Le ’Ne le Tsamaee Leseling la Molimo
Nakong eo phutheho e ithutang sehlooho sena le tse peli tse latelang, motsamaisi o lokela hore a etse hore likarolo tse qotsitsoeng tsa Johanne oa Pele li baloe ha nako e lumela.
“Molimo ke leseli.”—1 JOHANNE 1:5, TLP.
1, 2. Johanne oa Pele e ngotsoe neng hona e ngoletsoe hokae, ’me e sebetsa ho bo-mang?
LIPAKI TSA JEHOVA li leboha leseli la Molimo ’me li ikemiselitse ho ’na li tsamaea ho lona. Leha ho le joalo, ho etsa joalo ha ho bonolo, hobane esita le barutuoa ba pele ba Jesu Kreste ba ne ba tobane le bokoenehi. Empa baapostola ba Jesu ba tšepahalang ba ile ba bo thibela hore bo se ke ba kekela, ’me e mong ea neng a bo ‘thibela’ ke moapostola Johanne. (2 Ba-Thessalonika 2:1-12) E le monna moholo ea phelang Efese kapa haufi le teng ho e ka bang ka 98 C.E., o ile a ngola lengolo la hae la pele le bululetsoeng ke Molimo. Keletso ea lona e thusitse Bakreste ba lekholong la pele la lilemo hore ba ’ne ba tsamaee leseling la Molimo. Empa ho thoe’ng ka rōna?
2 Mantsoe a Johanne a ntse a le molemo le ho Bakreste ba lekholong la bo20 la lilemo. Ka hona nakong ea ha u ithuta sehlooho sena le tse peli tse se latelang, etsa bonnete ba hore u bala likarolo tsohle tse qotsitsoeng tsa lengolo la hae la pele le bululetsoeng ha li hlahlobjoa. Lengolong la moapostola le litlhalosong tsa rōna ho lona, liemeli tse kang “re” le “rōna” li bua haholo-holo ka balateli ba tlotsitsoeng ba Jesu. Empa melao ea motheo e amanang le ho loka, lerato, tumelo, le e tšoanang le eona, e boetse e sebetsa le ho Bakreste ba nang le tšepo ea lefatšeng.
Kopano e Tlisang Thabo
3. Ke bopaki bofe bo teng ba hore Mora oa Molimo o ile a phela, a utloa bohloko a ba a shoa e le motho, hona ke hobane’ng ha a bitsoa “lentsoe la bophelo”?
3 Johanne o qala ka ho bua ka “kopano” e thabisang. (Bala 1 Johanne 1:1-4.) Jesu, “lentsoe la bophelo,” o ne a e-na le Jehova ‘qalong’ e le letsibolo la pōpo ea Molimo, eo ‘tsohle li hloliloeng ka eena.’ (Ba-Kolosse 1:15, 16) Bakoenehi ba bang ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba ipolela ba se na sebe ’me ba latola sebaka se loketseng sa Kreste tokisetsong ea bomolimo. Empa baapostola ba Jesu ba mo utloile a bua, ba mo talimisisa ka hloko le ho mo ama. ’Me ba tseba hore matla a Molimo a sebetsa ka eena. Ka hona ho ne ho e-na le bopaki ba ea boneng ka mahlo ba hore e ne e le Mora oa Molimo ea ileng a phela, a utloa bohloko a ba a shoa e le motho. Ke “lentsoe la bophelo” hobane “bophelo [bo sa feleng] bo senotsoe” ka Jesu, eo ka eena Molimo o faneng ka topollo.—Ba-Roma 6:23; 2 Timothea 1:9,10.
4. Ke eng se boleloang ke “kopano” eo batlotsuoa ba nang le eona?
4 Ka seo baapostola ba se buileng le ho se ngola, ba ‘pakile’ motho ea hlokang sebe Jesu Kreste. Johanne o ‘boletse’ litaba tse joalo e le hore batlotsuoa ba ka ba le “kopano,” kapa botsoalle, le majalefa a mang a ’Muso, le Ntate, le Mora oa Hae. “Kopano” ena e bontša bonngoe ’me ke sesosa sa thabo e khōlō. (Pesaleme ea 133:1-3; Johanne 17:20, 21) Bakoenehi ba hloeang metsoalle ea bona ea pele tšebeletsong ea Jehova ha ba sa na botsoalle bo joalo le Molimo le Kreste.
“Molimo ke Leseli”
5. Baapostola ba ile ba amohela “molaetsa” ofe ho Jesu, ’me o ama boitšoaro ba Lipaki tsa Jehova joang?
5 Ho hlahlamang ho boletsoeng, ke “molaetsa” oo baapostola ba o amohetseng ho Jesu. (Bala 1 Johanne 1:5-7, TLP.) Ke ona: “Molimo ke leseli, ’me [“kamanong le,” NW] eena lefifi ha le eo ho hang [ha ho ho sa halaleleng, ho sa hloekang, hoo e seng ’nete, kapa bokhopo].” Ka hona Lipaki tsa Jehova li qoba mekhoa eohle ea boetsalibe e amanang le lefifi. (Jobo 24:14-16; Johanne 3:19-21; Ba-Roma 13:11-14; 2 Ba-Korinthe 6:14; 1 Ba-Thessalonika 5:6-9) Kaha bakoenehi ba bang ba ne ba sa lumele hore ho na le mesebetsi ea boetsalibe, ba ne ba le lefifing la moea. Ba ne ba ipolela hore ba na le tsebo ea lekunutu, empa Molimo ke leseli, e seng lekunutu le letšo. O fana ka leseli la moea feela ho lipaki tsa hae tse tšepahalang.—Mattheu 5:14-16; 1 Petrose 2:9.
6. Haeba re ‘phetha ’nete,’ re na le tlhohonolofatso efe?
6 Haeba re bolela hore re na le “kopano” le Molimo empa “re tsamaea lefifing,” re phela bophelo ba boetsalibe, “re leshano, ’me ha re phethe tsa ’nete,” kapa ha re phele tumellanong le eona. Empa haeba re phehella tsela e lumellanang le ’nete, re leseling, joaloka Molimo. Re na le “kopano” le Bakreste ba habo rōna, bao kaofela ba kopaneng thutong, ponong ea moea, mosebetsing oa ho etsa barutuoa le lintlheng tse ling tsa borapeli bo hloekileng.
7. Ke hobane’ng ha mali a Jesu a ka ‘re hlatsoa libe tsohle’?
7 Ho fapana le bakoenehi ba bang ba pejana, rōna ba ‘tsamaeang leseling’ rea lumela hore sebe se litšila. Mali a Jesu “a re hlatsoa libe tsohle” hobane ha re baetsalibe ba ka boomo. (Mattheu 12:31, 32) Ka sebele, rea leboha hore e be Molimo o bontša mohau le ho Bakreste ba fosang empa ba baka.—Pesaleme ea 103:8-14; Mikea 7:18, 19.
Motheo bakeng sa Pheko
8, 9. (a) Jehova o tla re tšoarela motheong ofe? (b) Mabapi le sebe, bakoenehi ba bang ba ne ba re’ng, hona ke hobane’ng ha ba ne ba fositse?
8 Johanne o boetse o qotsa motheo bakeng sa ho itlhoekisa sebeng. (Bala 1 Johanne 1:8–2:2.) Haeba re re, “Ha re na sebe,” re latola ’nete ea hore batho bohle ba sa phethahalang ke baetsalibe, ’me “’nete ha e eo ho rōna.” (Ba-Roma 5:12) Empa Molimo o-oa “tšepeha” ’me o-oa re tšoarela “ha re ipolela libe tsa rōna” ho oona ka boikutlo bo bakileng bo re susumelletsang ho lahla liketso tse fosahetseng. (Liproverbia 28:13) Molimo o buile tjena ka ba selekaneng se secha: “Ha ke sa tla hopola libe tsa bona.” (Jeremia 31:31-34; Ba-Heberu 8:7-12) Ka ho ba tšoarela, o tšepahala tšepisong eo.
9 Ho feta moo, Molimo o “lokile,” kamehla o tšoarella melaong ea oona ea ho loka. O phethahalitse tōka ka topollo ’me o ‘ka re tšoarela libe tsa rōna le ho re hlatsoa bokhopo bohle’ haeba re ipolela boetsalibe ba rōna ka tumelo sehlabelong sa Jesu. (Ba-Heberu 9:11-15) Ka lefu la hae Messia o ile a tlosa libe, joalokaha phooko e jereng libe e ne e lelekelloa feelleng ka Letsatsi la Poelano. (Levitike 16:20-22; Esaia 53:5, 8, 11, 12; 1 Petrose 2:24) Bakoenehi ba bang ba itse, ‘Ha re e-s’o etse sebe,’ kahoo ba ‘etsa Jehova ea leshano.’ Empa ‘Molimo ha o thetse,’ ’me Lentsoe la oona le bontša hore batho bohle ba sa phethahalang ke baetsalibe. (Tite 1:2; Moeklesia 7:20; Ba-Roma 3:23) Koana, ho bolela hore ‘ha re e-s’o etse sebe’ ho ne ho tla bolela hore lentsoe la Molimo ha le eo “ho rōna,” ha le eo lipelong tsa rōna!—Bapisa Ba-Heberu 8:10.
10. Ke ka tsela efe Jesu e leng “pheko”?
10 Johanne o ngola ‘taba tsena’ ka sebe, tšoarelo le tlhoekiso e le hore re se ke ra etsa sebe. Mantsoe a hae a lokela ho re susumelletsa ho se etse sebe. (1 Ba-Korinthe 15:34) Empa haeba re ka etsa “sebe” ’me ra bontša pako, re na le “moemeli pel’a Ntate”—“Jesu Kreste ea lokileng,” ea re rapellang ho Molimo. (Ba-Heberu 7:26; bapisa Johanne 17:9, 15, 20.) Jesu ke “pheko.” Lefu la hae le phethahalitse tōka ’me le nolofalelitse Molimo ho atolosa mohau le ho tlosa qoso ea sebe ka lehlakoreng la Baiseraele ba moea le “lefatše lohle,” ho akarelletsa “bongata bo boholo.” (Ba-Roma 6:32; Ba-Galata 6:16; Tšenolo 7:4-14) Re ananela sehlabelo seo hakaakang!
Utloa Molimo ’me U Bontše Lerato
11. Ke ka bopaki bofe re tsebang hore re “kamanong le” Molimo?
11 Hore re ’ne re tsamaee leseling la Molimo, re tlameha ho utloa Jehova. (Bala 1 Johanne 2:3-6.) Rea hlokomela hore “re tseba” Molimo, rea o utloisisa hammoho le litšoaneleho tsa oona, haeba “re boloka litaelo tsa oona.” Mang kapa mang ea ipolelang hore u tseba Jehova empa a hlōleha ho mo utloa “o leshano.” Ho fapana le moo, “lerato la Molimo le phethehile,” kapa le feletse, haeba re boloka lentsoe la oona. Ka bopaki bona ba ho utloa le ho rata Molimo, rea tseba hobane “re kamanong le oona.” (NW) ’Me re tlamelloa ho tsamaea joaloka Mora oa oona, mosebetsing oa ho etsa barutuoa, likamanong tsa rōna le ba bang, joalo-joalo.
12. Bakreste ba na le ‘taelo efe ea khale,’ hona e boetse e “ncha” joang?
12 Lerato la boena le lona ke la bohlokoa. (Bala 1 Johanne 2:7, 8.) Johanne o ngola “taelo ea khale” eo ba tšepahalang ba bileng le eona “e sa le ho qaleng” hoa bophelo ba bona e le Bakreste. Ke ea “khale” hobane Jesu o fane ka eona lilemo pejana ha a ne a bolella balateli ba hae hore ‘ba ratane joale ka ha a ba ratile.’ (Johanne 13:34) Hape e boetse e “ncha” hobane e fetela ka nģane ho larato la boahisane le neng le hlokoa ke Molao ’me e batla hore motho a utloisise ho tella balumeli ’moho le eena bophelo ba hae. (Levitike 19:18; Johanne 15:12, 13) Kaha lerato la rōna la boitelo le paka hore ho itšetleha ka ‘taelo ena e ncha’ ke ‘’nete tabeng ea Kreste le ea rōna, lefifi lea feta, ’me leseli la ’nete le se le hlahile’ har’a rōna.
13. Ho latela 1 Johanne 2:9-11, ke bo-mang ba “leseling” ’me ke bo-mang ba lefifing?
13 Empa, ha e le hantle ke mang ea “leseling”? (Bala 1 Johanne 2:9-11.) Koana, “ea bolelang hore o leseling, athe o hloile ngoan’abo” o sa le lefifing la moea “le joale.” Empa “ea ratang ngoan’abo, o lutse leseling,” ’me tabeng ea hae ha ho letho “le mo khopisang.” Mona lentsoe la Segerike le hlahisa sefi se chehetsoeng phoofolo ’me le bolela ntho e ’ngoe e ka tlisang ho oela sebeng. Ha e le hantle, ea ipolelang hore ke Mokreste feela a hloile ngoan’abo “ha a tsebe moo a eang teng, kahobane lefifi le foufalitse mahlo a hae.” (Mattheu 13:13-15) Na temoso ee e tla u susumelletsa ho qoba lefifi la moea ka ho hana ho lumella liphapano tsa botho, mashano a bakoenehi, kapa ntho leha e le efe e ’ngoe hore li senye lerato la hao la boena?
Motheo bakeng sa Tšepo
14. “Bana [ba banyenyane]” le “bo-ntate” bao Johanne a buang ka bona ke bo-mang?
14 Johanne o boetse o bua ka tšepo ho “bana [ba banyenyane],” ka ho totobetseng a bolela phutheho eohle. (Bala 1 Johanne 2:12-14.) Libe tsa rōna li tšoaretsoe ‘ka baka la lebitso la Kreste,’ hobane ke ka eena feela Molimo o entseng hore pholoho e fumanehe. (Liketso 4:12) Batlotsuoa ba “tseba Ntate” hobane o ba tsoetse ka moea oa hae. Ba bang ke “bo-ntate”—mohlomong ke balumeli ba hōlileng, ba nang le phihlelo e kholoanyane le ba hōlileng moeeng. Ba tseba Jesu, ea bileng teng ‘ho tloha qalong’ ka hore e be Molimo o mo bōpile pele ho lintho tse ling kaofela.
15. (a) “[Banna] ba bacha” bao Johanne a buang ka bona ke bo-mang, hona ba “hlōtse e mobe” joang? (b) Fana ka mohlala oa kamoo re ka ’nang ra ‘hlōla’ Satane kajeno.
15 “[Banna] ba bacha” bao Johanne a buang ka bona e ka ’na ea e-ba Bakreste ba banyenyane le ba nang le phihlelo e fokolang. Ba “hlōtse e mobe,” Satane, ka ho se inehele ‘mererong’ ea hae. (2 Ba-Korinthe 2:11) Ka mohlala, kajeno hona ho ne ho tla akarelletsa ho qoba boithabiso bo litšila, ’mino o hlephileng, le libuka tsa bootsoa, tse ka senyang metheo ea Bokreste ’me tsa fella ka ho oela boitšoarong bo bobe ba botona le botšehali. “[Banna] ba bacha” bana ba hlōla Satane hobane ba “matla” moeeng ’me “lentsoe la Molimo” le sala ka ho bona. E se e ka re ka tšoana le bona ka ho amohela litokisetso tsa Molimo tsa moea, ra hana bokoenehi ’me ra ’na ra tsamaea leseling la Molimo.
Lerato leo Re sa Tlamehang ho ba le Lona
16. Ha rea tlameha ho ba le lerato lefe, empa hoo e neng e tla ba ’nete ka rōna ke hofe haeba re ne re e-na le lipono le litakatso tsa lefatše?
16 Hore na re Bakreste ba bacha kapa ba hōlileng, ho na le lerato leo re sa tlamehang ho ba le lona. (Bala 1 Johanne 2:15-17.) Ha rea tlameha ho ‘rata lefatše, leha e le tse lefatšeng.’ Ho e-na le hoo, ho hlokahala re ipoloke re sa silafatsoa ke tšenyeho ea mokhatlo o khopo oa batho ’me ha rea tlameha ho hemeloa ke “moea” oa oona, kapa ra susumetsoa ke boikutlo ba oona bo busang ba boetsalibe. (Ba-Efese 2:1, 2; Jakobo 1:27) Haeba re ne re ka ba le lipono tsa lefatše le litakatso tsa lona, “lerato la Ntate” le ne le ke ke la ba ka ho rōna. (Jakobo 4:4) Ka sebele tseo ke lijo tse lokelang ho nahanoa ka thapelo, na ha ho joalo?
17. Bakreste ha ba tlameha ho khotsofatsa litakatso life tsa lefatše?
17 “Tsohle tse lefatšeng” ha li tsoe ho Molimo. Tsena li akarelletsa “takatso ea nama,” eo ho e khotsofatsa ho bolelang ho khotsofatsa litakatso tse joalo tsa boetsalibe tse kang litakatso tsa boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali. (1 Ba-Korinthe 6:15-20; Ba-Galata 5:19-21) Hape ho lokelang ho qojoa ke ho inehela ‘takatsong ea mahlo.’ Tholoana e thibetsoeng e lakatsehang ka mahlo ea hohela Eva, le ho talima hoa Davida Bathe-Sheba ha a hlapa ho ile hoa isa sebeng se tebileng. (Genese 3:6; 2 Samuele 11:2-17) Joale hore re ’ne re tsamaee leseling la Molimo, re tlameha ho qoba boithabiso bo hlephileng le lintho tse ling tse ipiletsang litakatsong tsa boetsalibe ’me li senya pelo.—Liproverbia 2:10-22; 4:20-27.
18. Ke hobane’ng ha “boikhantšo joa bophelo” bo se na thuso, ’me bo hlōleha ho tlisa eng?
18 Ho boetseng ho tsoa lefatšeng ke “boikhantšo joa bophelo.” Motho ea ikhohomosang a ka ’na a ithorisa ka leruo la hae, liphahlo tsa hae, le tse tšoanang, tseo kaofela li ka mo lahlehelang. “Boikhantšo” ba hae bo ka ’na ba khahla batho ba bang ’me ba tlisa thoriso e fetang ka potlako empa e seng tlhohonolofatso ea bomolimo.—Mattheu 6:2, 5, 16, 19-21; Jakobo 4:16.
19. Lefatše lee le tla etsahalloa ke’ng, hona ’nete ee e lokela ho re ama joang?
19 Hopola hore “lefatše lea feta” ’me le tla timetsoa. (2 Petrose 3:6) Litakatso tsa lona le tšepo ea lona li tla fela le lona, ho joalo le ka batho ba le ratang. Johanne o re, “Empa ea etsang thato ea Molimo, o hlola ka ho sa feleng.” Kahoo a re lebelleng bophelo bo sa feleng ka ‘ho tela litakatso tsa lefatše’ ’me re ’ne re tsamaee leseling la Molimo.—Tite 2:11-14.
Itebele Khahlanong le Bokoenehi
20. Ba neng ba ‘hanyetsa Kreste’ ba ne ba bitsoa eng, ’me ho hlaha hoa bona hoa paka hore ho fihlile eng?
20 Joale Johanne o re lemosa ka bo-antikreste. (Bala 1 Johanne 2:18, 19.) O hopotsa balumeli ’moho le eena hore “ba utloile” ho baapostola “hobane antikreste o ea tla.” Ho hlaha hoa “bo-antikreste ba bangata” ho pakile hore e ne e le “nako ea qetello,” karolo ea ho qetela ea nako ea boapostola. Le hoja ‘ba hananang le Kreste’ ba ile ba thea sehlopha se litšobotsi li ngata sa “antikreste,” bo-antikreste ba bangata ka bomong ba ile ba iketsa eka ba rapela Molimo empa “e ne e se ba rōna” ’me ba lahlile Bokreste ba ’nete. Rea thaba hore e be ho tsamaea kapa ho lelekoa hoa ba joalo kajeno ho thibela tšenyeho ea phutheho.
21. Ke hobane’ng ha Bakreste ba tsoetsoeng ka moea ba e-na le ‘tsebo,’ ’me ba tseba “’nete” efe?
21 Lipono tsa bokoenehi li hanoa ke Bakreste ba tšepahalang ba tsoetsoeng ka moea. Kaha “tlolo [e tsoang] ho Ea halalelang,” Jehova, e ba thusa ho utloisisa Lentsoe la hae, ‘kaofela ha bona ba na le tsebo.’ (Bala 1 Johanne 2:20, 21.) Ka sebele ba tseba “’nete” joalokaha e bua ka Jesu Kreste, ha bakoenehi ba e-na le likhopolo tse fosahetseng ka eena. Kaha ha ho “leshano le tsoang ’neteng,” bohle ba ratang Jehova ba hana lipono tse joalo tsa bohata le ba li buellang.
22. C. T. Russell o ile a etsa’ng ha e mong oa metsoalle ea hae ea pele a latola topollo?
22 Ho phaella moo, “ea leshano ke mang, ha e se ea latolang hore Jesu ke Kreste,” Motlotsuoa oa Molimo? (Bala 1 Johanne 2:22-25.) E, “ea latolang Ntate le Mora ke eena e leng antikreste”! Ho khahlisang, ha motsoalle oa pele oa seithuti sa Bibele Charles T. Russell a hana topollo, Russell a ikhula botsoalleng ba hae ’me a qala ho hatisa koranta ena, eo kamehla e ’nileng ea bolela ’nete ka tšimoloho ea Kreste, karolo ea Bomessia, le tšebeletso e lerato e le “pheko.”
23. ‘Ho bolela Mora’ ho ama kamano ea rōna le Molimo le litebello tsa rōna joang?
23 Jehova hase Motsoalle oa bakoenehi ba latolang Kreste. (Johanne 5:23) Empa rōna ba ‘bolelang Mora phatlalatsa re na le Ntate,’ re le ba kamanong e amohelehang le Molimo. (Mattheu 10:32, 33) Balateli ba Jesu ba tšepahalang ba pejana ba ile ba tšoarella ho seo ba se utloileng ka Mora oa Molimo “e sa le ho qaleng” hoa bophelo ba bona e le Bakreste. ’Me haeba ’nete e joalo e le lipelong tsa rōna, re tla “lula kamanong le” Molimo le Kreste ’me re tla amohela ‘pallo eo re e baletsoeng,’ bophelo bo sa feleng.—Johanne 17:3.
Ho Rutoa ke Jehova Molimo
24. Ke bo-mang ba ‘tlotsitsoeng’ ke moea o halalelang, hona ke hobane’ng ha ba sa “tšoanela ho rutoa ke e mong”?
24 Hore re tsamaee leseling la Molimo ’me re se ke ra khelosoa ke bakoenehi, re hloka taeo e nepahetseng ea moea. (Bala 1 Johanne 2:26-29.) Ba tsoetsoeng ka moea ba ‘tlotsitsoe’ ke moea o halalelang, ba tseba Molimo le Mora oa oona, ’me “ha [ba] tšoanela ho rutoa ke e mong [mokoenehi].” Ka moea oa oona o tlotsang, Molimo o “ruta” Baiseraele ba moea “tsohle” tse hlokahalang ho o rapela ka ho amohelehang. (Johanne 4:23, 24; 6:45) Rea thaba hore ebe joaloka Lipaki tsa Jehova re amohela taeo e joalo ea moea ho Molimo ka “mohlanka ea khabane, ea bohlale.”—Mattheu 24:45-47.
25, 26. (a) Ke hobane’ng ha batlotsuoa ba ka ba le “tšepo e tiileng”? (b) ‘Ho etsa ho lokileng’ ho bolela eng?
25 Johanne o phehella batlotsuoa ba lailoeng hantle hore ba ‘lule [kamanong le]’ Molimo. Ba “kamanong le” Jehova ka ho tšoanang ba bonngoeng le Mora oa hae. (Johanne 14:19-21) Bonngoe bo joalo boa khothaletsoa e le hore “mohla [Kreste] a hlahang, re tle re be le tšepo e tiileng, ’me re se ke ra soaba pel’a hae ho hlaheng ha hae,” ke hore, nakong ea Parousia ea hae.
26 Kaha hona joale re phela nakong ea ‘boteng’ ba Jesu, re ka tiisa joang hore ha ho letho leo re ka bang lihlong ka lona le hore ka sebele re tsamaea leseling la Molimo? Ka ‘ho etsa ho lokileng.’ Johanne o bea mabaka, ‘haeba re tseba hore Molimo o lokile, rea tseba hoba e mong le e mong ea etsang ho lokileng, o tsoetsoe ke eena.’ ‘Ho etsa ho lokileng’ ho bolela ho utloa litaelo tsa Molimo, ho qoba bokhopo, le ho tšoareha mesebetsing e metle e kang ho etsa barutuoa le ho thusa balumeli ba bang. (Mareka 13:10; Ba-Filippi 4:14-19; 1 Timothea 6:17, 18) Ho ba ea ‘tsoetsoeng’ ke Molimo ho bolela ho ba ea ‘tsoetsoeng la bobeli’ joaloka bana ba oona ba moea.—Johanne 3:3-8.
27. Ho se hlahlamang moapostola Johanne o tla re bontša eng?
27 Kahoo Johanne o bontšitse mokhoa oa ho ’na re tsamaea leseling la Molimo. Ho se hlahlamang o bontša mokhoa oa ho phela joaloka bana ba Molimo. Hoo ho hloka eng?
LikarabeloTsa Hao ke Life?
◻ Johanne o fana ka bopaki bofe ba hore Mora oa Molimo o phetse, a utloa bohloko, a ba a shoa e le motho?
◻ Ke ka tsela efe Jesu Kreste e leng “pheko”?
◻ Bakreste ba na le taelo efe eo e leng ea “khale” le e “ncha”?
◻ Lefatše lee le tla etsahalloa ke eng, hona ’nete ee e lokela ho re ama joang re le Bakreste?
◻ Batlotsuoa ba ka tiisa joang hore ba tsamaea leseling la Molimo?
[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 12]
Na u bontša kananelo sehlabelong sa Jesu?