoali ba rōna. Taba ea hore batsoali ba rōna ha ba amohele bolumeli ba rōna ha e hlakole kamano eo re nang le eona le bona. Melao-motheo ena ea Bibele e ea sebetsa le ho beng ka rōna ba bang le ho molekane oa motho oa lenyalo. Ka ho hlakileng, Bakreste ba lula ba tlanngoe ke melao e loketseng ea boitšoaro le ke Mangolo hore ba rate beng ka bona.

Kahlolo e Molemo ke ea Bohlokoa

Ka ho hlakileng, Bibele e lemosa ka litloaelano tse mpe, ’me tšusumetso ena ka linako tse ling e ka hlaha ho beng ka motho ba haufi. (1 Bakorinthe 15:33) Bahlanka ba bangata ba tšepahalang ba Molimo nakong e fetileng ba ile ba ema ba tiile ho se nepahetseng le hoja batsoali ba bona ba ne ba ba hanyetsa. Ho totobetse hore sena e bile ’nete tabeng ea bara ba Kora. (Numere 16:32, 33; 26:10, 11) Bakreste ba ’nete ha baa lokela ho sekisetsa tumelo ea bona hore feela ba thabise ba bang, esita le bona beng ka bona.—Liketso 5:29.

Maemong a mang batsoali kapa baratuoa ba bang ba Mokreste ba loantša ka matla tumelo ea hae. Ba bang e ka ba ea e-ba lira tsa Bokreste ba ’nete. Maemong a joalo, Bakreste ba nka mehato e bontšang kahlolo e molemo ho sireletsa bomoea ba bona. Ka nepo Jesu o ile a re: “Lira tsa motho e tla ba batho ba ntlo ea hae. Ea ratang ntate kapa ’mè ho mpheta ha a ntšoanele; le ea ratang mora kapa morali ho mpheta ha a ntšoanele.”—Matheu 10:36, 37.

Leha ho le joalo, maemong a mangata Bakreste ha ba tobane le khanyetso e matla joalo e tsoang ho baratuoa ba bona. Beng ka bona ba mpa ba sa amohele tsela eo ba utloisisang lithuto tsa Bibele ka eona. Mangolo a Halalelang a khothalletsa balateli ba Kreste hore ba tšoare ba sa lumeleng “ka bonolo” le ka “tlhompho e tebileng.” (2 Timothea 2:25; 1 Petrose 3:15) Bibele e eletsa ka ho loketseng: “Lekhoba la Morena ha ho hlokahale hore le loane, empa ho hlokahala hore le be bonolo ho bohle.” (2 Timothea 2:24) Moapostola Pauluse o boetse a eletsa Bakreste hore ‘ho se be le eo ba mo buang hampe, ba se rate ntoa, ba be le kahlolo e molemo, ba bontše bonolo bohle ho batho bohle.’—Tite 3:2.

U se ke Ua ba Lahla ’Me U ba Bontše Lerato

Ho 1 Petrose 2:12, Bakreste ba fuoa khothatso ena: “Bolokang boitšoaro ba lōna bo le botle har’a lichaba [ba sa lumelang], e le hore . . . ka lebaka la mesebetsi ea lōna e metle eo tsona e leng lipaki tsa eona tse boneng ka mahlo li ka tlotlisa Molimo.” Hangata baratuoa ba rōna ba nang le tumelo e fapaneng le ea rōna ba bona liphetoho tseo Bibele e li etsang bophelong ba rōna. Hopola hore ba bangata ba neng ba sa thahaselle kapa ba bile ba hanyetsa ’nete ea Bibele ba fetotse maikutlo a bona. E ka ’na eaba batho ba bang ba nkile lilemo tse ngata ba hlahloba ka hloko boitšoaro bo botle ba molekane kapa ba ngoana pele ba ka batla ho tseba mabaka a etsang hore a itšoare ka tsela eo. Ha batho ba sa amohele ’nete ea Bibele, e se ke ea e-ba ka lebaka la hobane ba ile ba hlokomolohuoa ke moratuoa oa bona eo e leng Mokreste.

Ke ’nete hore maemo aa fapana ’me Bakreste ba bang ba Lipaki ba lula hōle le batsoali ba bona. Ho ka ’na ha se be bonolo ho ba chakela hangata kamoo ba ratang kateng. Empa ho ngola mangolo, ho ba letsetsa kapa ho bua le bona ka litsela tse ling nako le nako ho tla tiisetsa baratuoa ba rōna hore rea ba rata. Ba bangata bao e seng Bakreste ba ’nete ba rata batsoali ba bona le beng ka bona ba bang ’me ba bua le bona nako le nako ho sa tsotellehe ho fapana ha bona ka bolumeli. Na Bakreste ba Lipaki ha ba lokela ho etsa se tšoanang?

[Setšoantšo se leqepheng la 22]

Ho lula u buisana le baratuoa ba hao ho tla ba tiisetsa hore ua ba rata

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela