Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g87 5/8 maq. 27-29
  • Bolumeli Lipolotiking—Na Ena ke Thato ea Molimo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bolumeli Lipolotiking—Na Ena ke Thato ea Molimo?
  • Tsoha!—1987
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Jesu o ne a Tla ho Etsa
  • Phethahatso ea Kahlolo ea Molimo
  • Na u ka Lula u sa Nke Lehlakore?
  • “Hase Karolo ea Lefatše”
    Rapela Molimo a le Mong Feela oa ’Nete
  • Ke Hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li sa Nke Lehlakore Lipolotiking?
    Lipotso Tse Botsoang Hangata ka Lipaki Tsa Jehova
  • Bolumeli le Lipolotiki na li Tseleng ea ho Thulana?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Lula U sa Nke Lehlakore Lefatšeng Lena le Arohaneng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
Bala Tse Ling
Tsoha!—1987
g87 5/8 maq. 27-29

Bolumeli Lipolotiking—Na Ena ke Thato ea Molimo?

“HA HLAHA Judase, Mogalilea, mehleng ea ha ho ne ho baloa batho, ’me a khelosa batho, ba mo latela. Le eena monna eo a timela, ’me bohle ba neng ba lumetse ho eena ba qhalana.” (Liketso 5:37, TLP) Mona re na le mohlala o mong oa Bibele oa ho itšunya ha bolumeli lipolotiking.

Nakoana pele ho tsoalo ea Jesu, Judase enoa a ‘hapa tšehetso ea Saddoke, Mofarisi, ’me a itihela borabeleng.’ Le hoja Judase e ne le “rabbi ’me a e-na le mokha oa hae,” o ile a “leka ho hlohleletsa batho ho tsohela ’muso matla, a bolela hore e tla ba makoala haeba ba lumela ho ntšetsa Baroma lekhetho.”—The Jewish War ea Josephus.

Na Jesu o ne a Tla ho Etsa

Kapele hoba Jesu a kolobetsoe, Diabolose a leka ho mo tšoasa ka bopolotiki. Satane a mo neha “mebuso eohle ea lefatše le khanya ea eona.” Kreste ha a ka a latola hore Diabolose o na le matla holim’a mebuso. Ho e-na le hoo, Jesu a hana monyetla ’ona oa bopolotiki le hoja a ka be a boletse hore ka matla a bopolotiki o ne a tla tseba ho etsetsa batho molemo.—Mattheu 4:8-10.

Hamorao batho ba bona matla a Jesu a ho fana ka lijo. Ka ho hlakileng ba nahana hore, ‘Haeba Jesu a ne a le setulong sa bobusi, o ne a ka tseba ho rarolla mathata a rōna a moruo.’ Hlokomela se etsahetseng. “Jesu ha a tseba hobane ba se ba ea mo nka ka matla ba tle ba ’mee morena, a boela a ea thabeng.” (Johanne 6:10-15) E, Jesu o hanne ho kena lipolotiking, ho sa tsotellehe litšoaneleho tsa hae bakeng sa setulo seo.

Hamorao, Bajode ba bang ba sekametseng bopolotiking ba leka ho tšoasa Jesu ka tseko ea bopolotiki: makhetho. Na makhetho a Roma a ne a phahame haholo? Haeba Mojode a ne a lefa lekhetho, na ka hoo o ne a tla be a lumela hore o tšehetsa lintoa tsa Roma? Re ka ithuta ho hong karabong ea Jesu: “Ntšetsang Sesare tseo e leng tsa Sesare, ’me le ntšetse Molimo tseo e leng tsa Molimo.” (Mareka 12:13-17) Ho fapana le moo, babishopo ba 225 ba Roma e K’hatholike United States ba vouta ngoahola ka Pulungoana ho amohela polelo ea moruo e neng e ngoliloe maqepheng a 115, eo karolo ea eona e balehang tjena: “Tsamaiso ea lekhetho e lokela ho fetoloa ho fokoletsa mafutsana mojaro. . . . Ba nang le chelete e ngata ba lokela ho lefa lekhetho le phahameng.”

Le haeba u ka ba le pono ea hao ka makhetho, Jesu o lutse a sa nke lehlakore lipolotiking tsa makhetho. Barutuoa ba hae, joaloka moapostola Pauluse, ba entse se tšoanang. (Ba-Roma 13:1-7) Esita le tsekong ea sechaba e tebileng joaloka bokhoba, ba ne ba sa nke lehlakore. U ka inahanela hore ho ka be ho bile bonolo joang bakeng sa Mokreste, ea susumetsoang ke kutloelo-bohloko, ho ba khahlanong le bokhoba, ho tšoana le baruti ba emelang ho ntšuoa ha mpa ka molao, khethollo ea morabe, litokelo tsa basali, joalo-joalo. Empa Bakreste ba ’nete ba lutse ba sa nke lehlakore!

Moprofesara oa Oxford E. P. Sanders o’a ngola: “Ho totobetse hohle hore ha ho bopaki le bo bong bo ka fanoang hore re nahane Jesu a e-na le litakatso tsa bosole bopolotiking, ’me ho bile joalo le ka barutuoa ba hae.”

Phethahatso ea Kahlolo ea Molimo

Joalokaha re bone pelenyana, baetapele ba bangata ba Bajode ba ile ba nahana hore ho ne ho le molemong oa bona ho ikamahanya le babusi ba Roma, ba etsa joalo esita le kahlolong le polaong ea Jesu Messia. (Mattheu 27:1, 2, 15-31) Tšenolo e hlalosa hore tšusumetso ea bolumeli le ho sebelisa ha bona lipolotiki e tšoana le ‘mosali ea lutseng holim’a sebata.’ Na seo ha se u bontše kamoo Molimo o talimang ho itšunya hona ha baruti?—Tšenolo 17:1-5.

Mona ke seo bahlokomeli ba bang ba batho ba ahlolang taba:

Malachi Martin, seithuti sa Vatican, o bone hore baruti “ba latelang litsela tsa bopolotiki le tsa sechaba ba hlōlehile mosebetsing oa bona oa Mathomo: ho ba baemeli ba Jesu Kreste.” O itse: “Ka mohlala, babishopo ha ba na tokelo ea ho ngola ka moruo kapa ho bolella mopresidente hore a se romele metsu ea tlhaselo Europa.”

Empa ho tla etsahala’ng ha bo-ralipolotiki le batho ba tenoa ke ho itšunya hona ha baruti? Selemong se fetileng koranta Liberty e hlalositse kamoo Moemphera Constantine lekholong la bone la lilemo a ‘tsoakileng lipolotiki le bolumeli, ka ho bōpa sebata sa “kereke le ’muso.”’ E itse ka boemo ba kajeno: “Joaloka mehleng ea Constantine, kereke e sebelisa ’muso ho finyella merero ea eona”—Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.

Lentsoe la Molimo le hlakisa hantle hore sephetho e tla ba sefe. Nako e’a tla eo tsamaiso ea lipolotiki e tla hlasela le ho felisa ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata, oo ka nako e telele o sebelisitseng lipolotiki ho finyella merero ea eona. Tšenolo 19:2 e re sena e tla ba pontšo ea kahlolo ea Molimo.

Na u ka Lula u sa Nke Lehlakore?

U ke ke ua thibela baetapele ba bolumeli ho itšunya lipolotiking. Empa u ka tsoela pele ho bapisa barapeli ba ’nete le se hlalosoang ke Bibele. Jesu o itse ka barutuoa ba hae: “Hase karolo ea lefatše, joaloka ha le ’na ke se oa lefatše.” Kamor’a moo a bolella ’musisi Pilato: “’Muso oa ka ha o tsoe lefatšeng lena; hoja ’muso oa ka o tsoa lefatšeng lena, bahlanka ba ka ba ka be ba ntoanela, ke tle ke se ke ka neeloa ba-Jode.”—Johanne 17:16, NW; 18:36.

