Ke Hobane’ng ha ho na le Tebello e Matla Hakaale ea Lefatše le Lecha?
Bofelo ba Lefatše—Bo Haufi Hakae?
HO FELA ha lefatše ho bolela’ng? Na ho bolela ho senngoa ha lefatše ka mollo joalokaha malumeli a mang a ruta? Che; ho ka ba joalo joang ha Pesaleme ea 104:5 e re: “[Lefatše] le ke ke la sisinyeha le ka mohla o le mong”?
Karabelo e senoleha ha re nahana ka lefatše le tlileng pele ho lena makholong a mangata a lilemo a eteletseng lena pele. Le ne le senyehile hampe ebile le fetohetse Molimo, kahoo “lefatše la mehleng eo le timelitsoe ka ’ona [metsi].” Empa ha lefatše la mehleng eo, le entsoeng ka maholimo le lefatše, le ne le timetsoa ka Moroallo oa mehleng ea Noe, maholimo a sebele le lefatše ha lia ka tsa timetsoa. Bofelo ba lefatše lena bo ke ke ba bolela ho senngoa ka mollo ha polanete Lefatše kapa maholimo a nang le linaleli.—2 Petrose 3:5, 6; Genese 6:1-8.
Ka linako tse ling Bibele e sebelisa mantsoe “maholimo” le “lefatše” ka tsela ea tšoantšetso. “Maholimo” a ka ’na a sebelisoa ho bolela Satane, molimo oa lefatše lena; babusi ba lefatše ba leng tlas’a taolo ea hae; le meea e khopo e leng sebakeng sa leholimo—e leng lintho tsohle tse nang le tšusumetso ea bodemona ho moloko oa batho. (2 Ba-Korinthe 4:4; Ba-Efese 6:12) Hangata “lefatše” le sebelisoa ho bolela batho ba holim’a lefatše. (Genese 11:1; 1 Marena 2:1, 2; 1 Likronike 16:31; Pesaleme ea 96:1) Ke maholimo ana a tšoantšetso le lefatše la joale le khopo tseo 2 Petrose 3:7 e bolelang hore li tla timetsoa ka “mollo.”—Ba-Galata 1:4.
Joale Petrose o bolela litaba tse thabisang tsa hore lefatše lena la khale le tla nkeloa sebaka ke le lecha: “Empa re lebeletse, ka pallo ea oona, maholimo a macha le lefatše lecha moo ho loka ho ikahetseng teng.”—2 Petrose 3:13.
Lefatše le Lecha le se Nang Meokho Kapa Lefu
Tsebiso ea Petrose ea hore ho loka ho tla ikahela lefatšeng leo le lecha ke litaba tse thabisang, empa seo Johanne a tlatsetsang ka sona mabapi le lona se thabisa ka ho feletseng! Ho Tšenolo 21:3, 4 o re ka lona: “Ka utloa lentsoe le phahameng le e-tsoa teroneng, le re: Bonang tabernakele ea Molimo e har’a batho; o tla aha le bona; e tla ba lichaba tsa oona, ’me Molimo o tla ba le bona ka sebele sa oona, e be Molimo oa bona. Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele li fetile.”
Ho e-na le ho senya lefatše ka mollo, Jehova o rerile hore le ahuoe ka ho sa feleng: “Hobane Jehova, ’mōpi oa maholimo, Molimo o bōpileng lefatše, moetsi oa lona ea le tiisitseng, ea sa ka a le bōpela lefeela, ea mpang a le bōpetse hore le ahuoe.”—Esaia 45:18.
Ho loka ho tla ikahela moo hobane batho ba babe ba ke ke ba ba teng: “Hobane ba lokileng ba tla aha lefatšeng; ba hloekileng ba tla le rua. Empa ba babe ba tla khaoloa holim’a lefatše, ba lonya ba fotholoe ho lona.”—Liproverbia 2:21, 22.
Mopesaleme Davida le eena tlas’a pululelo o tiisa sena: “Ho se ho se hokae, ’me molotsana o tla ba sieo; u tla qamaka tulo tsa hae, empa o tla be a setse a le sieo; empa ba bonolo ba tla rua lefatše, ba iketle khotsong e kholo.”—Pesaleme ea 37:10, 11.
Jesu ka boeena o ile a tiisa sena ha a ne a re Thutong ea hae ea Thabeng: “Ho thabile ba nang le botho bo bonolo, kaha ba tla rua lefatše.” E le ’muso oa bona, batho bana ba nang le botho bo bonolo ba tla hlohonolofatsoa ka maholimo a macha ao baa rapellang: “Ho tle ’muso oa hao; thato ea hao e etsoe lefatšeng, joale ka ha e etsoa leholimong.”—Mattheu 5:5, NW; 6:10.
Khotso e khōlō eo baahi ba lefatše ba tla e thabela lefatšeng leo le lecha e fetela esita le liphoofolong: “Phiri e tla lula le konyana, lengau le bothe le potsanyane; namane le taoana le khomo e nontšitsoeng li tla ba hammoho, li sotetsoe ke moshanyana. . . . ’Me ha ho sa tla etsoa hampe, ha ho sa tla hlola ho senngoa thabeng eohle e halalelang ea ka, hobane lefatše le tla tlala tsebo ea Jehova, joale ka ha metsi a aparetse leoatle.”—Esaia 11:6-9.
Bo Haufi Hakae?
Haeba u e-na le tšekamelo ea ho nahana hore tšepo ena ke e ke keng ea finyelloa, le e ke keng ea lumeloa, ak’u eme hanyenyane ’me u nahane. Ho phaella litšobotsing tsa pontšo e entsoeng ka likarolo tse ngata ea ho ba teng ha Kreste Jesu, ho na le mokhoa oa Bibele oa ho bala linako o bontšitsoeng esale pele hore 1914 e tla ba qalo ea ho ba teng ha hae. Lipaki tsa Jehova li ile tsa phatlalatsa 1914 e le selemo sa bohlokoa mabapi le ho tsoela pele ha puso ea ’Muso oa Jehova lefatšeng, ’me li ile tsa etsa joalo ho makasine oa Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa July 1879. Bo-rahistori ba bangata le batho ba hlokomelang litaba tsa lefatše ba hlokometse hore selemo sa 1914 se qalisitse nako e fapaneng ka ho feletseng le ea bohlokoa historing ea batho joalokaha lebokose le latelang le bontša.
Ketsahalo e ’ngoe eo Jesu a faneng ka eona e fumanoa ho Mattheu 24:21, 22: “Hobane mohlang oo, mahlomola a tla ba maholo, ha e sa le le tšimolohong ea lefatše, ho fihlela joale, tsietsi e kalo ha e e-so ho ka e e-ba teng, ’me ha e ka ke ea boela ea e-ba teng le ka mohla o le mong. Le hojane matsatsi ao a se ke a khutšofatsoa palo, ho no ho ke ke ha phonyoha motho; empa ka baka la bakhethoa, matsatsi ao a tla khutšofatsoa.”
Hape Jesu o ile a bontša hore pontšo ena e entsoeng ka likarolo tse ngata e ne e tla phethahala bophelong ba moloko o boneng ho qaleha ha eona ka 1914. Ho Mattheu 24:32-34, o ile a re: “Ithuteng ho lekanya litaba ka sefate sa feiga. Lekala la sona ha le se le le bonolo, ’me le se le hlahisa mahlaku, le tseba ka hoo hobane lehlabula le haufi. Le lōna, etlare ha le bona tseo tsohle, le tsebe hoba Mor’a motho o haufi, o monyako. Ka ’nete ke re ho lōna: Moloko ona o ke ke oa feta, tseo tsohle li e-so ho etsahale.”
Ho bona lefatše lena la khale—hammoho le lintoa tsa lona, litlala, maloetse le mafu—li felisoa e tla ba lebaka la thabo. Ho le bona le nkeloa sebaka ke lefatše le lecha la Jehova Molimo la ho loka—ho felisoa ha ho bokolla, meokho, ho kula le lefu—ho tla fana ka lebaka la thabo e sa feleng le lithoriso tsa ka ho sa feleng tse eang ho Jehova Molimo, ’Mōpi e Moholo le Morena oa Bokahohle.
Ka baka la tebello ena e larileng ka pele, ha ho makatse ha batho ba bangata ba laba-labela lefatše la Jehova le lecha la ho loka hore le tle kapele le ho nkela lena la khale sebaka, le tletseng mahlomola, tlōlo ea molao, ho kula le lefu! Ha ho makatse ha taba-tabelo ea bona e le matla hoo ba sekamelang ho beha matsatsi a tlang pele ho nako ea ho tla ha lefatše le lecha! Leha ho le joalo, hona joale, ha re bone likarolo tse arohaneng feela tsa pontšo ea ho tla ha lona tse ka re behang tekong ea hore re hlabe mekhosi ea bohata. Hona joale re bona pontšo e feletseng e entsoeng ka likarolo tse ngata e phuthuloha ho fana ka motheo o tsitsitseng bakeng sa taba-tabelo ea rōna ea ho fela ha lefatše lena le khopo le hore le nkeloe sebaka ke lefatše la Jehova le lecha.
[Lebokose le leqepheng la 26]
Nako ea Phetoho e Khōlō Historing
ESITA le ka mor’a ntoa ea bobeli ea lefatše, ba bangata ba ile ba bua ka 1914 e le selemo sa phetoho e khōlō historing ea mehleng ea joale:
“Ka sebele ke selemong sa 1914 ho e-na le Hiroshima se tšoaeang nako ea phetoho e khōlō mehleng ea rōna.”—René Albrecht-Carrié, The Scientific Monthly, July 1951.
“Ho tloha ka 1914, batho ba hlokomelang tsela eo liphetoho li etsahalang ka eona lefatšeng ba tšoenyehile ka ho teba ke se neng se bonahala eka ke bohato bo reriloeng esale pele bo lebisang tlokotsing e khōloanyane. Batho ba bangata ba nahanang ka ho teba ba ikutloa hore ha ho letho le ka etsoang ho thibela ho itihela timetsong.”—Bertrand Russell, The New York Times Magazine, September 27, 1953.
“Mehla ea joale . . . e qalile ka 1914, ’me ha ho motho ea tsebang hore e tla fela neng kapa hore e tla fela joang. . . . E ka fella ka ho timetsoa ha batho ba bangata.”—The Seattle Times, January 1, 1959.
“Ka sebele lefatše lohle le ile la senngoa ka hoo e ka bang ka nako ea Ntoa ea I ea Lefatše ’me re ntse re sa tsebe lebaka. . . . Sebaka seo ho nahanoang hore se na le maemo a phethahetseng se ne se le haufi. Ho ne ho e-na le khotso le katleho. Joale ntho e ’ngoe le ’ngoe e ile ea senyeha. Re ’nile ra ba boemong ba ho khaotsa ho etsa lintho tsa bohlokoa ho tloha ka nako eo.”—Dr. Walker Percy, American Medical News, November 21, 1977.
“Ka 1914 lefatše le ile lahleheloa ke bonngoe boo le sa kang la tseba ho boela le ba le bona ho tloha ka nako eo. . . . Ena e bile nako ea ho hloka taolo le pefo e sa tloaelehang, ka ’nģane ho meeli ea sechaba le ka har’a eona.”—The Economist, London, August 4, 1979.
“Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e ka ntlafala. Lena ke lefatše leo ke hlahetseng ho lona. . . . Ka tšohanyetso, ho sa lebelloa, hoseng ho hong ka 1914 ntho eohle e ile ea fela.”—Hlooho ea naha ea Brithane Harold Macmillan, The New York Times, November 23, 1980.
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Khotso e khōlō bakeng sa bohle lefatšeng le lecha le tšepisitsoeng