Lefatše le Lecha le Haufi!
BABUSI ba ’nile ba bua haholo ka taolo ea lefatše le lecha leo ba ka iketsetsang lona. Ba bua ka ho lokolla lefatše tšabong le mekoallong ea tšebelisano pakeng tsa batho le linaha. Empa na batho ba na le matla a ho tlisa lefatše le lecha?
Batho ba bile le lilemo tse makholo-kholo bakeng sa ho thea lefatše la khotso le tšireletseho. Ha ho pelaelo ea hore ba bangata ba ’nile ba sebetsa ka botšepehi boitekong bo joalo. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe sebōpeho sa mebuso e thehiloeng ke batho ho phethahatsa lipakane tse joalo, mantsoe ana a Bibele a ipakile e le ’nete: “Motho ea tsamaeang a ke ke a lokisa lika tsa hae.”—Jeremia 10:23.
Lefatše le Lecha le Tšepisitsoeng
Leha ho le joalo, Lentsoe lona leo la Molimo le bululetsoeng le fana ka kholiseho ea hore lefatše le lecha le tla ba teng. Ka mor’a hore a bolele esale pele ka bofelo ba tsamaiso ea khale ea lintho, moapostola oa Mokreste Petrose o ile a phatlalatsa: “Re lebeletse, ka pallo ea oona, maholimo a macha le lefatše le lecha moo ho loka ho ikahetseng teng.”—2 Petrose 3:10-13.
Ke mang ea fanang ka tšepiso ee? Ha ho e mong ea faneng ka eona haese Jehova, “ea Holimo-limo lefatšeng lohle.” (Pesaleme ea 83:18, NW) O tla finyella seo motho a ke keng a se finyella. E, Jehova Molimo o tla tlisa lefatše le lecha. Empa neng?
Lefatše le Lecha le Haufi Haholo!
Pele lefatše le lecha leo Molimo o le tšepisitseng le e-ba teng ka mokhoa oa sebele, “lefatše,” kapa “tsamaiso ea lintho” ea kajeno e tlameha ho fela. Mabapi le sena, barutuoa ba Jesu Kreste ba ile ba botsa: “Re bolelle, lintho tsee li tla etsahala neng? ’me pontšo ea ho tla ha hao le ea ho fela ha lefatše e tla ba efe?” (Mattheu 24:3, King James Version) New World Translation e nepahetseng haholoanyane e beha potso ea barutuoa ba Jesu ka tsela ena: “Re bolelle, Lintho tsee li tla etsahala neng, ’me pontšo ea ho ba teng ha hao le ea ho fela ha tsamaiso ea lintho e tla ba efe?”
Ha a ba arabela, Jesu o ile a bolela esale pele litšobotsi tse ngata tsa pontšo ena ea ho ba teng ha hae ho sa bonahaleng joaloka motho oa moea a le matleng a ’Muso oa leholimo. (1 Petrose 3:18) Ka mohlala, o itse: “Sechaba se tla tsohela sechaba se seng matla le ’muso o tsohele ’muso o mong matla, ’me ho tla ba le likhaello tsa lijo le litšisinyeho tsa lefatše sebakeng se seng ka mor’a se seng.” Ho tloha ‘qalong ea ho hlokofatsoa ke mahlomola’ ka 1914, “moloko ona” o ileng oa qolloa ke Jesu o bile le phihlelo ea ntoa e tsoelang pele, likhaello tsa lijo, le litšisinyeho tsa lefatše e le karolo ea pontšo ea ho ba teng ha hae ho sa bonahaleng.—Mattheu 24:7, 8, 34, NW.
Ntoa e ’nile ea hlasela moloko ona ka tsela e ke keng ea lekanngoa ho tloha ka 1914. Batho ba ka bang limillione tse 14 ba ile ba shoa Ntoeng ea I ea Lefatše. Ntoeng ea II ea Lefatše, ho ile ha bolaoa masole le baahi ba limillione tse 55. Ke hobane’ng ha ho tloha ka 1914 batho ba fetang limillione tse 100 ba ile ba shoa ntoeng! Ruri, sena ke karolo ea pontšo ea ho ba teng ha Jesu.
Likhaello tsa lijo, tseo le tsona Kreste a li boletseng esale pele, li entse tšenyo linaheng tse ngata ka mor’a ntoa ka ’ngoe lintoeng tse peli tsa lefatše. Ho sa tsotellehe tsoelo-pele ea saense, hoo e ka bang karolo ea bone ea baahi ba lefatše ea lapa kajeno. Selemo le selemo, bana ba limillione le ba bang baa shoa ka baka la phepo e fosahetseng. The World Book Encyclopedia e re: “Bongata ba linaha tse hōlang moruong tsa Afrika, Asia, le Latin America li thatafalloa ke ho fumana lijo tse lekaneng bakeng sa batho ba tsona. Batho ba limillione ba ahileng linaheng tsena baa lapa. Ha tekanyo ea lijo tse hlahisoang ke naha kapa tse tsoang linaheng tse ling e fokotseha ka lebaka lefe kapa lefe, ho ka ’na ha ba le tlala ’me batho ba likete kapa ba limillione ba ka ’na ba shoa.”
Litšisinyeho tsa lefatše li bolaile batho ba bangata molokong ona ’me li tšoaea “nako ea bofelo.” (Daniele 12:4, NW) Likhakanyo tsa liphello tsa litšisinyeho tsa lefatše ha lia fapana. Empa ho tloha ka 1914 tšenyo e ileng ea etsoa ke litšisinyeho tsa lefatše e eketsehile lefatšeng lohle, ’me litšisinyeho tsena li bolaile batho ba makholo a likete. Ha e bua ka litšisinyeho tse peli feela har’a tsena, Yorkshire Post ea October 19, 1989, e itse: “Ka 1920 tšisinyeho e ileng ea ba teng profensing ea Chaena ea Jiangsu e ile ea bolaea batho ba 180 000, ’me ka la 28 July, 1976, Chaena e ile ea hlaseloa ke tšisinyeho e mpe ka ho fetisisa historing ea eona ea kajeno. Bonyane batho ba 240 000 ba ile ba shoa ha motse oa Tangshan o karolong e ka leboea-bochabela ea Chaena o ne o batla o ripitloa ke tšisinyeho e boholo ba 7,8 sekaleng sa Richter se fetoloang ho latela maemo.” Koranta ena e ile ea thathamisa litšisinyeho tsa lefatše tse khōlō tse fetang 30 tse bileng teng lekholong lena la bo20 la lilemo.
Mosebetsi oa boboleli ba ’Muso le ’ona o ile oa boleloa esale pele e le e ’ngoe ea litšobotsi tsa pontšo ea ho ba teng ha Jesu ho sa bonahaleng. O ile a bolella barutuoa ba hae ba batlisisang: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle le ahiloeng bakeng sa bopaki ho lichaba tsohle; ’me e tla ba hona bofelo bo hlahang.” (Mattheu 24:14, NW) Joalokaha Jesu a ile a profeta, Lipaki tsa Jehova tse fetang 4 000 000 li ntšetsa mosebetsi ona oa ho bolela pele lefatšeng lohle linaheng tse 212.
Phethahatso ea kajeno ea boprofeta bona le bo bong e paka hore re fela re phela “mehleng ea qetello.” (2 Timothea 3:1-5) Se larileng ka pel’a rōna ke “mahlomola a maholo” ao le ’ona Jesu Kreste a a boletseng esale pele. A tla fihla tlhōrōng ea ’ona nakong ea “ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle” Harmagedone, e tla felisa tsamaiso ea lintho e khopo ea kajeno. (Mattheu 24:21; Tšenolo 16:14-16) Joale lefatše le lecha leo Molimo o le tšepisitseng e tla ba ntho ea sebele.a
Mahlohonolo ao Batho ba ke Keng ba a Tlisa
Babusi ba ikhantša ka taolo ea lefatše le lecha leo ba tla le etsa. Empa Jehova, Molimo oa leholimo le lefatše, ha a e-s’o kōpe batho hore ba tlise lefatše le lecha le tla nkela tsamaiso ea kajeno sebaka. Eena ka boeena o tla etsa seo ka letsatsi le hora tse tsejoang ke eena feela. (Mattheu 24:34, 36) Moapostola ea hōlileng Johanne o ile a ba le ponelo-pele ea seo Molimo, eseng motho, o tlang ho se etsa:
“Eaba ke bona leholimo le lecha le lefatše le lecha; hobane leholimo la pele le lefatše la pele li ne li fetile, le lona leoatle le ne le se le le sieo. Eaba ke bona motse o halalelang, Jerusalema e mocha, o theoha leholimong ho Molimo, o itokisitse joale ka monyaluoa ea itlhophiselitseng monna oa hae. Ka utloa lentsoe le phahameng le e-tsoa teroneng, le re: Bonang tabernakele ea Molimo e har’a batho; o tla aha le bona; e tla ba lichaba tsa oona, ’me Molimo o tla ba le bona ka sebele sa oona, e be Molimo oa bona. Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele li fetile. Joale ea lutseng teroneng a re: Bonang, ntho tsohle ke li etsa tse ncha. A ntoo re ho ’na: Ngola; hobane lipolelo tseo li tiile; ke tsa ’nete.”—Tšenolo 21:1-5.
“Leholimo le lecha” lena ke ’Muso oa Jesu Kreste oa leholimo. “Lefatše le lecha” hase naletsana e ’ngoe empa ke moloko o mocha oa batho o tla be o phela naletsaneng eona ena—kaofela ha bona e le bafo ba bontšang kutlo ba ’Muso oa Jesu Kreste, ba sa tsekolloang ke khethollo ea morabe, bochaba, kapa lipuo. (Bapisa le Pesaleme ea 96:1.) Leholimo le lefatše tsa tšoantšetso tsa kajeno—tsamaiso ea Diabolose ea lintho le tlhophiso ea eona ea mebuso e susumetsoang ke Satane le bademona ba hae—li tla be li felisitsoe. (1 Johanne 5:19) Le hoja maoatle a sebele a tla sala, leoatle la tšoantšetso la batho ba se nang khotso ea kelello, ba khopo le tla be le se le le sieo. Ba tlang ho busa le Jesu leholimong ba bōpa Jerusalema e Mocha ’me ha ba kopana le eena ba bōpa tlhophiso e ka sehloohong e tlang ho busa sechaba se lokileng. Molimo o tla “aha le” batho ba o utloang ka baemeli ba oona, ha ba ntse ba boelanngoa le oona ka ho felletseng ka Kreste nakong ea Letsatsi la Kahlolo la lilemo tse sekete.—Tšenolo 14:1-4; 20:6.
Tlas’a puso ea ’Muso ho tla ba le mabaka a mangata bakeng sa thabo. Mahlomola, ho bokolla, le bohloko bo bakoang ke ho kula, masoabi, le lintho tse tšoanang le tseo e tla ba liphihlelo tsa nako e fetileng. Esita le lefu le ileng la aparela batho ho tloha ho motsoali oa rōna oa pele, Adama oa moetsalibe, le ke ke la hlola le e-ba teng. (Ba-Roma 5:12) Ke thabo e kaakang e tla ba teng ha sesosa sena se teng lefatšeng lohle sa meokho se se se felile ka ho sa feleng!
Hase motho ea shoang empa ke Molimo ka booona o fanang ka tiiso mabapi le mahlohonolo ana. Ke oona o reng: “Bonang, ntho tsohle ke li etsa tse ncha.” E, Jehova Molimo o ile a boela a bolella moapostola Johanne: “Ngola; hobane lipolelo tseo li tiile; ke tsa ’nete.”
Litlhoko tsa Motheo li Tla Khotsofatsoa ka ho Felletseng
Lefatšeng le lecha leo Molimo o tlang ho le etsa, lefatše le tla fetoha paradeise qetellong. Ena ke taba ea sebele, hobane Jesu o ile a tšepisa sesenyi se bakileng se neng se fanyehiloe thupeng lehlakoreng la hae hore: “Ka ’nete ke re ho uena kajeno, U tla ba le ’na Paradeiseng.” (Luka 23:43, NW) Nakong ea maemo a paradeise, litlhoko tsa batho tse kang lijo le matlo li tla khotsofatsoa ka ho felletseng.
Kajeno batho ba limillione baa shoa ka baka la ho haelloa ke lijo. Ho sa tsotellehe hore na boiteko ba ho fepa batho ba lapileng e ka ba bo ikhethang hakae, meharo le lisosa tse ling li thibela batho ho rarolla mathata a joalo. Ka mohlala, koranta ea Johannesburg, Afrika Boroa, e bitsoang Saturday Star, ea tlaleha: “Likhang tsa lipolotiki, litheko tse nyolohileng tsa mafura le ho tepella ho akaretsang ka baka la likhohlano tsa Afrika tseo ho bonahalang eka ha li sa tla fela ha li kopana li etsa hore pheko e liehe ho ba teng . . . Naheng ea Sudan, e leng e ’ngoe ea linaha tse anngoeng ke tlala ka ho fetisisa, batho ba lipakeng tsa limillione tse 5 le tse 6 ba tobane le tlala ea bo-ja-likata ka 1991.” Empa tlala e tla lebaloa lefatšeng le lecha la Molimo. Tlas’a puso ea ’Muso “nala ea mabele e tla ba teng lefatšeng holim’a lithaba.”—Pesaleme ea 72:16.
Tlhoko e ’ngoe ea batho e ke keng ea khotsofatsoa ka mokhoa o lekaneng bakeng sa batho ba bangata kajeno ke ea bolulo. Batho ba limillione ba lula maqhofeng kapa ha ba na mahae ho hang. Ho latela The New York Times, naheng e ’ngoe ea Bochabela, “k’hamphaning ea electronics . . . , mabitso a basebetsi ba lilemo li 20 a kentsoe lethathamong la batho ba emetseng ho fumana matlo le tla nka lilemo tse 73,” ’me tlaleho ea ’muso e bontša hore batho ba bang ba tlameha ho lula “matlong a polokelo ea liphahlo tsa mabenkele, liofising kapa esita le matloaneng.” Empa phapang e tla ba e kaakang lefatšeng le lecha! Paradeiseng e tlang, “ba tla haha matlo, ba lule ho ’ona; ba tla hloma merara, ba je litholoana tsa eona. Ba ke ke ba haha matlo, osele a lula teng, leha e le ho hloma merara, osele a je tholoana tsa eona, hobane matsatsi a sechaba sa ka a tla lekana le matsatsi a lifate, ’me bakhethoa ba ka ba tla bona mesebetsi ea matsoho a bona e tsofalla ho bona.”—Esaia 65:21, 22.
Mathata a likamano pakeng tsa batho a tla fela lefatšeng le lecha le tšepisitsoeng ke Molimo. Moea o silafetseng o sokelang bophelo bo botle le o senyang lijalo o ke ke oa hlola o e-ba teng. Tšilafalo le tšenyo ea tikoloho eo limela le liphoofolo li phelang ho eona tseo joale li bolaeang mefuta e mengata ea limela le liphoofolo ha li sa tla hlola li re tšosa. ’Me lintho tse kang ho senyeha ha ozone layer li ke ke tsa etsa hore ho phela holim’a lefatše ho be kotsi. Re ka kholiseha hore Jehova Molimo o tla rarolla mathata ana ’ohle, hobane Lentsoe la hae le re tiisetsa hore haufinyane o tla “senya ba senyang lefatše.”—Tšenolo 11:18.
Lefatšeng le lecha, ntoa le eona e tla ba ntho ea nako e fetileng empa eseng hobane babusi ba lefatše ba atlehile ho etsa hore lichaba li lahle libetsa. Ho e-na le hoo, Molimo o tla etsa seo babusi ba lipolotiki ba hlōlehileng ho se etsa. O tla tlisetsa batho ba utloang khotso ka ho phethahatsa mantsoe ana a mopesaleme: “Tlong, le bohe liketso tsa Jehova, kamoo a sentseng lefatše ka teng. O felisitse lintoa le ho isa pheletsong ea lefatše, o robile liqha, a robakanya marumo, a chesa makoloi a ntoa mollong.” (Pesaleme ea 46:8, 9) Lefatšeng le lecha leo Molimo o le tšepisitseng le seng le le haufinyane haholo, batho ha ba sa tla hlola ba loana empa ba tla thabela khotso ea ’nete le tšireletseho.—Mikea 4:2-4.
Na U Tla ba Teng?
U ka kholiseha hore lefatše le lecha leo Jehova Molimo a le tšepisitseng le tla fela le be teng. Ha a bue leshano. (Ba-Heberu 6:17, 18) Lentsoe la Hae, Bibele, ke ’nete, ’me seo a se tšepisang ka mehla sea phethahala.—Johanne 17:17.
Litaba tse molemo tsa mahlohonolo a babatsehang bakeng sa batho ba bontšang kutlo ke sona seo Lipaki tsa Jehova li ikitlaelletsang ho se arolelana le batho bohle ba lipelo li tšepahalang. U lokela ho etsa boiteko ba ho fumana tsebo ea morero oa Molimo hona joale, ’me u sebetse tumellanong le litšepiso tse babatsehang tse fumanoang Mangolong a Halalelang. Ho etsa joalo ho ka u isa bophelong bo sa feleng, hobane Jesu o itse: “Bophelo bo sa feleng ke hore ba u tsebe, uena Molimo o ’notši oa ’nete, le Jesu Kreste eo u mo romileng.” (Johanne 17:3) Joale u tla ba le tokelo ea ho thabela linako tse monate tse ka pele, hobane lefatše le lecha la Molimo le haufi!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona likhaolo tsa 17 le 18 tsa buka U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.