Na ho ka etsahala mehleng ea rōna hore re be lefatšeng, re phele lefatšeng joaloka baahi ba molao ba sechaba se itseng, empa re se be “karolo ea lefatše,” re lule re sa nke lehlakore? Histori ea mehleng ena ea Lipaki tsa Jehova e arabela ka hore ho ka etsahala. Li lumellana le melao ea Bibele ea ho ba baahi ba ikobelang melao ea moo li lulang, empa li sa nke lehlakore litabeng tsa lipolotiki le mesebetsi ea sesole ea lichaba tse ngata.

Buka The Shaping of American Religion e itse: “Le hoja li hana ho lumelisa fologa kapa ho nka karolo lintoeng tse hlokang sepheo mahareng a lichaba tse loantšanang, mabakeng a mang ke baahi ba ikobelang melao. Lihlopha tse ling tse ’maloa li rarolotse habonolo bothata ba ‘ho ba’ sechabeng sa lefatše ntle le ho se ‘be’ karolo ea sona.” Sena se etsahetse lefatšeng ka bophara le maemong a mangata a lipolotiki. Esita le ha ba tobane le khatello e matla ea ho furalla boemo ba bona ba ho se nke lehlakore, Lipaki li beile boinehelo ba tsona pele ’Musong oa Molimo.

Rahistori Brian Dunn o’a ngola: “Lipaki tsa Jehova li ne li sa lumellane le Bonazi... Likhanyetso tse khōlō tsa Bonazi ho mokha ’ona e ne e le boitšoaro ba Lipaki mabapi le ’muso le ho se nke ha tsona lehlakore lipolotiking. . . . Sena se bolela hore ha ho molumeli le a mong ea neng a nka libetsa, a vouta, a amohela setulo sa lipolotiki, a nka karolo meketeng ea sechaba, kapa ho etsa letšoao leha e le lefe la ho ikana.”—The Churches’ Response to the Holocaust (1986).

Ho se nke lehlakore ho joalo ho tsoela pele. Re bala ho The Modern Encyclopedia of Russian and Soviet History, moqolo 15: “Hitler ka bohale a hloea ma-Jehova ’me a koalla a ka bang 10 000 . . . Lipaki tse tsitsitseng kelellong tsa mamella likampo tsa mahloriso tsa Jeremane ho feta ba bangata... ’Muso oa Soviet ha o e-s’o lumelle Lipaki tsa Jehova ka molao, hobane o bona hore mokha ’ona, ho feta malumeli a mang, o nyatsa botšepehi ba balateli ba ’ona ’musong. . . . Ha ba nke lehlakore likhethong, ba hana ho sebetsa bosoleng; ha ba rate ho hlahella haholo liphatlalatsong tsa ’muso.”

Buka Christian Religion in the Soviet Union (1978) e’a phaella: “Lipaki tsa Soviet li hana litaelo tsa ho nka karolo litšebeletsong tsa sesole, likhethong, le mesebetsing eohle ea lipolotiki,” e leng lintho tse lebeletsoeng ho baahi.

Kahoo hoa khoneha ho etsisa Jesu ka ho se nke lehlakore litabeng tsa lipolotiki le mesebetsing ea sesole ea mebuso ea Baroma le Bajode. Ho etsa sena kajeno e tla ba tšireletso ha Molimo o phethahatsa kahlolo ea ’ona e matla mabapi le ho itšunya ha bolumeli lipolotiking.

[Lebokose le leqepheng la 29]

“Ke nako ea ho ntša lipolotiki sefaleng sa kereke le sefala sa kereke lipolotiking. Bahlanka ba bolumeli ba na le litokelo tsa ho ba le maikutlo a bona litabeng tsa lefatše. [Empa] sefala se sebelisoa hampe litabeng tsa lefatše.”—U.S.Assistant Secretary of State Langhorne Motley, June 1985.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela