Pono ea Bibele
Na U Lokela ho Tšaba Armagedone?
“ARMAGEDONE” ke eng? Ka mantsoe a bonolo feela, lentsoe leo le sebelisoa boemong boo ho bona babusi ba lefatše ba bokelloang khahlanong le Molimo le ’Muso oa hae ka Jesu Kreste. Bukeng ea Bibele ea Tšenolo, moapostola Johanne o ile a bona pono eo ho eona babusi ba bokanang hammoho ’me ba e-ba khahlanong le Molimo sebakeng sa tšoantšetso se bitsoang Armagedone.
Lentsoe lena “Armagedone” le hlaha hang feela ka Mangolong, empa mehleng ea morao tjena le sebelisoa haholo ka puo ea tšoantšetso. Lentsoe lena le ’nile la sebelisoa likoluoeng tse khōlō le tse nyenyane, le sebelisoa le bohatong ba ho timetsa morabe o mong ka ho feletseng ka nyutlelie ho ea fihla vaeraseng ea lik’homphieutha. Libuka tse ’maloa tse rekisoang haholo li ’nile tsa thehoa ho se bitsoang mehla ea qetello, kapa nako ea pejana feela ho Armagedone. Ho ’nile ha rekisoa letoto la libuka tse buang ka sehlooho seo tse fetang limilione tse 60 lilemong tse leshome tse fetileng.
Batho ba bang ba tšaba Armagedone. Ba na le maikutlo a hore likhukhuni, lichaba tse ratang lintoa, kapa likoluoa tse ka nģ’ane ho taolo ea motho li tla lebisa koluoeng ea lefatše, e tlang ho fella ka hore lefatše le sitoe ho ba le bophelo. Ba bang ba lumela hore ka nako e behiloeng, Molimo ka boeena o tla felisa polanete ea rōna ka bohale, le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ho eona. Ka sebele tsena ke litebello tse tšosang! Empa kutloisiso e nepahetseng ke efe ka ‘ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo ea Matla ’Ohle’ ka Armagedone?—Tšenolo 16:14, 16.
Na Lefatše le Tla Senngoa?
Hase batho bohle ba tla timetsoa ka Armagedone. Re tseba joang? Bibele e re tiisetsa hore “Jehova o tseba ho lopolla batho ba boinehelo ba bomolimo tekong, empa ho bolokela batho ba sa lokang letsatsi la kahlolo hore ba khaoloe.” (2 Petrose 2:9) Kahoo, re ka kholiseha hore Molimo o tla boloka matla ’ohle a hae a laolehile ka ho phethahetseng. Ke feela ba nyelisang borena ba Molimo ba tlang ho tobana le bohale ba hae ka Armagedone. Ha ho batho ba tla shoa ka phoso.—Pesaleme ea 2:2, 9; Genese 18:23, 25.
Bibele e re bolella hore Molimo o tla “felisa ba senyang lefatše.” (Tšenolo 11:18) Kahoo ho hlakile hore morero oa Jehova Molimo hase ho timetsa polanete ea rōna. Ho e-na le hoo, o tla tlosa mokhatlo oa batho ba khopo ba hanyetsang bobusi ba hae. Hona ke ho latela mohlala o behiloeng Moroallong oa mehla ea Noe.—Genese 6:11-14; 7:1; Matheu 24:37-39.
‘Letsatsi le Tšosang’
Ke ’nete hore boprofeta bo bongata ba Bibele ba timetso e tlang boa tšosa. Ka mohlala, moprofeta Joele o ile a bua ka “letsatsi le leholo le le tšosang la Jehova.” (Joele 2:31) Pokello ea libetsa tsa Molimo e akarelletsa lehloa, sefako, tšisinyeho ea lefatše, lefu le tšoaetsanoang, lipula tsa litloebelele, pula ea mollo le sebabole, pherekano e bolaeang, lehalima, le seoa sa ho bola linama.a (Jobo 38:22, 23; Ezekiele 38:14-23; Habakuke 3:10, 11; Zakaria 14:12, 13) ’Me Bibele e hlalosa ka ho hlaka nakong eo bafu ba tla beng ba rapaletse holim’a lefatše, ba siiloe e le monontša kapa e le lijo tsa linonyana le liphoofolo tse ling. (Jeremia 25:33, 34; Ezekiele 39:17-20) Tšabo e tla aparela lira tsa Molimo nakong ea ntoa ena.—Tšenolo 6:16, 17.
Na hoo ho bolela hore barapeli ba ikokobelitseng ba Molimo oa ’nete ba lokela ho tšaba liketsahalo tse hlollang tse tla etsahala ka Armagedone? Le hanyenyane, hobane bahlanka ba Molimo lefatšeng ba ke ke ba e-ba le seabo ntoeng ena. Ho feta moo, ba tla sireletsoa ke Jehova. Ho ntse ho le joalo, barapeli ba ’nete ba tla hlolloa ke ponahatso e tšosang ea matla a Molimo.—Pesaleme ea 37:34; Liproverbia 3:25, 26.
Leha ho le joalo, habohlokoa ke hore moapostola Johanne o ile a bululeloa hore a re tiisetse: “Ho thaba mang kapa mang ea bolokang mantsoe a boprofeta ba moqolo ona,” ho akarelletsa le temoso ea Armagedone. (Tšenolo 1:3; 22:7) Na motho a ka thaba ha a nahana ka Armagedone? Ho ka ba joalo joang?
Pitso ea Molimo ea ho Nka Khato
Ha leholiotsoana le matla le atamela, ba boholong sebakeng ka seng ba fana ka litemoso bakeng sa ho sireletsa bophelo. E le ho etsa bonnete ba hore bohle baa lemosoa, ho ka ba ha romeloa mapolesa ho ea fana ka temoso ka libuela-hōle kapa ka ntlo le ntlo. Morero oa sena sohle hase ho tšosa batho empa ke ho ba thusa ho nka bohato bo pholosang bophelo. Batho ba nang le temohisiso ba amohela temoso eo ka thabo, ’me ba arabelang hantle ho eona ba thabela hore ebe ba entse joalo.
Hoa tšoana le ka molaetsa o lemosang oa Molimo ka “moea oa sefefo” sa Armagedone o haufi. (Liproverbia 10:25) Jehova o fane ka makolopetso ka ntoa ea hae ka Lentsoeng la hae. Morero oa hae hase ho tšosa batho empa ke ho fana ka temoso e loketseng le ho etsa hore batho ba bake ’me ba ikemisetse ho mo sebeletsa. (Sofonia 2:2, 3; 2 Petrose 3:9) Ba tlang ho nka bohato bo joalo ba tla hlohonolofatsoa ka ho pholoha. Kahoo, ha ho hlokahale hore re tšabe ntoa e atamelang ea Molimo. Ho e-na le hoo, re ka lebella bokamoso ka tšepo ea hore “e mong le e mong ea ipiletsang lebitsong la Jehova o tla pholoha.”—Joele 2:32.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho lokela ho hlokomeloe hore likarolo tse ling tsa Bibele li ngotsoe ka puo ea tšoantšetso kapa ka “lipontšo.” (Tšenolo 1:1) Kahoo, re ke ke ra lomahanya meno ka hore lintho tse boletsoeng boprofeteng bona li tla sebelisoa ho isa bohōleng bofe ka ho toba.
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Ha sefefo se matla se atamela, ba boholong sebakeng ka seng ba fana ka litemoso bakeng sa ho sireletsa bophelo
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Molaetsa o lemosang oa Molimo ka Armagedone ke pitso ea hore ho nkoe bohato bo pholosang bophelo