Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w07 3/1 maq. 5-7
  • Tsela ea ho Khetholla Borapeli ba ’Nete

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsela ea ho Khetholla Borapeli ba ’Nete
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Buka e Buang ka Lerato
  • Tsela ea ho Lemoha Batho ba Ratang Molimo
  • Batla Borapeli ba ’Nete
  • Rata Molimo ea U Ratang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Le Matlafatsoe ke Lerato
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • “Le ’Ne le Ratane”
    Atamela ho Jehova
  • Se Boleloang ke ho Rata Baahelani ba Rōna
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
w07 3/1 maq. 5-7

Tsela ea ho Khetholla Borapeli ba ’Nete

MALUMELI a mangata a bolela hore seo a se rutang se tsoa ho Molimo. Kahoo, re lokela ho mamela mantsoe a moapostola oa Jesu, Johanne, ea ileng a ngola a re: “Baratuoa, le se ke la lumela polelo e ’ngoe le e ’ngoe e bululetsoeng, empa lekang lipolelo tse bululetsoeng ho bona hore na li simoloha ho Molimo, hobane baprofeta ba bangata ba bohata ba kene lefatšeng.” (1 Johanne 4:1) Re ka leka ntho e itseng joang ho bona hore na e tsoa ho Molimo?

Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e tsoang ho Molimo e bonahatsa botho ba hae, haholo-holo lerato leo e leng tšobotsi ea hae e ka sehloohong. Ka mohlala, matla a rōna a ho utloa menko, a re thusang ho thabela menko e monate ea litlama, ea lipalesa, kapa ea bohobe bo qetang ho tšoloa, a bontša lerato la Molimo. Bokhoni ba rōna ba ho bona serurubele, letsatsi le likelang, kapa ho bososela ha ngoana e monyenyane, ke bopaki ba hore Molimo oa re rata. Bokhoni ba rōna ba ho utloa ’mino o monate, molumo oa nonyana, kapa lentsoe la moratuoa oa rōna, le bona bo bontša hore Molimo oa re rata. Esita le botho ba rōna, le hoja bo sa phethahala, ke bopaki ba hore Molimo oa re rata. Ke ka lebaka leo re atisang ho bona bonnete ba mantsoe a Jesu a reng: “Ho fana ho tlisa thabo e khōlō ho feta ho amohela.” (Liketso 20:35) Re thabela ho bontša lerato hobane re entsoe ka “setšoantšo sa Molimo.” (Genese 1:27) Le hoja Jehova a e-na le litšobotsi tse ling tse ngata, lerato ke tšobotsi e hlaheletseng ka ho fetisisa ea botho ba hae.

Lingoliloeng tse tsoang ho Molimo li lokela ho senola lerato la hae. Malumeli a lefatše a na le lingoliloeng tse ngata tsa boholo-holo. Lingoliloeng tseo li atlehile hakae tabeng ea ho bonahatsa lerato la Molimo?

’Nete ke hore, lingoliloeng tse ngata tsa boholo-holo tsa bolumeli ha li bue haholo ka hore na Molimo o re rata hakae le ka hore na re ka mo rata hakae. Kahoo, batho ba limilione ha ba fumane karabo ha ba botsa, “Ke hobane’ng ha re bona bopaki ba lerato la Molimo pōpong empa lintho tse bohloko le tse mpe tsona li ntse li tsoela pele?” Ka lehlakoreng le leng, Bibele ke eona buka feela ea bolumeli ea boholo-holo e hlalosang lerato la Molimo ka ho feletseng. E boetse e re ruta hore na re ka bontša lerato joang.

Buka e Buang ka Lerato

Lentsoe la Molimo, Bibele, le senola hore Jehova ke “Molimo oa lerato.” (2 Bakorinthe 13:11) Bibele e hlalosa kamoo lerato le ileng la susumelletsa Jehova kateng hore a fe batho ba babeli ba pele monyetla oa ho phela ba sa kule kapa ba sa shoe. Empa ho fetohela bolaoli ba Molimo ho ile ha tlisetsa moloko oa batho mahlomola. (Deuteronoma 32:4, 5; Baroma 5:12) Jehova o ile a nka bohato ba ho khutlisa se lahliloeng. Lentsoe la Molimo le re: “Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.” (Johanne 3:16) Mangolo a Halalelang a hlakisa lerato la Molimo haholo ha a hlalosa kamoo Molimo a lokiselitseng puso e phethahetseng e matsohong a Jesu e le hore a khutlisetse khotso bathong ba mamelang.—Daniele 7:13, 14; 2 Petrose 3:13.

Seo motho a tlamehileng ho se etsa se akaretsoa ke Bibele ka mantsoe ana: “‘U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle le ka kelello ea hao eohle.’ Ena ke eona taelo e khōlō le ea pele. Ea bobeli, e joaloka eona, ke ena, ‘U rate moahelani oa hao joalokaha u ithata.’ Litaelong tsena tse peli ho itšetlehile Molao oohle.” (Matheu 22:37-40) Bibele e bolela hore e bululetsoe ke Molimo. Kaha e bonahatsa hantle botho ba hae, re ka kholiseha hore e tsoa ho “Molimo oa lerato.”—2 Timothea 3:16.

Ha re sebelisa molao ona o le mong, re ka khetholla hore na ke libuka life tsa boholo-holo tse tsoang ho Molimo e le kannete. Lerato le boetse le khetholla barapeli ba ’nete, hobane ba etsisa Molimo ka ho bontša lerato.

Tsela ea ho Lemoha Batho ba Ratang Molimo

Batho ba ratang Molimo e le kannete ba totobetse, haholo-holo hona joale nakong eo re phelang ho eona eo Bibele e e bitsang ‘matsatsi a ho qetela.’ Batho ba ntse ba eketsa moea oa ho ba “baithati, ba ratang chelete, . . . ba ratang menyaka ho e-na le ho rata Molimo.”—2 Timothea 3:1-4.

U ka bona batho ba ratang Molimo joang? Bibele e re: “Se boleloang ke lerato la Molimo ke sena, hore re boloke litaelo tsa hae.” (1 Johanne 5:3) Ho rata Molimo ho susumelletsa batho hore ba hlomphe melao ea Bibele ea boitšoaro. Ka mohlala, Lentsoe la Molimo le na le melao ea ho kopanela liphate le ea lenyalo. Batho ba nyalaneng ke bona feela ba lumeletsoeng ho kopanela liphate, ’me lenyalo le lokela ho hlola kamehla. (Matheu 19:9; Baheberu 13:4) Ha mosali e mong oa Spain ea neng a il’o ithuta thuto ea bolumeli a ne a tlile sebokeng seo ho sona Lipaki Tsa Jehova li neng li ithuta ka cheseho melao ea Bibele ea boitšoaro, o ile a re: “Ke ile ka tloha moo ke matlafetse, eseng feela ka lebaka la lipuo tse rutang tsa Mangolo empa ke ne ke matlafalitsoe hape ke bonngoe bo teng har’a batho bana le boitšoaro ba bona bo botle haholo.”

Bakreste ba ’nete ha ba khetholloe ka ho rata Molimo feela, ba boetse ba khetholloa habonolo ka tsela eo ba ratang baahelani ba bona ka eona. Mosebetsi oa bona oa bohlokoa ke ho bua le ba bang ka ’Muso oa Molimo, oo e leng oona tšepo feela bakeng sa moloko oa batho. (Matheu 24:14) Ha ho letho le ka tlisetsang baahelani ba bona molemo oa ka ho sa feleng ho feta ho ba thusa hore ba rue tsebo ka Molimo. (Johanne 17:3) Bakreste ba ’nete ba bontša lerato la bona ka litsela tse ling hape. Ba thusa batho ba mahlomoleng. Ka mohlala, ha tšisinyeho ea lefatše e ne e bakile tlokotsi Italy, koranta ea moo e ile ea tlaleha hore Lipaki Tsa Jehova “li etsa se hlokahalang, li thusa ba mahlomoleng, li sa natse hore na ke ba bolumeli bofe.”

Bakreste ba ’nete ha ba rate Molimo le moahelani feela, ba bile baa ratana. Jesu o ile a re: “Ke le fa taelo e ncha, hore le ratane; le lōna le ratane feela joalokaha ke le ratile. Bohle ba tla tseba ka sena hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lōna.”—Johanne 13:34, 35.

Na lerato leo Bakreste ba ’nete ba ratanang ka lona le bonahala e le le ikhethang? Mosali e mong ea bitsoang Ema o ile a nahana joalo. O sebetsa malapeng a batho La Paz, Bolivia, moo batho ba atisang ho aroloa ka maemo a barui le mafutsana. O ile a re: “Lekhetlo la pele leo ka lona ke ileng ka ea sebokeng sa Lipaki Tsa Jehova, ke ile ka bona mohlomphehi e mong ea apereng hantle a lutse ’me a qoqa le mofumahali e mong oa Moindia. Ke ne ke qala ho bona ntho e joalo. Ka motsotso oo, ke ile ka tseba hore ha ho pelaelo hore batho bana ke ba Molimo.” Ka tsela e tšoanang, mosali e mong e mocha oa Brazil ea bitsoang Miriam o ile a re: “Ke ne ke sa tsebe ho thaba, esita le lelapeng la ka. Ke har’a Lipaki Tsa Jehova moo ke ileng ka bona ka lekhetlo la pele ha lerato le bontšoa ka liketso.” Ho la United States, mookameli e mong oa seteishene sa thelevishene sa khaso o ile a ngola a re: “Haeba batho ba bangata ba ne ba ka phela ka tsela ea bolumeli ba lōna, sechaba sena se ne se sa tl’o ba boemong bona boo se leng ho bona. Joaloka moqolotsi oa litaba ke tseba hantle hore mokhatlo oa lōna o thehiloe leratong le tumelong e matla ho ’Mōpi.”

Batla Borapeli ba ’Nete

Borapeli ba ’nete bo khetholloa ka lerato. Jesu o ile a tšoantša ho fumana borapeli ba ’nete le ho fumana tsela e nepahetseng le ho khetha ho tsamaea ho eona. Ke eona tsela feela e isang bophelong bo sa feleng. Jesu o ile a re: “Kenang ka heke e moqotetsane; hobane tsela e isang timetsong e pharaletse ebile e khōlō, ’me ba kenang ka eona ba bangata; athe heke e isang bophelong e moqotetsane le tsela e isang teng e patisane, ’me ke ba seng bakae ba e fumanang.” (Matheu 7:13, 14) Ke sehlopha se le seng feela sa Bakreste ba ’nete se tsamaeang le Molimo se momahane tseleng ea borapeli ba ’nete. Kahoo, hoa tsotelleha hore na u khetha bolumeli bofe. Ha u fumana tsela eo ’me u khetha ho tsamaea ho eona, u tla be u fumane tsela e molemohali ea ho phela, hobane ke tsela ea lerato.—Baefese 4:1-4.

Nahana hore na u ka thaba hakaakang ha u ntse u tsoela pele ho tsamaea tseleng ea borapeli ba ’nete! Ho tšoana le ho tsamaea le Molimo. U ka ithuta bohlale le lerato ho Molimo e le hore u be le kamano e ntle le batho ba bang. Ho eena u ka ithuta morero oa bophelo, hape u ka utloisisa litšepiso tsa Molimo ’me ua ba le tšepo ea bokamoso. Ha ho mohla u tla ikoahlaela ho batla borapeli ba ’nete.

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

Har’a libuka tsa boholo-holo tsa bolumeli, ke Bibele feela e senolang lerato la Molimo

[Litšoantšo tse leqepheng la 7]

Bakreste ba ’nete baa bonahala hobane ba etsa lintho ka lerato

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela