Bontša Lerato le Tumelo Kamehla
‘Ea lutseng leratong o lutse kamanong le Molimo. ’Me tlhōlo e hlōtseng lefatše ke tumelo ea rōna.’—1 JOHANNE 4:16; 5:4, NW.
1, 2. Ke litšoaneleho life tseo ka ho khetheha li hatisoang ho 1 Johanne 4:7–5:21?
JEHOVA ke mothofatso ea lerato, ’me ba lakatsang ho mo khahlisa ba tlameha ho bontša tšoaneleho ena ea bomolimo. Moapostola Johanne o hlakisa sena karolong ea ho qetela ea lengolo la hae la pele le bululetsoeng.
2 Bakreste ba ’nete ba boetse ba tlameha ho bontša tumelo. Ke ka tsela ena feela ba ka hlōlang lefatše ’me ba lula ba sireletsehile mohaung oa Jehova. Joale, ha re ithuta karolo ea ho qetela ea lengolo la Johanne, a re nahaneng ka thapelo ka bohlokoa ba ho bontša lerato le tumelo.
“A Re Rataneng”
3, 4. Ho hontša lerato ho amana hokae le ho tseba hoa rōna Molimo?
3 Johanne o hatisa bohlokoa ba lerato. (Bala 1 Johanne 4:7, 8.) “Baratuoa” ba Bakreste ba phehelloa hore ba ‘ratane; hobane lerato le tsoa ho Molimo,’ Jehova e le Mohloli oa lona. “E mong le e mong ea ratang o tsoetsoe ke Molimo [e le motho ea tsoetsoeng ka moea], le hona o tseba Molimo,” o tloaelane le litšoaneleho tsa Jehova le merero ea hae, le kamoo a bontšang lerato kateng. Kajeno ho “tseba Molimo” ho boetse ho fumanoe ke “bongata bo boholo” ba “linku tse ling” tsa Kreste.
4 Ho tseba Molimo ho bolela ho ananela litšoaneleho tsa oona ka ’nete, ho mo rata ka ho feletseng, le ho mo khomarela joaloka Morena oa rōna. Empa “ea sa rateng ha ka a tseba Molimo.” Ba sa bontšeng lerato la Bokreste “ha [ba] tsebe Molimo, kaha Molimo ke lerato.” (TLP) E, lerato ke tšoaneleho ea Jehova e ka sehloohong, e totobetse litokisetsong tsa hae tsa moea le tsa nama bakeng sa batho.
5. Bopaki bo boholohali ke bofe ba hore “Molimo ke lerato”?
5 Ho boelang ho qotsoa ke bopaki bo boholohali ba hore “Molimo ke lerato.” (Bala 1 Johanne 4:9, 10.) Johanne o re: “Lerato la Molimo ho rōna le bonahetse ka hona [joaloka baetsalibe ba tšoaneloang ke lefu]: Molimo o romile lefatšeng Mora oa oona ea tsoetsoeng a le mong, re tle re phele ka eena.” Jesu ke ‘Mora ea tsoetsoeng a le mong’ oa Jehova ka hore ke eena feela eo Molimo o mo bōpileng ka ho toba. (Johanne 1:1-3, 14; Ba-Kolosse 1:13-16) ’Me Jesu ‘o ile a romeloa lefatšeng’ ka ho ba motho, a phethatsa tšebeletso ea hae phatlalatsa, a ba a shoa lefu la sehlabelo. (Johanne 11:27; 12:46) ‘Ho fumana bophelo bo sa feleng ka eena,’ e bang ke leholimong kapa lefatšeng, ho hloka tumelo bohlokoeng ba sehlabelo sa hae sa topollo.
6. Ha re sa le baetsalibe ba sa rateng Molimo, Molimo o ile oa etsa eng?
6 Re ne re sa le baetsalibe ba neng ba sa rate Molimo ha ‘o re rata, ’me o romela Mora oa oona hore e be pheko ea libe tsa rōna.’ Sehlabelo sa Kreste se re nolofalelitse ho khutlisetsoa likamanong tse nepahetseng le Molimo. (Ba-Roma 3:24, 25; Ba-Heberu 2:17) Na u ananela pontšo ee e khōlōhali ea lerato leo ho seng le lekanang le lona ho Ntate oa rōna oa leholimo?
7. (a) Kaha re ke ke ra re re rata Jehova hobane re kile ra ’mona, re ka bontša joang hore e hlile rea mo rata? (b) Ho bontša hoa rona lerato la boena ho paka eng?
7 Lerato la Molimo ho rōna le lokela ho ama boikutlo ba rōna ka ba bang. (Bala 1 Johanne 4:11-13.) Kaha o re ratile re sa le baetsalibe, “le rōna e ka khona re ratane.” Har’a batho, “ha ho motho ea kileng a bona Molimo.” Ka hona re ke ke ra re re rata Jehova hobane re kile ra ’mona. (Exoda 33:20; Johanne 1:18; 4:24) Leha ho le joalo, ka ho bontša lerato re bontša hore re rata Mohloli oa tšoaneleho ena. Lerato la rōna la boena le paka hore “Molimo o lutse ho rōna, ’me lerato la oona le phethehile,” kapa le fihla tlhorong, ho rōna. ’Me rea tseba hore “re lutse [kamanong le]” Jehova “hobane o re ngoathetse moea oa oona.” Ho bontša hoa rōna lerato la boena ho paka hore moea oa Jehova o sebetsa kahare ho rōna, hobane lerato ke e ’ngoe ea litholoana tsa oona. (Ba-Galata 5:22, 23) Hona ho bontša hore re tseba Molimo ’me rea amoheleha ho oona.
8. Ke bopaki bofe bo eketsehileng ba hore re “kamanong le Molimo”?
8 Ho na le bopaki bo eketsehileng ba hore re “kamanong le Molimo.” (Bala 1 Johanne 4:14-16a.) Hoba a “bone” seo Jesu a se entseng lefatšeng le kamoo a utloileng bohloko kateng molemong oa batho, Johanne o ne a ka ‘paka hore Ntate o romile Mora oa Hae e le ’Moloki oa lefatše’ la batho ba baetsalibe. (Johanne 4:42; 12:47) Ho feta moo, ‘Molimo o lula kamanong le rōna ’me rōna le oona’ haeba re bolela ho tloha botebong ba pelo hore Jesu Kreste ke Mora oa oona. Hona ho hloka tumelo le ho fana ka bopaki ba phatlalatsa hore Jesu ke Mora oa Molimo. (Johanne 3:36; Ba-Roma 10:10) Tšepo ea rōna ‘leratong leo Molimo o re ratang ka lona’ e fana ka bopaki bo tsoelang pele ba hore e bang re masala a tlotsitsoeng kapa “linku tse ling” re kamanong le Jehova.
9. (a) Ke ka kutloisiso efe lerato ho Molimo le ‘phethahatsoang,’ hona hoo ho tla ama kamano ea rōna le ba bang joang? (b) Lerato le ‘phethahetseng’ le phahamisa eng?
9 Johanne o boetse o bontša hore lerato le ka ‘phethahatsoa.’ (Bala 1 Johanne 4:16b, 17.) Rea hopotsoa hore “Molimo ke lerato.” Kaha re ‘lutse leratong,’ re bontša tholoana ena ea moea oa Jehova, re “lutse kamanong le Molimo.” Haeba lerato ho Jehova le ‘phetheha ho rōna,’ hoba le fihle tlhorong ho eena, re tla rata balumeli ba bang. (Bapisa temana ea 12.) Lerato ‘le phethahetseng’ le boetse le phahamisa “tšepo e tiileng” ho Molimo ka thapelo hona joale le ‘letsatsing la kahlolo’ le amanang le ho ba teng hoa Kreste. Ka hona ba bontšang lerato le joalo ha ba na lebaka la ho tšaba hore kahlolo ea Molimo e tla ba mpe. Haeba re bontša lerato ka kutloisiso eo, “ke ha seo [Jesu] a leng sona le rōna re e-ba sona lefatšeng.” E, re tšoana le eena ka ho thabela mohau joaloka bana ba Molimo lefatšeng lena la batho ba ikarotseng ho Molimo.
10. Bao lerato le entsoeng le ‘phethahetseng’ ka ho bona ha ba be le phihlelo ea eng?
10 Bao lerato le ‘phethahalitsoeng’ ho bona ha ba na tšabo e thibelang thapelo. (Bala 1 Johanne 4:18, 19.) “Tšabo e tsamaea le kotlo” e tla re thibela ho atamela Jehova ka bolokolohi. Ka hona haeba re e-na le tšabo e joalo, ‘ha re e-so phethehe leratong.’ Empa haeba re ‘phethehile leratong,’ tšoaneleho ena e tlala lipelo tsa rōna, e re susumelletsa ho etsa thato ea Molimo, ’me e re susumelletsa ho lula haufi le Ntate oa rōna oa leholimo ka thapelo. Ka sebele re na le lebaka la ho rata Jehova le ho mo rapela, hobane joalokaha Johanne a bolela, ‘Rea mo rata, kahobane Molimo o re ratile pele.’
11. Ke hobane’ng ha ho utloahala ho utloa taelo ee: “Ea ratang Molimo a rate le ngoan’abo”?
11 Koana, ha hoa lekana ho bolela feela hore re rata Molimo. (Bala 1 Johanne 4:20, 21.) Mang kapa mang ea reng, “Ke rata Molimo” empa a hloile ngoan’abo oa moea “o leshano.” Kaha re ka bona ngoan’abo rōna le ho hlokomela litšobotsi tsa hae tsa bomolimo, ho mo bontša lerato ho lokela ho ba bonolo ho feta ho rata Molimo o sa bonahaleng. Ka sebele, “ea sa rateng ngoan’abo, eo a ’monang, ha a ka ke a rata Molimo eo a e-song ho ’mone.” (TLP) Kahoo ke ho utloahalang ho utloa “taelo” ena: “Ea ratang Molimo a rate le ngoan’abo.”
Ke Mang ea Hlōlang Lefatše?
12. Kaha re rata Molimo, re ne re tla lebelloa ho ba le lerato lefe le leng?
12 Johanne o boetse o bontša se hlileng se boleloang ke ho rata Molimo. (Bala 1 Johanne 5:1-5.) Pele, moapostola o totobatsa hore “e mong le e mong ea lumelang hobane Jesu ke Kreste” (Messia kapa Motlotsuoa oa Jehova) “o tsoetsoe ke Molimo,” kapa o tsoetsoe ka moea ke Jehova. Ho feta moo, e mong le e mong ea ratang Motsoali, Jehova, o rata mang le mang “ea tsoetsoeng ke eena.” E, bana bohle ba tlotsitsoeng ba Molimo baa mo rata ’me ba lebelletsoe ho ratana. Lerato le joalo la boena e boetse ke tšobotsi ea “bongata bo boholo” ba “linku tse ling” bo nang le tšepo ea lefatšeng.—Johanne 10:16; Tšenolo 7:9
13. (a) Ke hobane’ng ha litaelo tsa Molimo ‘li se boima’ ho rōna? (b) Re “hlōla lefatše” joang?
13 ‘Moo re tsebang hobane re rata bana ba Molimo, ke ha re rata Molimo ’me re boloka litaelo tsa oona.’ Ha e le hantle, “ho rata Molimo, ke ha re boloka litaelo tsa oona.” Kaha re rata Molimo le ho loka, re thabela ho boloka litaelo tsa oona. Johanne o re “ha li boima” ho rōna “hobane hohle ho tsoetsoeng ke Molimo ho hlōla lefatše.” “Hohle” ho ka ’na hoa bolela matla a fanoeng ke Molimo “ho hlōla lefatše,” kapa ho hlōla mokhatlo o khopo oa batho le liteko tsa oona tsa ho tlōla litaelo tsa Jehova. (Johanne 16:33) “Hlōlo e hlōtseng lefatše ke tumelo ea rōna” ho Molimo, Lentsoeng la oona le ho Mora oa oona. Haeba re ‘lumela hobane Jesu ke Mora oa Molimo,’ re “hlōla lefatše” ka ho qhela monahano oa lona o fosahetseng le litsela tsa lona tsa boitšoaro bo bobe, le ka ho boloka litaelo tsa Molimo.
14. (a) Jesu o ‘tlile ka metsi’ joang? (b) Kreste o bontšitsoe hore ke Mora oa Molimo “ka mali” joang? (c) Moea o halalelang o ‘pakile’ Jesu Kreste joang?
14 Kaha tumelo ho Jesu ke ea bohlokoa haholo ho beng hoa rōna ‘bahlōli ba lefatše,’ Johanne o qotsa bopaki bo fanoeng ka Kreste ke ‘lipaki tse tharo.’ (Bala 1 Johanne 5:6-8.) Johanne o qala ka ho bolela hore Jesu o ‘tlile ka metsi.’ Ha Jesu a kolobetsoa metsing ho tšoantšetsa ho itlhahisa hoa hae ho Molimo, Jehova a re: “Enoa ke Mora oa ka ea ratoang, eo ke khahlisoang ke eena.” (Mattheu 3:17) Kreste o boetse a bontšoa hore ke Mora oa Molimo “ka mali” ao a a tšolotseng lefung la hae e le topollo. (1 Timothea 2:5, 6) Ho feta moo, Johanne o re, “moea [o halalelang] ke oona paki; hobane Moea ke ’nete.” Ho theohela hoa moea holim’a Jesu ha a kolobetsoa ho mo pakile ho ba Mora oa Molimo. (Mattheu 3:16; Johanne 1:29-34) Moea oa Jehova o ile oa etsa hore Jesu a khone ho phethahatsa thomo ea hae le ho etsa mehlolo. (Johanne 10:37, 38; Liketso 10:38) Ka moea Molimo, o ile oa baka lefifi le sa tloaelehang, tšisinyeho ea lefatše, le ho hahoha hoa lesela la tempele ha Jesu a e-shoa, ’me hape ka oona moea oo Molimo oa tsosa Jesu.—Mattheu 27:45-54.
15. ‘Lipaki tse tharo’ ke eng?
15 Kahoo ‘ho na le lipaki tse tharo’ tse pakang ’nete ea hore Jesu ke Mora oa Molimo. Tsena ke (1) moea o halalelang, (2) metsi a kolobetso ea Jesu le seo a neng a se emela (ho itlhahisa hoa hae ho Jehova), le (3) mali ao a a tšolotseng lefung e le topollo. Tsena tse tharo “li paka ntho e le ’ngoe [lia lumellana]” ka ho fana ka bopaki ba hore Jesu ke Mora oa Molimo, eo re tlamehang ho ba le tumelo ea ’nete ho eena haeba re tla fumana bophelo bo sa feleng.—Bapisa Deuteronoma 19:15.
Bopaki bo Fanoeng ke Molimo
16. Jehova o pakile Jesu joang?
16 Molimo ka booona o fane ka bopaki mabapi le Mora oa oona. (Bala 1 Johanne 5:9-12.) “Ha esita le bopaki ba batho [ba sa phethahalang] re bo amohela [e le ba ’nete, joalokaha re tloaetse ho etsa meqoqong le makhotleng], bopaki ba Molimo bo fetisa ka boholo.” (Johanne 8:17, 18) Kaha ‘Molimo o ke ke oa thetsa,’ re ka bea tšepo e sa thekeseleng ‘bopaking boo o pakileng Mora oa oona ka bona.’ ’Me Jehova o boletse hore Jesu Kreste ke Mora oa hae. (Tite 1:2; Mattheu 3:17; 17:5) Ho feta moo, Molimo o ne o le kamor’a ‘lipaki tse tharo,’ ke hore, moea oa Oona o halalelang, metsi a kolobetso ea Jesu le mali a tšolotsoeng a Jesu.
17. Ke ka tsela efe feela pholoho e ka fumanoang?
17 Motho “ea lumelang ho Mora oa Molimo o na le bopaki ka ho eena,” kapa “tabeng ea hae,” hobane bopaki bohle bo mo kholisa hore Jesu ke Mora oa Molimo. Empa “ea sa lumeleng Molimo” e le paki e tšepahalang mabapi le Mora oa Oona o etsa hore Jehova a hlahe e le raleshano. Ha e le hantle, kakaretso ea bopaki bo fanoeng ke “hoba Molimo o re neile bophelo bo sa feleng, ’me bophelo boo bo ho Mora oa oona.” Ke ka ho lumela hore Jesu ke Mora oa Molimo feela ho leng bonolo ho pholohela bophelong bo sa feleng. (Johanne 11:25, 26; 14:6; 17:1-3) Kahoo “ea nang le Mora” ka ho lumela ho eena o na le mpho e sa tšoanelang ea bophelo bo sa feleng. (Johanne 20:31) Empa “bophelo” bona bo ke ke ba thabeloa ke mang kapa mang ea fokolloang ke tumelo ea hore Jesu ke Mora oa Molimo.
Thapelo E-ea Sebetsa!
18. Ke hobane’ng ha Johanne a ngotse “taba tseo”?
18 Johanne o boetse o fana ka morero oa mantlha oa lengolo la hae ’me o bua ka thapelo. (Bala 1 Johanne 5:13-15.) O ngotse “taba tseo” e le hore ho ka tsejoa ‘hobane re na le bophelo bo sa feleng.’ Ena ke kholiseho ea rōna joaloka ba lumelang “lebitso” la Mora oa Molimo. (Bapisa 1 Johanne 3:23.) ’Me bakoenehi, bao e seng ba mofuta oa rōna, ba ke ke ba felisa tumelo eo.—1 Johanne 2:18, 19.
19. (a) Ho latela 1 Johanne 5:14, 15, re na le “tšepo” efe ho Molimo? (b) Ke lintho life tse ling tseo re ka li rapellang ka nepo?
19 Ho Molimo re na le “tšepo,” kapa “bolokolohi ba puo,” hore ho sa tsotellehe hore na re kōpa eng ka thapelo “ka ho rata ha hae, oa re utloa.” Ka nepo re rapella lintho tse kang ho halaletsoa hoa lebitso la Jehova, moea oa hae, bohlale ba bomolimo, le topollo ho e mobe. (Mattheu 6:9, 13; Luka 11:13; Jakobo 1:5-8) ’Me “rea tseba hoba re na le tseo re li kōpileng ho eena,” “Ea utloang merapelo.”—Pesaleme ea 65:2.
20, 21. (a) “Sebe se sa iseng lefung” ke eng? (b) Ke hobane’ng ha e le phoso ho rapella ‘sebe se isang lefung’?
20 Hape Johanne o bua ka thapelo le mefuta e ’meli ea sebe. (Bala 1 Johanne 5:16, 17.) “Sebe se sa iseng lefung” hase sa ka boomo, ’me ho ne ho ke ke hoa ba phoso ho rapella hore mofosi ea bakileng a tšoareloe. (Liketso 2:36-38; 3:19; Jakobo 5:13-18) Empa e ne e tla ba phoso ho rapella ‘sebe se isang lefung’ hobane seo ke sebe sa ka boomo khahlanong le moea o halalelang, seo ho seng tšoarelo ho sona. (Mattheu 12:22-32; Ba-Heberu 6:4-6; 10:26-31) Baetsalibe ba joalo ba ea Gehenna, ba timetsoa ka ho feletseng ka “lefu la bobeli.” (Tšenolo 21:8; Mattheu 23:15) Kahoo kaha Jehova ke Moahloli oa ho qetela, ha re ipee kotsing ea ho mo khopisa ka ho rapella moetsalibe ha bopaki bo bontša hore o molato oa ka boomo oa ‘sebe se isang lefung.
21 Ka hona, “ha motho [haholo-holo moholo ea tlotsitsoeng ka moea] a bona ngoan’abo a etsa sebe se sa iseng lefung [“lefu la bobeli”], a ke a mo rapelle, ’me Molimo o tla mo [moetsalibe] nea bophelo,” a mo pholose timetsong ea ka ho sa feleng. Ha e le hantle, “bokhopo bohle ke sebe,” kapa ho tlōla moeli oa litekanyetso tse lokileng tsa Molimo. “’Me sebe se teng se sa iseng lefung” hobane se hlahisoa ke ho se phethahale hoa rōna, re bontša pako, ’me sebe se koaheloa ke sehlabelo sa Kreste.
Lintlha tsa Sehlooho tsa Lengolo la Johanne
22. Ke mang ea sa ‘kakatleleng’ Mokreste ea tšepahalang, hona motho ea joalo a ka rapella eng ka tšepo?
22 Joale Johanne o akaretsa lintlha tsa motheo lengolong la hae. (Bala 1 Johanne 5:18-21.) E mong le e mong ea “tsoetsoeng ke Molimo” e le Mokreste ea tsoetsoeng ka moea “ha a etse sebe.” Jesu Kreste, “Ea tsoetsoeng ke Molimo” ka moea o halalelang, ‘o-oa mo boloka, ’me e mobe [Satane] ha a mo kakatlele.’ (NW) Mokreste ea joalo ea tlotsitsoeng ea tšepahalang a ka rapela ka tšepo bakeng sa ho lokolloa ho e mobe ’me, ka “thebe [e khōlō] ea tumelo,” a ka pholoha kotsi ea moea e tsoang ‘metsung e tukang’ ea Satane.—Mattheu 6:13; Ba-Efese 6:16.
23. “Lefatše lohle le rapaletse ka tlase ho e mobe” joang?
23 Kaha batlotsuoa ba na le bopaki ba hore ke bara ba moea ba Jehova, ba ka re, “Rea tseba hoba re tsoetsoe ke Molimo.” ’Nete ea hore ba na le tumelo ho Kreste ’me ha ba etse sebe e paka hore ke bana ba Molimo bao Satane a sa kang a khona ho ba ‘kakatlela.’ Empa “lefatše lohle [mokhatlo o khopo oa batho] le rapaletse ka tlase ho e mobe,” Satane Diabolose. (Ba-Efese 2:1, 2; Tšenolo 12:9) Lefatše le inehela tšusumetsong e khopo ea Satane le pusong ea hae, le sa etse boiteko ba letho ba ho itokolla e le hore le ka etsa thato ea Molimo.
24. Jesu o re file “temoho ea kelello” ho isa hokae?
24 Baruti ba bang ba bohata ba ne ba tsitlalletse hore Kreste ha a ka a tla nameng. (2 Johanne 7) Empa bopaki bo qotsitsoeng lengolong lena bo nolofalelitse Johanne hore a re, “Rea tseba hape hoba Mor’a Molimo o tlile.” (1 Johanne 1:1-4; 5:5-8) Ho feta moo, Jesu o “re neile kutloisiso,” kapa “temoho ea kelello,” e le “hore re tsebe Oa ’nete,” kutloisiso e tsoelang pele ea Molimo. (Mattheu 11:27) Kahoo “re [kamanong le] Oa ’nete [Jehova Molimo], [ka] Mora oa oona Jesu Kreste.”—Bapisa Johanne 17:20, 21.
25. Joaloka Bakreste, re ka sebelisa keletso e ho 1 Johanne 5:21 joang?
25 Ba kamanong le Molimo oa ’nete, Jehova, e bang ke ba masala a tlotsitsoeng kapa ba “linku tse ling,” ba lakatsa ho mo khahlisa ka tsela tsohle. Empa liteko tsa ho tšoareha borapeling ba litšoantšo li ne li le teng lekholong la pele la lilemo, joalokaha li le teng le kajeno. Kahoo ka ho loketseng Johanne o phetha lengolo la hae ka keletso ena ea bontate: “Bana, itšabiseng melimo ea bohata.” Joaloka Bakreste, ha re khumamele litšoantšo. (Exoda 20:4-6) Le rōna rea tseba hore e ne e tla ba phoso ho bea boithabiso, kapa ho bea ntho leha e le efe le ho ipea sebakeng sa Molimo. (2 Timothea 3:1, 2, 4) ’Me boinehelo ba rōna ho oona bo re thibela ho rapela “sebata” sa bopolotiki le “setšoantšo” sa sona. (Tšenolo 13:14-18; 14:9-12) Ka hona re e-na le pono ea ho thabisa Ntate oa rōna oa leholimo le ho amohela mpho ea hae ea bophelo bo sa feleng, a re tieeng boikemisetsong ba rōna ba ho qoba borapeli bohle ba litšoantšo, le kamohla re se bo lumelle ho senya kamano ea rōna ea bohlokoa le Jehova ka Jesu Kreste.
Thuso ea Nako e Telele Bakeng sa Rōna
26. Ke litšobotsi life tse ling tsa bohlokoa tsa Johanne oa Pele?
26 Lengolo la pele la Johanne le bululetsoeng le thusitse Bakreste ba pele ho qoba borapeli ba litšoantšo. Le ile la ba nolofaletsa ho tobana ka katleho le mashano a bakoenehi, ’me le sa sebeletsa morero o tšoanang le kajeno. Ka mohlala, le paka hore Jesu Kreste o phetse e le motho a ba a shoa e le “pheko” bakeng sa libe. Lengolo lena le khetholla “antikreste” hape le khetholla bana ba Molimo ho ba Diabolose. Le bontša mokhoa oa ho leka “lipolelo tse bululetsoeng” ho bona hore na li tsoa ho Jehova kapa che. Ho feta moo, mantsoe a Johanne a re kholisa hore “Molimo ke lerato,” hore tumelo ea ’nete e hlōla lefatše, le hore Jehova o utloa lithapelo tsa lipaki tsa hae tse tšepahalang.
27. Lengolo la pele le bululetsoeng ke Molimo la Johanne le ka re thusa ka litsela life?
27 Ha re tobane le liteko tsa lefatše, ke ho bohlale hakaakang ho hopola temoso ea Johanne khahlanong le ho rata lefatše! Haeba ho se tšoane hoa botho ho ka senya kamano ea rōna le balumeli ba bang, mantsoe a moapostola a ka re hopotsa hore re ka ipaka re le barati ba Molimo ka ho bontša lerato la boena. Ka thuso ea bomolimo le ka ho sebelisa keletso ea Johanne, re ka qoba ho etsa sebe ’me re ka boloka tumelo e hlōlang lefatše. Kahoo a re bontšeng teboho ea rōna lengolong lena le bululetsoeng ha re ntse re tsamaea leseling la Molimo, re tsoela pele ho phela joaloka bana ba Molimo, ’me re bontša lerato le tumelo kamehla tlotlisong ea Ntate oa rōna oa leholimo, Jehova.
U Ne U Tla Arabela Joang?
◻ Haeba re rata Jehova, hoo ho lokela ho ama kamano ea rōna le balumeli ’moho joang?
◻ Re ka “hlōla lefatse” joang?
◻ ‘Lipaki tse tharo’ ke life mabapi le Mora oa Molimo?
◻ Mabapi le thapelo, re ka ba le “tšepo” efe?
◻ Johanne oa Pele e ka re thusa ka litsela life?
[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 22]
Kaha Jehova o re ratile re sa le baetsalibe, ‘re tlameha ho ratana’
[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 23]
Tumelo ea rōna ho Molimo, Lentsoe la oona, le ho Mora oa oona ea tsoetsoeng a le mong li re nolofaletsa ho “hlōla lefatše”
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Moea o halalelang, metsi a kolobetso ea Jesu, mali a hae a tšolotsoeng, le Jehova ka boeena li paka hore Jesu Kreste ke Mora oa Molimo