Tikoloho E Senyehang
‘Ntle le hore ho etsuoe ntho e ’ngoe kapele, re ka lebella
ho theoha ho hoholo ha moruo le pherekano ea sechaba’
MOLAETSA oo ebile oa Lester Brown, mopresidente oa sehlopha sa liphuputso tsa tikoloho sa Worldwatch Institute. Litlhaloso tsa hae li hlahile tlalehong ea selemo le selemo ea “boemo ba lefatše.”
Brown o boletse hore tikoloho ea lefatše e tsoela pele ho senyeha. Ntle le ha litšokelo tsa ho senyeha ha lera le thibelang mahlaseli a kotsi, komello, ho senngoa ha meru, khoholeho ea mobu, le sepenya sa baahi li ka tlisoa taolong, “ho oa ha moruo ho ke ke ha qojoa.” O hlokometse hore tlhahiso ea lijo ea lefatše e fokotsehile ka karolo ea 14 lekholong motho ka mong ho tloha ka 1984 le hore lijo-thollo li boemong bo tlaase ka ho fetisisa nakong ea lilemo tse 15.
Brown o boetse a re: “Ha re na nako . . . Re lokela ho bo lokisa ka bo1990. Ho feta moo nako e tla be e se e tsamaile haholo. . . . Se tlang ho re hlokomelisa ke kotulo e ’ngoe e amanang le komello. Joale re tla iphumana re hloka lijo-thollo tseo re lokelang ho li romela linaheng tse ling ’me sena se tla eketsa theko ka makhetlo a mabeli kapa a mararo. Tšokelo e hōlang ea moruo e tla etsa hore khaello ea oli e be joaloka hoja ke tharollo e bonolo.” O boetse a hlokomela: “Nako e se e tsamaile haholo bakeng sa linaha tse ling tsa Afrika. Ha ho tsela ea ho fetola sena moo. . . . Mohlomong Latin America ke eona e latelang.”
Mekhoa e joalo e lumellana le boprofeta ba Bibele bo buang ka tlala, maloetse, ntoa, le lefu le motho ea “senyang lefatše” mehleng ea rōna. Jesu o profetile hore sena se tla fihla sehlohlolong ‘mahlomoleng a maholo a e-song ho etsahale ho tloha tšimolohong ea lefatše.’ Seo se tla bolela bofelo ba tsamaiso ea joale ea lintho, le ho hleka tsela bakeng sa lefatše le lecha le entsoeng ke Molimo.—Tšenolo 6:1-8; 11:18; Mattheu 24:21; 2 Petrose 3:10-13.