Ke Mang ea Tla Pholoha “Letsatsi la Jehova”?
1. Ke bo-mang ba sebelitseng ka moea le matla tsa Elia?
“Le tšoanela ho ba batho ba mofuta ofe liketsong tse halalelang tsa boitšoaro le liketsong tsa boinehelo ba bomolimo, le letile ’me le lutse le hopolela haufi ho ba teng ha letsatsi la Jehova!”—2 PETROSE 3:11, 12.
HAR’A moloko oa batho Jehova Molimo o khethile batho ka bomong bao e tla ba majalefa hammoho le Mora oa hae, Jesu Kreste, ’Musong oa leholimo. (Baroma 8:16, 17) Ha ba sa ntse ba le lefatšeng, Bakreste ba tlotsitsoeng ba sebelitse ka moea le matla tsa Elia. (Luka 1:17) Sehloohong se ka pele ho sena, re ile ra hlokomela ho tšoana ho itseng pakeng tsa mesebetsi ea bona le ea moprofeta Elia. Empa ho thoe’ng ka mosebetsi oa mohlahlami oa Elia, moprofeta Elisha?—1 Marena 19:15, 16.
2. (a) Mohlolo oa ho qetela oa Elia e bile ofe, ’me oa pele oa Elisha e bile ofe? (b) Ho na le bopaki bofe ba hore Elia ha aa ka a ea leholimong?
2 Mohlolo oa ho qetela o ileng oa etsoa ke Elia e ne e le oa ho arola metsi a Nōka ea Jordane ka ho a phutla ka seaparo sa hae sa tšebeletso. Sena se ile sa bulela Elia le Elisha monyetla oa ho tšela ba tsamaea mobung o omileng. Ha ba ntse ba tsamaea ka lehlakoreng le ka bochabela la nōka ena, moea oa sefefo o ile oa nka Elia oa mo isa sebakeng se seng lefatšeng. (Bona lebokose le leqepheng la 15 leo sehlooho sa lona se reng “Elia o Ile a Nyolohela Maholimong Afe?”) Seaparo sa Elia sa tšebeletso se ile sa sala. Ha Elisha a ne a se sebelisa ho phutla Jordane, metsi a eona a ile a boela a arohana, a etsa hore a khone ho khutla a tsamaea mobung o omileng. Mohlolo ona o ile oa hlakisa hore Elisha e ne e le mohlahlami oa Elia bakeng sa ho ntšetsa pele borapeli ba ’nete Iseraeleng.—2 Marena 2:6-15.
Litšoaneleho Tsa Bomolimo Lia Hlokahala
3. Pauluse le Petrose ba ile ba re’ng ka ho ba teng ha Jesu le “letsatsi la Jehova”?
3 Makholo a lilemo ka mor’a mehla ea Elia le Elisha, moapostola Pauluse le moapostola Petrose ba ile ba amahanya “letsatsi la Jehova” le tlang le ho ba teng ha Jesu Kreste le “maholimo a macha le lefatše le lecha” tseo ka nako eo e neng e le hona li tla tla. (2 Bathesalonika 2:1, 2; 2 Petrose 3:10-13) Ho pholoha letsatsi la Jehova le leholo—ha Molimo a timetsa lira tsa hae ’me a pholosa batho ba hae—re tlameha ho batla Jehova ’me re bonahatse bonolo le ho loka. (Sofonia 2:1-3) Empa litšoaneleho tse ling tse eketsehileng li hlahella ha re hlahloba liketsahalo tse amanang le moprofeta Elisha.
4. Cheseho e phetha karolo efe tšebeletsong ea Jehova?
4 Cheseho bakeng sa tšebeletso ea Molimo ea hlokahala e le hore re ka pholoha “letsatsi la Jehova.” Elia le Elisha ba ne ba cheseha tšebeletsong ea Jehova. Ka cheseho e tšoanang, masala a Bakreste a tlotsitsoeng kajeno a etsetsa Jehova tšebeletso e halalelang ’me a etella pele boboleling ba litaba tse molemo.a Ho tloha bohareng ba bo-1930, a khothalelitse bohle ba amohelang molaetsa oa ’Muso ’me ba na le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng, ho inehela ho Jehova le ho kolobetsoa. (Mareka 8:34; 1 Petrose 3:21) Ba limilione ba arabetse hamolemo khothatsong ena. Pele ba ne ba le lefifing la moea ba bile ba shoele sebeng, empa hona joale ba ithutile ’nete ea Molimo, ba amohetse tšepo ea bophelo bo sa feleng paradeiseng ea lefatšeng, ’me baa cheseha tšebeletsong ea Jehova. (Pesaleme ea 37:29; Tšenolo 21:3-5) Empa ka cheseho, tšebelisano, ho amohela baeti ka mofuthu le mesebetsi e meng ea bona e molemo, ba khatholla barab’abo Kreste ba moea ba sa ntseng ba le lefatšeng.—Matheu 25:31-46.
5. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hakaale ho etsetsa “barab’abo” Jesu lintho tse molemo, ’me re na le mohlala ofe oa mehleng ea Elisha?
5 Ba etsetsang “barab’abo” Jesu lintho tse molemo hobane batlotsuoa bana e le balateli ba hae, ba na le tšepo ea ho pholoha “letsatsi la Jehova.” Banyalani ba bang motsaneng oa Shuneme ba ile ba hlohonolofatsoa haholo ka ho ba mosa le ho amohela Elisha le mohlanka oa hae ka mofuthu boeting. Banyalani bana ba ne ba se na mora, ’me monna o ne a tsofetse. Empa Elisha o ile a tšepisa mosali enoa oa Shuneme hore o ne a tla beleha mora, ’me sena se ile sa fela sa etsahala. Ha mora enoa ea mong a e-shoa lilemo tse itseng hamorao, Elisha o ile a ea Shuneme ’me a mo tsosa. (2 Marena 4:8-17, 32-37) Ke meputso e mekaakang ea ho amohela Elisha ka mofuthu boeting!
6, 7. Naamane o ile a beha mohlala ofe, ’me see se amana joang le ho pholoha “letsatsi la Jehova”?
6 Ho amohela tataiso e thehiloeng Bibeleng e tsoang ho “barab’abo” Kreste ka tšepo ea ho pholoha letsatsi la Jehova, ho hloka boikokobetso. Molaoli oa mabotho oa Mosyria Naamane o ne a tlameha ho bontša boikokobetso e le hore a ka latela tlhahiso ea ngoanana oa Moiseraele eo e neng e le motšoaruoa oa ntoa, le ho ea batla pheko ka ho ea Iseraeleng ho ea fumana Elisha. Ho e-na le ho tsoela ka ntle ho ntlo ea hae ho ea kopana le Naamane, Elisha o ile a mo romella molaetsa ona: “E-ea u itlhatsoe hasupa Jordane, ’me nama ea hao e tla boela ho uena e nchafetse, u hloeke.” (2 Marena 5:10) Naamane o ile a ikutloa a nyelisitsoe, ’me o ile a halefa, empa ka mor’a hore ka boikokobetso a ee ’me a qoele Jordane ka makhetlo a supileng, “nama ea hae ea boela ea e-ba joalo ka nama ea ngoana e monyenyane, a hla a hloeka.” (2 Marena 5:14) Pele Naamane a khutlela hae, o ile a nka leeto le khutlelang Samaria ho ea leboha moprofeta oa Jehova. Kaha Elisha o ne a ikemiselitse ho se ithuise ka matla ao a a filoeng ke Molimo, o ile a tsoela ka ntle ho tla kopana le Naamane empa o ne a ke ke a amohela mpho efe kapa efe. Ka boikokobetso Naamane o ile a bolella Elisha: “Mohlanka oa hao ha a sa tla etsetsa molimo osele secheso, leha e le sehlabelo, ha e se Jehova feela.”—2 Marena 5:17.
7 Ka ho latela keletso ea Mangolo ea batlotsuoa ka boikokobetso, ba limilione ba hlohonolofalitsoe haholo kajeno. Ho feta moo, ka ho sebelisa tumelo sehlabelong sa Jesu sa thekollo, bana ba lipelo li tšepahalang ba hloekisitsoe moeeng. Hona joale ba thabela tokelo ea ho ba metsoalle ea Jehova Molimo le Jesu Kreste. (Pesaleme ea 15:1, 2; Luka 16:9) ’Me boinehelo ba bona ho Molimo le tšebeletsong ea hae bo tla putsoa ka hore ba sireletsoe timetsong ea ka ho sa feleng e tla tloha e oela baetsalibe ba ikhohomosang, ba sa bakeng ‘letsatsing la Jehova’ le atamelang ka potlako.—Luka 13:24; 1 Johanne 1:7.
“Ke Mang ea Nkemelang, ke Mang?”
8. (a) Ba tla pholoha “letsatsi la Jehova” ba na le maikutlo afe mabapi le ho etsa thato ea Molimo? (b) Jehu o ne a filoe thōmo efe? (c) Ke’ng se neng se tšoanetse ho etsahalla Jezebele?
8 Ba nang le tšepo ea ho pholoha “letsatsi la Jehova” le bona ba lokela ho tiea ho etseng thato ea Molimo. Ka sebete, Elia o ile a bolela esale pele timetso ea lelapa la Morena Akabe la barapeli ba Baale ba babolai. (1 Marena 21:17-26) Leha ho le joalo, pele kahlolo ena e lihuoa, Elisha, e leng mohlahlami oa Elia, o ne a tlameha ho phetha mosebetsi o itseng o neng o sa fela. (1 Marena 19:15-17) Ha nako ea Jehova e loketseng e fihla, Elisha o ile a laela mohlanka hore a e’o tlotsa molaoli oa mabotho Jehu e le morena e mocha oa Iseraele. Ka mor’a ho tšela oli hloohong ea Jehu, lenģosa lena le ile la mo bolella: ‘Ho itsoe ke Jehova, Molimo oa Iseraele: Ke u tlotsitse ho ba morena oa sechaba sa Jehova, sa Iseraele. U tla timetsa ba ntlo ea Akabe, mong’a hao, ke tle ke phetetse ho Jezebele mali a baprofeta, bahlanka ba ka, le mali a bahlanka bohle ba Jehova. Ntlo eohle ea Akabe e tla timela.’ Mofumahali Jezebele ea khopo o ne a tla lahleloa lintjeng ’me a se ke a epeloa ka tsela e hlomphehang.—2 Marena 9:1-10.
9, 10. Polelo ea Elia e ile ea phethahala joang tabeng ea Jezebele?
9 Banna ba Jehu ba ile ba hlokomela ho lokela ha ho tlotsoa ha hae ’me ba mo phatlalatsa e le morena e mocha oa Iseraele. Jehu o ile a nka bohato ka tieo ’me a potlakela Jizreele ho qala mosebetsi oa hae oa ho ahlola baeta-pele ba bakoenehi ba borapeli ba Baale. Oa pele ea ileng a utloa bohloko ba motsu oa Jehu oa kahlolo e bile mora oa Akabe, Morena Jorame. O ile a palama, a tsoela ka ntle ho motse ho ea botsa hore na Jehu o ne a tlile ka sepheo sa khotso. Jehu o ile a araba: ‘Khotso e ka ba e joang ha bofebe ba Jezebele, ’m’ao, le boloi ba hae bo bongata bo ntse bo le teng?’ Ha a rialo, motsu oa Jehu oa hlaba pelo ea Jorame.—2 Marena 9:22-24.
10 Basali ba tšabang Molimo ba qoba ho tšoana le Jezebele kapa bafe le bafe ba mofuta oa hae. (Tšenolo 2:18-23) Ha Jehu a ne a fihla Jizreele, Jezebele o ile a leka ho iketsa ea bohehang. Ha a hlahela ka fensetere, o ile a mo khahlanyetsa ka tšoso e poteletseng. Jehu a botsa bahlanka ba Jezebele: “Ke mang ea nkemelang, ke mang?” Hang-hang, liofisiri tsa lekhotla tse peli kapa tse tharo tsa sheba tlaase. Na li ne li le ka lehlakoreng la Jehu? O ile a phehella: “Mo liheleng.” Ha a rialo, ba ile ba nka bohato ka tieo, ba lahlela Jezebele ea khopo ka ntle ka fensetere. O ile a hatakeloa, mohlomong ke litlhako tsa lipere. Ha batho ba tlil’o mo epela, “ba se ke ba fumana letho, ha e se lehata, le maoto, le liatla tsa matsoho a hae.” Ke phethahatso e hlollang hakaakang ea polelo ea Elia e reng: ‘Lintja li tla ja nama ea Jezebele’!—2 Marena 9:30-37.
Tšehetso e Tlohang Pelong ea Borapeli ba ’Nete
11. Jonadabe e ne e le mang, ’me o ile a bontša joang hore o tšehetsa borapeli ba ’nete?
11 Ba nang le tšepo ea ho pholoha “letsatsi la Jehova” ’me ba phele ka ho sa feleng lefatšeng ba lokela ho tšehetsa borapeli ba ’nete ka lipelo tsohle. Ba lokela ho tšoana le Jonadabe, e leng morapeli oa Jehova eo e neng e se Moiseraele. Ha Jehu a tsoela pele ho phetha thōmo ea hae ka cheseho, Jonadabe o ne a batla ho bontša kamohelo le tšehetso ea hae. Ka hona o ile a tsoa ho ea kopana le morena oa Iseraele e mocha, ea neng a e-ea Samaria ho ea bolaea ba setseng ba ntlo ea Akabe. Ha Jehu a bona Jonadabe o ile a botsa: “Na pelo ea hao e tšoeu, joalo ka ha pelo ea ka e le tšoeu bakeng sa pelo ea hao na?” Ho lumela ha Jonadabe ho ile ha susumelletsa Jehu ho nanabetsa letsoho la hae le ho memela Jonadabe ka koloing ea hae ea ntoa, a re: “A re ee le uena, u bone kamoo ke chesehetseng Jehova kateng.” Ntle ho tieho, Jonadabe o ile a amohela tokelo ea ho tšehetsa moahloli oa Jehova ea tlotsitsoeng.—2 Marena 10:15-17.
12. Ke hobane’ng ha e le ka nepo Jehova a batlang boinehelo bo lebisoang ho eena a le mong?
12 Tšehetso e tlohang pelong ea borapeli ba ’nete ka sebele ea lokela, hobane Jehova ke ’Mōpi le ’Musi oa Bokahohle, eo ka nepo a batlang a bileng a lokeloang ke boinehelo ba rōna bo lebisoang ho eena a le mong. O ile a laela Baiseraele: “U se ke ua iketsetsa setšoantšo se betliloeng, leha e le setšoantšo se le seng sa tse holimo maholimong, leha e le sa tse tlase lefatšeng, leha e le sa tse metsing ka tlase ho lefatše. U se ke ua li khumamela, u se ke ua li sebeletsa: hobane ’na Jehova, Molimo oa hao, ke Molimo [ea batlang boinehelo bo lebisoang ho eena a le mong, NW].” (Exoda 20:4, 5) Ba nang le tšepo ea ho pholoha “letsatsi la Jehova” ba lokela ho rapela eena a le mong, ba etsa joalo “ka moea le ’nete.” (Johanne 4:23, 24) Ba lokela ho tšehetsa borapeli ba ’nete ka tieo, joaloka Elia, Elisha le Jonadabe.
13. Kamoo pelo ea Jonadabe e neng e ema le Jehu kateng, ke bo-mang ba lumelang Morena oa Bomesia, hona ba bontša see joang?
13 Ka mor’a hore ba ntlo ea Akabe ba ahloloe, Morena Jehu o ile a nka mehato e meng ea ho khetholla barapeli ba Baale le ho felisa borapeli bona ba bohata Iseraeleng. (2 Marena 10:18-28) Kajeno, Morena oa leholimo Jesu Kreste o khethetsoe ho ahlola lira tsa Jehova le ho tlosa qoso bobusing ba Hae. Kamoo pelo ea Jonadabe e neng e ema le Jehu kateng, kajeno “bongata bo boholo” ba “linku tse ling” tsa Jesu bo lumela ka pelo eohle hore Kreste ke Morena oa Bomesia ’me bo sebelisana le barab’abo ba moea ba lefatšeng. (Tšenolo 7:9, 10; Johanne 10:16) Bo fana ka bopaki ba sena ka ho sebelisa bolumeli ba ’nete le ho nka karolo ka cheseho tšebeletsong ea Bokreste, ka ho lemosa lira tsa Molimo ka “letsatsi la Jehova” le atamelang ka potlako.—Matheu 10:32, 33; Baroma 10:9, 10.
Liketsahalo Tse Tšosang li Larile ka Pele!
14. Ke’ng se larileng ka pele bakeng sa bolumeli ba bohata?
14 Jehu o ile a nka bohato ba ho felisa borapeli ba Baale Iseraeleng. Mehleng ea rōna, ka Jehu e Moholoanyane, Jesu Kreste, Molimo o tla tlisa timetso ea Babylona e Moholo, ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata. Haufinyane re tla bona phethahatso ea mantsoe a lengeloi ho moapostola Johanne: “Linaka tse leshome tseo u li boneng, le sebata, tsena li tla hloea seotsoa [Babylona e Moholo] ’me li tla se ripitla le ho se hlobolisa, ’me li tla ja kaofela likarolo tse linama tsa sona ’me li tla se chesa ka ho feletseng ka mollo. Etsoe Molimo o ho kentse ka lipelong tsa tsona ho phetha monahano oa hae, hona ho phetha monahano oa tsona o le mong ka ho fa sebata ’muso oa tsona, ho fihlela ha mantsoe a Molimo a tla be a phethehile.” (Tšenolo 17:16, 17; 18:2-5) “Linaka tse leshome” li tšoantšetsa mebuso ea lipolotiki e nang le mabotho a sesole e busang lefatšeng. Le hoja hona joale e e-na le kamano ea bofebe ba moea le Babylona e Moholo, nako ea Babylona e Moholo e khutšoanyane. Mekha ea lipolotiki ea lefatše lena e tla timetsa bolumeli ba bohata, ’me “sebata”—Machaba a Kopaneng—se tla ba le karolo e ka sehloohong le “linaka tse leshome” ho mo ripitleng.b Ke ketsahalo e kaakang e rorisang Jehova!—Tšenolo 19:1-6.
15. Ke’ng se tla etsahala ha ho etsoa boiteko ba ho felisa mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo oa lefatšeng?
15 Ka mor’a hore Morena Jehu a hlasele borapeli ba Baale, ba ntlo ea hae ea borena ba ile ba lebisa tlhokomelo ho lira tsa Iseraele tsa lipolotiki. Morena Jesu Kreste o tla nka bohato bo tšoanang. Mebuso ea lipolotiki e tla sala ka mor’a timetso ea bolumeli ba bohata bo kang ba Baale. Tlas’a tšusumetso ea Satane Diabolose, lira tsena tsa bobusi ba Jehova li tla etsa tlhaselo ea khorola-koqo li leka ho timetsa mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo oa lefatšeng. (Ezekiele 38:14-16) Empa Jehova o tla etsa hore Morena Jesu Kreste a li otle ka ho li timetsa ka Har–Magedone, ‘ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo ea Matla ’Ohle,’ a phetha ho tlosoa ha qoso bobusing ba Jehova.—Tšenolo 16:14, 16; 19:11-21; Ezekiele 38:18-23.
Ho Sebeletsa ka Cheseho ea Elisha
16, 17. (a) Re tseba joang hore Elisha o ile a cheseha ho fihlela qetellong ea bophelo ba hae? (b) Re lokela ho etsa eng ka metsu ea ’nete?
16 Ho fihlela “letsatsi la Jehova” le felisa tsamaiso eohle ea lintho ea Satane, bahlanka ba Molimo ba tla ba sebete ba be ba chesehe joaloka Elisha. Ntle ho mosebetsi oa hae e le mohlanka oa Elia, Elisha o ile a sebeletsa a le mong e le moprofeta oa Jehova ka lilemo tse fetang 50! ’Me Elisha o ile a cheseha ho fihlela qetellong ea bophelo ba hae bo bolelele. Pejana feela ho lefu la hae, o ile a eteloa ke setloholo sa Jehu, Morena Joase. Elisha o ile a mo bolella hore a phosetse motsu ka ntle ho fensetere. Motsu ona o ile oa potlakela ho se neng se korotsoe, ’me Elisha o ile a khotsa: ‘Ke motsu oo Jehova a lopollang ka oona, ke motsu o namolelang, ho Basyria; hobane u tla hlōla Basyria Afeke, u be u ba qete.’ Ho latela kōpo ea Elisha, ka mor’a moo Joase o ile a otla fatše ka metsu ea hae. Empa o ile a etsa sena a se na cheseho, a otla ka makhetlo a mararo feela. Eaba Elisha o re, ka lebaka leo, Joase o ne a tla lumelloa ho hlōla Syria ka makhetlo a mararo feela, ’me ke sona se ileng sa etsahala. (2 Marena 13:14-19, 25) Morena Joase ha aa ka a otla Basyria ka ho feletseng, ‘a ba a ba qeta.’
17 Leha ho le joalo, ka cheseho e kang ea Elisha, masala a tlotsitsoeng a tsoela pele ho loantša bolumeli ba bohata. Balekane ba ’ona ba nang le tšepo ea lefatšeng ba etsa ntho e tšoanang. Ho feta moo, bohle ba nang le tšepo ea ho pholoha “letsatsi la Jehova” ke hantle ha ba hopola mantsoe a Elisha ea chesehang mabapi le ho otla lefatše. A re nkeng metsu ea ’nete ’me ka cheseho re otle ka eona—khafetsa—e, ho fihlela Jehova a re mosebetsi oa rōna le ’ona o phethiloe.
18. Re lokela ho arabela joang mantsoeng a 2 Petrose 3:11, 12?
18 “Letsatsi la Jehova” le tla tloha le felisa tsamaiso e khopo ea lintho ea hona joale. Ka lebaka leo, a re itumelleng ho susumetsoa ke mantsoe a moapostola Petrose a khothatsang. Petrose o ile a hooa: “Kaha lintho tsena tsohle li tla qhibiliha ka tsela eo, le tšoanela ho ba batho ba mofuta ofe liketsong tse halalelang tsa boitšoaro le liketsong tsa boinehelo ba bomolimo, le letile ’me le lutse le hopolela haufi ho ba teng ha letsatsi la Jehova!” (2 Petrose 3:11, 12) Ha karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea tsamaiso ena e qhibilihisitsoe ke mollo oa bohale ba Molimo bo bontšoang ka Jesu Kreste, ke ba nang le tlaleho ea boitšoaro bo khabane le boinehelo ba bomolimo feela ba tla pholoha. Ho hloeka boitšoarong le moeeng hoa hlokahala. Ka ho tšoanang ho hlokahala lerato bakeng sa batho ba habo rōna, le bontšoang ka ho arabela litlhokong tsa bona, haholo-holo ka tsela ea moea ka tšebeletso ea rōna ea Bokreste.
19. Re lokela ho etsa joang ho pholoha “letsatsi la Jehova”?
19 Na mantsoe a hao le liketso li u khetholla u le mohlanka oa Molimo ea tšepahalang le ea chesehang? Haeba ho joalo, u ka ba le tšepo ea ho pholoha “letsatsi la Jehova” ho kena lefatšeng la Molimo le lecha le tšepisitsoeng. E, u ka ’na ua pholoha haeba u tšoara barab’abo Kreste ba moea hamolemo hobane e le balateli ba hae, joalokaha banyalani ba Shuneme ba ile ba amohela Elisha ka mofuthu. Hore u pholohe u lokela hore hape u tšoane le Naamane, eo ka boikokobetso a ileng a amohela taelo ea bomolimo ’me ea e-ba morapeli oa Jehova. Haeba u labalabela ho phela ka ho sa feleng paradeiseng lefatšeng, u lokela ho bontša hore u tšehetsa borapeli ba ’nete ho tloha pelong, joalokaha Jonadabe a ile a etsa. Joale u ka ’na ua ba har’a bahlanka ba Jehova ba tšepahalang, bao haufinyane ba tla latsoa phethahatso ea mantsoe a Jesu: “Tloong, lōna ba hlohonolofalitsoeng ke Ntate, le rue ’muso oo le o lokiselitsoeng ho tloha ho thehoeng ha lefatše.”—Matheu 25:34.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona khaolo ea 18 le ea 19 ea buka ea “Lebitso La Hao Le Halaletsoe,” e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
b Bona leqephe la 254-6 la Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
U ne U Tla Arabela Joang?
◻ Litšoaneleho tse ling tse hlokahalang bakeng sa ho pholoha “letsatsi la Jehova” ke life?
◻ Banyalani ba Shuneme ba mehleng ea Elisha ba behile mohlala ofe?
◻ Ho ka ithutoa thuto efe ho Naamane?
◻ Re ka latela mohlala oa Jonadabe joang?
◻ Petrose oa Bobeli 3:11, 12 e lokela ho re ama joang?