Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna?
    Molula-Qhooa—1997 | January 15
    • “Litaelo Tsa Hae ha li Boima”

      4-6. (a) Moelelo o tobileng oa lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “boima” ke ofe? (b) Ke hobane’ng ha re ka bolela hore litaelo tsa Molimo ha li boima?

      4 “U boloke litaelo tsa oona.” Ha e le hantle, ke sona seo Molimo a se lebeletseng ho rōna. Na o hloka se sengata haholo? Le hanyenyane. Moapostola Johanne o re bolella ntho e khothatsang haholo ka litaelo tsa Molimo kapa lintho tseo a li hlokang. O ile a ngola: “Se boleloang ke lerato la Molimo ke sena, hore re boloke litaelo tsa hae; ’me leha ho le joalo litaelo tsa hae ha li boima.”—1 Johanne 5:3.

      5 Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “boima” ha e le hantle le bolela “ho imela.” Le ka bolela ntho eo ho leng thata ho e phelela kapa eo ho leng thata ho e phethahatsa. Ho Matheu 23:4, le sebelisitsoe ho hlalosa ‘mejaro e imelang,’ melao le lineano tse iketselitsoeng ke batho, tseo bangoli le Bafarisi ba neng ba li jarisitse batho. Na u utloisisa qeto eo moapostola Johanne ea hōlileng a e etsang? Litaelo tsa Molimo hase moroalo o boima, leha e le hona hore ho ka ba thata haholo hore re li phethahatse. (Bapisa le Deuteronoma 30:11.) Ho e-na le hoo, ha re rata Molimo, ho finyella lintho tseo a li hlokang hoa re thabisa. Ho re fa monyetla oa bohlokoa oa ho bontša lerato la rōna bakeng sa Jehova.

  • Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna?
    Molula-Qhooa—1997 | January 15
    • 12. U ka hlalosa joang hore na ke hobane’ng ha ho ithuisa tsebo ka Molimo le merero ea hae e se moroalo?

      12 Na ke moroalo ho ithuisa tsebo e joalo ka Molimo le merero ea hae? Le hanyenyane! Na u ka hopola kamoo u neng u ikutloa kateng ha u qala ho ithuta hore lebitso la Molimo ke Jehova, hore ’Muso oa hae o tla tsosolosa Paradeise lefatšeng lee, hore o fane ka Mora oa hae ea ratoang e le thekollo bakeng sa libe tsa rōna, hammoho le linnete tse ling tsa bohlokoa? Na ho ne ho sa tšoane le ho tlosa lesira la ho hloka tsebo le ho bona lintho ka mokhoa o hlakileng ka lekhetlo la pele? Ho ithuisa tsebo ka Molimo hase moroalo. Hoa thabisa!—Pesaleme ea 1:1-3; 119:97.

  • Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna?
    Molula-Qhooa—1997 | January 15
    • 16. Hlalosa hore na ke hobane’ng ha ho finyella litekanyetso tsa Molimo tsa boitšoaro bo loketseng le ho amohela ’nete ea hae e se moroalo.

      16 Na ke moroalo ho rōna ho finyella litekanyetso tsa Molimo tsa boitšoaro bo loketseng le ho amohela ’nete ea hae? Eseng ha re nahana ka melemo ea hona—manyalo ao ho ’ona banna le basali ba ratanang ebile ba tšepana, ho e-na le manyalo a qhalaneng ka lebaka la ho se tšepahale lenyalong; mahae ao ho ’ona bana ba ikutloang ba ratoa ebile ba batloa ke batsoali ba bona, ho e-na le malapa ao ho ’ona bana ba ikutloang ba sa ratoe, ba hlokomolohiloe ebile ba sa batloe; letsoalo le hloekileng le bophelo bo botle, ho e-na le boikutlo ba ho ba molato le ’mele o sentsoeng ke AIDS kapa mafu a mang a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali. Ka sebele lintho tseo Jehova a li hlokang ha li re amohe ntho efe kapa efe eo re e hlokang e le hore re thabele bophelo!—Deuteronoma 10:12, 13.

  • Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna?
    Molula-Qhooa—1997 | January 15
    • 19. Hlalosa hore na re rua molemo joang ka ho bontša tlhompho bakeng sa bophelo le mali.

      19 Na ke moroalo ho rōna ho tšoara bophelo le mali ka khalalelo? Le hanyenyane! Ak’u ho nahane. Na ke moroalo ho lokoloha kankereng ea matšoafo e bakoang ke ho tsuba koae? Na ke moroalo ho balehela ho lemalla lithethefatsi tse kotsi kelellong le ’meleng? Na ke moroalo ho thibela tšoaetso ea AIDS, lefu la sebete kapa lefu le leng le bakoang ke tšelo ea mali? Ho hlakile hore ho qoba litloaelo le mekhoa e kotsi ho molemong oa rōna.—Esaia 48:17.

      20. Lelapa le leng le ile la rua molemo joang ka ho ba le pono ea Molimo ka bophelo?

      20 Nahana ka phihlelo ena. Lilemong tse itseng tse fetileng, mosali e mong oa Paki eo e neng e le moimana oa likhoeli tse ka bang tharo le halofo o ile a qala ho tsoa mali haholo mantsiboeeng a mang ’me o ile a potlakisetsoa sepetlele. Ka mor’a hore ngaka e mo hlahlobe, o ile a utloa e bolella e mong oa baoki hore ba ne ba tla tlameha ho ntša mpa eo. A tseba kamoo Jehova a talimang bophelo ba ngoana ea e-song ho hlahe, ka tieo o ile a hana ho ntša mpa, a bolella ngaka: “Haeba oa phela, mo tlohele hona moo!” O ile a tsoela pele ho tsoa mali ka linako tse ling, empa likhoeli tse ngata hamorao o ile a beleha pele ho nako, a beleha lesea la moshemane le phetseng hantle, eo hona joale a leng lilemo li 17. O ile a hlalosa: “Mora oa rōna o ile a bolelloa sena sohle, ’me o ile a re o thabile hore ebe ha aa ka a lahleloa lithōleng. Oa tseba hore ho sebeletsa ha rōna Jehova ke lona lebaka feela la hore ebe oa phela.” Ka sebele, ho ba le pono ea Molimo ka bophelo e ne e se moroalo lelapeng lena!

  • Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna?
    Molula-Qhooa—1997 | January 15
    • 23, 24. Re ka bontša joang hore ho sebeletsa Jehova hammoho le batho ba hae ba hlophisitsoeng hase moroalo?

      23 Na ke moroalo ho sebeletsa Jehova hammoho le batho ba hae ba hlophisitsoeng? Ka sebele ha ho joalo! Ho e-na le hoo, ke tokelo ea bohlokoa ho ratoa le ho tšehetsoa ke lelapa la lefatše ka bophara la bara le barali babo rōna ba Bakreste. (1 Petrose 2:17) Ak’u nahane u pholoha ha sekepe se soahlamana leoatleng ’me u iphumana u le ka metsing, u loanela ho lula u phaphametse. Nakong eo u ikutloang hore u ke ke ua hlola u mamella, u nanabeloa ke letsoho le hlahang seketsoaneng sa pholoho. E, ho na le baphonyohi ba bang! Ka seketsoaneng sa pholoho, uena le ba bang le ntse le chenchana ka ho soka seketsoana ho leba lebōpong, ha le ntse le nka baphonyohi ba bang tseleng.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela