Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w04 10/1 leq. 29
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na U “Bua ka Bolokolohi”?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Bontša Lerato le Tumelo Kamehla
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
w04 10/1 leq. 29

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Moapostola Johanne o ne a bolela eng ka “lerato le phethahetseng” ha a ngola a re “lerato le phethahetseng le lahlela tšabo ka ntle,” hona le lahlela “tšabo” efe ka ntle?

Moapostola Johanne o ile a ngola a re: “Ha ho tšabo leratong, empa lerato le phethahetseng le lahlela tšabo ka ntle, hobane tšabo e baka thibelo. Ka sebele, ea laoloang ke tšabo ha aa etsoa ea phethahetseng leratong.”—1 Johanne 4:18.

Taba e potolohileng e bontša hore Johanne o ne a bua ka bolokolohi ba puo—haholo-holo ka kamano e teng pakeng tsa ho rata Molimo le ho bua le Eena ka bolokolohi. Sena re ka se bona ho seo re se balang temaneng ea 17: “Ona ke mokhoa oo ka oona lerato le entsoeng le phethahetseng ho rōna, e le hore re ka bua ka bolokolohi ka letsatsi la kahlolo.” Tekanyo eo Mokreste a ratang Molimo ka eona le eo a bonang lerato la Molimo le sebetsa ka eona ho eena e etsa hore a bue ka bolokolohi—kapa a sitoe ho bua ka bolokolohi—ha a atamela Molimo ka thapelo.

Poleloana e reng “lerato le phethahetseng” e bolela ho hongata. Hase kamehla lentsoe “phethahetseng” joalokaha le sebelisitsoe ka Bibeleng, le bolelang phetheho ka kutloisiso e feletseng, ke hore ka tekanyo e phahameng ka ho fetisisa, empa hangata le bolela phetheho ka kutloisiso e lekanyelitsoeng. Ka mohlala, Thutong ea hae ea Thabeng, Jesu o ile a re: “Tumellanong le hoo, le phethahale, joalokaha Ntat’a lōna oa leholimo a phethahetse.” Jesu o ne a bolella balateli ba hae hore haeba ba rata feela ba ba ratang, lerato la bona le ne le tla be le sa fella, le haella, le fokola. Ba ne ba lokela ho etsa hore lerato la bona e be le phethahetseng, kapa e be le feletseng ka ho akarelletsa esita le bao e leng lira tsa bona. Ka ho tšoanang, ha Johanne a ne a ngola ka “lerato le phethahetseng,” o ne a bua ka lerato leo Molimo a nang le lona la pelo eohle, le hōtseng ka ho feletseng le le akarelletsang litšobotsi tsohle tsa bophelo ba motho.—Matheu 5:46-48; 19:20, 21.

Ha Mokreste a atamela Molimo ka thapelo, oa elelloa hore ke moetsalibe le hore ha aa phethahala. Leha ho le joalo, haeba a rata Molimo a bile a bona ka ho feletseng tsela eo Molimo a mo ratang ka eona, ha a sitisoe ke ho tšaba ho ahloloa kapa ho khesoa. Ho e-na le hoo, o thabela bolokolohi ba puo ha a ntša se ka pelong le ha a kōpa tšoarelo motheong oa sehlabelo sa thekollo, seo Molimo a faneng ka sona ka lerato ka Jesu Kreste. O ikutloa a kholisehile hore Molimo o utloa lithapelo tsa hae ebile oa li amohela.

Motho a ka “etsoa ea phethahetseng leratong” joang, ’me ka hona a ‘lahlela ka ntle’ tšabo ea ho ahloloa kapa ho khesoa? Moapostola Johanne o ile a re: “Mang kapa mang ea felang a boloka lentsoe la [Molimo], kannete ho motho enoa lerato la Molimo le entsoe le phethahetseng.” (1 Johanne 2:5) Ak’u nahane: Haeba Molimo o re ratile re sa le baetsalibe, na ha a na ho re rata le ho feta haeba re fela re baka ’me re ikitlaelletsa ho “boloka lentsoe la hae”? (Baroma 5:8; 1 Johanne 4:10) Ka sebele, hafeela re lutse re tšepahala, le rōna re ka kholiseha joalokaha moapostola Pauluse a ne a kholisehile ha a re ka Molimo: “Eena ea sa kang a qenehela esita le Mora oa hae empa a nehelana ka eena bakeng sa rōna bohle, hape ke hobane’ng ha a ke ke a re fa lintho tse ling kaofela ka mosa hammoho le eena?”—Baroma 8:32.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela