Sephiri sa Moqolo o Ngotsoeng ka Letsoho oa Vatican
CODEX Vaticanus [Moqolo o ngotsoeng ka letsoho oa Vatican] ea 1209 e hlaha lethathamong la pele la Laebrari ea Vatican, e hlophisitsoeng selemong sa 1475. Hore na e fihlile joang moo ha ho ea tsebang. Ke o mong oa meqolo e meraro e meholo ea Segerike e ngotsoeng ka letsoho e phonyohileng ho tla fihlela kajeno, o phahametseng ea mehleng ea oona, Sinaiticus ea lekholong la bone la lilemo, le Alexandrinus ea mathoasong a lekholo la bohlano la lilemo.
Le hoja bohlokoa ba moqolo ona o ngotsoeng ka letsoho oa Vatican bo ne bo tsebisahala ho liithuti mathoasong a lekholo la bo16 la lilemo, ke ba ’maloa feela ba kileng ba lumelloa ho o hlahloba. Laebrari ea Vatican e ile ea lokisetsa hore ho bokelloe libuka tse fapaneng tsa moqolo o ngotsoeng ka letsoho ka 1669, empa libuka tsena tse bokelletsoeng li ile tsa lahleha ’me ha lia ka tsa hlola li fumanoa ho fihlela ka 1819.
’Musisi Napoleon oa Fora o ile a hapa Roma ka 1809 ’me a nka moqolo oa bohlokoa o ngotsoeng ka letsoho a o isa Paris, moo o ileng oa hlahlojoa ke Leonhard Hug, seithuti se tummeng, empa moqolo oo o ngotsoeng ka letsoho o ile oa khutlisetsoa Vatican ka 1815 ha Napoleon a e-oa. Ka lilemo tse 75 tse hlahlamang o ne o ntse o boetse e le taba ea sephiri, e patiloeng ke Vatican.
Konstantin von Tischendorf, e mong oa liithuti tse khōlōhali lefatšeng tsa meqolo e ngotsoeng ka letsoho, o ile a lumelloa ho hlahloba moqolo o ngotsoeng ka letsoho ka 1843 ka nako ea lihora tse tšeletseng feela, ka mor’a hore a bolokoe a letile ka likhoeli tse ngata. Lilemo tse peli hamorao, seithuti sa Lenyesemane Dr. S. P. Tregelles o ile a lumelloa ho bona moqolo o ngotsoeng ka letsoho empa e seng ho ithuta oona. O boletse: “Ke ’nete hore ke ne ke atisa ho bona MS., empa ba ne ba sa ntumelle ho e sebelisa; ’me ba ne ba sa ntumelle ho e phetla ba sa phenyokolla lipokotho tsa ka, le ho nkamoha pene, enke, le pampiri; ’me ka nako e tšoanang ba-prelati [baprista] ba babeli ba ne ba lula ba nqoqisa ka Selatine, ’me haeba ke ne ke sheba serapa nako e telele haholo, ba ne ba phamola buka matsohong a ka.”
Ke hobane’ng ha Kereke ea Roma e K’hatholike e ne e le leqe hakaalo-kaalo ho bontša lefatše moqolo oa eona oa bohlokoahali o ngotsoeng ka letsoho?
Ke Hobane’ng ha o Ile oa Patoa?
Bakeng sa Kereke ea Roma e K’hatholike, Phetolelo ea Selatine ea Vulgate ea Mangolo a Halalelang e ntse e jere “matla a eona a phahameng ka ho fetisisa.” Ho latela lengolo la mopapa Pius XII le eang ho babishopo Divino Afflante Spiritu, le ngotsoeng ka selemo sa 1943, phetolelo ena ea Jerome ea Selatine ea lekholong la bone la lilemo le eona e talingoa e le “e se nang liphoso ka ho feletseng litabeng tsa tumelo le boitšoaro.” Ho thoe’ng ka litemana tsa Seheberu le tsa Segerike tseo Vulgate e fetoletsoeng ho tsoa ho tsona? Lengolo la mopapa le eang ho babishopo le bolela hore, tsena ke tsa bohlokoa ho ‘tiisa’ matla a phetolelo ea Vulgate. Ka hona moqolo leha e le ofe o ngotsoeng ka letsoho oa Segerike, esita le Vatican Codex, le ka mohla ha o e-s’o nkoe e le o nang le matla joaloka Vulgate ea Selatine. Bohato bona bo nkiloeng ke Kereke ea Roma e K’hatholike ka sebele bo bakile mathata.
Ka mohlala, ha seithuti sa lekholong la bo16 la lilemo Erasmus se ne se fetolela phetolelo ea sona ea “Testamente e Ncha,” ea Segerike se ile sa ipiletsa ho ba boholong ba Vatican Codex ho siea mantsoe a fosahetseng ho 1 Johanne khaolo 5, litemana 7 le 8. Erasmus o ne a nepile, empa morao ka 1897 Mopapa Leo XIII o ile a phahamisa temana e fosahetseng ea Selatine ea Vulgate. Ho fosahala hona ha litemana ho lumetsoe feela likhatisong tsa kajeno tsa liphetolelo tsa Roma e K’hatholike.
Ha Codex Sinaiticus e ne e senoleloa lefatše karolong ea ho qetela ea lekholo la bo-19 la lilemo, ba boholong Roma e K’hatholike ba ile ba hlakeloa hore Codex Vaticanus ea bona e ne e le kotsing ea ho felloa ke botumo ba eona. Qetellong ea lekholo leo, likopi tse ntle tse nang le lifoto qetellong li ile tsa fumaneha.
Moqolo o ngotsoeng ka letsoho o na le maqephe a 759. Ha o na karolo e khōlō ea Genese, Lipesaleme tse ling, le likarolo tse qetellang tsa Mangolo a Segerike a Bokreste. O ngotsoe matlalong a bonojoana, a masesaane, ao ho nahanoang hore ke matlalo a litšepe, ka mokhoa o bonolo, o makhethe. Lebitso la oona la molao ke Codex B, ’me le kajeno o ka bonoa Laebraring ea Vatican. Ha o sa patiloe, ’me morao-rao tjena bohlokoa ba oona ke hona bo utloisisoang le ho ananeloa lefatšeng lohle.
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Codex Vaticanus ea 1209 e ile ea patoa ke Vatican ka makholo a lilemo
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Kopi ea Codices E Vaticanis Selecti