Tsoelang Pele le Phela Joaloka Bana ba Molimo
“E mong le e mong ea sa etseng ho lokileng hase oa Molimo, leha e le ea sa rateng ngoan’abo.”—1 JOHANNE 3:10.
1, 2. Ha re ntse re tsoela pele ho ithuta Johanne oa Pele, re tla hlahloba keletso efe ea moapostola?
JEHOVA o na le lelapa la bokahohle, ’me hona joale batho ba bang ke karolo ea lona. Ke bana ba Molimo. Empa ba fapane le ba bang joang?
2 Lengolong la hae la pele le bululetsoeng ke Molimo, moapostola Johanne o khetholla batho bana ba hauhetsoeng haholo. O boetse o ba fa keletso e ba thusang hore ba tsoele pele ba phela joaloka bana ba Molimo. ’Me seo a se buang se tla tsoela lipaki tsohle tsa Jehova tse inehetseng molemo.
Lerato la Molimo le Leholo Hakaakang!
3. Ba bang ba entsoe “bana ba Molimo” joang, hona lefatše le ba talima joang?
3 Johanne o bolela tšepo ea Bakreste ba tlotsitsoeng. (Bala 1 Johanne 3:1-3.) Jehova o bontšitse lerato le lekaakang ka ho inkela bona e le bara ba moea, a ba etsa “bana ba Molimo”! (Ba-Roma 5:8-10) Moea oa bona oa bomolimo, merero ea bona le tšepo ea bona ha li kopaneloe ke “lefatše”—mokhatlo oa batho o khopo. Mokhatlo o joalo oa lefatše o hloile Kreste le balateli ba hae ’me kahoo o hloile le Ntate. (Johanne 15:17-25) Ka hona lefatše le ka ’na la tseba batlotsuoa e le batho ka bomong empa e seng e le bana ba Molimo hobane “ha lea ka la . . . tseba” Jehova.—1 Ba-Korinthe 2:14.
4. E mong le e mong ea nang le tšepo ea bophelo ba leholimong o lokela ho etsa eng?
4 Hona joale, batlotsuoa ke bana ba Molimo. Johanne o re: “’Me seo re tla ba sona,” hoba re shoe re tšepahetse ’me re tsosetsoe bophelong ba leholimo ka ’mele ea moea, “ha se e-so ho bonahatsoe.” (Ba-Filippi 3:20, 21) Leha ho le joalo, ‘mohla Molimo o bonahatsoang,’ ba tla “tšoana le oona” ’me ba “tla o bona kamoo o leng kateng” e le “Jehova Moea.” (2 Ba-Korinthe 3:17, 18, NW) E mong le e mong ea nang le “tšepo eo” ea bophelo ba leholimo o lokela ho susumelletseha ho itlhoekisa “joale ka ha le oona [Jehova] o hloekile.” Le hoja hona joale batlotsuoa ba sa phethahala, ba lokela ba be ba phela bophelo bo hloekileng bo lumellanang le tšepo ea bona ea ho bona Molimo o hloekileng le o halalelang sebakeng sa leholimo.—Pesaleme ea 99:5, 9; 2 Ba-Korinthe 7:1.
Etsa se Lokileng
5, 6. E mong le e mong ea tloaetseng ho etsa sebe o etsa eng ponong ea Molimo, empa ntlheng ena, ke eng seo e leng ’nete ka ba setseng “kamanong le” Jesu Kreste?
5 Ho phela joaloka bana ba Molimo ho boetse ho bolela ho etsa se lokileng. (Bala 1 Johanne 3:4, 5.) “E mong le e mong ea etsang sebe o etsa tlōlo ea molao” ponong ea Jehova, eo moetsalibe a tlōlang melao ea hae. (Esaia 33:22; Jakobo 4:12) ‘Sebe sohle ke ho tlōla molao,’ ho robjoa hoa melao ea Molimo. Ho etsa sebe ho hanana le moea oa Bokreste, ’me rea leboha hore ebe Jesu Kreste ‘o ile a hlaha’ e le motho “hore a tle a tlose libe tsa rōna.” Kaha “ha ho sebe ho eena,” o ile a khona ho hlahisa ho Molimo sehlabelo se le seng se khotsofatsang ka ho feletseng tšoarelong ea libe.—Esaia 53:11, 12; Ba-Heberu 7:26-28; 1 Petrose 2:22-25.
6 “E mong le e mong ea lutseng [“kamanong le,” NW] ho eena [Mora] ha a etse sebe.” (Bala 1 Johanne 3:6.) Ka lebaka la ho se phethahale, ka linako tse ling re ka ’na ra etsa sebe. Empa ho etsa sebe hase tloaelo ho ba lulang kamanong le Mora ’me hape kamanong le Ntate. Ba itloaelitseng sebe ha ba ka ba ‘bona’ Jesu ka leihlo la tumelo; leha e le hore baetsalibe ba joalo ba kang bakoenehi ba ‘tseba’ le ho ananela Kreste e le “Konyana ea Molimo” e tlosang libe.—Johanne 1:36.
7, 8. Ho latela 1 Johanne 3:7, 8, ea tloaetseng ho etsa sebe ka boomo ke oa mang, empa Mora oa Molimo o ‘hlahile’ ho tla etsa eng ntlheng ee?
7 Johanne o lemosa khahlanong le ho khelosoa. (Bala 1 Johanne 3:7, 8.) Moapostola o re: “Le se ke la thetsoa ke motho.” A phaella: “Ea etsang ho lokileng [ka ho boloka molao oa Molimo] o lokile, joale ka ha le eena [Jesu Kreste] a lokile.” Boetsalibe ba rōna bo re thibela hore re be ba lokileng ka tekanyo e tšoanang le ea Mohlala o Moholo. Empa ka mohau oa Jehova o sa tšoanelang, balateli ba tlotsitsoeng ba Jesu hona joale ba ka tsoela pele ba phela joaloka bana ba Molimo.
8 Ea etsang sebe ka boomo “ke oa Diabolose,” eo esaleng a etsa sebe “e sa le ho qaleng” hoa tsela ea hae ea ho fetohela Jehova. Empa Mora oa Molimo ‘o ile a hlaha’ hore a “felise mesebetsi” ea Satane ea ho buella sebe le bokhopo. Hona ho akarelletsa ho etsolla liphello tsa lefu la Adama ka pheko ea sebe e entsoeng ka Kreste le ho tsosa ba Sheol (Hades), hammoho le ho khobjoa hoa hlooho ea Satane. (Genese 3:15; 1 Ba-Korinthe 15:26) Ho sa le joalo, masala a tlotsitsoeng le “bongata bo boholo,” a re itebeleng khahlanong le ho etsa sebe le bokhopo.
Boloka Molao oa Molimo
9. Ke ka kutloisiso efe Mokreste ea tsoetsoeng ka moea a ‘ke keng a etsa sebe,’ hona ke hobane’ng ha ho le joalo?
9 Johanne o boetse o khetholla bana ba Molimo le ba Diabolose. (Bala 1 Johanne 3:9-12.) E mong le e mong “ea tsoetsoeng ke Molimo ha a etse sebe,” kapa haa ho etse tloaelo. “Peo” e beang ea Jehova, kapa moea o halalelang o fang motho ‘tsoalo e ncha’ ea tšepo ea leholimong, e lula ho motho ka mong ntle leha a hana ’me kahoo a ‘soabisa’ moea oo, hoo Molimo o o ntšang. (1 Petrose 1:3, 4, 18, 19, 23; Ba-Efese 4:30) Hore a lule e le e mong oa bana ba Molimo, Mokreste ea tsoetsoeng ka moea “o sitoa ho etsa sebe.” E le “’mōpuoa e mocha” ea nang le “motho e mocha,” o loana le sebe. O ‘hlobohile ho bola ho leng lefatšeng ka litakatso,’ ’me ha ho sa le pelong ea hae ho ba ea tloaetseng ho etsa phoso.—2 Ba-Korinthe 5:16, 17; Ba-Kolosse 3:5-11; 2 Petrose 1:4.
10. Tsela e ’ngoe ea ho khetholla bana ba Molimo le ba Diabolose ke efe?
10 Tsela e ’ngoe ea ho khetholla bana ba Molimo ho ba Diabolose ke ena: “E mong le e mong ea sa etseng ho lokileng hase oa Molimo.” Bokhopo ke tšobotsi e ikhethang haholo ea bana ba Diabolose hoo ba ke keng ba “robala ba e-so ho ka ba etsa bobe; ba falimehisoa ke ho ngongoreha, ha ba sa ka ba liha motho pele,” e leng seo bakoenehi ba neng ba tla rata ho se etsa ho Bakreste ba tšepahalang.—Liproverbia 4:14-16.
11. (a) Tsela e ’ngoe ke efe ea ho khetholla bao e seng bana ba Molimo? (b) Ho nahana ka tsela ea Kaine ho lokela ho re susumelletsa ho etsa eng?
11 Ho feta moo, “leha e le [hore] ea sa rateng ngoan’abo [ke oa Molimo].” Ha e le hantle, “molaetsa” oo re o utloileng “e sa le ho qaleng” hoa bophelo ba rōna re le Lipaki tsa Jehova ke hore ‘re lokela ho ratana.’ (Johanne 13:34) Kahoo ha re “ba joale ka Kaine,” ea bontšitseng hore ‘e ne e le oa e mobe’ ka ‘ho bolaea ngoan’abo’ ka mokhoa oa tšobotsi e mabifi ea ’molai Satane. (Genese 4:2-10; Johanne 8:44) Kaine o bolaile Abele “hobane eena mesebetsi ea hae e ne e le e mebe, athe ea ngoan’abo e ne e lokile.” Ka sebele, ho hlahloba tsela ea Kaine ho lokela ho re susumelletsa ho itebela khahlanong le lehloeo le joalo ho baena ba rōna ba moea.
Lerato “ka Ketso le ka ’Nete”
12. Re ‘tseba joang hore re faletse lefung ho kena bophelong,’ ’me hoo ho bolela eng?
12 Haeba re ne re ka etsisa Kaine, re ne re tla be re shoele moeeng. (Bala 1 Johanne 3:13-15.) O ne a hloile ngoan’abo hoo a ileng a ’molaea, ’me ha re makale hore e be lefatše le re hloile ka ho tšoanang, hobane Jesu o profetile sena. (Mareka 13:13) Empa ‘rea tseba [kapa, re kholisehile hore] re faletse lefung [la moea] ho kena bophelong [bo sa feleng], hobane re rata banab’abo rōna,’ lipaki tsa Jehova hammoho le rōna. Ka lebaka la lerato leo la boena, hammoho le tumelo ho Kreste, ha re sa ‘shoele’ litšitong le libeng, empa Molimo o tlositse kahlolo ea Oona holim’a rōna, ’me re tsositsoe lefung la moea, ka ho fuoa tšepo ea bophelo bo sa feleng. (Johanne 5:24; Ba-Efese 2:1-7) Bakoenehi ba se nang lerato ha ba na tšepo e joalo, hobane “ea sa rateng ngoan’abo o sa lutse lefung [la moea].”
13. Haeba re hloile moena oa rōna, ke hobane’ng ha re lokela ho etsa see taba ea thapelo?
13 Ka sebele, “e mong le e mong ea hloileng ngoan’abo ke ’molai.” Polao ea sebele e ka ’na ea se ke ea etsahala (joalokaha Kaine a bolaile Abele ka lebaka la mohono le lehloeo), empa ea hloileng a ka ’na a lakatsa eka ngoan’abo a ka be a shoele. Kaha Jehova o bala pelo, ea hloileng o lula kahlolong. (Liproverbia 21:2; bapisa Mattheu 5:21, 22.) Ha ho “’molai” ea joalo ea sa bakeng, kapa ea hloileng molumeli e mong, “eo bophelo bo sa feleng bo lutseng ho eena.” Kahoo haeba re hloile Paki leha e le efe ka sephiring, na ha rea lokela ho rapella thuso ea Jehova bakeng sa ho fetolela moea oa rōna ho oa lerato la boena?
14. Re biletsoa ho bontša lerato la boena ho isa hokae?
14 Hore re tle re tsoele pele re phela joaloka bana ba Molimo, re tlameha ho bontša lerato la boena ka lipuo le ka liketso. (Bala 1 Johanne 3:16-18.) Hona ho lokela ho etsahala, hobane “moo re tsebileng lerato, ke ha Jesu a re teletse bophelo [kapa, “moea”] ba hae.” Kaha Jesu o bontšitse lerato ho isa boholeng boo, re lokela ho bontša lerato le tšoanang le nang le motheo (a·gaʹpe ka Segerike) ho balumeli ba bang. Ka mohlala, linakong tsa mahloriso, “re tšoanetse ho tella banab’abo rōna bophelo ba rōna,” joaloka Priscilla le Akila “ba kileng ba ntella lihloho tsa bona ho mpholosa [moapostola Pauluse].”—Ba-Roma 16:3, 4; Johanne 15:12, 13.
15. Haeba moena a hloka ’me re “na le lintho tsa bophelo ba lefatše” lena, lerato le re hloka eng?
15 Haeba re ne re tla tella banab’abo rōna bophelo ba rōna, re lokela ho utloisisa ho ba etsetsa lintho tse sa hlokeng ho hongata. Ha re re mohlomong re “na le lintho tsa bophelo ba lefatše”—chelete, lijo, liaparo le tse ling, tse etsoang ke lefatše. Re ka ’na ra “bona” moena ea hlokang, e seng feela re tšoha re bone empa re talimile boemo bona. Tsietsi ea hae e ka ’na ea etsa hore monyako oa “pelo” tsa rōna kapa maikutlo a tebileng, o mo bulehele. Empa ho thoe’ng haeba re khahlela “monyako” oo ka ho lumella boithati ho thibela morero oa rōna oa ho mo thusa? Joale “lerato la Molimo le lutse joang” ho rōna? Ha hoa lekana ho bua feela ka lerato la boena. Joaloka bana ba Molimo, re tlameha ho le bontša “ka ketso le ka ’nete.” Ka mohlala, haeba moena a lapa, o hloka lijo, e seng mantsoe feela.—Jakobo 2:14-17.
Lipelo Tse Sa Re Nyatseng
16. (a) Molimo “o moholo ho lipelo tsa rona” joang? (b) Ho ea ka Johanne, ke hobane’ng ha Jehova a arabela lithapelo tsa rōna?
16 Johanne o boetse o supa litiiso tsa hore re bana ba Jehova. (Bala 1 Johanne 3:19-24.) ‘Re tla tseba hobane re ba ’nete’ ’me ha rea hemeloa ke pherekano ea bokoenehi—ha re bontša lerato la boena. Kahoo re ‘tšepisa lipelo tsa rōna’ pel’a Molimo. (Pesaleme ea 119:11) Haeba lipelo tsa rōna li re nyatsa, mohlomong kahobane re ikutloa hore ha rea bontša barapeli ba bang lerato le lekaneng, hopola hore “Molimo o moholo ho lipelo tsa rōna, ’me o tseba tsohle.” O mohau hobane o hlokomela “lerato [la rōna] la boena le se nang boiketsiso,” ntoa ea rōna le sebe, le boiteko ba rōna ba ho phela ka tsela e mo khahlisang. (1 Petrose 1:22; Pesaleme ea 103:10-14) “Ha lipelo tsa rōna li sa re nyatse” hobane ho e-na le liketso tse pakang lerato la rōna la boena, ’me re se molato oa libe tse patiloeng, “re na le tšepo e tiileng ho Molimo” ka thapelo. (Pesaleme ea 19:12) ’Me o arabela lithapelo tsa rona “hobane re boloka litaelo tsa oona, ’me re etsa tse leng ntle pel’a oona.”
17. “Taelo” ea Molimo e akarelletsa litlhoko life tse peli?
17 Haeba re lebelletse hore lithapelo tsa rōna li arabeloe, re tlameha ho boloka “taelo” ea Molimo e akarelletsang litlhoko tsena tse peli: (1) Re tlameha ho ba le tumelo ‘lebitsong’ la Jesu, ho amohela topollo le ho lumela matla ao a a filoeng ke Molimo. (Ba-Filippi 2:9-11) (2) Hape re tlameha ho ‘ratana’ feela joalokaha Jesu a laetse. (Johanne 15:12, 17) Ka sebele, mang le mang ea nang le tumelo lebitsong la Kreste o lokela ho rata ba bang bohle ba nang le tumelo e joalo.
18. Re tseba joang hore Jehova o “kamanong le rōna”?
18 Motho ea bolokang litaelo tsa Molimo o ‘kamanong le oona,’ o bonngoeng le Jehova. (Bapisa Johanne 17:20, 21.) Empa ‘re tseba’ joang hore Molimo “o lutse [kamanong le] rōna”? Re tseba hona “ka moea [o halalelang] oo o re neileng oona.” Ho ba le moea o halalelang oa Molimo le matla a ho bontša litholoana tsa oona, ho akarelletsa lerato la boena, ho paka hore re kamanong le Jehova.—Ba-Galata 5:22, 23.
Itebele!
19, 20. Ke hobane’ng ha re lokela ho ‘leka lipolelo tse bululetsoeng,’ hona Johanne o fana ka thuso efe ntlheng ee?
19 Johanne o boetse o bontša kamoo re tlamehang ho itebela kateng. (Bala 1 Johanne 4:1.) Ha rea tlameha ho lumela moea o mong le o mong, kapa “polelo e bululetsoeng” empa re lokela ho ‘leka meea [“polelo e bululetsoeng,” NW], hore na ke e tsoang ho Molimo.’ Hobane’ng? “Hobane baprofeta ba bohata ba tlile lefatšeng ba le bangata.” Bonyane ba bang ba baruti bana ba thetsang ba ne ba ntse ba tsamaea ka nako eo, ba kopanela le liphutheho tse sa tšoaneng, ’me ba batla ho “ikhulela barutuoa.” (Liketso 20:29, 30; 2 Johanne 7) Kahoo ho ne ho hlokahala hore ba tšepahalang ba itebele.
20 Bakreste ba bang ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba e-na le “temoho ea meea [lipolelo tse bululetsoeng],” neo ea mohlolo ea matla a sebetsang a Molimo ao ho neng ho bonahala hore a ne a etsa hore ba khone ho lemoha hore na lipolelo tse bululetsoeng li tsoa ho Jehova kapa che. (1 Ba-Korinthe 12:4, 10) Empa temoso ea Johanne ho bonahala e sebetsa ho Bakreste ka kakaretso ’me e molemo le kajeno ha bakoenehi ba leka ho khelosa tumelo ea Lipaki tsa Jehova. Le hoja neo ea moea ea ‘ho lemoha lipolelo tse bululetsoeng’ e felile, mantsoe a Johanne a fana ka mekhoa ea ho lemoha hore na baruti ba susumetsoa ke moea oa Molimo kapa ke litšusumetso tsa bodemona.
21. Mokhoa o mong oa ho leka “lipolelo tse bululetsoeng” e ne e le ofe?
21 Hlokomela mokhoa o mong oa ho leka. (Bala 1 Johanne 4:2, 3.) “Moea [“polelo e bululetsoeng,” NW] o mong le o mong o bolelang Jesu Kreste ea tlileng nameng, ke oa Molimo.” Rea lumela hore ka nako e ’ngoe Jesu o kile a phela e le motho ’me ke Mora oa Molimo, ’me tumelo ea rōna e re susumelletsa ho ruta ba bang ’nete e joalo. (Mattheu 3:16, 17; 17:5; 20:28; 28:19, 20) “’Me moea [polelo e bululetsoeng] o mong le o mong o sa boleleng Jesu Kreste ea tlileng nameng, hase oa Molimo.” Ho ena le hoo, “ke oona moea [polelo e bululetsoeng] oa antikreste” o hananang le Kreste le lithuto tsa Mangolo ka eena. Ka ho totobetseng, Johanne le baapostola ba bang ba ne ba lemositse hore “moea oa antikreste” o ne o e-tla. (2 Ba-Korinthe 11:3, 4; 2 Petrose 2:1) Kaha ka nako eo baruti ba bohata ba ne ba sokela Bakreste ba ’nete, Johanne o ne a ka re, “O se a le lefatšeng.”
22. Tsela e ’ngoe ea ho leka “lipolelo tse bululetsoeng” ke efe?
22 Tsela e ’ngoe ea ho leka “moea [lipolelo tse bululetsoeng]” ke ka ho hlokomela ba o mamelang. (Bala 1 Johanne 4:4-6.) Joaloka bahlanka ba Jehova, re “hlōtse” baruti ba bohata, re hlōtse liteko tsa bona tsa ho leka ho re hulela thōko le ’nete ea Molimo. Tlhōlo ena ea moea e bile teng hobane Molimo, o ‘leng kamanong’ le Bakreste ba tšepahalang, ‘o fetisa ka boholo [Diabolose] ea leng kamanong le lefatše,’ kapa mokhatlo o khopo oa batho. (2 Ba-Korinthe 4:4) Kaha bakoenehi “ke ba lefatse” ’me ba na le moea oa lona o khopo, “ke ka baka leo ba bolelang tsa lefatše, ’me lefatse lea ba utloa.” Kaha re na le moea oa Jehova, re ka hlokomela boleng boo e seng ba moea ba ‘lipolelo tsa bona tse boluletsoeng’ ’me kahoo ra ba furalla.
23. Ke bo-mang ba re mamelang ’me ba hlokomela hore re tataisoa ke moea oa Molimo?
23 Empa rea tseba hore “re ba Molimo” hobane “ea tsebang Molimo oa re utloa.” Ba kang linku baa hlokomela hore re ruta ’nete e theiloeng Lentsoeng la Molimo. (Bapisa Johanne 10:4, 5, 16, 26, 27.) Ha e le hantle, “eo e seng oa Molimo ha a re utloe.” Baprofeta ba bohata, kapa baruti ba bohata, ha baa ka ba mamela Johanne leha e le ba bang ba neng ba ‘e-tsoa ho Molimo’ ’me ba fana ka taeo e utloahalang ea moea. Kahoo “ke ka hoo re tsebang moea oo e leng oa ’nete, le moea oo e leng oa leshano.” Rōna ba bōpang lelapa la barapeli ba Jehova re bua “puo e hloekileng” ea ’nete ea Mangolo e fanoang ka mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo. (Sofonia 3:9, NW) ’Me ho seo re se buang, ho totobetse ho ba kang linku hore re tataisoa ke moea o halalelang oa Molimo.
24. Ke eng hape seo Johanne a tla lebisa tlhokomelo ho sona?
24 Ho tla fihlela ntlheng ena, Johanne o beile litlhokahalo tse ling tsa motheo tseo re tlamehang ho tšoaneleha ho tsona haeba re tla tsoela pele re phela joaloka bana ba Molimo. Ho se hlahlamang o tla bontša lebaka leo re tlamehang ho bontša lerato le tumelo kamehla.
Karabelo ea Hao ke Efe?
◻ Ba bang ba etsoa “bana ba Molimo” joang?
◻ Re ka khetholla bana ba Molimo le ba Diabolose joang?
◻ Ho nahana ka tsela ea Kaine ho lokela ho re susumelletsa ho etsa eng?
◻ Re lokela ho bontša lerato la boena ho isa hokae?
◻ “Lipolelo tse bululetsoeng” li ka lekoa joang?
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Ho nahana ka tsela ea Kaine ho lokela ho re susumelletsa ho itebela khahlanong le ho hloea baena leha e le bafe ba rōna
[Setšoantšo se leqepheng la 20]
Barapeli ba Jehova ba bua “puo e hloekileng” ea ’nete ea Mangolo e fanoang ka mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo