Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g01 3/8 maq. 8-11
  • Bibele—Na ke Histori e ka Tšeptjoang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bibele—Na ke Histori e ka Tšeptjoang?
  • Tsoha!—2001
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Histori e Susumetsang e Nang le Thuto e Matla
  • Lithuto Tse Nakong Tse Fumanoang Paleng ea Boholo-holo
  • Thuto ea Histori ka ba Pholohileng
  • Histori e ke Keng ea Hlola e Ipheta
  • Buka eo U ka e Tšepang—Karolo ea 6
    Tsoha!—2011
  • Thuto ea 9—Thuto ea ho Epolloa ha Lintho Tsa Khale le Tlaleho e Bululetsoeng
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Buka eo U ka e Tšepang—Karolo ea 3
    Tsoha!—2011
  • Bibele—Na e Tsoa ho Molimo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
Bala Tse Ling
Tsoha!—2001
g01 3/8 maq. 8-11

Bibele—Na ke Histori e ka Tšeptjoang?

BA ILE ba tsoa babusi. Ba nyatsa baprista. Ba khalemela batho ba tloaelehileng ka bokhopo ba bona. Ba ile ba ba ba tlaleha phatlalatsa liphoso le libe tsa bona ka bobona. Ba ne ba lelekisoa le ho hlorisoa, ’me ba bang ba bile ba bolaeloa ho bua le ho ngola ’nete. E ne e le bo-mang? E ne e le baprofeta ba Bibele bao bongata ba bona ba kentseng letsoho Mangolong a Halalelang.—Matheu 23:35-37.

Bukeng ea hae ea The Historian and History, Page Smith oa ngola: “Kaha [Baheberu] ba ne ba ngola tlas’a tataiso ea Molimo ’me ho se letho leo ba le ruang kapa leo ba lahleheloang ke lona ka ho pata litaba tse ling, ba ne ba hloka mohau ho bahale ba bona le ho batho ba khopo, ba o hloka le ho bona ka bobona hammoho le ho lira tsa bona.” Smith o ile a boela a ngola hore “ho fapana le tatellano e sa thahaselliseng ea liketsahalo tsa marena a bahlabani a Syria kapa Egepeta, tlaleho ea matšoenyeho le tlhōlo ea batho ba khethiloeng ke Molimo . . . ke taba e khahlang. Batlalehi ba histori ba Baheberu ba ne ba sibolotse mokhoa oa bohlokoahali oa ho tlaleha liketsahalo tsa bohlokoa—hore batho ba hlahellang ho eona e be ba sebele ba nang le mefokolo le melato ea bona.”

Bangoli ba Bibele ba ne ba boetse ba le hlokolosi hore tlaleho ea bona e be e nepahetseng. Ka mor’a hore a hlahlobe hore na Bibele e lumellana joang le histori le thuto ea ho epolla lintho tsa khale, mongoli Werner Keller o ile a re selelekeleng sa buka ea hae e bitsoang The Bible as History: “Ka lebaka la bopaki bo bongata bo ka tšeptjoang le bo tiisitsoeng hantle bo fumanehang hona joale, . . . ho lula ho tla mantsoe ana ka kelellong ea ka: ‘Ha e le hantle Bibele e nepahetse!’”

Histori e Susumetsang e Nang le Thuto e Matla

Maemong a mangata, bangoli ba Bibele e ne e le batho ba tloaelehileng—lihoai, balisana, batšoasi ba litlhapi. Leha ho le joalo, seo ba se ngotseng ka lilemo tse fetang 1 600 se ’nile sa susumetsa batho ba bangata ho feta lingoliloeng leha e le life tsa boholo-holo kapa tsa mehleng ea kajeno. Ho feta moo, seo ba se ngotseng se ’nile sa hlaseloa ka makhalo ’ohle, empa seo ha sea atleha. (Esaia 40:8; 1 Petrose 1:25) Kajeno Bibele e ka baloa e feletse kapa e sa fella ka lipuo tse ka bang 2 200—lipuo tse fetang hōle tsa buka leha e le efe e ’ngoe! Ke hobane’ng ha Bibele e khethollehile hakaale? Litšupiso tse latelang li thusa ho arabela potso eo.

“Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo ’me le molemo bakeng sa ho ruta, bakeng sa ho khalemela, bakeng sa ho otlolla lintho, bakeng sa ho laea ka ho loka, e le hore motho oa Molimo a ka tšoaneleha ka botlalo, a hlomelloa ka ho feletseng bakeng sa mosebetsi o mong le o mong o molemo.”—2 Timothea 3:16, 17.

“Lintho tsohle tse ileng tsa ngoloa nakong e fetileng li ile tsa ngolloa ho re laea, e le hore ka mamello ea rōna le ka matšeliso a tsoang Mangolong re ka ba le tšepo.”—Baroma 15:4.

“Lintho tsena li ile tsa tsoela pele ho ba hlahela [Baiseraele] e le mehlala, ’me li ile tsa ngoloa hore e be temoso ho rōna [Bakreste] bao bofelo ba litsamaiso tsa lintho bo ba fihletseng.”—1 Bakorinthe 10:11.

E, e le tlaleho e bululetsoeng ke Molimo le e bolokiloeng ea batho ba sebele—bao ba bang ba bona ba ileng ba thabisa Molimo ha ba bang ba sa ka ba mo thabisa—Bibele e phahametse libuka tse ling tsohle. E fapane hōle le lethathamo la tlhahlobo la lintho tse lokelang ho etsoa le tse sa lokelang ho etsoa kapa pokello ea lipalenyana tsa ho thabisa bana. Ke ’nete hore Molimo o sebelisitse bangoli ba batho, empa sena se mpa feela se entse hore Bibele e ipiletse, sa etsa hore e be le boipiletso bo mofuthu bo ’nileng ba ama lipelo tsa babali melokong ka ho latellana. Setsebi sa thuto ea ho epolla lintho tsa khale, William Albright, o itse: “Temoho ea Bibele e feletseng ka boitšoaro le bomoea, eo ka ho khetheha e senolelang batho Molimo ka liphihlelo tsa batho, e sa le ’nete kajeno joaloka lilemong tse likete tse peli kapa tse tharo tse fetileng.”

E le ho bontša hore Bibele e lula e le e sebetsang ’me ha e felloe ke nako, a re khutleleng morao qalehong ea histori ea motho—moo e leng Bibele feela e ka re khutlisetsang teng—’me re hlahlobe lithuto tse ka sehloohong bukeng ea Genese.

Lithuto Tse Nakong Tse Fumanoang Paleng ea Boholo-holo

Har’a lintho tse ling, buka ea Genese e senola tšimoloho ea lelapa la motho—mabitso le lintho tsohle. Tabeng ena, ha ho na buka e ’ngoe ea histori e behileng taba ka ho toba joaloka ena. Empa u ka ’na ua botsa: ‘Kajeno bohlokoa ba ho tseba tšimoloho ea baholo-holo ba rōna ke bofe?’ E na le bohlokoa bo boholohali kaha ho senola ha eona hore batho bohle—ho sa tsotellehe hore na ke ba ’mala ofe, moloko kapa sechaba—ba tsoa batsoaling ba le bang, Genese e hlakola motheo oa khethollo ea merabe.—Liketso 17:26.

Genese e boetse e fana ka tataiso tabeng ea boitšoaro. E na le tlaleho ea Sodoma, Gomora le metse e meng ea boahelani eo Molimo a ileng a e felisa ka lebaka la boitšoaro bo litšila bo feteletseng ba ho kopanela liphate ha baahi ba moo. (Genese 18:20–19:29) Temana ea 7 ea buka ea Bibele, Juda, e re: “Sodoma le Gomora le metse e li potolohileng, ka mor’a hore . . . li etse bohlola ka mokhoa o feteletseng ’me li sale nama morao bakeng sa tšebeliso eo e seng ea tlhaho, li behiloe ka pel’a rōna e le mohlala o lemosang.” Batho ba Sodoma le Gomora ba ne ba sa ka ba fuoa melao ea Molimo ea boitšoaro; empa joaloka batho ba bang bohle, ba ne ba e-na le letsoalo le sebetsang leo ba le filoeng ke Molimo. Ka hona, ka toka Molimo o ne a ka nka batho bao ba ikarabella bakeng sa liketso tsa bona. (Baroma 1:26, 27; 2:14, 15) Ka ho tšoanang kajeno, Molimo o tla nka batho bohle ba ikarabella bakeng sa liketso tsa bona, ebang ba amohela Lentsoe la hae, Bibele e Halalelang, kapa che.—2 Bathesalonika 1:8, 9.

Thuto ea Histori ka ba Pholohileng

Setšoantšo se betliloeng Hekeng ea Tite Roma se bontša masole a Baroma a nkile lijana tse halalelang tse tsoang tempeleng e Jerusalema ka mor’a thipitlo ea motse oo ka selemo sa 70 C.E. Bajuda ba fetang milione ba ile ba bolaoa. Leha ho le joalo, Bakreste ba mamelang ba ile ba pholoha ka lebaka la temoso eo Jesu a neng a ile a fana ka eona esale pele: “Ha le bona Jerusalema e lika-likelitsoe ke mabotho a liahelong, joale le tsebe hore ho etsoa lesupi ha eona ho atametse. Joale ba leng Judea ba ke ba qale ho balehela lithabeng, ’me ba ka hare ho eona ba tlohe, ’me ba libakeng tse ka thōko ba se ke ba kena ka har’a eona; hobane ana ke matsatsi a ho phethahatsa toka.”—Luka 21:20-22.

Ho e-na le ho ba histori feela ea nakong e fetileng, matšoenyeho a Jerusalema a ne a tšoantšetsa litšobotsi tsa matšoenyeho a maholoanyane ao haufinyane a tla oela lefatše lohle. Empa le lekhetlong lena ho tla ba le baphonyohi. Bana ba hlalosoa e le “bongata bo boholo . . . bo [tsoang] lichabeng tsohle le melokong eohle le bathong bohle le malemeng ’ohle.” Ba ‘tsoa matšoenyehong a maholo’ ka lebaka la tumelo ea bona maling a tšolotsoeng a Jesu—e leng tumelo e thehiloeng ka tieo historing ea Bibele le boprofeteng ba eona.—Tšenolo 7:9, 14.

Histori e ke Keng ea Hlola e Ipheta

Kajeno re phela mehleng ea puso ea ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika, ’muso oa ho qetela boprofeteng ba Bibele. Ho latela se ’nileng sa etsahala historing, re ka etsa qeto ea hore joaloka e meng e fetileng, le oona o lokela ho fela. Empa joang? Ho latela Bibele, ho fela ha puso ena e tla ba ho ikhethang e le kannete. Ha e ne e bua esale pele ka selemo sa 1914 C.E., Daniele 2:44 e ile ea re ka puso ea lipolotiki kapa “mebuso,” e neng e tla be e busa: “Matsatsing a marena ao Molimo oa leholimo o tla emisa ’muso o ke keng oa senngoa le ka mohla. ’Muso oo o ke ke oa fetisetsoa ho batho leha e le bafe ba bang. O tla silakanya o felise mebuso ena kaofela, ’me o tla ema ho isa linakong tse sa lekanyetsoang.”

E, ’Muso oa Molimo—puso ea hae ea leholimo e tla beng e eteletsoe pele ke Kreste Jesu—o tla felisa mesaletsa eohle ea puso e hatellang ea motho ka Armagedone, e leng tlhōrō ea “matšoenyeho a maholo” a ileng a boleloa esale pele. Ka mor’a moo, ’Muso ona o “ke ke oa fetisetsoa ho batho leha e le bafe ba bang,” ho bolelang hore o ke ke oa hlola o ketoloa kapa o ntšoa pusong ka livoutu. Borena ba oona bo tla nama “ho ea lipheletsong tsa lefatše.”—Pesaleme ea 72:8.

Qetellong, khatello e sehlōhō e ipheta-phetang ea bolumeli ba bohata, lipolotiki tse hatellang le meharo ea moruo e tla fela. Pesaleme ea 72:7 ea tšepisa: “Ea lokileng o tla atleha, khotso e tla ba ngata ho fihlela ha khoeli e se e le sieo.” Lefatše le tla tlala tšobotsi e hlaheletseng ea Molimo, e leng lerato, eseng boithati le boikhohomoso. (1 Johanne 4:8) Jesu o itse: “Le ratane.” Mabapi le sena, rahistori Will Durant o itse: “Thuto ea ka e ka sehloohong eo ke e fumaneng historing e tšoana le ea Jesu. . . . Lerato ke eona ntho e sebetsang ka ho fetisisa lefatšeng.”

Lerato la Molimo ho batho le ile la mo susumetsa hore a bululele ho ngoloa ha Bibele. Ke eona feela e hlakisang liketsahalo tsa nako e fetileng, tsa hona joale le tsa nako e tlang. Ka kōpo, amohela molaetsa oa eona o fanang ka bophelo ka ho ipha nako e lekaneng ea ho ithuta Bibele. E le ho finyella seo, ebile e le tumellanong le taelo ea Jesu, Lipaki tsa Jehova li arolelana le baahelani ba tsona ‘litaba tse molemo tsa ’muso.’ Haufinyane litaba tsena tse molemo ha e sa tla ba boprofeta feela. E tla ba histori ea nakong e fetileng.—Matheu 24:14.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 9]

“Ha e le hantle Bibele e nepahetse!”—WERNER KELLER

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 11]

“Temoho ea Bibele e feletseng ka boitšoaro le bomoea . . . e sa le ’nete kajeno joaloka lilemong tse likete tse peli kapa tse tharo tse fetileng.”—SETSEBI SA THUTO EA HO EPOLLA LINTHO TSA KHALE, WILLIAM ALBRIGHT

[Litšoantšo tse leqepheng la 9]

Lejoe la Moabe: Le ngotse ka tlaleho ea Morena Mesha ea ntoa e neng e le lipakeng tsa Moabe le Iseraele (2 Marena 3:4-27), mabitso a libaka tse fapaneng tsa Bibele le lebitso la Molimo mangolong a boholo-holo a Seheberu.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Musée du Louvre, Paris.

Denari ea Silevera: Setšoantšo le lebitso ke tsa Tiberiuse Sesare (Mareka 12:15-17).

Tlaleho ea Nabonidus: Letlapa la cuneiform le tiisang hore Babylona e ile ea oela ka tšohanyetso matsohong a Cyruse. (Daniele khaolo ea 5)

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Photograph taken by courtesy of the British Museum.

Leqhetso la letlapa: Le na le lebitso la Ponse Pilato ka Selatine.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Photograph © Israel Museum, Jerusalem; courtesy of Israel Antiquities Authority.

Ka morao ke Moqolo oa Leoatle le Shoeleng: Ho ithuta se ngotsoeng ke Esaia ho paka hore buka ena e ’nile ea lula e sa fetohe ka lilemo tse ka bang 1,000 ha e ntse e kopitsoa ka letsoho.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Shrine of the Book, Israel Museum, Jerusalem.

[Litšoantšo tse leqepheng la 10]

Setšoantšo se betliloeng Hekeng ea Tite se fana ka bopaki ba hore Jerusalema e ile ea timetsoa ka 70 C.E.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Soprintendenza Archeologica di Roma

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela