Ke Hobane’ng ha Nako e le Khutšoanyane Hakaale?
NAKO. Ho ka etsahala hore re thatafalloe ho hlalosa lentsoe lena ka nepo, empa ka sebele rea tseba hore ha ho mohla re bang le nako e lekaneng. Hape rea tseba hore e feta kapele. Ha e le hantle, re atisa ho feheloa, “Nako ea fofa.”
Leha ho le joalo, ho totobetse hore seroki sa Lenyesemane Austin Dobson o ne a nepile ha ka 1877 a ne a re: “Na u re nako ea feta? Che bo! Khele, Nako e eme, rōna rea feta.” Haesale a e-shoa ka 1921, Dobson o bile sieo ka lilemo tse ka bang 80; nako e ’nile ea tsoela pele.
Nako e Ngata
Bibele ha e bua ka ’Mōpi oa batho ea re bolella: “Pele lithaba li tsoaloa, kapa u qala ho hlahisa lefatše le naha e behang joalokaha eka ke ka bohloko ba pelehi, esita le ho tloha nakong e sa lekanyetsoang ho isa nakong e sa lekanyetsoang u Molimo.” (Pesaleme ea 90:2, NW) Kapa joalokaha The New Jerusalem Bible e e fetolela, “ho tloha ho bosafeleng ho ea ho bosafeleng u Molimo.” Ka hona, nako e tla ba teng ha Molimo a ntse a le teng—ka ho sa feleng!
Ho fapana ka ho feletseng le Molimo, ea nang le nako e sa feleng, re bala sena ka batho: “Etsoe matsatsi ’ohle a rōna a fokotsehile khalefong ea hao; re qetile lilemo tsa rōna feela joaloka mohoeshetso. Matsatsi a lilemo tsa rōna ke lilemo tse mashome a supileng; ’me haeba e le ka lebaka la matla a khethehileng e ba lilemo tse mashome a robeli, empa leha ho le joalo a tsitlella khathatsong le linthong tse kotsi; etsoe a lokela ho feta kapele, ’me rea fofa.”—Pesaleme ea 90:9, 10, NW.
Kajeno ke hobane’ng ha bophelo bo le bokhutšoanyane hakaale, kaha Bibele e re ruta ka ho hlaka hore morero oa Molimo ke hore motho a phele ka ho sa feleng? (Genese 1:27, 28; Pesaleme ea 37:29) Ho e-na le hore batho ba phele nako e sa lekanyetsoang joalokaha Molimo a ne a rerile, ke hobane’ng ha ka karolelano tlas’a maemo a molemohali ba phela matsatsi a ka tlaase ho 30 000? Ke hobane’ng ha batho ba e-na le nako e khutšoanyane hakaale? Ke mang kapa ke eng e ikarabellang bakeng sa boemo boo bo bohloko? Bibele e fana ka likarabo tse hlakileng le tse khotsofatsang.a
Nako e Ntseng e Khutsufala
Batho ba hōlileng ba tla netefatsa hore lilemong tsa morao tjena tse mashome bophelo bo potlakile haholoanyane. Moqolotsi e mong oa litaba, Dr. Sybille Fritsch, o ile a bontša hore nakong ea lilemo tse 200 tse fetileng, lihora tsa beke ea mosebetsi li theohile ho tloha ho tse 80 ho ea ho tse 38, “empa sena ha sea khaotsa pelaelo ea rōna.” O ile a hlakisa: “Nako e lekane motinyane; nako ke chelete; nako ke ntho ea bohlokoa joaloka ho phefumoloha; bophelo bo potlakile.”
Ho qaptjoa ha lintho tse ncha ho butse sebaka le menyetla eo ho seng mohla e kileng ea nahanoa ke meloko ea pejana. Empa ho eketseha ha monyetla oa ho kopanela mesebetsing e mengata, ho etsa hore ho be le tsieleho e eketsehileng ea ho ba le nako e khutšoanyane ea ho e etsa. Matsatsing ana, likarolong tse ngata tsa lefatše, batho ba na le kemiso e sa fetoheng, ba potlakela ho qeta mosebetsi o itseng ka nako e le hore ba ka qeta o latelang ka nako. Ntate o lokela ho tloha hae ka 7:00 hoseng a e-ea mosebetsing, ’Mè o lokela ho fihlisa bana sekolong ka 8:30 hoseng, Ntate-moholo o lokela ho bona ngaka ka 9:40 hoseng ’me kaofela ha rōna re tlameha hore re be re itokiselitse seboka sa bohlokoa ka 7:30 mantsiboea. Ha ba potlaketse ho qeta mosebetsi o mong ka mor’a o mong ka nako, ke ka thata ho bang le nako e salang bakeng sa ho phomola. ’Me re belaela ka mosebetsi oa kamehla o bosula le o boima.
Hase Rōna Feela ba Nang le Nako e Khutšoanyane
Sera sa Molimo, Satane Diabolose, eo ho qhekella ha hae ho ileng ha etsa hore bophelo ba moloko oa batho bo be bokhutšoanyane, hona joale o jeoa ke bokhopo ba hae. (Bapisa le Bagalata 6:7, 8.) Ha e bua ka tsoalo ea ’Muso oa Bomesia leholimong, Tšenolo 12:12 e re fa lebaka la tšepo ha e re: “Ka lebaka lena thabang, lōna maholimo le lōna ba lulang ho ’ona! Ho malimabe lefatše le leoatle, hobane Diabolose o theohetse ho lōna, a halefile haholo, a tseba hore o na le nako e khutšoanyane.”
Ho latela tatellano e tšepahalang ea liketsahalo tsa Bibele ho ea ka nako ea tsona le ho phethahala ha boprofeta ba Bibele, hona joale re phela qetellong ea “nako [eo] e khutšoanyane.” Ho thabisa hakaakang ho tseba hore nako ea Satane ea bolokolohi e tla tloha e fela ka ho feletseng! Hang ha a tlositsoe tseleng, batho ba mamelang ba tla khutlisetsoa phethehong, ’me ba ka fumana bophelo bo sa feleng boo Jehova a ba reretseng bona tšimolohong. (Tšenolo 21:1-4) Ha ho sa tla ba le bothata ba ho hloka nako.
Na u ka nahana hore na ho tla bolela eng ho ba le bophelo bo sa feleng—ho phela ka ho sa feleng? Ha ho sa tla ba le mohla u tla tšoenyeha ka lintho tseo u ileng ua tlameha ho li tlohela u sa li qeta. Haeba u hloka nako e eketsehileng, hosasane ho sa le teng, kapa beke e latelang, kapa selemo se latelang—ha e le hantle, bosafeleng bo namileng ka pel’a hao!
Ho Sebelisa Nako eo re Nang le Eona Hona Joale ka Bohlale
Ha a lemoha hore nako ea hae ea ho susumetsa batho e lekanyelitsoe, Satane o leka ho etsa hore batho ba lule ba phathahane hoo ba se nang nako ea ho mamela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo o hlomiloeng. Ka lebaka leo, re etsa hantle ha re ela hloko keletso ea bomolimo e reng: “Le lule le lebetse ka tieo hore kamoo le tsamaeang kateng hase joaloka batho ba seng bohlale empa ke joaloka ba bohlale, le ithekela nako e loketseng, hobane matsatsi a khopo. Ka lebaka lena khaotsang ho ba ba se nang kahlolo e molemo, empa le tsoele pele ho lemoha seo thato ea Jehova e leng sona.”—Baefese 5:15-17.
Ke habohlokoa hakaakang hore re sebelise nako ea rōna ka bohlale linthong tsa bohlokoahali ho e-na le ho e sebelisa habohlasoa re phehella lintho tse se nang thuso tse sa tliseng molemo o sa feleng! Re lokela ho hlaolela maikutlo a tšoanang le ao Moshe a neng a e-na le ’ona ha a ne a kōpa Jehova ka matla ka mantsoe ana a tlohang pelong: “U re rute ho bala matsatsi a rōna ka mokhoa oo re ka fihlelang pelo e hlalefileng ka oona!”—Pesaleme ea 90:12.
Ka sebele, lefatšeng la kajeno motho e mong le e mong o phathahane. Leha ho le joalo, Lipaki tsa Jehova li u phehella ka matla hore u sebelise nako e itseng nakong ea hao ea bohlokoa u ithuta seo Molimo a se hlokang e le hore u ka fumana bophelo bo sa feleng tlas’a puso ea ’Muso oa hae. Hora e le ’ngoe ka beke eo u e nkang u ithuta Bibele ka tsela e hlophisitsoeng, u “lemoha seo thato ea Jehova e leng sona,” e ka u nolofalletsa hore ka bouena u latsoe ho phethahala ha mantsoe ana: “Sesefa bobe, u etse botle, ke moo u tla lula u iketlile ka ho sa eeng kae. Ba lokileng ba tla ja lefa la lefatše, ’me ba tla hlola ho lona ka ho sa feleng.”—Pesaleme ea 37:27, 29.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona buka ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng, khaolong ea 6, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.