Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • lr khao. 11 maq. 62-66
  • Thuso eo Mangeloi a Molimo a Fanang ka Eona

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Thuso eo Mangeloi a Molimo a Fanang ka Eona
  • Ithute ho Mosuoe e Moholo
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kamoo Mangeloi a ka U Thusang Kateng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Mangeloi—Na a Ama Bophelo ba Hao?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Mangeloi—Kamoo a Amang Bophelo ba Rōna Kateng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Mangeloi ke “Meea Bakeng sa Tšebeletso ea Sechaba”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
Bala Tse Ling
Ithute ho Mosuoe e Moholo
lr khao. 11 maq. 62-66

Khaolo ea 11

Thuso eo Mangeloi a Molimo a Fanang ka Eona

BATHO ba bang ba re ba lumela feela seo ba ka se bonang. Empa seo ke booatla. Ho na le lintho tse ngata tsa sebele tseo re e-s’o ka re li bona ka mahlo. U ka re e ’ngoe ea tsona ke efe?—

Ho thoe’ng ka moea oo re o hemang? Na re ka o tšoara?— Phahamisa letsoho, ebe ua le bulula. U utloa’ng?— U utloa moea, empa na u ka o bona?—

Re buile ka batho ba moea, bao re ke keng ra ba bona. Re ithutile hore ba bang ba molemo le hore ba bang ba babe. Ak’u bolele mabitso a batho ba bang ba moea ba molemo bao re ke keng ra ba bona.— E mong ke Jehova Molimo, e mong ke Jesu, ’me ba bang ke mangeloi a molemo. Na le mangeloi a mabe a teng?— Bibele e re a teng. Ak’u mpolelle hore na u ithutile’ng ka ’ona.—

Ntho e ’ngoe eo re ithutileng eona ke hore mangeloi a molemo le a mabe a matla ho re feta. Mosuoe e Moholo o ne a tseba lintho tse ngata ka mangeloi. Hobane e ne e le lengeloi pele a tsoaloa e le ngoana lefatšeng. O ne a phetse le mangeloi a mang leholimong. O ne a tseba a mang a limilione. Na mangeloi ao kaofela a na le mabitso?—

Re ithutile hore Molimo o ile a reha linaleli mabitso. Kahoo re ka kholiseha hore mangeloi kaofela a na le mabitso. Ebile rea tseba hore a ka buisana kaha Bibele e re bolella hore ho na le ‘puo ea mangeloi.’ (1 Bakorinthe 13:1) U nahana hore mangeloi a bua ka eng? Na a bua ka rōna batho moo lefatšeng?—

Rea tseba hore mangeloi a Satane, e leng bademona, a leka ho re susumelletsa ho se mamele Jehova. Kahoo a tlameha a buisana ka hore na a ka etsa sena joang. A batla hore re tšoane le ’ona e le hore le rōna Jehova a se ke a re rata. Empa ho thoe’ng ka mangeloi a Molimo a tšepahalang? Na u nahana hore le ’ona a bua ka rōna?— E, a bua ka rōna. A batla ho re thusa. E-re ke u phetele kamoo mangeloi a mang a Molimo a ileng a thusa batho ba ratang Jehova kateng le ba mo sebeletsang.

Ka mohlala, ho ne ho e-na le monna e mong ea bitsoang Daniele ea neng a phela Babylona. Batho ba bangata ba moo ba ne ba sa rate Jehova. Batho bao ba ne ba bile ba behile molao o reng mang le mang ea rapelang Jehova Molimo a fuoe kotlo. Empa Daniele ha aa ka a khaotsa ho rapela Jehova. Na ua tseba hore na Daniele ba ile ba mo etsa’ng?—

Batho bao ba babe ba ile ba lahlela Daniele ka sekoting sa litau. Daniele o ne a le mong ka moo le litau tse lapileng. Na ua tseba hore na ho ile ha etsahala’ng?— Daniele o re: ‘Molimo o ile a romela lengeloi la hae ’me la koala melomo ea litau.’ Ha aa ka a tsoa kotsi ho hang! Mangeloi a ka etsa lintho tse hlollang molemong oa ba sebeletsang Jehova.—Daniele 6:18-22.

Ka nako e ’ngoe Petrose o ile a kenngoa chankaneng. U tla hopola hore Petrose e ne e le motsoalle oa Mosuoe e Moholo, Jesu Kreste. Batho ba bang ba ne ba sa rate ha Petrose a ba bolella hore Jesu ke Mora oa Molimo. Kahoo ba ile ba kenya Petrose chankaneng. Masole a ile a lebela Petrose ho tiisa hore ha a balehe. Na ho ne ho se motho ea ka mo thusang?—

Petrose o ne a robala pakeng tsa balebeli ba babeli a bile a tlanngoe ka liketane matsohong. Empa Bibele e re: ‘Bonang! Lengeloi la Jehova la tla, ’me leseli la qala ho khanya ka seleng ea chankana. Lengeloi la sisinya Petrose lehlakoreng, la mo tsosa, la re, “Tsoha kapele!”’

Ka oona motsotso oo, liketane tse matsohong a Petrose tsa oa! Lengeloi la re ho eena: ‘Apara, roala meqathatso ea hao, ’me u ntatele.’ Balebeli ba ile ba sitoa ho thibela seo hobane lengeloi le ne le thusa Petrose. Joale ha ba fihla keiting ea tšepe, ha etsahala ntho e ’ngoe e makatsang. Keiti ea ipula! Lengeloi leo le ile la lokolla Petrose e le hore a ka tsoela pele ka boboleli.—Liketso 12:3-11.

Na le rōna mangeloi a Molimo a ka re thusa?— E, a ka re thusa. Na see se bolela hore le ka mohla a ke ke a lumella hore re utloe bohloko?— Che, mangeloi ha a re thibele hore re utloe bohloko haeba re etsa lintho tse booatla. Empa le haeba re sa etse lintho tse booatla, re ntse re ka ’na ra utloa bohloko. Mangeloi ha aa laeloa hore a thibele sena ho etsahala. Ho e-na le hoo, Molimo o a laetse hore a etse mosebetsi o khethehileng.

Bibele e bua ka lengeloi le bolellang batho hohle hore ba rapele Molimo. (Tšenolo 14:6, 7) Lengeloi le ba bolella see joang? Na le hoeletsa le le leholimong e le hore motho e mong le e mong a utloe?— Che, ho e-na le hoo, balateli ba Jesu ba lefatšeng ba buisana le batho ba bang ka Molimo, ’me mangeloi a ba tataisa mosebetsing oa bona. Mangeloi a tiisa hore batho ba batlang ho tseba ka Molimo ba fumana monyetla oa ho utloa ka eena. Re ka kopanela mosebetsing oo oa boboleli, ’me mangeloi a tla re thusa.

Empa ho thoe’ng haeba batho ba sa rateng Molimo ba re bakela khathatso? Ho thoe’ng haeba ba re kenya chankaneng? Na mangeloi a tla re lokolla?— A ka ’na a re lokolla. Empa seo ha se bolele hore a lokolla batho kamehla.

Ka lekhetlo le leng, molateli oa Jesu e leng Pauluse, o ile a tšoaroa. O ne a tsamaea ka sekepe nakong ea sefefo se matla. Empa mangeloi ha aa ka a mo lokolla ka eona nako eo. Hobane ho ne ho e-na le batho ba bang ba neng ba lokela ho utloa ka Molimo. Lengeloi le ile la re: “Pauluse, u se ke ua tšaba. U tla ema ka pel’a Cesare.” E, Pauluse o ne a tla isoa ka pel’a ’musi oa lefatše Cesare e le hore a ka mo pakela. Mangeloi a ne a tseba moo Pauluse a leng teng, ’me a ile a mo thusa. Le rōna a tla re thusa haeba re hlile re sebeletsa Molimo.—Liketso 27:23-25.

Ho na le mosebetsi o mong oa bohlokoa oo mangeloi a tlang ho o etsa, ’me a tla o etsa haufinyane. Nako ea hore Molimo a timetse batho ba khopo e haufi haholo. Bohle ba sa rapeleng Molimo oa ’nete ba tla timetsoa. Ba reng ha ba lumele hore mangeloi a teng hobane ba ke ke ba a bona ba tla tseba hore ba fositse.—2 Bathesalonika 1:6-8.

Seo se tla bolela’ng ho rōna?— Haeba re le ka lehlakoreng la mangeloi a Molimo, a tla re thusa. Empa na re ka lehlakoreng la ’ona?— Re ka lehlakoreng la ’ona haeba re sebeletsa Jehova. ’Me haeba re sebeletsa Jehova, re tla bolella batho ba bang hore le bona ba mo sebeletse.

Hore u ithute ho eketsehileng kamoo mangeloi a amang bophelo ba batho kateng, bala Pesaleme ea 34:7; Matheu 4:11; 18:10; Luka 22:43; le Liketso 8:26-31.

[Setšoantšo se leqepheng la 63]

Molimo o ile a etsa’ng ho pholosa Daniele?

[Setšoantšo se leqepheng la 64]

Lengeloi le ile la thusa Petrose joang hore a tsoe chankaneng?

[Setšoantšo se leqepheng la 66]

Lengeloi lee le re’ng ho Pauluse?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela