Na Bibele e ka Hlalosoa ka Tsela Efe Kapa Efe?
MOFUMAHALI e mong o ile a ipelaetsa ho e mong oa Lipaki tsa Jehova ea neng a etetse ha hae, “Hoo u ho etsang ke ho tloboka feela ka Bibeleng, u khetha litemana tse lumellanang le tlhaloso ea hao.”
Empa na ho supa litemana tse likarolong tse sa tšoaneng tsa Bibele e hlile ke bopaki ba hore motho o leka ho e hlalosa hore e lumellane le maikutlo a hae? Hona haeba ho joalo, na hoo ho bolela hore Bibele e ka hlalosoa ka tsela efe kapa efe—’me litsela tseo kaofela ha tsona e le tse loketseng?
A re Lumelleng Moqapi a Ntše Maikutlo a Hae
Le hoja Bibele e e-na le Moqapi a le mong feela, Jehova Molimo, e na le bangoli ba bangata. Bangoli bana ba Bibele ba ka bang 40 ha ho mohla ba hanyetsanang—hoo, ha e le hantle, ke bopaki ba hore e qapiloe ke Molimo—leha ho le joalo ha ho mongoli le ea mong oa Bibele ea bolelang sohle se hlokahalang ka taba leha e le efe e khethehileng. Ka hona ho utloisisa hore na Moqapi oa Bibele o re’ng ka taba e itseng, hoa hlokahala ho bokella mangolo ’ohle a amanang le taba eo ho buisanoang ka eona. Ke sona seo Paki e boletsoeng ka holimo e neng e leka ho se etsa.
E ne e nkile leoto le nepahetseng. Ka mohlala, phetla Bibele ea hao ho Ba-Roma khaolo ea 9. Mona u tla fumana mohlala o totobetseng oa kamoo Mokreste ea tšepahalang Pauluse a ileng a etsa ntho e tšoanang. Khaolong ena e le ’ngoe feela, Pauluse o qotsa ka makhetlo a 11 likarolong tse ling tsa Bibele. Mohlahlobisisi e mong oa libuka a ka ’na a qosa Pauluse ka hore o “tloboka” hangata haholo. Ha a qala ka buka ea pele ea Bibele, o tlōlela bukeng ea bo39, pele a tsoela pele ka ea bo2, ea bo28, ’me qetellong a ea bukeng ea bo23 ea Bibele.a
Ha e le hantle, e ne e tla ba phoso bakeng sa Pauluse hore a ntše litemana tabeng e li potolohileng ’me a li sothe hore li lumellane le maikutlo a hae a botho. Empa Pauluse o ne a se molato oa sena. Leha ho le joalo, ho totobetse hore Bakreste ba bang ba pele ba ne ba le molato oa hoo, hobane moapostola Petrose o bua ka “litaba tse ling tse thata, tseo ba sa rutehang le ba tetemang ba li khopamisetsang tahleho ea bona.”—2 Petrose 3:16.
“Litaba tse . . . thata” ho ka ’na ha e-ba bonolo ho li utloisisa ka mokhoa o fosahetseng. Haesita le libuka tsa lingoli tse tsebisahalang joaloka Shakespeare li hlalosoa ka litsela tse sa tšoaneng—ho hlakile hore hase litlhaloso tseo kaofela tse nepahetseng. Kahoo, hase ho makatsang hore hona ke ’nete ka Bibele. Hoja Shakespeare o sa ntse a phela, re ne re ka mo botsa: “Hantle-ntle u ne u bolela eng?” Empa, hona ho ke ke ha etsahala; leha e le hore ho ka etsahala hore re ka botsa bangoli ba Bibele bakeng sa tlhakiso e tsoetseng pele. Ka thabo, re sa ntse re ka botsa Moqapi oa eona, hobane oa phela! (Pesaleme ea 90:1, 2) ’Me o tšepisitse hore o tla fana ka tataiso e joalo ea moea ho batho ba tumelo ba mo kōpang eona.—Luka 11:9-13; Jakobo 1:5, 6.
Ha a ntse a le Egepeta, mohlanka ea tšepahalang oa Molimo Josefa o ile a hlokomela bohlokoa ba ho kōpa tataiso ea bomolimo ha a ne a bilelitsoe ho tla hlalosa toro eo Molimo o neng o e neile ’musi oa Egepeta. Pejana o ne a ile a botsa: “Liphuthullo na ha li tsoe ho Molimo na?” Ka mor’a hore Josefa a fane ka tlhaloso e nepahetseng, Faro o ile a susumetseha hore a re: “Na re ka hla ra fumana motho ea tšoanang le enoa, eo Moea oa Molimo o leng ho eena?” ’Me ho Josefa a re: “Ha e le mona Molimo o u senoletse taba tsena tsohle, ha ho motho ea utloisisang, ea bohlale joalo ka uena.”—Genese 40:8; 41:38, 39.
Ho se tšoane ha litlhaloso tse hanyetsanang tseo re li fumanang kajeno har’a ba ipitsang Bakreste hase phoso ea Moqapi oa Bibele, leha e le hore ke phoso ea bangoli ba Bibele. Joaloka baprofeta ba Molimo, “ke ka tšusumetso ea Moea o halalelang batho ba halalelang ba Molimo ba buileng.” (2 Petrose 1:20, 21) Ke phoso ea babali ba Bibele ba sitiloeng ho latela ketello-pele ea moea oa Molimo ho lumella Molimo hore o hlalose Lentsoe la oona. Ba lumelletse maikutlo a botho hore a koahele pono ea bona ka seo Moqapi oa Bibele ka boeena a se bolelang. A re etseng mehlala e ’meli.
Kotlo Bakeng sa Sebe ke Eng?
Batho ba bang ba rutiloe hore ba lumele hore kotlo ea sebe ke tlhokofatso ea ka ho sa feleng eo motho a e utloang mollong oa lihele. Batho ba joalo ba ka ’na ba bala Tšenolo 20:10, e buang ka Diabolose ea ‘akheloang letšeng la mollo le sebabole,’ ’me ba e hlalosa hore e tšehetsa maikutlo a bona. Ha e le hantle, hona ha ho lumellane le Moeklesia 9:5 e bolelang hore bafu “ha ba tsebe letho leha le le leng”; leha e le hore e lumellana le Ba-Roma 6:23, e bolelang hore “moputso oa sebe ke lefu,” e seng tlhokofatso eo motho a e utloang. Ho ntse ho le joalo, ba bang ba ka ’na ba ipotsa, na Tšenolo 20:10 ha e bolele hore Satane (’me kamoo ho nahanoang kateng, le batho bao a ba khelositseng) “ba tla hlokofatsoa motšehare le bosiu, ka ho sa feleng”?
Lekholong la pele la lilemo, lentsoe la Segerike bakeng sa “hlokofatsa”—le sebelisitsoeng mona ke mongoli oa Bibele Johanne—le ne le e-na le moelelo o khethehileng. Kaha batšoaruoa ka linako tse ling ba ne ba hlokofatsoa (le hoja hona ho ne ho hanana le molao oa Molimo), balebeli ba chankane ba ne ba tsebjoa ka hore ke bahlokofatsi.
Mongoli e mong oa Bibele o supa sena ha a bua ka mohlanka e mong ea sa tšepahaleng eo morena oa hae a ileng a “mo neela bahlōkōfatsi ho fihlela a ka lefa molato kaofela.” (Mattheu 18:34, TLP) Ha e hlalosa temana ena, The International Standard Bible Encyclopedia e re: “Mohlomong ho kenngoa chankaneng ka bohona ho ne ho nkoa e le ‘tlhokofatso’ (joalokaha ntle ho pelaelo ho ne ho le joalo), ’me hase hakaalo hore ‘bahlokofatsi’ ba ka bolela ho hong haese feela balebeli ba chankane.”
Kahoo re ka bona hore ka ho bapisa litemana le ka ho nahanela seo li se bolelang ka lipuo tseo Bibele e neng e ngoloa ka tsona, ho bonolo ho fihla tlhalosong e lumellanang le Bibele ka kakaretso. Re lokolohile maikutlong ao e ka ’nang eaba re ne re e-na le ’ona, re ka bona ka ho hlakileng hore Tšenolo 20:10 hase bopaki ba tlhokofatso ea ka ho sa feleng mollong oa lihele. Kabelo ea bohle ba fetohetseng Molimo ke kotlo e sa feleng lefung. Ho timetsoa ha bona ke ho phethahetseng joalokaha eka ba lahletsoe letšeng la sebele la mollo.
Qetello ea Lefatše ke Eng?
Ho ea ka 2 Petrose 3:10, “lefatše le tla cha ruri le mesebetsi e ho lona.” Batho ba bang ba hlalosa sena se bolela hore qitikoe ena e tla timetsoa, mohlomong ntoeng e khōlō ea nuclear. Leha ho le joalo, ha ho talingoa seo Moqapi oa Bibele a se buang libakeng tse ling, ho ka ba joalo joang? Ho Pesaleme ea 104:5 mopesaleme, tlas’a pululelo, o ile a bolela hore Molimo “o tiisitse lefatše metheong ea lona; le ke ke la sisinyeha le ka mohla o le mong.” Morena Salomone ea bohlale, le eena ha a bua tlas’a pululelo, ho Moeklesia 1:4 o itse “ho ikela moloko o mong, o mong o hlahe, empa lefatše le hlola ka ho sa feleng.”
Na ke ho ikhanyetsa? Che, Moqapi oa Bibele, Molimo oa ’nete, a ke ke a ikhanyetsa. E be joale litemana tsee tse peli li ka etsoa joang hore li lumellane? A re hlahlobeng taba e potolohileng 2 Petrose 3:10.
Litemaneng tsa 5 le 6, Petrose o bua ka Moroallo oa mehleng ea Noe ’me temaneng ea 7 o o tšoantša le timetso e tlang ho tla ka “letsatsi la kahlolo, le la tšenyeho ea batho ba nyefolang.” Ke eng e ileng ea timetsoa Moroallong? Temana ea 6 e re “lefatše la mehleng eo le timelitsoe.” Qitikoe ena e lefatše ha ea ka ea timela. Ho e-na le hoo, ho ile ha timela tsamaiso e khopo ea lefatše. ’Me ha Molimo o tšepisa Noe, ho Genese 9:11, hore le ka mohla ho ke ke ha boela ha e-ba le “moroallo o senyang lefatše,” ka ho totobetseng o ne o sa bue ka naletsana ena, hobane e ne e sa ka ea timetsoa. Ka hona, “lefatše” le tlang ho timetsoa, ho latela 2 Petrose 3:10, ke “lefatše” le tšoanang le le ileng la timetsoa Moroallong—e seng naletsana Lefatše empa mokhatlo oa lefatše o khopo oa batho.—Bapisa Genese 11:1, moo “lefatše” le sebelisoang ka tsela e tšoanang.
Leha u ka batla kae kapa kae, u ke ke ua fumana temana ea Bibele e hanyetsang tlhaloso ena. Kaha ha ho tlhaloso e ’ngoe, e tlameha e be ke eona e nepahetseng e tsoang ho Moqapi oa Bibele ka boeena.
Lebaka Leo e ke Keng ea Hlalosoa ka Tsela Efe Kapa Efe?
Mosali oa lelapa o ne a ka nahana joang ka buka ea litaelo tsa mopheho e neng e ka hlalosoa ka tsela efe kapa efe? Kapa molemo e ne e ka ba ofe oa ho senya chelete bakeng sa buka e hlalosang mantsoe e neng e lumella ’mali oa eona ho hlalosa se boleloang ke mantsoe ka tsela leha e le efe eo a ikhethelang eona? Na re ka lebella hore Molimo o fe libopuoa tsa oona buka ea tataiso ea mofuta oo? Ka sebele, tabeng e joalo, na e ne e ka ba ho loketseng le ho bua ka eona e le buka ea tataiso?
Batho ba tšepahalang le ba tšabang Molimo ha ba thahaselle ho sotha Mangolo ‘ho ea tahlehong ea bona.’ (2 Petrose 3:16) Ho qoba ho etsa sena, ba fumana mangolo ’ohle a sebetsanang le taba eo ba lekang ho e utloisisa. Ha ho fumanoa mangolo ao ka ho hlakileng a hanyetsang maikutlo ao ba neng ba e-na le ’ona pele, maikutlo ao a pele a lahloa ka potlako, kaha e ke ke ea e-ba a nepahetseng.
Ka lebaka la ho ba le boikutlo bona ba boikokobetso, batho ba limillione bao pele ba neng ba arohane bolumeling hona joale ba finyelletse bonngoe ba bolumeli le Lipaki tsa Jehova. Ho e-na le ho batla ho hlalosa Bibele hore e lumellane le maikutlo a botho, e bile ba utloisisang ho lumellana le tlhaloso e totobetseng e entsoeng ke Moqapi oa Bibele ka boeena.
Ke ho molemo hakaakang ho tseba hore Bibele e ke ke ea hlalosoa ka tsela efe kapa efe. Ha re lumella Moqapi oa eona hore a re hlalosetse eona, kannete e na le “molemo oa ho ruta, oa ho kholisa, oa ho laea, le oa ho hōlisa ka khōlo ea ho loka.” Ke ha ho le joalo feela moo e tla re etsa hore re ‘phethehe, ’me re rutehele ruri mesebetsing eohle e molemo.’—2 Timothea 3:16, 17.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mantsoe a qotsitsoeng a fumaneha ho Ba-Roma khaolo 9 litemaneng tsa 7 (Genese 21:12), 9 (Genese 18:14),12 (Genese 25:23),13 (Malakia 1:2, 3), 15 (Exoda 33:19), 17 (Exoda 9:16), 25 (Hosea 2:23), 26 (Hosea 1:10), 27, 28 (Esaia 10:22, 23), 29 (Esaia 1:9), le 33 (Esaia 28:16).